Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 6 Phato 2014

1. Kgwedi ya Basadi/Mekete ya Naha ya Letsatsi la Basadi

1.1. Kabinete e amohela merero e mabapi le mekete ya Letsatsi la naha la Basadi le diketsahalo tse rerilweng ho parola le kgwedi ya Phato. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele ketsahalo ya naha e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la Morena Zwelithini, Umlazi, ho la KwaZulu Natal, ka la 9 Phato 2014 tlasa mookotaba o reng: “Mokete wa Sehopotso wa bo60 wa Tjhata ya Basadi le Dilemo tse 20 tsa Tokoloho: mmoho re ntshetsa pele Aforika Borwa e hlokang kgethollo ya mmala le ya bong”.

Jwalo ka karolo ya mekete ya kgwedi ya basadi, mmuso o tla tshwara diketsahalo tse mmalwa bakeng sa ho phahamisetsa basadi makaleng a fapaneng le ho bontsha diphihlello tseo re di entseng jwalo ka naha. Tse ding tsa diketsahalo tse rerilweng di kenyeletsa Dikgau tsa Basadi ho tsa Kaho (14 Phato), Dikgau tsa Basadi ho tsa Saense (15 Phato), Dikgau tsa Mmapolasi wa Selemo (22 Phato) le Dikgau tsa Basadi ho tsa Metsi (29 Phato).

Jwalo ka karolo ya mekete, Letona la Lefapha la Bodulo ba Batho mmoho le Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso (MINMEC) tsa Diporofense ka hara kopano e ikgethang e neng e tshwerwe ka la 4 Phupu 2014, le tjhaelletse monwana lenaneo la ho fana ka matlo a 1 956 porofenseng ka nngwe ya tse robong. Lenaneo lena le lebisa hlompho ho basadi ba ileng ba hwantela Meahong ya Kopano ha ba ne ba ipelaetsa kgahlanong le melao ya dipasa ka 1956.

Thakgolo ya pele ya lenaneo lena e etsahetse Lekeisheneng la Ratanda, Masepaleng wa Lehae wa Lesedi ho la Gauteng ka la 4 Phato 2014. Paloyohle ya matlo a 17 604 a tla ahuwa ke basadi mme majalefa e tla ba basadi, maqheku le malapa a hlokomelwang ke bana jwalo ka ha ho behilwe ke Letona la Lefapha la Bodulo ba Batho Lindiwe Sisulu nakong ya puo ya hae ya moraorao ya ditekanyetso.

Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tshehetsa le ho nka karolo mananeong le diketsahalong tsa Kgwedi ya Basadi ho parola le kgwedi ho nnetefatsa hore diphihlello tsa basadi di a ketekwa. Lenaneo la Kgwedi ya Naha ya Basadi le hoketswe ka tlase

2. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa

Kabinete e amohela le ho ananela kgatelopele mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a mmuso a bohlokwa a bontshang boitlamo ba rona ba ho ntshetsa Aforika Borwa pele.

2.1. Ho bulwa ha Setsha sa R30 milione sa Ntjhafatso ya Materoko a Transnet De Aar, ho la Kapa Leboya, ho tla phahamisa moruo wa lehae le ho ntlafatsa maemo a bophelo ba setjhaba. Ho se ho hlahisitswe mesebetsi e 100 e otlolohileng mme ho fetafeta moo ho lebeletswe e meng e 300. Setsha sa Ntjhafatso ya Materoko ke karolo ya Transnet ya R300 bilione ya morero wa dikaho tsa motheo wa ho tsosolosa le ho ntlafatsa diporo tsa naha, marangrang a tsamaiso ka dipeipi le maemakepe tse tla hlahisa mesebetsi e metjha e 588 000. Batjha ba sebaka seo le bona ba tla boela ba kgola molemo ho tswa ho ntshetsopele ya Setsi sa Batjha sa Merero e Fapaneng. Porojeke ena e etsa karolo ya diporojeke tsa dikaho tsa motheo tse ngata tsa mmuso tse hokahantsweng le Khomishene ya Moporesidente ya Tlhophiso ya Dikaho tsa Motheo.

2.2. Jwalo ka maikemisetso a mmuso a ho atolosa bokgoni ba diindaseteri tsa tlhahiso tsa Aforika Borwa, ho eketsa motheo wa diindaseteri tsa naha le ho hlahisa mesebetsi e hlokahalang haholo, setsha sa R80 milione se ile sa thakgolwa Epping ho la Motse Kapa. Setsha sena sa tlhahiso ya mojule wa matla a letsatsi wa Photovoltaic (PV) sa matla a Dimekawate tse 120 ile sa thakgolwa semmuso ka la 6 Phato 2014 ke Jinko Solar, e leng khamphani ya matjhaba ya Matjhaena. Sena ke karolo ya phano ya Lenaneo la Eneji e ka Hlabollwang la Bahlahisi ba Motlakase ba Ikemetseng (REIPPP) ya Aforika Borwa. Setsha sena se lebeletswe ho hlahisa dimulwana tse 1 300 tsa matla a letsatsi ka letsatsi, ka kuno e fihlang ho R600 milione ka selemo. Ho tloha esale ho qalwa ka lenaneo lena, Jinko Solar e hlahisitse 300Mekawate ya dimulwana tsa PV tsa matla a letsatsi, tse fihleletseng ho ka etsang 30% ya diabo tsa mmaraka.

Polante ena, eo e leng e ntjha ka ho fetisisa le ho ba ya sejwalejwale ya mofuta wa yona kontinenteng, e lebeletswe ho hlahisa dimekawate tse 120 ho ya mafelong a selemo. Sena ke karolo ya maikemisetso a mmuso a ho atolosa bokgoni ba diindaseteri ba tlhahiso ya Aforika Borwa, bakeng sa ho eketsa motheo wa naha wa diindaseteri le ho hlahisa mesebetsi e hlokahalang haholo ho la Epping. Moruo o Motala o tsebesitswe e le setho se ka sehloohong ho Morero wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri le ho fana ka menyetla ya bohlokwa bakeng sa tlhahiso ya mesebetsi, tshebediso ya tsa selehae le kgolo ya moruo.

2.3. Kabinete e thabisitswe ke ho thakgolwa ha Setsi sa Eneji e ka Hlabollwang sa Bokgabane Upington, ho la Kapa Leboya se bontshang boikitlaetso bo bong ba ho ntshetsa Aforika Borwa pele. Setsi sena ke sephetho sa tshebedisano e matla hara barutehi, lekala la poraefete, le mmuso ntlheng ya eneji e ka hlabollwang. Setsi se tla tshehetsa diphuputso, ntshetsopele le ntjhafatso lekaleng la eneji, se tla thusa ka lesedi le ho thusa diqetong tsa maano le ho tshehetsa ntshetsopele ya ditjheletse tsa batho. Sena se tla nehela haholo bakeng sa ho atolosa Moruo o Motala, le ho fetoleng ha maemo a maitsebelo a porofense le lebatowa. Eneji e ka hlabollwang e hlahisa menyetla e mengata e kgahlisang bakeng sa matsete, ho kenyeletsa menyetla e meholo ya tlhahiso ya mesebetsi.

2.4. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha porojeke ya thekenoloji ya motlakase ya Disele tsa Mafura a Haeterojene ka la 5 Phato 2014 e leng ditlamorao tsa dipuisano tse matla le ho ba molemo pakeng tsa mmuso le tshebedisanommoho ya Anglo-Ballard. Porojeke ena ya ho thola matla ho tswa ho thekenoloji ya disele tsa mafura ke diteko tsa pele lefatsheng tsa marangrang a manyane a motlakase. Se kgahlisang ka ho ikgetha ke karolo ya bohlokwa ya ntshetsopele le tshebediso ya thekenoloji ena mabapi le tshebediso ya tsa selehae ya boleng ba eneji haholoholo tshebediso ya theknoloji ya disele tsa mafura jwalo ka mokgwa o mong wa tlhahiso ya thekenoloji. Porojeke ena e tla tebisa tshebetso ya diindaseteri bakeng sa moruo wa Aforika Borwa le ho re dumella ho fokotsa bongata ba khabone le ho nehela haholo tlhahisong ya mesebetsi.

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1.  Kabinete e tjhaelletse monwana nehelo ya mantlha ya lekala la dipalangwang la Aforika Borwa tlasa Ditherisano tsa Ditshebeletso tsa Kgwebisano tsa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC). Lekala lena ke la bohlokwa bakeng sa maikemisetso a Aforika Borwa a kgolo le tlhahiso ya mesebetsi, bobedi jwalo ka nehelo ya mahareng bakeng sa kgwebisano ya dihlahiswa le ditshebeletso tseo ho ka fapanyetsanwang ka tsona kgwebong tokelong ya lona. Kopanelo ya mabatowa ho tsa ditshebeletso tsa dipalangwang ho ka hlahisa menyetla ya bohlokwa ya kgwebo bakeng sa bafani ba tshebeletso ba Aforika Borwa mmoho le matsete ho parola le makala a dipalangwang ka hara lebatowa. Jwalo ka ha lekeno le fehlwa ka ho rekisetsa ntle ditshebeletso ka hara lethathama la dikgwebo, dikhamphani tsa Aforika Borwa di ne di tla kgola melemo ya kgwebo mme ka nako e le nngwe di nehela ntshetsopele ya lekala la lebatowa la dipalangwang.

3.2.  Kabinete e tsebisitswe ka diphetho tsa dipatlisiso tsa dipalopalo tsa ditshukudu ka 2013 ho entsweng Serapeng sa Diphoofolo sa Naha sa Kruger le ho tjhaella monwana mawala a boitshunyako a kgothaleditsweng mabapi le tshireletso ya motlhape wa ditshukudu. Letona la Merero ya Tikoloho le tla hlophisa kopano ya boraditaba ha morao mabapi le ntlha ena.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana tsela e ntjha ya Tsamaiso ya badudi ba Zimbabwe ba sebetsang ka naheng. Letona la Merero ya Lehae le tla hlophisa kopano ya boraditaba e ka thoko bakeng sa ho phatlalatsa dintlha tse batsi tsa tsamaiso ena.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana hore ho etswe tjhebobotjha ka botlalo ya Diinstithushene tsa Ditjhelete tsa Ntshetsopele ya Diporofense (di-PDFI) ho itshetlehilwe hodima diphumano tsa diphuputso le dikgothaletso tse lekanyetsang dipatlisiso tsa diphephetso tsa dikgwebo, ke Lefapha la Matlotlo a Setjhaba ho lekola maemo a hajwale a ditjhelete le bohlwahlwa ba ntshetsopele. Tjhebobotjha ka botlalo ya di-PDFI e tla thusa bakeng sa ho nnetefatsa hore ditaelo tsa yona di hokahantswe le ho ba kgabane bakeng sa tshehetso ya dipheo tsa mmuso tsa leano la kahisano le la moruo mme hape le ho nnetefatsa kabo e hlwahla le tshebediso ya mehlodi ya mmuso.

3.5. Kabinete e amohetse kgatelopele ya Mawala a Phetoho bakeng sa ho aha botjha Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba le Peho ya ho phethelwa ha mokgahlelo wa Botsitso. Kabinete e kgotsofetse ke kgatelopele e hatisitsweng mabapi le ho ahwa botjha ha lefapha. Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le tla hlophisa kopano e ka thoko ya boraditaba ho hlalosa peho ena ka botlalo.

4. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa hajwale

4.1. Kabinete e amohela Sehlomathiso sa Molao wa Tekatekano ho tsa Kgiro se keneng tshebetsong ka la 1 Phato 2014. Molao o fetotsweng o kgothaletsa diphetoho, maemo a hlokang leeme mesebetsing le ho tshireletsa batho kgahlanong le kgethollo e nkang leeme. Hape o matlafatsa ho kenngwa tshebetsong le mekgwa ya kgatello ka, mohlala, keketseho ya dikotlo bakeng sa ho se imatahanye le molao. Kabinete e etsa kgoeletso ho bahiri ho imatahanya le dipehelo tsa Molao le ho sebetsa le mmuso bakeng sa ho fetola dibaka tsa tshebetso. Ho fetafeta moo, Lefapha la Mesebetsi le hlophisa mananeo a ho etela dibaka tse fapaneng ho ruta setjhaba ka tekatekano mesebetsing le ditlamorao tsa yona.

4.2. Kabinete e lebohisa Sehlopha sa Aforika Borwa ka mosebetsi o babatsehang nakong ya Dipapadi tsa Commonwealth ho la Glasgow, e ka Scotland moo ba hapileng dikgau tse 13 tsa kgauta, 10 silifera le 17 tsa boronse. Aforika Borwa e fihlelletse boemo ba bo 7 kabong ya dikgau mme e ne e le naha e sebeditseng hantle ka ho fetisisa Aforika. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tlotla le ho keteka diphihlello tsa baatlelete ba rona ba Aforika Borwa ka Labohlano la 8 Phato, ha dibese tse bulehileng hodimo di tla be di palamisitse baatlelete ho tloha Ntlong ya Diolimphiki ka Johannesburg ka 11:00.

4.3. Kabinete e boetse e lebohisitse sehlopha sa kirikete sa naha (Proteas) tlasa boetapele ba Mokapoteni wa dipapadi tsa Teko Hashim Amla ka ho hapa letoto la dipapadi tsa Teko ho la Sri Lanka le ho kgutlela maemong a pele a Lekgotla la Lefatshe la Matjhaba la Kirikete ya Teko.

4.4. Kabinete e lakaletsa Zolani "Last Born" Tete bakeng sa ho hapa sekola sa ba boima bo bonyenyane sa banthamo sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Ditebele ho la Japan.

4.5. Kabinete e lebisa matshediso ho lelapa le metswalle ya monna ya lahlehetsweng ke bophelo ka lebaka la tshisinyeho ya lefatshe ka Labobedi mme e lakaletsa ba lemetseng hore ba ka fola kapele. Ka Bolaodi ba Naha ba Dikoduwa, mmuso o shebane le setjhaba se amehileng.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1  Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela Seboka se Setlwaeding sa bo34 sa Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC) ya Dihlooho tsa Puso le Mmuso ka la 17 le 18 Phato 2014 Victoria Falls, ho la Zimbabwe. SADC e tswela pele ho ba motjha wa bohlokwa bakeng sa leano la merero ya kantle ya Aforika Borwa mabapi le ntshetsopele le kopanelo lebatoweng. Dintlha tse amehang tse tla tshohlwa Sebokeng di kenyeletsa Tjhebobotjha ya Mawala a Lebatowa a Morero wa Ntshetsopele, Pono ya SADC ya 2050, Lekgotla la SADC le Morero wa Dijo le Phepo le Leano la Lebatowa la Temo.

5.2 Tlhomamiso ya Lekgotla la tsa Merafo le tla tshwarwa ka la 13 le 14 Phato 2014 Gallagher Estate, ho la  Johannesburg tlasa mookotaba o reng: “Kaho hodima nehelo ya merafo haesale ho tloha ka ho thehwa ha demokerasi: Tse fetileng re a di ananela mme bokamoso re a bo aha”. Lekgotla le fana ka merero ya kopanelo pakeng tsa bankakarolo indasetering ya merafo Aforika Borwa le bankakarolo ba bang. Kabinete e kgothaletsa bomphato bohle ho sebeletsa ho kenngwa tshebetsong ha Tumellano ya Moralo Bakeng sa Indaseteri ya Merafo ya Moshwelella le ho fana ka tiisetso botjha ya hore mmuso o tla beha leihlo boimatohanyo le Tjhata ya Merafo.

5.3  Setsi sa ntlafatso ya Tshebeletso ya Setjhaba se tla tshwara Seboka sa sona sa bo 8 sa Ntlafatso ya Lekala la Setjhaba ka la 19 le 20 Phato 2014 ho la Motse Kapa tlasa mookotaba o reng “Kaho ya mokgwa wa Puso o Ntjhafatsang bakeng sa Kgahlamelo e Matlafaditsweng Phanong ya Ditshebeletso.” Kabinete e lakaletsa baemedi dipuisano tse atlehileng jwalo ka ha ntjhafatso ka hara lekala la setjhaba e le bohlokwa bakeng sa ho re thusa ho fihlella Pono ya 2030 jwalo ka ha e hlahella ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha. Kabinete hape e thoholetsa bathonngwa bohle bakeng sa Dikgau tsa Ntjhafatso ya Lekala la Setjhaba  tse ananelang le ho putsa ntjhafatso e ntlafatsang bophelo ba maAforika Borwa ohle.

6. Dithonyo

6.1  Kabinete e ananetse ho thonngwa ha Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ba latelang bakeng sa ho sebetsa ho Boto ya Koporasi ya Inshorense ya Diyantle ya Aforika Borwa
a) Mofumahadi Andiswa Mosai, le
b) Monghadi Lefentse Cuitzen Radikeledi (Moemedi wa Lefapha la Matlotlo a Setjhaba).

6.2  Kabinete e ananetse ho thonngwa ha Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ba latelang bakeng sa ho sebetsa ho Boto ya Biro ya Maemo a Aforika Borwa.
a) Monghadi Jeff Molobela (Modulasetulo),
b) Mofumahadi Doris Elekanyani Ndlovu,
c) Nivashnee Naraindath,
d) Anna-Marie Lotter (Moemedi wa Lefapha la Kgwebisano le Indasteri),
e) Ngaka Michael John Ellman (o kghethilwe botjha),
f) Mofumahadi Venete Jarlene Klein (o kgethilwe botjha),
g) Monghadi Webster Masvikwa (o kgethilwe botjha), le
h) Monghadi Guy Harris (o kgethilwe botjha).

Dipatlisiso:
Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore