Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 5 Pudungwana 2014

1. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Letsholo la Matsatsi a 16 la Boitseko bo Matla tlasa mokotaba “Nkenyeletse: Mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa e Hlokang Dikgoka pele.”

Selemo sena (2014) se tshwaya kgopotso ya bo16 ya letsholo lena leo sepheo sa lona e leng ho tswela pele ho fehla temoso mabapi le tshireletso ya basadi le bana ho tsepamisitswe maikutlo haholo ho sebedisweng ha banna le ho ba etsa balekane hore le bona ba thuse ntweng e kgahlanong le leru lena le letsho la dikgoka ho basadi le bana.

Letsholo le tla thakgolwa ka la 25 Pudungwana ho fihla ka la 10 Tshitwe 2014. Ka nqane ho Matsatsi a 16 a Boitseko bo matla, ho na le lenaneo la selemo kaofela le tla beha leihlo le ho lekola kamoo bophelo bo ntlafetseng ka ho kenngwa tshebetsong ha melao le mananeo ao sepheo sa ona e leng ho fedisa dikgoka kgahlanong le basadi le bana.

1.2. Kabinete e ile ya tsebiswa ka tlaleho ya kgatelopele mabapi le ho ntshetsapele mokgwa wa Tlhatlhobo o thehilweng hodima bonkakarolo ba baahi.

Porojeke ya teko e tsepamisitse maikutlo hodima kaho ya bokgoni ba mmuso ba ho hlakisa maikutlo a baahi jwaloka karolo ya ona ya mekgwa ya tlhatlhobo. Teko ena e tla sebedisa mananeo a ntseng a le teng a kang Lenaneo la Mesebetsi ya Badudi le lenaneo la Basebeletsi ba Ntshetsopele ya Setjhaba ho hodisa tlhatlhobo e thehilweng hodima bonkakarolo ba baahi bakeng sa nako ya Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF).

Teko e ne e tobisitswe ho makala a mafapha a bohlokwa a latelang: Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS), Lefapha la Bophelo bo Botle le la Ntshetsopele ya Setjhaba le Lekala la Tlhokomelo ya Setjhaba sa Aforika Borwa. Sena se tla atolosetswa ho makala a mang ha MTSF e ntse e tswela pele.

1.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho romelwa ha ditho tse 140 tsa SAPS Naheng ya Lesotho bakeng sa matsatsi a 90 a tumellano; a ka eketswang ha ho hlokahala.

Boitshunyako bo potlakileng ba Ntshetsopele ya Dinaha tsa Borwa ba Aforika (SADC) bo ne bo hlokahala ka hara Naha ya Lesotho ho latela ditsitsipano tse matla le ho putlama ha maemo a dipolotiki le polokeho tse ileng tsa latela ka la 21 Phato 2014. Boitshunyako ba SADC bo reretswe haholoholo ho fihlellwa ha botsitso ba dipolotiki le polokeho ba nako e telele.

Mokgatlo wa Troika wa SADC ho tsa Dipolotiki, Tshireletso le Polokeho moo Aforika Borwa e leng Modulasetulo o ile wa kopa mmuso wa Aforika Borwa ho tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa naha ya Lesotho wa ho ya botsitsong.

Ho romelwa ha ditho tse 140 tsa SAPS ho qadile ka la 2 Loetse 2014 mme ho lebeletswe ho emisa ka la 30 Pudungwana 2014, haeba ho sa hlokahale ho eketswa. Aforika Borwa e rometse Mapolesa Lesotho ho ya ka Molao wa Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa wa 1995; (Molao wa bo68 wa 1995) o reng Mokhomishenara wa Naha wa SAPS a ka romela ditho tsa sepolesa kantle ho meedi ya Rephaboliki, ka tumello ya Letona. Kaha ditho di tla romelwa tlasa thomo ya SADC ho keke ha ba le Memorandamo wa Kutlwanelo pakeng tsa Aforika Borwa le Mmuso wa Lesotho.

1.4. Kabinete e tjhaelletse monwana thomo ya ditherisano bakeng sa baromuwa ba Aforika Borwa ba tla kenela Seboka se Kopanetsweng sa Mekgatlo (COP) ya bo10 ho Kopano ya Vienna ya bo26 Kopano ya Mekgatlo (MOP) ho Porothokhole ya Montreal mabapi le Dinthwana tse Senyang Moalo wa Ozouno (COP10-MOP26), ya la 17-21 Pudungwana 2014 ho la Paris, Fora.

Kopano ya Vienna le Porothokhole ya Montreal di thehilwe ke Lenaneo la Matjhaba a Kopaneng la Tikoloho ka Sepheo sa ho tshireletsa Moalo wa Ozouno. Tshireletso ya tikoloho bakeng sa meloko ya hajwale le e tlang ke ntlha e ka sehloohong mmoho le tshireletso ya Moalo wa Ozouno. Sepheo sa mantlha ke ho sebeletsa ho fihlella taolo e hlwahlwa ya dikhemikhale ka mokgwa wa moshwelella.

1.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Lekgotla la Tjhata la Ntshetsopele e batsi ya matlafatso ya batho ba batsho Lekala la Dipalangwang bakeng sa ho beha leihlo le ho lekola ho kenngwa tshebetsong ha dipheo tsa Matlafatso ya Batho ba Batsho Moruong.

2. Ho kenngwa tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

2.1. Kabinete e ananetse Leeto la Siyahlola la Tlhatlhobo ya Phano ya Ditshebeletso la Moporesidente Jacob Zuma Seterekeng sa Mopani, ho la Giyane Porofenseng ya Limpopo. Mananeo a phano ya ditshebeletso a ile a baka hore ho fanwe ka metsi metsaneng e 55 ka hara setereke le tlhabollo ya Tshebetso ya Tokiso ya Metsi ya Giyane, e phahamiseditseng mothamo wa metsi ho ya ho dimekalitha tse 6.7 ka letsatsi. Phano ena ya metsi e tla ntlafatsa tsamaiso ya dikgwerekgwere mme kahoo e be le kgahlamelo e ntle ho bophelo bo botle ho badudi.

2.2. Kabinete e ananetse boikitlaetso bo eteletsweng pele ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa bo kopantseng baemedi ba Ntshetsopele ya Naha ya Moruo le Lekgotla la Basebetsi ka la 4 Pudungwana 2014 ho fihlella ditharollo tsa kgotso dikgohlanong tsa dibaka tsa tshebetso ho Indaba ya Dikamano tsa Basebetsi.

Baromuwa ba neng ba kenetse Indaba ba itlamme, “ka hore baemedi ba ananela diphephetso tsa tlhoko ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane tse tobileng moru le setjhaba sa Aforika Borwa." Ho sa kgathaletsehe diphephetso dife kapa dife tse kginang puisano ya hajwale ya setjhaba, baemedi ba Nedlac ba ananela Nedlac jwaloka sebopeho seo tlasa sona ho etswang dipuisano tsa setjhaba, mme kahoo ke mohlokomedi wa ditsamaiso dife kapa dife tse ka latelang Indaba ya Dikamano tsa Basebetsi.

Basemphato ba setjhaba ba indaba ba tla sibolla ho thakgolwa ha tsamaiso ya kopano ka meifo ya tshebetso, e tla hlwaya ditsela tsa ho sebetsana le diphephetso tsa bohlokwa tse ileng tsa elwa hloko nakong ya Indaba. Morero wa dintlha tse batsi tsa tsamaiso o tla ntshetswapele nakong ya dikgwedi tse pedi tsa Indaba, mme dipuisano di tla qala kgweding ya Pherekgong 2015.

Kabinete e na le tshepo ya hore dikopano tse jwalo pakeng tsa mmuso, dikgwebo, basebetsi le badudi di tla nehela kgolong e phahameng ya moruo. 

2.3. Kabinete e ananetse boitshunyako ba Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramphosa mabapi le ho ntshuwa ha batho ka sheshe matlong mapolasing a Kapa Bophirima. Dikopano tsa hae le borapolasi le basebeletsi di hlahisitse ditholwana tabeng ena.

2.4. Kabinete e ananetse leeto la Matona la tshebetso ho la United Kingdom ka katleho le neng le eteletswe pele ke Letona Kantorong ya Moporesidente, Jeff Radebe, ho tloha ka la 27 ho ya ka la 28 Mphalane 2014. Lenaneo lena, le neng le kenyeleditse Seboka sa innovaBRICS le Kopano ya Dijo tsa hoseng Ntlong e Hlomphehang ya Chatham ho la London, le file mmuso le baetapele ba dikgwebo ba Aforika Borwa monyetla wa ho tsebisa Aforika Borwa jwaloka sebaka sa mantlha sa kgwebo.

2.5. Kabinete e ananetse tsebiso ya Mohlakisikakaretso wa Ditjhelete mabapi le diphetho tsa tlhatlhobo ya Mmuso wa Naha le wa Diporofense ya 2013/14 kaha sena ke karolo ya mekutu ya mmuso ya ho netefatsa puso e ntle. Mmuso o tla nka mehato bakeng sa mosebetsi wa tokiso moo ho hlwailweng bofokodi ke hlakiso.

3. Maemo a Kabinete mabapi le Dintlha tsa hajwale

3.1. Kabinete e ananetse Tlaleho ya Banka ya Lefatshe (tlaleho ya bo6 ya  Pehosehlohlolong ya Moruo wa Aforika Borwa, ho tsepamisitswe maikutlo ka ho ikgetha ho leano la ditjhelete le phano botjha) e bontshitseng hore Aforika Borwa e fihlelletse tse ngata dilemong tse 20 tse fetileng. Pehosehlohlolong ya Moruo wa Aforika Borwa, e lokolotsweng ka Labobedi, la 4 Pudungwana 2014, e fumane hore maano a Aforika Borwa a ditjhelete a fokotsa sekgahla sa bofuma le ho se lekalekane, le hore lekgetho le dithuso tsa setjhaba di fana botjha lekeno ho tloha ho ba ruileng ho ya ho ba  fumanehileng ka bokgabane. Tlaleho e bontshitse hore leano la ditjhelete le hatela pele ka hara Aforika Borwa kaha le thusa ba futsanehileng. Tlaleho hape e bontsha hore maano ana a ditjhelete a inotse batho ba 3.6-milione ho tswa bofumeng ka 2010/11.

3.2. Kabinete e lemohile diphephetso tsa hajwale mabapi le motlakase tse bakilweng ke mathata a setekginiki le dikaho tsa motheo ho tse ding tsa diteishene tsa rona tsa matla a motlakase. Kabinete kahoo e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho thusa bakeng sa ho boloka motlakase kaha marangrang a matla a motlakase a naha a le ka tlasa kgatello e matla. Kabinete e rata ho netefaletsa maAforika Borwa hore ho etswa tsohle ho sebetsana le mathata ana.

3.3. Kabinete e lemohile Tekolo ya Kotara ka nngwe ya Basebetsi e bontshitseng tlhoko ya semmuso ya mesebetsi kotareng ya boraro ya selemong sena ho 25.4% ho tloha ho 24.7% nakong e tshwanang selemong se fetileng le ho hlakisa tlhokeho ya tshebetso e matla ka ho fetisisa hore re kgone ho sebetsana le diphephetso tse tharo tsa tlhoko ya mesebetsi, bofuma le ho se lekalekane.

Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore ho sebetsana le tlhoko ya mesebetsi e dula e le ntlha e ka sehloohong ya mmuso. Ha Mananeo a Kgiro ya Setjhaba a tswela pele ho hlahisa ditholwana, Kabinete e ipiletsa ho basemphato bohle ba setjhaba ho sebetsa le mmuso ho matlafatsa mekutu ya ho hlahisa mesebetsi le ho fumana ditharollo tsa nako e kgutshwane le e telele bakeng sa phephetso ya tlhoko ya mesebetsi.

3.4. Kabinete e ananetse tekolo ya ntlafatso ya haufinyane tjena ya Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri (IDC) ka Lekala la Ditekolo la Fitch.

3.5. Kabinete e lebisa matshediso a yona ho mmuso le batho ba Rephaboliki ya Zambia kamora ho hlokahala ha Moporesidente Michael Chilufya Sata.

3.6. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke mafu a dikgalala tsa dipapadi tse nne tsa naha mme e fetisa matshediso a yona ho ba malapa le metswalle ya maditebele wa porofeshenale Phindile Mwelase, Mohlodi wa metale wa gauta wa diolimpiki Mbulaeni Mulaudzi, sebapadi sa mehleng sa di-Springbok Tinus Linee le Mokapoteni wa Bafana Bafana Senzo Meyiwa. Tshehetso ya Setjhaba bakeng sa ditshebeletso tsa sehopotso le ho ntshuwa ha maikutlo a tswang botebong di ile tsa re kopanya bohlokong ba rona ha re hopola bahale ba rona ba dipapadi.

3.7. Kabinete hape e thoholeditse ho tshwarwa ka potlako ha e mong wa babelaellwa ke SAPS polaong ya mokapotene wa Bafana Bafana Senzo Meyiwa mme e kopa badudi ho tswela pele ho sebetsa mmoho le sepolesa ho tshwara babelaellwa kaofela.

Kabinete e ananela dikahlolo tsa bophelo bohle tjhankaneng tse robong tse filweng  Ntokozo Hadebe bakeng sa botlokotsebe bo sehloho kgahlanong le bananyana ba bararo ba banyenyane ho la Diepsloot, Johannesburg, mmoho le kahlolo ya dilemo tse 315 tsa ho hlola tjhankaneng e filweng Mhlonishwa Elias Mathebula bakeng sa ho hlorisa batho Kwa-zulu Natal. Ho tloha ka 2008 - 2013, Mathebula o hlasetse batho ba basadi Lebopong le ka Borwa, haholoholo Umzinto, Hibberdene, Dududu le Msinsi ka ho lalla le ho beta diphofu tse 18, tsa dilemo tsa ho tloha ho 14 ho ya ho 40. Dikahlolo tsena di romela molaetsa ho ditlokotsebe hore diketso tsa botlokotsebe di keke tsa amohelwa.

3.8. Kabinete e netefaletsa maAforika Borwa hore mmuso wa Aforika Borwa o etsa sohle se matleng a ona ho etsa hore mang le mang a dule a bolokehile le ho ipiletsa ho badudi ho thusa sepolesa ka ho tlaleha diketso tsa botlokotsebe dibakeng tsa bona.

3.9. Kabinete e pheta hore basebeletsi ba ka sehloohong ba kalafo le ba madibohong ba dutse ba fadimehile ho hlwaya le ho sebetsana le Ebola. Ho fihlela mona e ka ba basebeletsi ba 525 ba kalafo le dilaboratori dipetleleng tse 13 (ho kenyeletswa ditsha tse 11 tse ikgethileng) le bahlanka ba ka bang 270 dibakeng tse robong tse ka bang kotsing tsa madiboho ba rupeletswe ho sebetsana le bothata bofe kapa bofe.

3.10. Kabinete e thoholetsa Motlotlehi Moporesidente Moleftenente Mokgenerale Ian Khama Seretse Khama, Moetapele wa Botswana Democratic Party, mabapi le ho kgethwa hape jwaloka Moporesidente wa Rephaboliki ya Botswana, ho latela dikgetho tse atlehileng tsa la 24 Mphalane 2014.

3.11. Kabinete e thoholetsa Motlotlehi Mofumahadi Dilma Rousseff, wa Mokgatlo wa Basebetsi ka ho kgethwa hape ka katleho jwaloka Moporesidente wa Rephaboliki ya Bofederale ya Brazil ho latela dikgetho tse atlehileng tsa la 26 Mphalane 2014.

3.12. Kabinete e lakaletsa mahlohonolo Mmusisi e motjha wa Banka ya Resefe ya Aforika Borwa, Lesetja Kganyago jwaloka ha a tla qala ka mosebetsi wa hae ka la 9 Pudungwana 2014. Kabinete hape e hlahisa teboho ya yona ho Mmusisi ya tlohelang mosebetsi Gill Marcus bakeng sa ho tsamaisa leano la ditjhelete hantle dinakong tse boima tsa moruo.

3.13. Kabinete e thoholetsa Chad Le Clos jwaloka e mong wa ba babedi ba bahlodi ba kakaretso ba Letoto la Disesi tsa Mohope wa Lefatshe wa FINA (Fédération Internationale de Natation) o phethetsweng ho la Singapore.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla kenela Seboka sa G20 ho la Brisbane, Australia, ho tloha ka la 15 ho ya ho la 16 Pudungwana 2014. Jwaloka naha e le nngwe e emetseng Aforika ho G20, botho ba Aforika Borwa bo fana ka monyetla wa ho susumetsa maano a bohlokwa a matjhaba a ka bang le kgahlamelo moruong wa rona, lebatowa le kontinente.

4.2. Motsamaisi wa SADC le Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla etela Lesotho ho tloha ka la 5 – 6 Pudungwana jwaloka karolo ya boitshunyako ba ho tlisa kgotso le polokeho ka hara Mmuso. Sena se latela ho saenwa ha Tumellano ya Bonamodi ya Maseru le kgotso le polokeho Maseru e behang motheo wa ho kgutla ha dipolotiki tse tlwaelehileng tsa Lesotho le maemo a tsitsitseng a polokeho ka hara naha.

4.3. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Borokgo ba Mashunka le Ngubo, Sekema sa Nosetso sa Tugela Ferry le ditshebeletso tsa fantisi ya uMsinga ho la Msinga, KwaZulu-Natal, ka la 8 Pudungwana 2014 ka Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha.

Sekema sa Nosetso sa Tugela Ferry se tla thusa borapolasi ba dipolasi tse nyenyane ba 1 716 mme thekiso ya leruo ya jarete ya uMsinga e tla hlahisa menyetla ya mesebetsi. Borokgo bo ka hodimo ho Noka ya Tugela bo tla hokanya setjhaba sa Mashunka le Ngubo ditshebeletsong le menyetleng ya moruo o betere. Dikaho tsena tsa motheo tsa mahae le diporojeke tsa ntshetsopele di tsamaelana le sepheo sa mmuso sa ho aha dibaka tsa mahae tse hlabolohileng, tse lekalekanang le tsa moshwelella.

4.4.  Lefapha la Merero ya Tikoloho ,mmoho le Komiti e hare ha Mmuso mabapi le ho Fetofetoha ha Tlelaemete, e tla tshwara seboka ka Karabelo ho Phethoho ya Tlelaemete ya Naha ya Aforika Borwa mahareng a di 10 le di 13 tsa Pudungwana 2014 Setsing sa Diboka sa Gallagher, ho la Midrand, tlasa mokotaba o reng: “Aforika Borwa e fetohela khaboneng e tlase le moruong o matla le setjhaba.” Ho fihlela mothating ona, Kabinete e boeleditse boitlamo ba Aforika Borwa ho ntshetsapele moruo wa khabone e tlase le ho aha katleho ya seboka sa ho fetofetoha ha tlelaemete sa Durban

5. Dithonyo:

5.1. Kabinete e ananetse bathonngwa ba latelang:

a) Monghadi M Sachs – Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo - Kantoro ya Tekanyetso
b) Monghadi AF Julies – Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo – Tsamaiso ya Matlotlo le Dikoloto

5.2. Kabinete e ananetse ho thongwa ha ditho tse latelang tsa Lekgotla la Tjhata la Ntshetsopele e Batsi ya matlafatso ya Batho ba Batsho:

a) Monghadi Randall Barry Howard (Modulasetulo wa Lekgotla la Tjhata)
b) Monghadi Ismail Noormahomed Essa (Lekala la Setjhaba)
c) Mofumahadi Fusi Makhasane (Moemedi wa Mekgatlo ya Dikgwebo tse Nnyane)
d) Mofumahadi Ntokozo Jennifer Sabelo (Moemedi wa Ditshebeletso tsa Dipalangwang tsa Mawatle)
e) Mofumahadi Hlamalani Baloyi (Moemeledi wa Batjha)
f) Monghadi Colgate Nangu (Moemedi wa Bolaodi ba Thepa)
g) Mofumahadi Cleo Shiceka (Moemedi wa Diterene)
h) Mofumahadi Sibongile Sambo (Moemedi wa Difofane tsa Lehae)
i) Monghadi Abner Ramokgolo (Moemedi wa Thepa e Tsamaiswang ka Mmila)
j) Mofumahadi Joy Sebenzile Matsebula (Moemedi wa Batho ba Qhwadileng)
k) Mofumahadi Verlene Manuel (Moemedi wa Bapalami ba Dibese le Ditshebeletso tsa Mabakane)
l) Monghadi Herry Tshamunwe Masindi (Moemedi wa Lekala le Hlophisitsweng la Mesebetsi)
m) Mofumahadi Carol-Anne Cairns (Moemedi wa Difofane tsa Matswantle)
n) Monghadi Philip Taaibosch (Moemedi wa Santaco)
o) Mofumahadi Mary Phadi (Moemedi wa Mekgatlo ya Basadi)
p) Monghadi Stephen Sangweni (Moemedi wa Mekgatlo ya Bapalami)

Dipotso:
Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore