A. Maemo a Renang
1. Moruo
1.1 Letsete
1.1.1 Kabinete e hlahisitse tshepo ya yona ho tsepameng ha moruo, jwalo ka ha naha e tswela pele ho theha dilekane ho aha makala a bohlokwa le ho hohela matsete a matjha.
1.1.2 Kabinete e boetse e amohetse ho thakgolwa ha tlelaoto ya Google ya Afrika Borwa ya diranta tse dibiliyone tse pedi le halofo tokolohong ya Johannesburg, e kenyeletsang Afrika Borwa Tlelaotong ya Google ya dikgokahanyo tsa lefatshe. Porojeke ena ke ya pele ya Google Afrika mme ke matsete a bohlokwa meralong ya motheo ya theknoloji ya Afrika Borwa.
1.1.3 Kabinete e ipiletsa ho makala ohle ho potlakisa motjha wa naha ya rona o lebisang kgolong ya moruo e tsitsitseng le ho kenyeletsa bohle le theho ya mesebetsi ka matsete a eketsehileng le ho toboketsa tse ntle ka naha ya rona.
1.2 Seabo sa Lekala la Poraefete Diporojekeng tsa ho Tsamaisa Thepa ka Terene le Dikepe
1.2.1 Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Kopo ya Lesedi ka Seabo sa Lekala la Poraefete Diporojekeng tsa ho Tsamaisa Thepa ka Terene le Dikepe, ka ha sena e le karolo ya bohlokwa ya diphetoho tsa ntlafatso ya lekala la ho tsamaisa thepa la Afrika Borwa e le hore le ntlafatse kgolo ya moruo ka thomelo e ntlafetseng ya thepa ka ntle ho naha.
1.2.2 Moralo wa Mokgwa wa Tsamaiso ya Dithoto Afrika Borwa o kgothaletsa tlhodisano e kgolo ditshebetsong tsa diterene le dikou tsa boemakepe, tse tla hohela matsete a poraefete empa meralo ya motheo e jwalo ka diporo tsa diterene le boemakepe di tla dula e le tsa setjhaba.
1.3 Motlakase
1.3.1 Kabinete e amohetse dimekawate tse ding tse 800 tsa phehlo e ntjha ya motlakase ho tse teng naheng ka mora hore Eskom e atlehe ho reka yuniti ya Seteishene sa Motlakase sa Kusile ya ho qetela inthaneteng. Sena se tla thusa ho tsitsisa dikgokahanyo le ho matlafatsa tshireletso ya motlakase wa naha ya rona kamoso.
1.4 Dipalopalo tsa Kotara ka Nngwe tsa Khiro
1.4.1 Kabinete e amohetse keketseho ya khiro ka mesebetsi e 12 000 ho isa ho dimiliyone tse 10.64 lekaleng la semmuso leo e seng la temo kotareng ya bone ya 2024. Dipalopalo tsa Kotara ka nngwe tsa Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa le bontshitse keketseho ya khiro mesebetsing ya matsoho, ditshebeletsong tsa kgwebo, dipalangwang le lekaleng la motlakase.
1.4.2 Ho sa natse ntlafatso e itekanetseng, mosebetsi wa ka nako tsohle o ntse o le tlase ho feta selemong se fetileng. Kabinete e itlamme ho kganna diphetoho tsa meralo, le ho kenya mananeo a tsepameng kgolong ya moruo tshebetsong ho theha sebaka se lokileng bakeng sa ho theha mesebetsi.
2. Phatlalatso ya Molao wa Phetoho ya Maemo a Lehodimo, wa bo 22 wa 2024
2.1 Kabinete e amohetse phatlalatso ya Molao wa Phetoho ya Maemo a Lehodimo, wa 2024 (Molao wa bo 22 wa 2024) ka Moporesidente Ramaphosa ka Mantaha wa la 17 Tlhakubele 2025, o kgontshang ntshetsopele ya melawana e sebetsang ya phetoho ya maemo a lehodimo le leano la nako e telele bakeng sa phetohelo ho moruo wa khabone e tlase le setjhaba.
2.2 Kabinete e boetse e amohetse Sehlopha sa Balekane ba Matjhabatjhaba (IPG), tshebetsommoho e kenyeletsang United Kingdom, Germany, France le EU, ho tlatsa sekgeo se butsweng ke Amerika kamora ho ikgula Selekaneng sa Phetohelo ho Eneji e Bobebe.
2.3 Hajwale kakaretso ya boitlamo ba matjhabatjhaba ho Afrika Borwa ke dibiliyone tse 12.8 tsa didolara tsa Amerika ho tswa ho IPG mmoho le ho kenya letsoho ha Spain, Switzerland le Canada.
3. Dikamano tsa Matjhabatjhaba
3.1 Dikamano tsa Afrika Borwa le Japan
3.1.1 Kabinete e amohetse dikamano tse tihileng mahareng a Afrika Borwa le Japan ka mora leeto la tshebetso la Motlatsa Moporesidente Paul Mashatile la Japan ho tloha ka la 17 ho isa ho la 19 Tlhakubele 2025 le reretsweng ho matlafatsa tshebedisanommoho e teng mahareng a Afrika Borwa le Japan dikarolong tse kgahlang dinaha ka bobedi.
3.1.2 Ho ile ha boela ha tshwarwa ditherisano le Setheo sa Tshebedisanommoho ya Matjhabatjhaba ya Japan ho sekaseka dibaka tsa tshebedisanommoho moruong, Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Moruo wa Afrika Japan bakeng sa ho sekaseka menyetla ya kgwebo le matsete le Mokgatlo wa Japan wa Tshireletso ya Ditshepe le Eneji ho totobatsa menyetla ya matsete lekaleng la merafo.
4. Bophelo
4.1 Ho Hulwa ha Melawana ya Dijo tse Entsweng ka Matekwane
4.1.1 Kabinete e amohetse ho hulwa ke Lefapha la Bophelo ha Melawana e thibelang thekiso ya dijo tse entsweng ka matekwane
4.1.2 Le ha re amohela tshusumetso e mpe ya thekiso e sa laolweng ya dijo tse entsweng ka matekwane ho kgonahalo ya ho jewa ke bana, Melawana e jwalo e tlameha ho lekolwa ka botlalo, ha e a tlameha ho nyahlatsa Kahlolo ya Lekgotla la Molaotheo mme ha e a tlameha ho tlola Molao wa Tshebediso ya Matekwane bakeng sa Merero e Poraefete.
4.1.3 Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo le hokahanya Tshibollo ya Melawana ya Mafapha a Kopaneng bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha Molao wa Matekwane Bakeng sa Tshebediso e Poraefete.
4.2 Lefu la Tlhako le Molomo (FMD)
4.2.1 Kabinete e tsebisitswe ka keketso ya meedi ya Sebaka sa Taolo ya Mafu (DMA) sa KwaZulu-Natal ho thibela ho ropoha hape ha FMD.
4.2.2 DMA e ekeditswe ho kenyeletsa bomasepala ba latelang: Big Five Hlabisa; Mtubatuba; Nongoma; Ulundi; Umhlabuyalingana; Jozini; Pongola; Abaqulusi; Mfolozi; uMhlathuze; Mthonjaneni; Nqutu; Nkandla; uMlalazi le Mandeni.
4.2.3 Ha ho diphoofolo tse tlhako e arohaneng (dikgomo, dinku le dipodi), dihlahiswa tsa tsona kapa disebediswa tse entsweng ka tsona tse ka tsamaiswang ho tloha ka hara dibaka tsa DMA ntle le ha eba di dumelletswe ka molao ke lengolo la tumello le entseng ke ngaka ya diphoofolo ya naha.
5. Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso
5.1 Thibelo ya Ditlolo tsa Molao
5.1.1 Kabinete e amohetse ho tshwarwa ha babelaellwa ba 12 892 mahareng a la 17 le la 23 Tlhakola 2025 ke Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) jwalo ka karolo ya Opereishene Shanela.
5.1.2 Ba kenyeletsa babelaellwa ba 1 753 ba neng ba batlelwa ditlolo tsa molao tse kgolo jwalo ka polao, teko ya polao, peto, boshodu ba dikgwebong le malapeng. Ho feta moo, babelaellwa ba 1 794 ba tshwaretswe ho otlakaka le ho Ntsha Kotsi le bahwebi ba dithethefatsi ba 203 ba tshwerwe. Babelaellwa ba bang ba 1 507 ba tshwaretswe ho ba le dithethefatsi mme ba 115 ba tshwaretswe ho ba le dithunya tse seng molaong.
5.2 Ho Tswela Pele ha Matsholo a Lesedi le Fosahetseng ka Phoso le Lesedi le Fosahetseng ka Maikemisetso
5.2.1 Kabinete e lemohile ka matshwenyeho a tswelang pele ka matsholo a tlhahisoleseding e fosahetseng ke Solidaritiet le AfriForum le balekane ba bona, mme ditheo tse kenyang molao tshebetsong di ntse di fuputsa ditlolo tsa molao tsa Aforika Borwa.
5.2.2 Ho thibela ditaba tse ding tse fosahetseng, Sepolesa sa Afrika Borwa se kopane le AfriForum ho hlakisa diqoso tsa dipolao tsa makgowa mabapi le dipolao tsa mapolasing.
5.2.3 Kopanong AfriForum e amohetse hore dipalopalo tsa botlokotsebe tse lokollotsweng ke Letona la Sepolesa di nepahetse, ho kenyeletswa le dipolao tsa mapolasi.
5.2.4 Ho a tsebahala hore tse ding tsa dipolao tsa mapolasing di etswa ke batho ba tsejwang ke dihwai ho kenyeletsa le ba malapa.
5.2.5 Kabinete e boetse e tseba ka tlaleho ya leshano ya hore ho na le borapolasi ba makgowa ba ka bang 72 000 ba ingodisitseng ho fallela Amerika ho latela memo ya Moporesidente wa Amerika.
5.2.6 Ho ya ka lesedi le hatisitsweng, ka bobedi AgriSA le Lefapha la Temo, le StatsSA, Afrika Borwa e na le dihwai tsa kgwebo tse 41 000 feela.
5.3 Twantsho ya Bobodu
5.3.1 Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha Foramo ya Taolo ya Meedi le Thibelo ya Bobodu ho tsa Bofalli ka la 25 Tlhakola 2025, jwalo ka karolo ya teko ya ho thibela bobodu taolong ya meedi le bofalli.
B. Ditsebiso ho Kabinete
1.1. Sehlopha sa Mashome a Mabedi (G20) Dikopano tse Lokisetsang Seboka
1.1.1. Afrika Borwa e tswelapele ho tshwara letoto la dikopano tsa maemo a hodimo tsa G20 mothating wa boitokisetso ba Seboka sa G20 ka Pudungwana 2025. Dikopano tsa moraorao di ile tsa tshwarwa ka tsela e latelang:
1.1.2. Seboka sa Pele sa Sehlopha sa Tshebetso sa Kgwebisano le Matsete sa G20 se tshwerwe ka tshebediso ya marangrang ho tloha ka la 18 ho isa ho la 20 Tlhakubele 2025 mme se buisane ka kaho ya moruo o kenyeletsang, dikatleho le ho hloleha ha tsamaiso ya metjha e mengata ya kgwebo dilemong tse 30 tse fetileng. E ile ya boela ya tshohla kgwebisano le kgolo e kenyeletsang bohle, lenaneo la kgwebo le arabelang, kaho ya diindaseteri tse tala le tokiso ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano.
1.1.3. Puisano ya Naha mabapi le boitlamo ba Sehlopha sa Tshebetso ya Temo le Seboka sa G20 sa Borasaense ba ka Sehloohong sa Temo se neng se tshwerwe ka la 18 Tlhakubele 2025 (ka marangrang) mme se buisane ka tshebetso ya temo, boiqapelo le boitelo.
1.1.4. Sehlopha sa Tshebetso sa Meralo ya Ditjhelete sa Matjhaba sa G20 se kopane Pretoria ka la 18 Tlhakubele ho buisana ka bothata ba dikoloto tsa Afrika.
1.1.5. Afrika Borwa e tshwere kopano ya boitokisetso ka la 20 Tlhakubele 2025 bakeng sa Samiti ya Matsete ya Metsi ya Lenaneo la Kopano ya Aforika le Lenaneo la Afrika la Metsi la 2025 le reretsweng ho tshwarwa ka Phato 2025.
1.1.6. Sehlopha sa Tshebetso sa G20 sa Tikoloho le Moshoelella wa Tlelaemete se kopane ka la 25 Tlhakubele 2025, mme se tsepamisitse maikutlo a mantlha a tikoloho le phetoho ya maemo a lehodimo.
1.1.7. Kopano ya bobedi ya Sehlopha sa Tshebetso sa Bophelo sa G20 se ntse se tswela pele ho fihlela ka la 28 Tlhakubele 2025. Kopano e rerisana ka ho matlafatsa le ho kgothaletsa phihlello e lekanang ya ditshebeletso tsa bophelo.
1.1.8. Sehlopha sa Tshebetso sa Moruo wa Dijithale wa G20 mabapi le Bohlale ba Maiketsetso se tla tshwarelwa Gqeberha ho tloha ka la 7 ho isa ho la 11 Mmesa 2025 ho tsepamisa maikutlo hodima phetoho ya dijithale, le kgolo e kenyeletsang ya setjhaba le moruo.
1.1.9. Kabinete e boetse e amohetse sephetho sa tlhahlobo ya maemo le poloko ya dibaka tsa Afrika Borwa tsa Botjhaba ba Lefatshe ka ho tsamaellana le Bonyane ba Dipehelo tsa G20 bakeng sa boitokisetso le ho tshwara G20. Kabinete e lemohile hore ditsha tse supileng ho tse leshome le metso e mmedi (12) tsa Afrika Borwa tsa Botjhaba ba Lefatshe di se di loketse ho amohela baeti ba G20, empa ho hlokahala tokiso e itseng bakeng sa boiphihlelo bo matlafaditsweng ba moeti.
1.2. Seboka sa bo 8 sa Afrika Borwa – Dinaha tse Kopaneng tsa Yuropa (EU)
1.2.1. Kabinete e amohetse ho matlafatswa ha Bolekane bo Botle mahareng a Dinaha tse Kopaneng tsa Yuropa Sebokeng sa bo robedi sa Afrika Borwa se tla tshwarwa ka la 13 Tlhakubele 2025 Afrika Borwa.
1.2.2. EU e tobokeditse tshehetso ya yona bakeng sa Bopresidente ba G20 ba Afrika Borwa le bohlokwa ba G20 e le lekgotla la lefatshe la tshebedisanommoho moruong wa matjhaba.
1.2.3. EU e boetse e phatlaladitse Sephuthelwana sa Global Gateway Investment Package ya R93,5-bilione ho tshehetsa merero ya leano la matsete phetohong ya matla e hlwekileng le e nepahetseng, meralo ya motheo ya kgokahanyo ya dijithale le mmele, le indasteri ya lehae ya meriana.
2. Tlaleho ya kgatelopele mabapi le Ngodiso ya Mabenkele a Di-spaza le Ditsi tse ding tse Sebetsanang le Dijo le Ditshebetso tsa ho Thibela Mafu a Bakwang ke Dijo
2.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya kgatelopele ka ngodiso ya mabenkele a di-spaza le dibaka tse ding tse sebetsanang le dijo mmoho le tlaleho ka mosebetsi o tswellang ho thibela mafu a bakwang ke dijo.
2.2. Tshebetso ya ho ngodisa e phethetswe ntle le haeba motho a lakatsa ho bula lebenkele le letjha la spaza.
3. Ho Fetola Karete ya Bajalefa ba Megolo ya Dithuso tsa Mmuso ya Setheo sa Tshireletso ya Setjhaba sa Afrika Borwa (SASSA) ho ya Kareteng e Ntjha ya Postbank
3.1. Kabinete e amohetse tsebiso ka phetolo ya karete ya baamohedi ba megolo ya dithuso tsa SASSA ho karete e ntjha e ntsho e tshireletsehileng ya Postbank.
3.2. Nako ya ho qetela ya hore bajalefa ba SASSA ba fetolele Karete ya bona ya Kgauta ya SASSA ho Karete e Ntsho ya Postbank e ekeditswe ho fihla ka la 30 Mmesa 2025 ho dumella SASSA le Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba ho palo e salletseng morao ya bajalefa ba soka ba fetolela dikarete tsa bona.
C. Diqeto tsa Kabinete
1. Mokgahlelo wa bobedi wa Operation Vulindlela
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana dintlha tse tsepamisisang maikutlo tsa Operation Vulindlela, e leng boikitlahetso bo kopanetsweng ba Kantoro ya Moporesidente le Lefapha la Letlotlo la Naha la ho tsamaisa diphethoho tsa meralo.
1.2. Dibaka tse ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona di kenyeletsa ho phethelwa ha mosebetsi o tswileng matsoho Mokgahlelong wa pele dibakeng tsa Eneji, Metsi, Visa, le Dintlafatso tsa Tsamaiso le dibaka tse ntjha tse ho tsepamisitsweng maikutlo ho tsona tsa Mmuso wa Lehae, ho se lekane ha dibaka le phetoho ya dijithale.
1.3. Kabinete e laetse Operation Vulindlela ditherisanong le Mafapha a amehang ho nahana ka diphetoho tse ding tse tsepamisitseng maikutlo Ho Tsosweng Hape ha Diindaseteri le ho aha lehae, ho notlolla kaho ya meralo ya motheo, le lekala la oli le kgase le dipatlisiso.
1.4. Kabinete e lemohile hore Afrika Borwa e ntse e le naha ya borobedi e nang le dipolokelo tse kgolo ka ho fetisisa tsa kgase mme lefika le thibaneng la kgase le hloka hore naha e ikahele bokgoni ba ho iphedisa ka kgase.
1.5. Kabinete e boetse e tla tshwara kopano e ikgethang ho tsepamisa maikutlo hodima Leano la Kgolo ya Moruo dibekeng tse nne (4) tse tlang.
2. Leano la Naha le Kopanetsweng la Taolo ya Boleng ba Metsi
2.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa tshebetsong ha Leano le Kopanetsweng la Taolo ya Boleng ba Metsi. Leano lena le habile ho sebetsana le diphepetso tsa boleng ba metsi jwalo ka ha ho hlahisitswe Tokomane ya Ntlhakemo ya Mmuso ya 1997 ya mabapi le Leano la Naha la Metsi bakeng sa Afrika Borwa le Molao wa Naha wa Metsi.
2.2. Leano lena le hlakisa letoto la melao e thehang motheo wa taolo ya boleng ba metsi. E fana ka tokiso ho melao yohle e amehang e amanang le metsi, le boitlamo ba naha ba lefatshe lohle mabapi le phano le paballo ya metsi e le mohlodi o haellang.
3. Leano le ka Sehloohong la Afrika Borwa la Eneji e Ntjhafatswang (SAREM)
3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Aforika Borwa la Eneji e Ntjhafatswang (SAREM) hore le kenngwe tshebetsong.
3.2. SAREM e batla ho phahamisa tlhokahalo e ntseng e phahama ya eneji e ntjhafatswang le mahlale a polokelo ho kgothaletsa ntshetsopele ya diindasteri le tshebetso ya lehae.
3.3. Morero o moholo o shebane le eneji ya letsatsi le ya moya, lithium-ion, betri le theknoloji ya polokelo ya betri e thehiloeng ho vanadium mme e etseditswe ho ba tokomane e phelang.
3.4. Kabinete e laetse hore ho etswe mosebetsi o eketsehileng mabapi le Moralo o Moholo ho:
3.4.1. Kgothaletsa batsetedi ho tshehetsa ntshetsopele ya bafani ba motlakase o ntjhafatswang,
3.4.2. Kenyelletsa le ntshetsopele ya mafura a haedrojene e tala e le ho fihlela boitlamo ba matjhaba ba diperesente tse hlano tsa mafura a kopantsweng makaleng a difofane le mawatle ka 2030.
4. Phetoho ya Dijithale ya Moralo wa Mmuso
4.1. Kabinete e tjhaetse monwana Phetoho ya Dijithale ya Moralo wa Mmuso eo sepheo sa yona e leng ho matlafatsa theknoloji ho ntshetsapele phano ya ditshebeletso tsa setjhaba le bokgoni ba mmuso. Ditaba tse ntseng di rarollwa di kenyeletsa: kgokahanyo ya mafapha, ditsamaiso tse siilweng ke nako, ditaelo tse tsamaisanang le ditsebo kapa bokgoni bo fokolang.
4.2. E etseditswe ho fana ka mmuso wa dijithale o shebaneng le ditlhoko tsa batho o utlwisisang ditlhoko tsa batho hantle, haholoholo dihlopha tse tlokotsing, ka ho netefatsa phano ya ditshebeletso e lekaneng le ho sebetsang hantle.
D. Dibili
1. Moralo wa Bili ya Sehlomathiso ya Setsi sa Naha sa Mehlodi ya Metsi ya Afrika Borwa (NWRIA)
1.1. Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya NWRIA Palamenteng. Dihlomathiso di amana le lenane la NWRIA jwalo ka Khamphani ya Mokgahlelo wa bobedi wa Mmuso.
E. Dikhiro
Dikhiro tsohle di ipapisitse le netefatso ya mangolo a thuto le tumello e nepahetseng ya tshireletso.
1. Monghadi Fhululani Peter Netshipale jwalo ka Motsamaisikakaretso Lefapheng la Ntshetsopele ya Setjhaba.
2. Ditho tsa Lekgotla la Afrika Borwa la ho se Anetse Dibetsa tse Senyang ka Bongata:
(a) Mofumahadi Ditebogo Kgomo (Modulasetulo);
(b) Ngaka Kelvin Kemm;
(c) Ngaka Alison Lubisi;
(d) Monghadi Gian Marcon;
(e) Mofumahadi Kgaugelo Mogashoa;
(f) Mofumahadi Elsie Monale;
(g) Monghadi Sandile Ndlovu;
(h) Mofumahadi Deidre Penfold;
(i) Mofumahadi Lizell Reinecke;
(j) Moprofesa Bismark M Tyobeka; le
(k) Ngaka Jaqueline Weyer.
3. Ditho tsa Khamphani ya Meru ya Afrika Borwa:
(a) Moprofesa Edward Nesamvuni (Modulasetulo)
(b) Monghadi Neeshan Balton (o kgethilwe hape)
(c) Monghadi Lahlane Malema (o kgethilwe hape)
(d) Monghadi Norman Baloyi;
(e) Monghadi Leo Long;
(f) Monghadi Ndyebo Grootboom;
(g) Moatevokate Nomazotsho Yvonne Memani;
(h) Monghadi Zwintayo Madula;
(i) Mofumahadi Sharon Mkhize; and
(j) Mofumahadi Ntombifuthi Nkosi.
F. Diketsahalo tse Tlang
1.1. Letsatsi la Lefatshe la Lefuba (TB)
1.1.1. Afrika Borwa e ketekile Letsatsi la Lefatshe la Lefuba ka la 24 Tlhakubele ka tlasa lepetjo la “E! Nna le Wena Re Ka Fedisa Lefuba: Ikemisetse, Tsetela, Phethisa”.
1.1.2. Kabinete e thabetse hore Afrika Borwa e fokoditse sekgahla sa yona sa ho ba le Lefuba ka diperesente tse 57 ka 2023 ho fihlela maikemisetso a Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo wa ho fokotsa ho ba teng ha Lefuba ka diperesente tse 50 ho tloha ka 2015 ho fihla ka 2025. Lenaneo la rona la di-ARV le thusitse ho sephetho se ntlafetseng sa Lefuba, ho kenyeletsa phekolo e atlehileng le mafu a fokotsehileng.
1.1.3. Kabinete e ipiletsa ho Maafrika Borwa ohle ho etela tleliniki kapa sepetlele se haufi bakeng sa tlhahlobo ya mahala ya Lefuba.
2. Indaba ya Metsi le Dikgwerekgwere (27 ho isa ho 28 Tlhakubele 2025)
2.1. Indaba ya Metsi le Dikgwerekgwere ya 2025 e tla tshwarwa ka la 27 le la 28 Tlhakubele Gallagher Estate ka tlasa lepetjo la: “Tshireletso ya Metsi le Phepelo.”
2.2. Indaba e tla ntshetsapele boitlamo bo entsweng ho Leano la Ntshetsopele la Nako e Bohareng la 2025 ho isa ho 2029 le Operation Vulindlela 2.0, jwaloka karolo ya lewa la Tsamaiso ya Bosupa bakeng sa lekala la metsi.
2.3. Indaba e tla boela e lekanye kgatelopele e entsweng ho Leano la Tshebetso la Seboka sa Metsi sa 2024 le ho bua ka ditlaleho tsa Bobolou, Botala le Tlhokeho ya Lerothodi ka Tshitwe 2023.
3. Kopano ya Moruo wa Basadi (WECONA)
3.1. WECONA, e buellang seabo se lekanang sa basadi moruong wa mantlha bakeng sa ho thibela sewa sa tlhekefetso ya bong le dipolao tsa basadi (GBVF), e tla etsahala ka la 28 Tlhakubele 2025.
3.2. Boikitlaetso bona ba naha bo kopanya dikhampani, mafapha a mmuso, mekgatlo le batho ka bonngwe ho theha metjha ya hore dikgwebo tsa basadi di be le seabo moruong.
4. Kgwedi ya Tokoloho
4.1. Afrika Borwa e tla keteka Kgwedi ya Tokoloho ka Mmesa le Letsatsi la rona la Tokoloho ka la 27 Mmesa 2025.
4.2. Letsatsi la Tokoloho le Kgwedi ya Tokoloho ke ketsahalo ya bohlokwa ya ho keteka re le setjhaba se le seng, ka ha naha ya rona e tshwaya ho thehwa ha Afrika Borwa e kopaneng, e hlokang kgethollo ya morabe, e sa kgetholleng ka bong le ya demokrasi, e itlammeng ho latela boleng ba seriti sa botho, e sa kgetholleng morabe le ho se kgetholle bong, le ho hlompha molao jwalo ka ha ho boletswe Molaotheong wa rona.
4.3. Mekete ya Naha ya Selemo sena ya Letsatsi la Tokoloho e tla tshwarelwa Mpumalanga mme boetse e tla tshwaya ho phethelwa ha mokete wa dilemo tse 30 tsa Tokoloho le Demokerasi.
5. Seboka sa Bana ba Afrika (3 – 7 Mmesa 2025)
5.1. Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa Bana ba Afrika (ACS) ho la Johannesburg ho tloha ka la 3 ho isa ho la 7 Mmesa 2025.
5.2. Afrika Borwa e kgethilwe e le sebaka sa Samiti e latelang, mme Letlole la Bana la Nelson Mandela e le Mokgatlo o etelletseng pele wa Mekgatlo ya Setjhaba.
5.3. Bankakarolo ho tswa kontinenteng yohle ba tla kopana bakeng sa seboka sena se etelletsweng pele ke bana ho tsamaisa dipuisano dipakeng tsa baetsi ba melawana le bana.
6. Seboka sa bo-17 sa Matjhaba sa Baahlodi ba Basadi (IAWJ) sa Dilemo tse Pedi
6.1. Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa bo-17 sa IAWJ sa Selemo ka seng ho la Motse Kapa ho tloha ka la 9 ho isa ho la 12 Mmesa 2025 tlasa mookotaba: “Ho mamella: Basadi ba Boetapeleng ho Fedisa GBVF”.
6.2. Seboka sena, se tshwarwang ke Kgaolo ya Afrika Borwa ya IAWJ, se kopanya baahlodi le ditsebi tsa molao ho tswa lefatseng ka bophara. Se tla hlahloba mekgwa ya ho fedisa GBVF ka ho buella ditokelo tsa basadi, le boetapele. Seboka se tla ba le bahlasedi ba molao ba kang Moahlodi a Moholo Mandisa Maya.
7. Ketelo ya Moporesidente ya Tlhokomelo ho Metro ya Nelson Mandela Bay
7.1. Moporesidente Ramaphosa o tla nka Leeto la Boporesidente la Tlhokomelo Gqeberha ka la 15 le la 16 Mmesa 2025 ho lekola kgatelopele ya phano ya ditshebeletso, diphephetso le menyetla ya kgolo ya moruo e kenyeletsang.
7.2. Leeto la Moporesidente la Tlhokomelo le tla kenwa ke baetapele ba tswang mafapheng ohle a mararo a mmuso mme le fana ka monyetla wa hore mmuso o buisane le baahi.
4. Seboka sa Haedrojene e Tala sa Afrika (12 - 13 Phuptjane 2025)
4.1. Afrika Borwa e tla tshwara Seboka sa sethatho sa Afrika sa Haedrojene e Tala ho tloha ka la 12 ho isa ho la 13 Phuptjane 2025.
4.2. Seboka sa Afrika sa Haedrojene e Tala se ikemiseditse ho kgothaletsa tshebedisano ya lebatowa, ho nolofatsa kabo ya thekenoloji, kaho ya bokgoni le ho kgontsha phihlello ya mebaraka lekaleng la haedrojene e tala.
G. Melaetsa
1. Dithoholetso
Kabinete e fetisitse dithoholetso le ditakaletso tse ntle ho:
1.1. Motlotlehi, Moporesidente Netumbo Nandi-Ndaitwah ha a ne a hlomamiswa ho ba Moporesidente wa Namibia. Hape ke Moporesidente wa pele wa mosadi wa naha ya habo, a kgethileng Motlatsa Moporesidente wa pele wa mosadi, Motlotlehi Lucia Witbooi le kabinete e nang le basadi ba bangata.
1.2. Dihlopha tsa Afrika Borwa ka tshebetso ya tsona e tswileng matsoho Diolimpiking tse Ikgethileng tsa Dipapadi tsa Mariha tsa Lefatshe tsa 2025 ho la Italy le Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Bomampodi ba Diatleletiki tsa ka Hara Moaho ho la China.
1.2.1. Diolimpiking tse Ikgethileng tsa Dipapadi tsa Mariha tsa Lefatshe, Afrika Borwa e hapile metale wa kgauta e le nngwe, dimetale tsa silivera tse tharo le dimetale tse pedi tsa boronse:
a) Naledi Hlalele o hapile kgauta papading ya ho thellisa leqhweng;
b) Bianca Basson le Kenneth Mokabo ba hapile silivera papading ya ho thellisa leqhweng;
c) Shane Bentley o hapile silivera Lebelong le Lekgutshwane la ho Thellisa Leqhweng;
d) Tyrell Sykes o hapile boronse papading ya ho thellisa leqhweng; le
e) Shirnel Swarts o hapile boronse Lebelong le Lekgutshwane la ho Thellisa Leqhweng.
1.2.2. Sehlopha sa Afrika Borwa Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Bomampodi ba Diatleletiki tsa ka Hara Moaho ho la China di hapile ka mokgwa o laletang:
a) Prudence Sekgodiso o hlotse le ho etsa nalane ka ho ba mosadi wa pele wa Afrika Borwa wa ho hapa metale wa kgauta Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Bomampodi ba Diatleletiki tsa ka Hara Moaho ho dimitara tse 800.
b) Akane Simbine ka ho hapa metale wa boronse ho makgaolakgang a dimitara tse 60 Ditlhodisanong tsa Lefatshe tsa Bomampodi ba Diatleletiki tsa ka Hara Moaho.
c) Boiteko ba ho tsotwa bo boetse bo fihletswe ke Cheswill Johnson papading ya ho qhoma ha lelele ya banna le Chris van Niekerk papading ya ho akgela bolo e boima.
1.3. Motjha wa mabelo Bayanda Walaza, ya ileng a roba rekoto e ka tlase ho dilemo tse 10, a fihlela boemo ba bohlano ba motjha a lebelo ka ho fetisisa lefatsheng ho dimitara tse 100 le rekoto ya Aforika Borwa ya ba ka tlase ho dilemo tse 20 ka metsotswana e 9.99 ho hapa Kgauta ho Bompodi ba Diatleletiki Gauteng Leboya.
1.4. Rassie Erasmus ka ho kgethwa ho ba Mokwetlisi wa Selemo wa 2024 Dikgaung tsa Rakbi tsa Afrika Borwa.
1.5. Cheslin Kolbe wa Mabokoboko ka ho ba sebapadi sa pele sa morao ho tloha ka 2013 ho hapa Sebapadi sa Selemo sa 2024 sa Rakbi ya Afrika Borwa ya Banna.
1.6. Nadine Roos ka ho hlomphuwa jwalo ka Sebapadi sa Basadi sa Rakbi ya Afrika Borwa sa Selemo bakeng sa 2024, lekgetlo la bobedi dilemong tse tharo.
1.7. Bafana Bafana ka ho ba sehlohlolong sa Sehlopha sa C Tlhodisanong ya Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa 2026 ka tlholo ya 2-0 ho Lesotho Lebaleng la Peter Mokaba le neng le tletse tswete.
1.8. Sebini sa Afrika Borwa Tyla Laura Seethal, ya tsebahalang haholo ka lebitso la Tyla, o rehilwe Sebini sa Selemo sa Lefatshe ka Dikgau tsa IHeartRadio Music.
2. Matshediso
Kabinete e lebisitse matshediso ho metswalle le ba lelapa la:
2.1. Mme Yolanda Nyembezi, a neng a tumme ka lebitso la Yallunder, a neng e le sebini sa mefutafuta ya mmino se neng se kgahla matshweletshwele ka lentswe la hae le matla le tjantjello ya bonono.
2.2. Monghadi Ashwin Trikamjee, Moporesidente wa Hindu Maha Sabha ya Afrika Borwa le Modulasetulo wa Foramo ya Baetapele ba Ditumelo ba Naha. Mmuelli wa Ditokelo tsa Botho. O bile le seabo haholo ntshetsongpele ya bolo ya maoto Afrika Borwa. Jwalo ka molwanedi a neng a le kgahlano le aparteiti, o ile a etella pele lekala la Durban Bohareng la National Indian Congress.
2.3. Balebedi ba setjhaba ba tshelela (6) ba bolailweng le ho romela ditakaletso tsa pholo e potlakileng ho ba bang ba tshelela (6) ba ileng ba tswa kotsi motseng wa baipehi wa Marry Me ho la Soshanguve. Bafu ke Mpho Johannes Koko, Phelemon Seshoka, Katlego Motloutsi, Andries Moreteledi Tlhabane, Siliky Ngoeng, le motho a le mong a ntseng a sa eso tsejwe hore ke mang. Batho ba babedi (2) ba amahangwang le botlokotsebe ba tshwerwe mme ba hlahile lekgotleng la dinyewe ka Laboraro la 26 Tlhakubele 2025.
2.4. Monghadi James O'Connell, mofofisi wa difofane a hlokahetseng ha sefofane sa hae sa Impala Mark 1 se swahlamana a ntse a etsa makgabane Dipontshong tsa Bofofisi tsa Lebopong le Bophirima la Kapa Bophirima.
E Ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo tsa Mmuso le Tlhahisoleseding (GCIS)
Dipotso: Mme Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Mmuso se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485