Tlaleho ya Kopano ya Kabinete ya Labohlano, la 5 Tshitwe 2025

A.    Maemo a Renang

1.    Moruo

1.1.1.    Kabinete e amohetse tswelopele ya ho ntlafala ha tshebetso le ditjhelete tsa Eskom dikgweding tsa pele tse tsheletseng tse fedileng ka Lwetse 2025. Eskom e entse phaello ya R24.3 bilione kamora lekgetho, e leng keketseho ya   37% ho feta nako e tshwanang ka selemo sa 2024. 
1.1.2.    Ka nako e tshwanang Eskom e fane ka phepelo e otlolohileng ya motlakase mme e bile le matsatsi a mane feela moo motlakase o ileng wa tingwa ka sepheo sa ho o baballa. Botsitso ba phepelo ya motlakase bo ne bo le maemong a 96% ka nako e tshwanang ka 2024/25, mme ho fihlela hajwale e nyolohetse ho 98%.
1.1.3.    Tshebetso e tsitsitseng ya Eskom e bontsha bokgabane ba moralo wa tsosoloso wa Eskom wa boikitlaetso tlasa lenaneo la diphetoho tsa dibopeho la Operation Vulindlela, boemo ba boqhetseke ba botsamaisi ba Eskom le boto ya yona, le boetapele ba tsepamiso ya maikutlo ba Letona la Motlakase le Eneji.

1.2.    Moruo wa Afrika o ntse o le lebelong le letle mabapi le kgolo ya Paloyohle ya Tlhahiso ya Naha (GDP) le khiro  

1.2.1.    Kabinete e amohetse lebelo le letle la ho ntlafala ha moruo ho bonahetseng ka dipalopalo tsa kgolo ya GDP    Kotareng ya boraro tse phatlaladitsweng ke Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa. GDP e hotse ka 0.5% ho tloha ka Phupu – Lwetse 2025, e leng kgolo ya bone ya kotara ka tatelano, e bakilweng haholo ke lekala la merafo, temo le ditshebeletso, le dinyehelo tsa ditjhelete, ditshebeletso tsa mmuso le la tlhahiso. 
1.2.2.    Kgolo ya GDP ya Kotara ya Boraro ya selemo sa 2025, e feleheditswe ke keketseho ya menyetla ya mesebetsi e 248, 000 le ho fokotseha ha ba sa sebetseng ka palo ya ba 360, 000 jwalo ka ha ho phalaladitswe ke Diphuputso tsa Kotara tsa Lebotho la Basebetsi. 
1.2.3.    Hodima moo, boikitlaetso ba Tshebeletso ya Khiro ya Batjha (YES) e thusang batjha ho kena ho tsa moruo, e se e thusitse batjha ba fetang 200 000. Ho fihlela hajwale, YES e se e fumantshitse batjha ba MaAfrika Borwa ba fetang 202 558 maitsebelo a mosebetsi a dikgwedi tse 12 ka tshehetso tsa dikhamphani tsa poraefete tse fetang tse 1 900.
1.2.4.    Ho feta moo, IMF e phahamisitse ponelopele ya kgolo ya moruo wa Afrika Borwa ho tloha ho 1.3% ka selemo sa 2025 ho ya ho tse 1.4 ka selemo sa 2026, e leng ponelopele e tlohang ho 1.1% le tse 1.2, ka tatelano.

2.    Dikamano tsa Matjhabeng

2.1.    Bopresidente ba SA ba G20 bo laetse baetapele ba matjhaba ho tsepamisa maikutlo ntshetsopeleng ya Afrika le ya dinaha tse ka Borwa lefatsheng 

2.1.1.    Kabinete e ikamahanya le Mopresidente Cyril Ramaphosa ho leboha MaAfrika Borwa ohle ka kabelo ya ona ho netefatseng katleho ya Bopresidente ba rona ba G20 bo ileng ba phethelwa ka Seboka sa Baetapele ba Dinaha tsa G20. 
2.1.2.    Nakong ya Bopresidente ba rona, Afrika Borwa e ile ya beha lenaneo la ntshetsopele ya Afrika pele ho baetapele ba G20 mme ya ngoka tshehetso bakeng sa ho nka mehato ho rarolla diphephetso tse tobaneng le Afrika Borwa, Afrika le dinaha tse ka Borwa lefatsheng. Bakeng sa lesedi le eketsehileng ka sena, etela websaete ya Afrika Borwa ya G20 ho www.g20.org.za
2.1.3.    Kabinete e elelletswe ntlhakemo ya naha ya Amerika mabapi le ho mema Afrika Borwa kopanong e tlang ya G20 SHERPA le ho e qhelela ka thoko empa e le e nngwe ya dinaha tse thehileng G20 ho nkeng karolo dikopanong tsohle tsa G20 tsa 2026. 
2.1.4.    Leha sena e le ketso e seng ntle ho naha eo e leng e nngwe ya tse thehileng G20, feela Afrika Borwa e ntse e tsepame ntlha kemong ya yona ya G20 mme ha e fetohe le ho meralo ya yona. G20 ya 2025 e bontshitse matla a therisano le tshebedisano ya dinaha tse ngata mme Kabinete e na le boitshepo ba hore tshebedisano le ditherisano tsena ke mokgwa o motle o isang katlehong ya batho bohle lefatsheng.

2.2.    Baetapele ba IBSA ba tswelapele ho ntshetsapele Lenaneo la ntshetsopele ya dinaha tse ka Borwa lefatsheng 

2.2.1.    Kabinete e amohetse ho tshwarwa ka katleho ha kopano ya Baetapele ba India, Brazil le Afrika Borwa (IBSA) nakong ya Seboka sa Baetapele ba G20. Moo ho IBSA, Afrika Borwa e entse kgoeletso ya tshebedisano ya dinaha tse ka Borwa molemong wa ho fihlella kgolo ya moruo, ntshetsopele ya moshwelella le ho tlisa diphetoho ditheong tsa dipuso tsa matjhaba. 
2.2.2.    Dinaha tsa IBSA di maemong a matle ho beha pele dintlha tse ka sehlohlolong tsa ditabatabelo tsa dinaha tse ka Borwa ho kenyeletsa ntlafatso ya pokeletso ya ditjhelete tsa twantsho ya mathata a ho fetofetoha ha tlelaemete, ho matlafatsa kanetso ya dijo le tsa bophelo bo botle, tshehetso ya thuto ya motheo le pokeletso ya matsete bakeng sa ho fokotsa kgonahalo ya dikoduwa.

2.3.    Kopano ya Bone ya Khomishene ya Dinaha tse pedi (BNC) pakeng tsa Afrika Borwa le Mozambique e tsepamisitseng maikutlo hodima akofiso ya ho kenya tshebetsong qeto ya BNC 

2.3.1.    Mopresidente Cyril Ramaphosa o eteletse pele kemedi ya Afrika Borwa ho ya kopanong ya bone ya Khomishene ya Dinaha tse pedi (BNC) Maputo, Mozambique. 
2.3.2.    Kopanong ena ya Bone ya BNC, ho ile ha fihlellwa tumellano ka diqeto tsa ditumellano tse 99 tse nang le pehelo ya nako dikarolong tse kang tshebedisano ho tsa moruo le ntshetsopele, tshebedisano ya sediplomate, polokeho le tshireletso le ntshetsopele ya kahisano. 
2.3.3.    Bapresidente Ramaphosa le Chapo ba laetse matona a bona ho netefatsa hore diqeto tsa kopano ya bone ya BNC di kenngwa tshebetsong. Kgatelopele ya ho kenngwa ha diqeto tsena tshebetsong e tla tlalehwa kopanong ya Bohlano ya BNC mona Afrika Borwa. 
2.3.4.    Bapresidente bana ba babedi   ba ile ba boela ba thakgola semmuso   Sasol Hydrocarbons Processing Integrated Infrastructure Toropong ya Inhassoro, Provenseng ya Inhambane ka la 3 Tshitwe 2025.

3.    Polokeho le Tshireletso

3.1.    Katleho twantshong ya Bonokwane jwalo ka ha dipalopalo di bontsha phokotseho ho phatlalla le mekgahlelo yohle 
3.1.1.    Kabinete e amohetse tlaleho ya ho fokotseha ha mekgahlelo yohle ya bonokwane ho ya ka dipalopalo tsa kotara ya pele le ya bobedi ya selemo sa ditjhelete sa 2025 tse phatlaladitsweng ke Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS). 
3.1.2.    Dipalopalo tsa bonokwane tsa ho tloha ka Mmesa ho isa ho Lwetse selemong sa 2025 di bontsha phokotseho e kgolo bonokwaneng ba dikgoka moo dipolao di fokotsehileng haholo. Dipolao di fokotsehile ka 6.5% kotareng ya pele le ka tse 11.5 ho ya bobedi. 
3.1.3.    Kabinete e thoholeditse makala a qobello ya molao ka ho sebetsa ka thata twantshong ya bonokwane mme e etsa kgoeletso setjhabeng hore le sona se kene kgabong twantshong ya bonokwane.

A.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa Kgodiso ya Moruo o Kenyeletsang bohle 

1.1    Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa kgodiso ya moruo o kenyeletsang bohle ho latela dintlha tse ka sehlohlolong tsa Morero wa Ntshetsopele wa Nako e Bohareng tsa Palamente ya Bosupa. 
1.2    Sepheo ke ho kenngwa   tshebetsong ho hokahantsweng le ho tsepamisitseng maikutlo hodima ho kenella ntshetsopeleng ya dintlha tse ka sehlohlolong tsa moruo tse rerilweng tlasa maikitlaetso a mangata. 
1.3    Ditshiya tsa bohlokwa tsa moralo ona ke: 
1.3.1    Diphetoho ho tsa moruo ho ka lokisa dintho tsa mantlha  
1.3.2    Diphetoho ditshebeletsong tsa mmuso ka sepheo sa ho aha naha e fanang ka ditshebeletso
1.3.3    Diphetoho tsa Maano a Diindasteri ka sepheo sa ho fihlella mapatlelo a kgolo 
1.4    Ho kenngwa ha Moralo ona   tshebetsong ka nepo ho tla tlisa kgahlamelo e e tshwanang ya lenaneo la Diphetoho tsa Dibopeho   le la Operation Vulindlela. 

2.    Ho Kenngwa Tshebetsong ha Moralo wa Lewa la Diminerale tsa Bohlokwa (CMS) tsa Afrika Borwa 

2.1    Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa ho Kenngwa Tshebetsong ha Lewa la Diminerale tsa Bohlokwa, le tekang ka botlalo mmapa wa ho ho una menyetla letlotlong la diminerale ho bakwang ke ho phahama ha tlhokeho ya diminerale tsa bohlokwa ka lebaka le tshebediso ya tsona thekenolojing ya dijithale, tshireletsong, tlhokomelong ya kalafo, dielektroniking tsa basebedisi le dikoloing tse tsamayang ka motlakase hara tse ding. 
2.2    Ho kenngwa ha moralo ona tshebetsong ho tla tsepamisa maikutlo hodima ditshiya    tse tsheletseng, e leng: (i) ho hlahlojwa ha saense ya mobu, (ii) keketso ya boleng le ho di tswellisa ka hara naha, (iii) diphuputso, ntshetsopele le ntjhafatso, (iv) tshireletso ya infrastraktjha le eneji, (v) disebediswa tsa ditjhelete, le (vi) ho momahanngwa ha maemo a taolo. 
2.3    Ho kenngwa tshebetsong ha Lewa la Diminerale tsa Bohlokwa ho tla hodisa moruo, ho eketse le menyetla ya mosebetsi.

3.    Moralo o Lekotsweng Botjha wa Boahi, Bofalli   le Tshireletso ya Baphaphathehi (CIRP)

3.1    Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo o Lekotsweng Botjha wa   Boahi, Bofalli   le Tshireletso ya Baphaphathehi bakeng sa maikutlo a setjhaba. 
3.2    Tekolobotjha ena e ahella hodima Leano la ho Qetela la CIRP le neng le tjhaellwe monwana ke Kabinete ka selemo sa 2024 moo ho neng ho ntlafatswa ditshitshinyo tsa leano tse itseng le ho tlatseletsa ka botlalo ditataiso tsa ditshisinyo tse teng ho la pele. 
3.3    Dintlafatso tse ka sehloohong di kenyeletsa ho kenyeletsa dikgothaletso tse tlalehong ya Operation Vulindlela bakeng sa diphetoho phumantshong ya di-visa; le tlhakisetso e eketsehileng le ho matlafatsa ho kenngweng tshebetsong ha maano a bofalli le boahi. 
3.4    Sepheo sa leano lena le lekotsweng botjha, ke ho netefatsa katamelo e momahaneng ya sejwalejwale ho tsa boahi, bofalli   le tshireletso ya baphaphathehi, tseo kaofela tse tshehetsang ntshetsopele ya naha le merero ya tshireletso ya naha ho kenyeletsa ntlhakemo ya Naha e Bolokehileng Pele, e kgothaletsang baphaphathehi ho kopa tshireletso naheng ya pele eo ba fihlang ho yona, e nkuwang e bolokehile.

4.     Ditlaleho tsa   Habedi ka Selemo tsa Kgatelopele ya Moralo wa   Ntshetsopele wa Nako e Bohareng 

4.1    Kabinete e fumane le ho sekaseka ditlaleho tsa g habedi ka selemo tsa kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa   Ntshetsopele ya Nako e Bohareng (MTDP) wa 2024 – 2029 wa Mmesa ho isa Lwetse wa selemo sa 2025. 
4.2    Ditlaleho tsena di fane ka kakaretso ya tshebetso ya mafapha a mmuso nakong ya dikgwedi tse tsheletseng, di hlakisa dikarolo tsa katleho le moo ho bileng le mathata a phano le ditshita. Kabinete e bontshane ka tlaleho ena le ho toboketsa tlhokeho ya ho tsepamisa maikutlo hodima ho kenya leano lena tshebetsong. 
4.3    Ho feta mona, tlaleho e batsi e tla nehelanwa ke Letona la Meralo, Bodisa le Tekolo ka tshebedisano le baduladitulo ba Dikomiti tse fapaneng tsa Kabinete.

5.    Lewa la Naha la ho Akofisa Tshireletso ya Bana (NSAAC)

5.1    Kabinete e tjhaelletse monwana Lewa la Naha la ho Akofisa Tshireletso ya Bana (NSAAC), e leng lewa le reretsweng   ho akofisa ho nka bohato mabapi le thekolohelo le ntshetsopele ya bana le batjha ba sa leng tlase dilemong Afrika Borwa kaofela. 
5.2    Ka lewa lena, ho ikemiseditswe ho kwala sekgeo phepong ya bana; tlhasimollo ya puo le ho ithuta baneng ba banyane; tshireletso ya bana le ba kenang borwetsaneng le bohlankaneng ka ho fokotsa tshebediso e bohlaswa ya dithethefatsi; ho potlakisa ho fumana thuso baneng ba nang le mathata a kutlo le pono le ho aha ditsi tsa boitsebiso le makala bakeng sa bana. 
5.3    Lewa lena le netefatsa tshebedisano le karolelano ya boikarabelo ho netefatsa hore ngwana ka mong o fumana monyetla wa ho atleha. Setjhaba se ka fumana dintlha ka (NSAAC) ho www.dsd.gov.za.

6.    Moralo wa Tshebetso wa Bohlano wa Naha wa Bana (NPAC) wa 2025 – 2030

6.1    Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Tshebetso wa Bohlano wa Naha wa Bana NPAC wa 2025 - 2030 o netefatsang ho kenngwa tshebetsong ha NSAAC. Sena ke moralo wa lewa wa ho shebana le   ditokelo, ditlhoko le boitekanelo ba bana ka hara naha. Moralo ona o ipapisitse le meralo ya matjhaba, haholoholo wa Khonvenshene ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) wa Ditokelo tsa Bana, molao wa naha ho kenyeletsa Molatheo le Molao wa Bana wa selemo sa 2005. 
6.2    Ho ahella hodima kgatelopele ya ho tloha ka selemo sa 1996, NPAC ya Bohlano e fana ka mmapa o pharaletseng wa ho sireletsa le ho kgothaletsa ditokelo tsa bana, ho ananela diphephetso tse sa kgaotseng ha ho ntse ho thahiselletswa boitlamo ba mmuso ba ho theha bokamoso bo betere bakeng sa baahi ba kotsing ka ho fetisisa ba naha ena. 
6.3    Tse ding tsa dikarolo tseo ho tlo tsepamiswa maikutlo ho tsona di kenyeletsa ho tshehetseng ngwana ka mong jwalo ka ha a na le ditokelo jwaloka moahi; ho matlafatsa mekgwa ya tshebedisano bakeng sa ntshetsopele ya bana ho kenyeletsa le ntlafatso ya tsa bophelo bo botle, tsa thuto, polokeho le kenyeletso ho tsa kahisano. 
6.4    NPAC e bontsha katamelo ya tshebedisano pakeng tsa   mmuso le balekane ba ona ho netefatseng hore bana bohle ba a ananelwa, ba a matlafatswa le ho kgona ho atleha.

7.    Lenaneo la Tshebetso la ho Sebetsana le Dikgoka tsa Bong le Dipolao tsa Basadi (GBVF)

7.1    Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo la Tshebetso la ho sebetsana le GBVF, ho kenyeletsa moralo wa phano ya ditshebeletso le ditlhophiso tsa ditheo ho etsa hore setjhaba kaofela se lwantshane le sekgobo sena. 
7.2    Lenaneo le pharaletseng la Tshebetso le tsepamisa maikutlo hodima ho kenngwa tshebetsong ha dintlha tsena tse hlano tse ka sehlohlolong: 
a.    Thibelo le kahobotjha ya momahano  ya setjhaba: Ho tsepamisa maikutlo hodima  kamohelo ya kahisano ya dikgoka le mabaka a boemo bona . Ho tla buisanwa haholo le banna le bashemane ho heletsa ditlwaelo tse kotsi le pepeso ya bonna . 
b.    Ho matlafatsa qobello ya molao, polokeho le toka: Tse reretsweng ho  matlafatsa tsamaiso ya toka ya ditlolo tsa molao  ho netefatsa tshireletso le toka ya mahlatsipa. Dibaka tse atolositsweng tse mofuthu bakeng sa mahlatsipa le dibaka tse ikgethileng ke karolo ya boiteko bona  . 
c.    Tshehetso e Tobileng Mahlatsipa le Baphonyohi : Sepheo ka sena ke ho netefatsa hore batho ba nehwa phihlello e lekalekanang ya boleng bo hodimo ba ditshebeletso ho phatlalla le makala a toka, kalafo le thuto . Ho toboketswa ditsamaiso tse kopanetsweng tse behang ka sehlohlolong seriti, pholo le matlafatso,  ho netefatsa hore mahlatsipa a fumana tlohokomelo  e pharaletseng   ntle le kgethollo kapa  tiehiso. 
d.    Kgokahanyo le Kenyeletso ya Bankakarolo le Kgothaletso : Sena ke ho tsepamisa maikutlo tabeng ya   ho tlisa diphetoho ditlwaelong tsa kahisano maemong kaofela  ka melaetsa ya kamehla e nang le bopaki.  Sena hape se reretswe   ho fedisa boitshwaro bo kotsi , ho kgothaletsa tekatekano ya bong  le ho mema  badudi ho nka karolo ka matla twantshong ya GBVF. 
e.    Tlhophiso ya ditheo: Sena se tla netefatsa taolo  e matla le mekgwa ya boikarabello ho phatlalla le dikarolo tsohle tsa setjhaba . Ho boetse ho etswa kgoeletso bakeng sa boetapele bo matla bo hokahantsweng le mesebetsi e hlakileng ya ditheo tse tla kganna  ho kenngwa tshebetsong ha mananeo ana, peho leihlo le ho qobella boikarabello. 
7.3    Mahlatsipa a GBV a kgothaletswa ho letsetsa setsi sa Taolo sa GBV ka dinako tsohle ho: 0800 428 428 ho tlaleha tlhekefetso le ho fumana ditshebeletso tsa tshehetso.

8.    Moralo wa Leano la Naha la Saense e Bulehileng (OSP)

8.1    Kabinete e tjhaelletse monwana moralo wa Leano la Naha la Saense e Bulehileng (NOSP), e leng moralo o sisintsweng bakeng sa ho tataisa katamelo ya naha tabeng ya Saense e Bulehileng. Saense e Bulehileng e bua ka mosebetsi wa ho etsa diphuputso tsa saense, datha le ditshebetso tse fihlellwang ke setjhaba le badudi ba bang ba borasaense. 
8.2    Leano le reretswe ho kgothaletsa ponaletso, tshebedisano le ntjhafatso diphuputsong tsa saense, ha le ntse ke sebetsana le dintlha tse ka sehlohlolong tsa naha le ho ikamahanya le mekgwa ya lefatshe lohle.
8.3    Sepheo se bohareng ke sa ho matlafatsa boteng ba diphetho tsa diphuputso   ho kenyeletsa sephetho, diphatlalatso, datha le dithulusi tsa bafuputsi, baetsi ba maano, baithuti le setjhaba. 
8.4    Leano lena le kgothaletsa diphuputso tse kopanetsweng ka bobedi ka hara Afrika Borwa mme hape le badudi ba matjhaba ba borasaense le kgothaletso ya dilekane tsa lefatshe tsa karolelano e bulehileng ya datha. 
8.5    Ka ho kgothaletsa ponaletso le kenyeletso, OSP e tjhaelletsweng monwana e beha Afrika Borwa boemong ba ho ntshetsa pele kgatelopele ya saense le ntjhafatso molemong wa setjhaba.

9.    Tlaleho ka Tshebetso ya Diphuputso le Ntshetsopele (R&D)   Lenaneo la Ditsiane tsa Lekgetho bakeng sa Selemo sa Ditjhelete sa 2022/2023 

9.1    Kabinete e tjhaelletse monwana tlaleho ya tshebetso ya R&D ya 2022/23 e tla tekelwa Palamente. 
9.2    Mmuso o fana ka ditsiane tsa lekgetho ho ya ka karolo 11D ya Molao wa Lekgetho wa selemo sa 1962 bakeng sa ho kgothaletsa mesebetsi ya R&D ya lekala la poraefete. Ditsiane tsena di itshetlehile hodima   phokoletso ya lekgetho ya 150% hodima ditshenyehelo tse tjhaelletsweng monwana tsa tshebetso mesebetsing ya   R&D, e etsang sena hore e be tse ding tsa ditsiane tse   pele ka ho fetisisa tsa lekgetho tsa R&D lefatsheng ka bophara. 
9.3    Ka 2022/23, lenaneo lena le fumane dikopo ho tswa diprojekeng tse 188 tsa dikhamphani tse 77 tse neng di na le ditshenyehelo tse rerilweng tsa ditjhelete tsa R&D tse akanyetswang ho R1.5 bilione. Dikopo tse ngata di fumanwe ho tswa dikhamphaning tse kgolo tse nang le lekeno la R100 milione le ho feta. 
9.4    Diprojeke tse ngata e ne e le tsa Gauteng, ho latele Kapa Bophirima le Kwa-Zulu Natal.

10.     Melawana ya Meralo e Amanang le Ditheo jwalo ka Dibaka tsa Naha tsa Diphuputso le Melawana ya Tsebahatso ya Ditheo tsa Diphuputso  

10.1    Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha maikutlo a setjhaba a Melawana ya Moralo wa ho Thehwa le Taolo ya Dibaka tsa Naha tsa Diphuputso (di-NRF) le Melawana ya Moralo ya Tsebahatso ya Ditheo tsa Diphuputso. 
10.2    Melawana ena e fana ka moralo wa ho hlwaya ditheo tse tshwanelehang tsa diphuputso bakeng sa tshehetso ya ditjhelete, ho ipapisa le dintlha tse ka sehlohlolong tsa naha, karolelano ya datha le bodisa. 
10.3    Ka moralo ona, ho ikemiseditswe ho hlwaya ditheo tse nang le thomo ya ho etsa diphuputso tsa setjhaba, infrastraktjha e nepahetseng, bokgoni, boitsebelo le ditshebeletso tse ntshetsang pele Tsamaiso ya Naha ya Ntjhafatso, tshehetso ya lenaneo la Naha la diphuputso, le ho phethisa thomo ya Setheo sa Naha sa Diphuputso. 
10.4    Melawana ena e sisinngwang e reretswe   ho matlafatsa taolo le ho netefatsa hore ditheo tsa diphuputso di bapala karolo ya lewa la ho kganna ntjhafatso le ho tshehetsa   merero ya Afrika Borwa ya ntshetsopele.

B.    Dibili 

1.    Moralo wa Bili ya Kgase ya selemo sa 2025 

1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha moralo wa Bili ya Kgase ya selemo sa 2025 Palamenteng bakeng sa ho tswelliswa. Bili ena e reretswe ho hlakolwa ha Molao wa Kgase wa selemo sa 2001 le ho hlahisa o motjha o tsamaisanang le maemo a sejwalejwale a thekenoloji mabapi le ho boloka le hona ho tsamaisa kgase. 
1.2.    Bili ena e tla boela e sebetsana le diphephetso tse bileng teng mabapi le ho kenngwa tshebetsong le qobello ya Molao o sebetsang hajwale mme o tla thusa Afrika Borwa ho ba maemong a ho kgona ho laola mehlodi le infrastraktjha ya kgase ho ipapisitswe le ditlwaelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa tsa lefatshe le dintlha tse ka sehlohlolong tsa naha tsa eneji. 
1.3.    Bili ena e neha Molaodi wa Naha wa Eneji matla a ho laola le ho beha ditefello tsa phano ya kgase le ho laola mokgwa wa boingodiso le ho beha nako e loketseng ya dilaesense. 
1.4.    Bili ena e boetse e reretswe ho fana ka dipehelo tsa matlafatso bakeng sa lewa la moralo o bohareng mabapi le dibaka tse ntjha tsa   kgase, haholoholo dibakeng tsa phepelo le phano botjha ya kgase tse bopang mokokotlo wa ho rekwa ha kgase dinaheng tse ding le tsamaiso ka bongata ho netefatsa kanetso ya eneji ya naha.

2.    Bili ya ya Makala a Tlhaho a Saense (NSP) ya selemo sa 2025 

2.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana ho phatlalatswa ha Bili ya Molao wa Makala a Tlhaho a Saense wa selemo sa 2025 bakeng sa maikutlo a setjhaba. Morero o moholo wa Bili ena, ke ho ntlafatsa le ho tlosa Molao wa Makala a Tlhaho a Saense wa selemo sa 2003 o laolang makala a tlhaho a saense ka hara naha. 
2.2.    Bili ena ya moralo e hlahisa moralo o ntlafaditsweng wa semolao bakeng sa boingodiso, taolo, maemo a boitshwaro le mothamo wa tshebetso bakeng sa borasaense ba tsa tlhaho ka morero wa ho etsa taolo ya lekala lena hore e be ya sejwalejwale, ho netefatsa boikamahanyo le ditlwaelo tsa hajwale tsa saense le tsa maemo a matjhaba.

C.    Khiro

Dikhiro kaofela di itshetlehile hodima netefatso ya mangolo a thuto le tumello e amehang ya tshireletso .

1.    Kabinete e tjhaelletse monwana khiro tse latelang: 

1.1    Monghadi Nkhumeleni Victor Vele jwalo ka Motsamaisi Kakaretso (DG) Lefapheng la tsa Bohahlaudi (ho ekeditswe konteraka).
1.2    Monghadi Mbulelo Service Tshangana jwalo ka DG Lefapheng la Puso ya Kopanelo le Ditaba tsa Marena (ho ekeditswe konteraka).
1.3    Mofumahadi Mammetse Masemola jwalo ka Hlooho ya Infrastraktjha ya ya Afrika Borwa, Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha. 
1.4    Monghadi Riaan Botha jwalo ka Motlatsi wa DG: Bolaodi ba Dibaka Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha.

2.    Kabinete e dumellane ka dithonyo tse latelang: 

2.1    Monghadi Themba Ngubeni jwalo ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Lekala la Bolaodi ba Kgaoletso ya Metsi la Mzimvubu Tsitsikama. 
2.2    Monghadi Nkhetheleni Norman Ngidi jwalo ka CEO ya Boto ya Difilimi le Diphatlalatso   
2.3    Monghadi Makgatho Mello jwalo ka Motsamaisi wa Bolaodi wa Lekala la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Puso.
2.4    Kabinete e dumellane ka thonyo ya Diboto tse latelang: 

B.    Motsamaisi Botong ya Eskom.

(i)    Mofumahadi Thandeka Zondi-Mthembu

C.    Boto ya Naha ya Institjute ya Tahlo ya Matlakala a Mahlasedi a Bohale: 

(ii)    Mofumahadi Thuli Mokgele; le 
(iii)    Moatefokate Matefo Joyce Majodina.

D.    Batsamaisi ba o e seng ba phethahatso ba Boto ya Bolaodi ba Polokeho ya Mawatleng ya Afrika Borwa: 

(i)    Moatefokate Vusumzi Sihawu (Modulasetulo),
(ii)    Monghadi Mervyn Burton (Motlatsi wa Modulasetulo),
(iii)    Ngaka Owen Peter Muller Horwood,
(iv)    Monghadi Sandile Keswa,
(v)    Ngaka Natalie Skeepers, le
(vi)    Moatefokate Nosipho Sobekwa.

E.    Ditho tsa Boto ya Letlole le Bohareng la Eneji (CEF) 

(i)    Moatefokate Lindelwa Nobantu Nziba,
(ii)    Monghadi  Niel Jansen, le
(iii)    Monghadi  Persely Msingathi Madokwe.

F.    Ditho tsa ka nako tsohle le tsa nakwana tsa Molaodi wa Naha wa Eneji   wa Afrika Borwa: 

(i)    Mofumahadi Ria Govender (Motlatsi wa Modulasetulo),
(ii)    Monghadi Willibrod Majola, le
(iii)    Mofumahadi Nomfundo Maseti.

G.    Ditho tsa Dinyewe tsa Dikhamphani: 

(i)    Moahlodi Mohammed Navsa,
(ii)    Moahlodi Kathleen Satchwell,
(iii)    Moahlodi Robert Nugent,
(iv)    Moahlodi Boissie Henry Mbha, le
(v)    Moahlodi Visvanathan Ponnan.

H.    Ditho tsa Lekgotla la Merero ya Sepakapaka la Afrika Borwa: 

(i)    Moatefokate. Luthando Simphiwe Mkumatela (Modulasetulo),
(ii)    Ngaka Maria Ria Nonyana-Mokabane (Motlatsi wa Modulasetulo le moemedi wa dtic);
(iii)    Moatefokate. Icho Kealotswe-Matlou
(iv)    Monghadi Shafique Amid Dean Allie;
(v)    Monghadi Kebeditswe Medupe;
(vi)    Monghadi Sydney Linden Petzer;
(vii)    Monghadi Vincent Molawa Ngoetjana;
(viii)    Ngaka Reshma Mathura;
(ix)    Monghadi Nhlanhla Michael Mabaso;
(x)    Monghadi Itumeleng Makola (Moemedi wa DSTI);
(xi)    Ngaka Sarisha Harrylal;
(xii)    Mofumahadi Yolanda Nxumalo;
(xiii)    Monghadi Flenk Mnisi (Moemedi wa DCDT)
(xiv)    Mokolonele Tamara Thomas-Herwels (Moemedi waDoD); le 
(xv)    Monghadi Levers Mabaso (Moemedi waDOT)

I.    Ditho tsa Boto ya Merero ya Mobu: 

(i)    Mofumahadi me Lusanda Nomasongo Netshitenzhe (Modulasetulo);
(ii)    Mofumahadi Precious Hlengiwe Makoe (Motlatsi wa Modulasetulo);
(iii)    Moatefokate. Anthonie Michael Viviers; 
(iv)    Monghadi Pierre-Jeanne Alexander Gerber; le
(v)    Monghadi Tsietsi Hamilton Madonsela.

J.    Ditho tsa Boto ya Metsi a Amatola: 

(i)    Ngaka Gaster Sharpley (Modulasetulo),
(ii)    Mofumahadi Litha Charlotte Geza (Motlatsi wa Modulasetulo),
(iii)    Mofumahadi Noxolo Phoebe Abraham,
(iv)    Monghadi Mxolisi Sibam,
(v)    Mofumahadi Siphumezile Thuthuka Songelwa,
(vi)    Mofumahadi Simnikiwe Xawuka,
(vii)    Mofumahadi Nomfundo Princess Douw-Jack,
(viii)    Monghadi Bhekuyise Henry Makedama,
(ix)    Mofumahadi Nondumiso Pumela Ngonyama,
(x)    Mofumahadi Sinovuyo Ngumbela, le
(xi)    Monghadi Trevor Balzer.

K.    Ditho tsa Boto ya Sentech: 

(i)    Monghadi Themba Phiri (Modulasetulo – ho fihlela nako ya hae e fela) 
(ii)    Ngaka Silvia Sathekge, 
(iii)    Ngaka Lebogang Mphahlele-Ntsasa

L.    Boto ya Boeletsi ba   Letlole la Ditlhapiso: 

(i)    Mofumahadi Dinao Lerutla (Modulasetulo)
(ii)    Mofumahadi Unathi Nosipho Mdledle-Mkize
(iii)    Monghadi Ernest Thabo Thipa
(iv)    Mofumahadi Nolitha Pietersen
(v)    Mofumahadi Milly Ruiters
(vi)    Monghadi Thembinkosi Mkalipi
(vii)    Monghadi Mohamed Carrim
(viii)    Mofumahadi Leevendree Pillay
(ix)    Monghadi Jan Mahlangu
(x)    Mofumahadi Mulalo Murudi
(xi)    Mofumahadi Mamokete Roseline Mokoena Hadebe
(xii)    Mofumahadi Frieda Monyane Mudau
(xiii)    Mofumahadi Masedi Lonkokile
(xiv)    Monghadi Duncan Luvuno
(xv)    Monghadi Janek Wilimiec
(xvi)    Monghadi Fani Xaba
(xvii)    Mofumahadi Tertia Ndlovu
(xviii)    Ngaka Nothando Moyo
(xix)    Mofumahadi Kresantha Pillay
(xx)    Monghadi Sudeshan Pillay
(xxi)    Ngaka Tshepo Moses Sebibe, le
(xxii)    Monghadi Kevin Cowley.

M.    Thonyo ya Baduladitulo ba Bolaodi ba Lekala la Thuto le Thupello (SETA)  le Balaodi ba Bobadi ba Ditjhelete  

i.    Moprofesara. Puffy Soundy (Bolaodi ba Lekala la Temo la Thuto le Thupello -Agri SETA)
ii.    Ngaka Ntombana Sekgaphane (Bolaodi ba Lekala la Dibanka la Thuto le Thupello   – Bank SETA)
iii.    Mofumahadi  Karabo Mhlongo-Mbele (Bolaodi ba Lekala la Setso, Bonono , Bohahlaudi, Kamohelo ya Baeti  le  Dipapadi la Thuto le Thupello  – CATHS SETA)
iv.    Mofumahadi  Tsakani Beatrice Nkambule (Bolaodi ba Lekala la Diindasteri tsa Dikhemikhale la Thuto le Thupello  - CHIETA)
v.    Ngaka Olwethu Siphuka (Lekala la Thuto , Thupello le  Mesebetsi ya Ntshetsopele  la Thuto le Thupello  – ETDP SETA)
vi.    Mofumahadi  Morwesi Ramonyai Thonga (Bolaodi ba Lekala la Eneji le Metsi la Thuto le Thupello  – EW SETA)
vii.    Ngaka Dala Prittish (Bolaodi ba Lekala la Ditshebeletso tsa Ditjhelete le Bobadi ba Ditjhelete la Thuto le Thupello  - FASSET)
viii.    Monghadi  Siyabulela Ngcukana (Bolaodi ba Lekala la Diindasteri tsa Tlhahiso ya Dijo le Dino la Thuto le Thupello  – FoodBev SETA)
ix.    Mofumahadi  Theresa Otto (Bolaodi ba Lekala la Tswelliso ya Faeba le Tlhahiso la Thuto le Thupello  - FP&M SETA)
x.    Ngaka Nomsa Mnisi (Bolaodi ba Lekala la Kalafo le Thekolohelo la Thuto le Thupello  – HWSETA)
xi.    Mofumahadi  Refilwe Matenche (Bolaodi ba Lekala la Inshorense la Thuto le Thupello   -InSETA)
xii.    Moprofesara Hoosen Rasool (Bolaodi ba Lekala la Tlhahiso, Boenjinere le Ditshebeletso tse Tsamaelanang la Thuto le Thupello  - MERSETA)
xiii.    Mofumahadi  Emma Mphahlele (Bolaodi ba Lekala la Boraditaba, Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo la Thuto le Thupello  – MICT SETA)
xiv.    Ngaka Nomusa Zethu Qunta (Bolaodi ba Ditshwanelo tsa Merafo  - MQA)
xv.    Ngaka Kenneth Maimela (Bolaodi ba Lekala Tshebeletso ya Mmuso la Thuto le Thupello  - PSETA)
xvi.    Monghadi  Chris Setlhako (Bolaodi ba Lekala la Polokeho le Tshireletso la Thuto le Thupello  - SASSETA)
xvii.    Monghadi  Themba Dlamini (Bolaodi ba Lekala la Dipalangwang la Thuto  - TETA), le
xviii.    Monghadi  Thulani Tshefutha (Bolaodi ba Lekala la Dihouleseile le Mabenkele la Thuto le Thupello  – W&RSETA)

D.    Ho behwa ha Kabinete sehlohlolong sa ditaba

1.    Ho Kenngwa Tshebetsong ha Diprojeke tse Pedi tse Kgolo tsa Bodulo ba Batho Gauteng 

1.1.    Kabinete e etse hloko kgatelopele e seng e fihletswe ho kenngweng tshebetsong ha diprojeke tse pedi tsa bodulo ba batho Gauteng, ka sepheo sa ho aha matlo a ballwang ho 68 000, Lufhereng (Motsemoholo wa Johannesburg) le Mooikloof (Motsemoholo wa Tshwane). 
1.2.    Ntshetsopele ya Lufhereng e bonwa e se kaho ya matlo feela, empa ho yona ke ho beha batho haufi le ditshebeletso tsa kopanelo tsa setjhaba tse kang dikolo, dikeretjhe, ditleliniki, dikereke, dipaka, dibaka tse bulehileng, dikgwebo le dibaka tsa boithabiso. Ho akanngwa ha ho tla ahwa matlo a 32 636 projekeng eo ya Lufhereng. Projeke ya Mooikloof ya Ntshetsopele e Kgolo ya Bodulo ho yona ho lebeletswe matlo a ballwang ho a 50 000.
1.3.    Ho lebeletswe hore diprojeke tsena di thehe menyetla e mengata ya mosebetsi nakong ya kaho le kamora moo ho kenyeletsa dikgwebo tse nyane le kgolo ya moruo e leng se tla fokotsa palo e hodimo ya tlhokeho ya mosebetsi le ho se lekalekane.

2.    Tlaleho ya 2025 diphetho tsa Ditshupane tsa Saense, Thekenoloji le Ntjhafatso tsa Afrika Borwa (STI) 

2.1.    Kabinete e ananetse diphetho tsa Tlaleho ya Ditshupane tsa STI tsa selemo sa 2025 ya STI le dintlhakgolo tsa yona. Tlaleho ena e bontsha hore leha Afrika Borwa e na le motheo o setletseng ho tsa saense le ntjhafatso, empa mokgwa ona o ntse o bonahala o sa tsitsa, mmusong, ho tsa thuto, diindastering, le setjhabeng ka kakaretso. 
2.2.    Ho se tsitsi hona ho boela ho tlatselletswa ke ho se fumane tshehetso ya ditjhelete, e leng se kginang kgonahalo ya hore diphuputso di tswele setjhaba molemo ho tsa kgwebo kapa hona ho tlisa dintjhafatso setjhabeng. 
2.3.    Tlaleho ena e etsa kgoeletso ya tshebedisano hara   mmuso, tsa thuto, tsa diindasteri, le setjhaba ka kakaretso ho kganna matsete a hokahantsweng ho tsa Saense, Thekenoloji le Ntjhafatso (STI), ka ho kenya tshebetsong mekgwa e tla thusa ho fetolela diphetho tsa diphuputso melemong e tshwarehang ya moruo le kahisano, mme ka seo ho matlafatswa boemo ba naha ba bohlodisani matjhabeng.

3.    Ho ba Malala-a-laotswe ha Dikolo tsa Thuto e Phahameng le Thupello 

3.1.    Kabinete e hlabilwe malotsana ka ho ba malala-a-laotswe ha lekala la Dikolo tsa Thuto e Phahameng le Thupello (PSET) bakeng sa selemo tsa dithuto sa selemo sa 2026. Nako ya dikopo tsa selemo sa 2026 e qadile ka Lwetse 2025 – e leng e qadileng pele ho feta dilemo tse fetileng – mme ho kwetswe ka la 15 Pudungwana 2025. 
3.2.    Tshebeletso ya ho netefatsa dintlha ka yona nako eo e kopanetswe ka botlalo ke Lefapha la Merero ya   Lehae, Tshebeletso ya Lekgetho ya Afrika Borwa, le Lekala la Tshireletso ya Kahisano la Afrika Borwa (SASSA) bakeng sa ho netefatsa lekeno la lelapa ka leng le boahi. Ho boetse hape ho sebediswa mokgwa wa dikgatiso tsa menwana ho thibela kgonahalo ya diketso tsa bobodu. 
3.3.    Ho feta moo, Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) se tlo ba le bokgoni ba ka dinako tsohle setsing ka seng sa thuto e phahameng nakong ya boingodiso ka sepheo sa ho thusa ditsi tsena le baithuti mabapi le diphephetso tse amanang le dithuso tsa ditjhelete. 
3.4.    Ho tla ba le letsholo le leholo le tla thehwa ke baemedi ba Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello, NSFAS, ditsi tsa thuto e phahameng le mekgatlo ya baithuti. Tlamathata ena ya letsholo e tla kopana jwalo ka beke ho sheba diphephetso tse ka bang teng   le ditharollo tse ka etswang. 
3.5.    Ho feta moo, NSFAS e ntlafaditse metjha ya yona ya kgokahano ho netefatsa hore baithuti ba fumana tlhahisoleseding ka potlako ka inthanete, mohala le ka seqo.

4.    Botsitso ba Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) 

4.1    Kabinete e amohetse le ho ananela boemo ba dithuso tsa ditjhelete tsa baithuti le botsitso ba (NSFAS). Kabinete e ananetse diphephetso tse neng di sitisa botsitso le botshepehi ba sekema sena le ho thathiselletsa ho kenngwa tshebetsong ka potlako ha mehato ya ho tlisa botsitso, ho kenyeletsa ho matlafatsa taolo le ditsamaiso tsa ICT le ho matlafatsa mekgwa ya tefo. 
4.2    Kabinete e boetse e amohetse kgatelopele ka dipuisano pakeng tsa bankakarolo ba bohlokwa ho phatlalla le   mmuso, ditsi tsa thuto e phahameng, mekgatlo ya baithuti, le ya basebetsi. Mona ho dumellanwe ka ho theha mokgwa o motjha wa tshehetso ya ditjhelete mathwasong a selemo sa 2026 oo e tlang ho ba wa nako e telele le o tshepahetseng o tla fana ka tshehetso e sa tshwaneng pakeng tsa diyunivesithi le di-TVET, le ho ntlafatsa mokgwa wa ho kenya dikopo, kabo ya ditjhelete le wa ho etsa boipiletso. Kabinete e elelletswe maano a matjha le dikgetho   tse ntseng di sekasekwa le ho tiisa ho ba le setsi se bohareng sa dikopo molemong wa ho bebofatsa mokgwa wa ho fumana ditshehetso tsena bakeng sa thuto e phahameng.

5.    Moralo wa   Semphato sa sa Kgodiso ya Bohahlaudi (TGPP) 2025 – 2030: Ho tlisa kgolo e kenyeletsang le tlhahiso ya mesebetsi 

5.1.    Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka TGPP 2025 – 2030, e tlang le moralo wa dilemo tse hlano o potlakisang moruo wa moshwelella le kgolo ya ona wa bohahlaudi. Moralo ona   o kgothaletsa semphato ho phatlalla le makala a mmuso, a poraefete le a badudi ho matlafatsa palo ya bahahlaudi ba matjhaba le bohahlaudi ba ka hara naha, ho ba le dihlahiswa tse fapafapaneng, ho theha menyetla ya mesebetsi le ho tlisa botsitso le molemo ho badudi. 
5.2.    Kabinete e elelletswe hore TGPP e teka merero ya lewa e mehlano le mananeo a ka sehlohlolong a tsheletseng le motjha w ho a kenya tshebetsong o nang le Ditshupane tsa Tshebetso tsa Bohlokwa (di-KPI) tse ka methwang, tseo kaofela di tsheheditsweng ke matsete ka mekgahlelo le mekgwa e mengata ya tshehetso ya ditjhelete. 
5.3.    Kabinete e boetse e elelletswe kgolo ya lekala lena la bohahlaudi le seng le fetile dipehelo tsa selemo sa 2030, e fetile le palo e etsahetseng pele ho sewa sa Covid-19 le theho ya mesebetsi (haholoholo ho batjha le basadi), le ho shebana le ho ntlafatsa boleng ba dibaka tsa mahaeng le ya infrastraktjha le ho kenyeletsa ditlwaelo tse hlwahlwa mabapi le tlelaemete.

3.2.    Pitso ya Lefatshe ya bo-13 ya Baqolotsi ba Ditaba tsa Saense (WCSJ)

3.2.1.    Kabinete e amohetse le ho ananela ho tshwarwa ka katleho ha Pitso ya Lefatshe    ya bo-13 ya Baqolotsi ba Ditaba tsa Saense (WCSJ), e neng e tshwerwe ho tloha ka la 1 ho isa ka la 5 Tshitwe 2025, Tshwane. Pitso   ena, e ne e hlophisitswe ka kopanelo ke Lefapha la Saense, Thekenoloji le Ntjhafatso (DSTI) le Lekgotla la Saense le Diphuputso tsa Diindasteri (CSIR), mme tsena kaofela di bontsha bohlokwa ba boqolotsi ba tsa saense ho rarolleng maemo a ho se lekalekane boemong ba matjhaba le ho tiisa ho tshetjwa ha lekala lena la saense. 
3.2.2.    Pitso ena e tlile le diphetho tse molemo ho kenyeletsa boitlamo ba ho ntlafatsa boitshwaro ho baqolotsi, tshehetso ya tsa tshebetso, tshebediso ya ntjhafatso ya thekenoloji le ho kgothaletsa boetapele ba Afrika ho tsa saense.

E.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Kgwedi ya Poelano

1.1.    Afrika Borwa e tla hopola Kgwedi ya Poelano kgweding ena ya Tshitwe kaofela, mme sehopotso se seholo se   tla ba ka Letsatsi la Naha la Poelano, e leng la 16 Tshitwe 2025 se tla tshwarelwa Musiamong wa Ncome, Nquthu, KwaZulu-Natal.
1.2.    Sehopotso sa selemo sena se tla tshwarwa tlasa mookotaba o reng: “Ho tloha Dinalaneng tse Arolelanweng   ho isa Bokamosong bo Arolelanwang ka Metjha e Metjha le Ntjhafatso”, leha Letsatsi la Naha la Poelano la selemo sa 2025 lona le tla tshwarwa tlasa mookotaba o reng: “Re Thathiselletsa Poelano Bakeng sa Meloko ya Kamoso”.
1.3.    Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa kaofela ho ahella hodima metheo e adilweng nakong ya dilemo tse fetang tse 30 tsa demokerasi ka ho tataisa batjha, ho tshehetsa dikgwebo tse kenyeletsang tsa lehae le ho buisana ka dikopano tse bulehileng le tsa botshepehi tse kgothaletsang kutlwisisano le morero o tshwanang. 
1.4.    Kgwedi ya Poelano e tshwaya bohlokwa ba tokoloho le demokrasi eo re e thabelang mme tsena tsohle di kopane le nalane ya Afrka Borwa ya ho se lekalekane. Leha ho le jwalo, naha ena e etsa matsapa a ho kopanya setjhaba ho lebala ka tse fetileng.

F.     Melaetsa 

1.    Tlhokomediso Kgahlano le Maemo a Mabe a Lehodimo 

1.1.    Kabinete e etsa kgoeletso ho MaAfrika Borwa kaofela ho ela hloko maemo a mabe a lehodimo a kenyeletsang dipula tse matla, difefo tsa diaduma le sefako dikarolong tse fapafapaneng tsa naha. Ho ka fumana tlhahisoleseding e tshepahalang ka maemo a lehodimo, kena websaeteng ya Tshebeletso ya Bolepi ya Afrika Borwa: www.weathersa.co.za

2.    Matshediso

Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko  ho lelapa le metswalle ya:

i.    Mokhomishenara wa mehleng wa SARS Monghadi Oupa Magashula, ya neng a ikarabella pokeletsong ya lekgetho nakong ya ho reketla ha moruo wa matjhaba ka 2008. Ha a qala ho sebetsa e ne e le moetapele wa mekgatlo ya basebetsi pele a kena ho tsa kgwebo, le hamorao tshebeletsong ya mmuso. 
ii.    Moahlodi Leonora van den Heever, mosadi wa pele wa ho ba moahlodi Afrika Borwa. Mosebetsi wa hae o ile wa bulela basadi ba bang menyetla ya ho hata mehlaleng ya hae ho tsa molao mme o tla dula e le mohlala wa ka nako tsohle wa boqhetseke ho tsa boahlodi. 
iii.    Monghadi Sunny Singh, e mong wa balwanedi ba inehetseng ba tokoloho ya ileng a kwallwa dilemo tse leshome Robben Island. O bile le kabelo e kgolo ntshetsopeleng ya batjha le diphetohong tsa dipolotiki mathwasong a demokrasi ya rona. 
iv.    Monghadi Dennis Pather, moqolotsi wa ditaba ya hlomphehang haholo wa Afrika Borwa, sengodi le mohlophisi wa masedinyana a kenyeletsang Daily News. Kabelo ya hae ho fetoleng lekala la ditaba Afrika Borwa e tla dula e hopoleha ka hlompho e kgolo. 
v.    Ngaka Jennifer Glennie, eo e neng e le mmuelli wa toka ya setjhaba mme a ba le kabelo ho tliseng tekatekano ho tsa thuto le ho tlisa diphetoho setjhabeng ka kakaretso. O boetse a ba le kabelo e kgolo ntlafatsong le ho ngoleng maano a taolo ya thuto e phahameng mme hape e bile Setho sa Lekgotla   la Thuto e Phahameng (CHE), le Setho sa Foramo ya Lekgotla le Pharaletseng la Diphetoho la Yunivesithi ya Afrika Borwa (UNISA) le Setho sa Lekgotla la Yunivesithi ya Sol Plaatje.
vi.    Franklin Abraham Sonn, eo e neng e le titjhere, modiplomate le rakgwebo ya ileng a bapala karolo e kgolo nakong ya phetoho ho tloheng ho kgethollo ho tla ho demokrasi. E bile lenqosa la pele la Afrika Borwa naheng ya Amerika nakong ya demokrasi ho tloha ka selemo sa 1995 ho isa ho sa 1999.

3.    Dithoholetso 

Kabinete e lebisa mahlohonolo  le ditakaletso tse ntle ho:

i.    Di-Springbok ka ho hlola naha ya Ireland letotong la dipapadi tsa Dinaha tsa Quilter tsa selemo sa 2025, le ho ba bona feela sehlopha se sa hlolwang letotong lena. Di-Springbok di phethetse Dipapadi tsa Teko tsa Castle tsa selemo sa 2025 ka ho hlola Wales ka 73-0 mane Cardiff, moo le teng se qetileng dipapadi tsena se sa hlolwa dilemo tse pedi ka tatelano. 
ii.    Proteas ka ho etsa nalane ya ho hapa Letoto la Pele la Teko kgahlano le India dilemong tse 25. Tlholo ena e ntlafaditse maemo a Afrika Borwa maemong a Bompodi ba Matjhaba ba Diteko tsa ICC tsa 2025 – 27 moo bompodi ba mehleng bona ba qetetseng bobeding. 
iii.    Sehlopha sa Materiki sa selemo sa 2025 ka ho phethela dithlahlobo tsa sona tsa makgaolakgang. Kabinete e ananela ho sebetsa ka thata ha Lefapha la Thuto ya Motheo ka ho tshwara dithlahlobo tsena ntle le mathata. Ho tshwauwa ha dimpampiri ho se ho qadile ditsing tse ngata mme ho hirilwe batshwayi ba fetang 52 000 naheng ka bophara. 
iv.    CSIR ka ho keteka dilemo tse 80 ka la 5 Mphalane 2025. Nakong ya dilemo tse 80 CSIR haesale e tswa pele ho tsa saense, thekenoloji le ntjhafatso. E boetse e ne e keneletse le ho faneng ka mokgwa wa phano ya dilaesense ka mokgwa wa thekenoloji boemong ba matjhaba esitana le ho fana ka tharollo bakeng sa ntshetsopele ya dinaha. Hara tsena kaofela re ka bala le metjhini ya ho hema e neng e sebediswa nakong ya sewa sa COVID-19, ditifikeiti tse neng di bontsha hore o entile le tlhahiso ya dikareta tsa boitsebiso tsa Lefapha la Merero   ya Lehae, le tse ding tse ngata. 
v.    Ho kgethwa hape ha Afrika Borwa ho Mokgatlo wa Matjhaba wa Mawatle (IMO), e leng se neng se kwala sekgeo sa dilemo tse nne ho tloha ka selemo sa 2021. Ho kgethwa hona ho etsahetse sebokeng sa bo-34 sa IMO mane London ka la 28 Pudungwana 2025, e leng se behileng Afrika Borwa Mokgahlelong wa C bakeng sa nako ya 2026 – 2027. Mokgahlelo ona o kenyeletsa dinaha tse nang le tjheseho dipalangweng tsa lewatle   le taolo ya tsona ka ho netefatsa ho tlisa tekatekano ho kemedi ya dinaha maemong a matjhaba. Afrika Borwa e tla sebedisa monyetla ona ho kgothaletsa ditabatabelo tsa Afrika taolong ya kgwebo ya mawatle boemong ba matjhaba. 
vi.    Sehlopha sa Orlando Pirates ka ho hapa Mohope wa 2025 wa Carling Black Label. Ho matlafala ha bolo ya lehae ho matlafatsa Sehlopha sa Naha sa Bafana Bafana se ilo emela Afrika Borwa Mohopeng wa Lefatshe wa Bolo wa 2026.

4.    Ho Beha Polokeho ka Sehlohlolong, ke ho ba le Boikarabelo ba Sehleng sena sa Monyaka   

4.1.    Kabinete e lakaletsa MaAfrika Borwa ohle Keresemese e monate e tletseng lerato, kgotso le polokeho le malapa a bona le Bakreste bohle ho ketekeng Keresemese. Kabinete e boetse e etsa kgoeletso hore batho ba bolokehe mebileng, metseng le dibakeng tsa setjhaba nakong ena ya Keresemese. 
4.2.    Lefapha la Dipalangwang (DOT) le tsebahaditse Lewa le letjha la Polokeho la Sehla sa Monyaka bakeng sa polokeho ya bakganni, ditaaso le bapalami. Ho tla jalwa mapolesa a laolang sephethephethe a ballwang ho makgolo a robedi mebileng ya rona ho kenyeletsa le makala a mang a qobello ya molao sehleng sena sa monyaka ho beha leihlo hore bohle ba ikamahanya le dipehelo tsa polokeho mmileng. Hodima moo, ho tla boela ho jalwa le mapolesa a matjha a sa tswa rupellwa a 558 setjhabeng ho netefatsa polokeho nakong ena e maphathephathe. 
4.3.    Ho etswa kgoeletso ho bakganni ho ikamahanya le melao ya tsela le ho sebedisana le ba ka taolong dithibelleng tsa mebileng, esitana le ho se kganne bohlaswa, ba nwele le hona ho kganna ka lebelo le hodimo le ho sebedisa diselfouno ba kganna. 
4.4.    Batswadi le bahlokomedi ba bana ba kgothaletswa ho dula ba hlokometse bana ka dinako tsohle kgahlano le maemo a kotsi. Ha o tsamaya, netefatsa hore o tlama lebanta la pholoso mme o behe bana leihlo dibakeng tsa setjhaba ho thibela hore ba se lahlehe. 
4.5.    Setjhaba se hlokomediswa ho ba sedi kgahlano le boramasene le baqhekanyetsi ba sebedisang sehla sena sa monyaka ho qhekella batho. Tlaleha diketso leha e le dife tsa bonyofonyofo sepoleseng kapa ho ba ka taolong ka potlako. 
4.6.    Kabinete e hopotsa bohle hore polokeho ke boikarabelo ke ba rona kaofela. Ha re sebetseng mmoho ho netefatsa polokeho le ho qoba dikotsi mebileng nakong ena e maphathephathe.

Re le lakaletsa Sehla se monate le selemo se setjha sa thabo  

Dipotso: Monghadi Sathasivan Vandayar (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo) 
Mohala: 082 444 9092

Share this page

Similar categories to explore