Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 9 Phupu 2014

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa ha jwale

1.1. Kabinete e hopotsa maAforika Borwa ohle ho hlompha le ho hopola Moporesidente wa rona wa mehleng ya ratehang mofu Nelson Mandela nakong ena ya Kgwedi ya Mandela ka ho nka karolo ka mafolofolo ho Letsholo la “Hlwekisa Aforika Borwa.” Nakong ya Letsatsi la Nelson Mandela ka la 18 Phupu mme ka bobatsi boleleleng ba kgwedi ena maAforika Borwa a tshwanela ho nehela bonyane ka metsotso e 67 bakeng sa ho hlwekisa Aforika Borwa ho ya ka kgoeletso ya Moporesidente Jacob Zuma nakong ya Puo ya Boemo ba Naha. Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela o re rutile hore mang kapa mang a ka ba le tshusumetso e babatsehang motseng wa habo. Bohle re na le boikarabelo ba ho hlompha bophelo ba hae ka ho hlwekisa, ho lokisa le ho ntlafatsa metse ya rona.

1.2. Kabinete e amohela lenaneo le leholo la ntjhafatso ya diterene la Lekala la Bapalami ba Diterene la Aforika Borwa (PRASA). Jwalo ka karolo ya lenaneo lena, Letona la Dipalangwang le senotse moralo wa bofelo o motjha-motjha wa PRASA, wa sejwalejwale o bolokehileng wa diterene tsa batho o ipabolang ka thekenoloji ya moraorao tjena e sebediswang indastering ya diterene lefatsheng ka bophara. Sena ke mokolokotwane o mong o kgethehileng boitlamong ba mmuso bakeng sa ho aha dikaho tsa motheo tse tla susumetsa moruo le ho tshehetsa theko ya tsa lehae. Terene ya pele ya PRASA e lebeletswe ho kena seporong ka 2015.

Ntjhafatso ya mokgwa wa diterene e tla ntlafatsa ditshebeletso tsa diterene - ‘e leng sesebediswa se ka sehloohong bakeng sa ho fetola dipalangwang tsa setjhaba ka hara Aforika Borwa. PRASA e tla sebedisa R51 bilione dilemong tse 10 tse tlang bakeng sa ho reka diterene tse 600 tsa maemo a hodimo bakeng sa batho ba Aforika Borwa. Palo e etsang 580 ya diterene tsena e tla hlahiswa ka hara Aforika Borwa femeng e ntjha e tla thehwa Dunnotar kantle ho Nigel ho la Ekurhuleni ka ditjeho tsa R1 bilione. Setsha sena sa boholo ba   600 000 m2 sa tlhahiso se reretswe ho ba le polanta ya tlhahiso, setsha sa thupello le sebaka sa diindaseteri se nang le tsohle. Porojeke e tla hlahisa mesebetsi e otlolohileng e 8 088, e leng karolo ya e fetang 33 000 ya e otlolohileng le e sa otlolohang bakeng sa nako ya dilemo tse 10, mme ho tla fihlellwa maemo a tshebediso a tsa lehae a ka fetang 65%. Palo e etsang 19 527 ya batho (baenjineri, basebetsi ba matsoho, boratekginiki, bakganni ba diterene le, hara ba bang, borathekenoloji) nakong ya tshebetso ya projeke ena. Lenaneo la Tlhabollo ya Thepa ya Dipalangwang le leholo ho feta ho rekwa ha diterene, le mabapi le ditshiya tse tharo tse tla kgutlisetsa indaseteri ena setumong sa yona sa mehleng, ho ntjhafatsa lekala la rona la boenjineri ba diterene le ho nehela ntshetsopeleng ya moruo le tshebedisong ya tsa lehae.

1.3. Kabinete e amohela ho thakgolwa kajeno ke Moporesidente Jacob Zuma ha polante ya ho kopanngwa ha dikarolo tsa makoloi le ditshebetso ya Mesebetsi ya Makoloi ya Pele (FAW) ya Aforika Borwa Sebakeng sa Lebatowa la Ntshetsopele ya Indasteri (IDZ) la COEGA Masepaleng o Moholo wa Nelson Mandela Bay Port Elizabeth, ho la Kapa Botjhabela. Polanta ya ho kopanya dikarolo tsa dilori ya R600 milione, e fumanwang Lebatoeng la 2 ya IDZ ya COEGA e thuswa ka ditjhelete ka kopanelo ke Sehlopha sa Koporasi ya China sa FAW le Letlole la Ntshetsopele la China-Africa. Ke a mang a matsete a maholo a entsweng ke khamphani ya China. Polanta ena e tla nehela haholo ho dipheo tsa naha bakeng sa ntshetsopele ya bophelo ba moruo le kahisano jwalo ka ha e kenyeleditswe ka hara Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), Tsela e Ntjha ya Kgolo le Meralo ya Tshebetso ya Leano la Diindaseteri. Melemo ho Nelson Mandela Bay le lebatowa le leholo la Kapa Botjhabela e kenyeletsa ho fehlwa ha matsete a matjhaba a otlolohileng ao ka ho le leng a tlang ho hlahisa mesebetsi ya moshwelella le ho fana ka menyetla ya ntshetsopele ya boitsebelo le thupello.

1.4. Kabinete hape e ahlola boshodu ba mehala ya motlakase dikahong tsa motheo tsa setjhaba tsa diterene, tsa motlakase le ho tsa bommasepala. Boshodu bo jwalo bo sitisa tsamaiso e bobebe ya moruo wa naha mme mabakeng a mang bo kenya maphelo a batho kotsing. Makala a tiiso ya molao a tla nnetefatsa hore ba tshwerweng ba teana le matla a maholo a molao. Kabinete e boela e pheta boitlamo ba yona ba ho lwantshana le dikhamphani tse rekang thepa ya kgale tse phelang ka sena le ho rotetsa botlokotsebe bona. Baahi ba kgothaletswa ho sebetsa mmoho le mmuso ka ho tlaleha ho Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa.

1.5. Kabinete e kgothaletsa balefi ba lekgetho ho kenya ditokomane tsa lekgetho  tsa bo mong bakeng sa sehla sa lekgetho sa 2014, se qadileng ka 1 Phupu 2014. Makgetho a thusa mmuso ho fana ka thuso ya ditjhelete bakeng sa meralo ya naha ya ntshetsopele. Molefi e mong le e mong wa lekgetho ya kenyang ditokomane tse nepahetseng tsa lekgetho ka nako o bapala karolo ya hae bakeng sa ho ntshetsa Aforika Borwa pele.

1.6. Kabinete e amohela ho saenwa ha Molao wa Phetolo ya Ditokelo tsa Kgutlisetso ya Naha ke Moporesidente Jacob Zuma, ho tshwayang ho bulwa botjha ha ditseko tsa naha bakeng sa batho ba tlotsweng ke nako eo e neng e behilwe pele le ho neha batseki dilemo tse ding tse hlano tsa ho kenya ditseko tsa naha. Leha ho ne ho kentswe ditseko tse ka bang 80 000 tsa puseletso ya naha ka nako e neng e behilwe ka 1998, ho akanywa hore ho na le ditseko tse ka fetang tseo ha hlano tsa nnete tse ka kenngwang ke mahlatsipa a ho tloswa ka mahahapa ke mmuso wa kgethollo. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho tsamaisa molaetsa wa molao ona ho nnetefatsa hore mahlatsipa a ho nkelwa naha, ao qalong a tlotsweng ke nako e neng e behilwe ya 1998, a itlhahise bakeng sa ho kenya ditseko tsa ona ho tloha ka la 1 Phupu 2014 ho fihlela ka la 30 Phuptjane 2019.

1.7. Kabinete e lakaletsa Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara (SKA) bafuputsi ba thuswang ka ditjhelete ke Aforika Borwa ba sibollotseng mokgwa wa motsamao wa dinaledi o iphetang hararo. Sena ke tiisetso e kgahlisang ya tsebo ya dinaledi tsa maqhubu a radio e hotseng ka potlako e matla ka hara Aforika Borwa. Tshibollo ena e boetse e bontsha hore Aforika Borwa e na le boitsebelo ba setekginiki ba ho ba moetapele wa lefatshe ho tsa tsebo ya dinaledi tsa maqhubu a radio. Difuputso tsena tse ananelwang ke matjhaba ke sehopotso sa menyetla e ikgethileng e fuwang Aforika Borwa ka lebaka la boiteko ba rona bo atlehileng, bakeng sa ho aha metheo ya boitsebelo ba rona ka ho kgothaletsa kgahleho ho tsa saense le boenjinere batjheng ba rona. Hape di neha naha motheo wa ho hlahisa borasaense ba tla nehela bakeng sa ho fihlella Pono ya 2030 ya NDP. Tshibollo ena ke qalo ya tse ding tse ngata tse tla etswa ke SKA. Boiteko ba rona bo atlehileng hape bo butse menyetla e mengata ka hara naha, haholoholo mesebetsi e dikete ho tsa kaho, ditshebetso le ditokiso ho la Kapa Leboya moo moko wa SKA o ahuwang.

1.8. Kabinete e etsa kgoeletso ho batho ba batjha hore ba etse dikopo hona jwale bakeng sa dikolo tsa thuto e phahameng ho imatahanya le letsholo la Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello la Etsa kopo hona jwale! Ka letsholo lena baithuti ba fumantshwa tlhahisoleseding e hlokahalang ya ho etsa dikgetho tse hlwahlwa le ho etsa dikopo nako e sa le teng. Hape le tla nehela bakeng sa ho tlosa kgatello eo bathuti ba tobanang le yona qalong ya selemo sa dithuto. Baithuti ba boela ba hopotswa ho sebedisa Sekema sa Naha sa Thuso ka Ditjhelete bakeng sa Baithuti, se fanang ka thuso ya ditjhelete ho baithuti ba tshwanelehang ho ya ka tshebetso ya bona dithutong empa ba hloka tjhelete.

1.9. Kabinete e amohela diphetho tsa Tulo e Tlwaelehileng ya Kopano ya Aforika ya Seboka sa bo 23 (Seboka sa AU) e neng e tshwerwe haufinyana tjena tlasa mokotaba o reng: "2014 Selemo sa Temo le Botsitso ba Dijo ka hara Aforika" moo Moporesidente Jacob Zuma a neng a eteletse pele kemedi ya maemo a hodimo. Se qollehang ke diqeto tsa Seboka dintlheng tsa bohlokwa tse tsamaelanang le ntshetsopele, kgotso le polokeho, ho fetofetoha ha tlelaemete le tshebediso ya mehlodi mmoho le ho phethelwa ha Lenanetsamaiso la Moralo wa Kontinente wa 2063, jwalo ka karolo ya pono ya Aforika dilemong tse 50 tse tlang le Boemo ba Aforika bo Kopanetsweng mabapi le Lenanetsamaiso la Ntshetsopele la kamora 2015.

1.10. Kabinete e romela matshediso ho ba lelapa le metswalle ya Motlatsi wa Moporesidente wa Sehlopha sa Mafumahadi sa African National Congress eo hape e neng e le Sephadi se Seholo sa ANC ho Lekgotla la Naha la Diporofense, Mofumahadi Nosipho Dorothy Ntwanambi. O siile sekgeo se seholo ntweng e ntseng e tswela pela bakeng sa setjhaba se nang le toka le tekatekano moo baahi bohle ba nang le tokoloho ka ho lekana, ditokelo le menyetla.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Diphetho tsa Tulo ya bo 11 ya Seboka sa Mekga (COP 11) ho Tumellano ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng bakeng sa Twantsho ya Mahwatata (UNCCD), e neng e tshwerwe ho tloha ka la 16 ho ya ka la 27 Loetse 2013 ho la Windhoek, Namibia. Tumellano e shebana le dintlha tsa tikoloho e omeletseng, e batlang e omeletse le e ommeng ka mongobonyana. Hara diqeto tsa bohlokwa, Seboka se ile sa dumellana ka ntlafatso ya bokgoni, bohlwahlwa le bokgabane ba mekgwa ya dikgokahano ya Makala a Lebatowa a dikgokahano le hore Makala a Lebatowa a dikgokahano a etsa mesebetsi ya ona ka bokgabane.  Seboka se boetse sa dumellana ka ho fallisetswa ha Mekgwa ya Lefatshe ho tloha ho Letlole la Matjhaba bakeng sa Ntshetsopele ya Temo Roma ho ya Bonn mme le fallisetswe ka kopanelo le bongoledi ba UNCCD. Diqeto di tla tshehetsa matlafatso a bokgoni ba ho sebetsana le diphephetso tsa ho ropoha ha mahwatata ka hara kontinente.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e dumelle Phetolo ya Thibelo tlasa Tumellano ya Basel mabapi le Taolo ya Tsamaiso ya Matlakala a Kotsi a Tshediswang Meedi le ho Lahlwa ha ona. Tumellano ya Basel ke tumellano ya matjhaba e laolang tsamaiso ya matlakala a kotsi a tshediswang meedi. Le ha Phetolo ya Thibelo ya Tumellano ya Basel e ile ya amohelwa bakeng sa ho tshireletsa dinaha tse ntseng di tswela pele kgahlanong le ho thola thepa ya kantle ya matlakala a kotsi ho tswa dinaheng tse tswetseng pele, Tumello ya Thibelo e ne e tla nnetefatsa hore bophelo bo botle ba batho le tikoloho di tshireleditswe bakeng sa meloko ya isao, le hore ntshetsopele ya moruo wa kahisano e kgothaletswa bakeng sa moshwelella. Sena se tla ba le nehelo ya bohlokwa bakeng sa ho fokotsa mathata a Aforika ka ho lahlwa ha matlakala a kotsi.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Moporesidente Jacob Zuma, o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho ya ho Seboka sa bo tshelela sa Brazil, Russia, India, China, Aforika Borwa (BRICS), se tla tshwarwang ke Rephaboliki ya Sehlopha sa Brazil ka la 15-16 Phupu 2014 tlasa mokotaba o reng: “BRICS: Kgolo e Kenyeletsang, Ditharollo tsa Moshwelella.” Nakong eo Aforika Borwa e neng e ntse e le Modulasetulo wa  BRICS, kgatelopele e bonahalang e ile ya fihlellwa bakeng sa ho tiisa mawala a matjha a BRICS a ileng a thakgolwa Sebokeng sa Bohlano sa BRICS, ke hore Lekgotla la Dikgwebo la BRICS mmoho le Lekgotla la Ditsebi la BRICS, mme ditlaleho di tla nehelwa ho Baetapele ba BRICS mabapi le mosebetsi o entsweng ke mafapha ana.

uso wa Aforika Borwa o kentse tshebetsong ka botlalo Moralo wa Tshebetso wa eThekwini, o ileng wa ananelwa Sebokeng sa ho qetela sa BRICS se neng se tshwaretswe Durban, ho la Aforika Borwa, mme o tla hlahisa tlaleho ya tlhahiso mabapi le tshebedisano-mmoho nakong eo o neng o ntse o le Modulasetulo wa BRICS, mabapi le diqeto tse ka hara Tumellano ya eThekwini le Moralo wa Tshebetso.

3.2. Ka Sontaha sa 13 Phupu 2014 Lefapha la Dipalangwang le tla be le fana ka ditlamorao ho baahi ba dimmasepala tsa Nkangala le Dr JS Moroka mabapi le Boikitlaetso ba Ntshetsopele ya Tsela ya Moloto le ya Diterene. Tsela ya Ntshetsopele ya Diterene ya Moloto e tla ba mokgwa wa dipalangwang tsa setjhaba wa kopanelo moo diterene di tla bang ka sehloohong le mekgwa e meng ya dipalangwang – haholoholo dibese le ditekesi – di fana ka ditshebeletso tsa ho fepela diterene. Boetapele ba Mpumalanga, Gauteng le Limpopo mmoho le dimeyara tsa setereke le tsa mmasepala di tla matahana le Letona nakong ya leeto lena. PRASA, e leng lekala la setjhaba tlasa Lefapha la Dipalangwang, e tla etella pele projeke ena ho tloha jwale ho ya pele.

3.3. Bekeng e tlang mafapha a tla be a hlahisa Dipuo tsa ona tsa Ditekanyetso Palamenteng. Matona a tla be a arolelana meralo ya ona ya ditjeho ho ya ka ditsamaiso tsa Palamente le ho boela ba buisana le baahi ka ho fapana ka meralo ya bona.

3.4. Kabinete e isa ditakaletso tsa yona tsa mahlohonolo ho baatlelete ba rona ba tla beng ba nka karolo Dipapading tsa Moruo o Kopanetsweng, tse tla qala ho tloha ka la 23 Phupu ho ya ka la 3 Phato 2014 Glasgow, ho la Scotland, mme e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle ho ba tshehetsa.

4. Dithonyo

4.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha ditho tsa Lekgotla la Naha la Boeletsi ho tsa Ntlafatso bakeng sa dilemo tse nne:
a) Moadfokate Louisa Zondo
b) Monghadi Garth Strachan (moemedi wa Lefapha la Kgwebisano le Indaseteri )
c) Moporofesara Jennifer Thomson
d) Mofumahadi Clare Busetti
e) Mofumahadi Zanele Monnakgotla
f) Ngaka Azar Jammine
g) Moporofesara Cheryl de la Rey (Modulasetulo)
h) Ngaka Andile Ngcaba
i) Mofumahadi Nonkululeko Nyembezi-Heita
j) Ngaka Sibusiso Sibisi
k) Moporofesara Olive Shisana
l) Monghadi Dhesigen Naidoo
m) Ngaka Albert Van Jaarsveld
n) Moporofesara Glenda Gray
o) Moporofesara Roseanne Diab
p) Ngaka Shadrack Moephuli
q) Monghadi Kevin Nassiep
r) Monghadi Sim Tshabalala
s) Ngaka Khotso Mokhele
t) Moporofesara Anton Eberhard

E hlahisitswe ke Lefapha la Dikgokahanyo (GCIS)
Dipotso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore