Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 19 Pudungwana 2014

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

 1.1. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Operation Phakisa 2: Ho hodiswa ha Lenaneo la Phihlello ya Ditliliniki le Tokiso. Sena se latela Operation Phakisa 1 e neng e tsepamisitse maikutlo ho bulweng ha bokgoni ba mawatle a Aforika Borwa ho tsa moruo. Operation Phakisa 2 e batla ho ntlafatsa boleng ba tlhokomelo eo ho fanwang ka yona ditsheng tse 3 500 tsa tlhokomelo ya Mantlha tsa Kalafo, tse akgang ka hare ditliliniki tsa mmuso le Ditsi tsa Kalafo tsa Badudi. Diphetho tse lebeletsweng di kenyeletsa ho fetolwa ha ditliliniki tse ntseng di le teng le Ditsi tsa Kalafo tsa Badudi ho ba tsa boqhetseke, tse tla sebediswa ke maAforika Borwa kaofela, ka lebaka la boleng ba ditshebeletso tse ntlafaditsweng tseo di tla fanang ka tsona.

1.2. Kabinete e thoholetsa bahlodi ba Dikgau tsa Boqhetseke tsa Batho Pele, tse neng di tshwerwe ka la 14 Pudungwana 2014. Dikgau tsena di kgothaletsa boporofeshenale le ho lemoha boqhetseke ka hara tshebeletso ya setjhaba.

1.3. Kabinete e ananetse hore Letona la Dipapadi le Boikgathollo, Fikile Mbalula le tla tshwara mokete wa Dikgau tsa Aforika Borwa tsa Dipapadi wa 2014 Setsing sa Seboka sa Sandton ka la 30 Pudungwana 2014. Kabinete e kgothaletsa barati ba dipapadi ba Aforika Borwa ho ba karolo ya mokete wa Dikgau tsa Dipapadi tsa Aforika Borwa ka ho kgetha Kgalala ya Dipapadi ya Selemo. Tlhahisoleseding e teng ho www.sasportsawards.com.

1.4. Kabinete e thoholetsa dihlopha tsa rona tsa dipapadi Bafana Bafana, di-Springbok le di-Protea ka ho phahamisa folakga ya naha ka tshebetso e matla mafelong a beke le ho etsa Aforika Borwa motlotlo. Ho kgethwa ha Monghadi AB de Villiers jwaloka Sebapadi sa Kirikete sa Selemo ke Lekgotla la Matjhaba la Kirikete ya Letsatsi le le Leng (ODI) ka ho fihlella dirane tse 7 000 tsa ODI, ho a babatseha.

1.5. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha ditshebeletso tsa Dipalangwang tsa Dibese tsa Potlako tsa A Re Yeng (BRT) ho la Tshwane, ho qadileng ho sebetsa ho tloha ka Mantaha wa la 17 Pudungwana 2014. A Re Yeng, jwaloka ditshebeletso tse ding tsa BRT naha ka bophara, e etsa karolo ya mawala a marangrang a dipalangwang tsa setjhaba a tla ntlafatsa bophelo ba bapalami ka ho ba neha mokgwa wa ho tsamaya o potlakang, o bolokehileng, o kgonehang le o phuthulohileng ditoropong. Kaho ya ditshebeletso tsena e etsa karolo ya phano ya lenaneo la mmuso la dikaho tsa motheo, leo morero wa lona e leng ho ntshetsapele dikaho tsa motheo tsa maemo a hodimo ka hara Aforika Borwa, ha ka ho le leng ho hlahiswa mesebetsi.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa tshebetsong ha lenaneo le phatlaletseng ho netefatsa boimatahanyo le maano le melawana e ntseng e le teng ya matlafatso ya theko ya dihlahiswa tsa lehae. Sena se kenyeletsa tsamaiso ya ho matahanngwa ha leano la ho sheba botjha le ho matlafatsa Molao wa Moralo wa Leano la Ditheko tse Kgothaletswang, ka ho atolosa Lenaneo la Ntshetsopele ya Bafani ba Phehisanang ho Dikhamphani tsa Mmuso mmoho le ho matlafatsa melawana ya mafapha (haholoholo tjhata ya merafo) ho thusa thekong ya dihlahiswa tsa lehae.

Sena ke sesebediwa se matla bakeng sa diindaseteri tse tla matlafatsa phehisano ya diindaseteri tsa naha, ho thusa kgodiso ya bokgoni ho tsa diindaseteri le thekenoloji, ho eketsa diyantle le ho fihlella matlafatso ya batho ba batsho moruong o tebileng.

2.2. Kabinete e ile ya tsebiswa mabapi le Seboka sa Boporesidente sa Mebuso ya Lehae, mme ya tjhaella monwana Lenaneo la ho Boela ho tsa Motheo bakeng sa Mebuso ya Lehae, le itshetlehileng hodima ho aha lefapha la mmuso wa lehae le arabelang, le tsotellang, le le ikarabellang. Lenaneo la ho Boela ho tsa Motheo le tla tsepamisa maikutlo hodima ho etsa meralo le ditshebetso tsa bomasepala bohle hodima phano e hlwahlwa ya ditshebeletso tsa motheo tsa bomasepala le ho buisana kgafetsa le badudi. Sepheo ke ho tloha ho maikemisetso ho ya ho tshebetso.

Dintlafatso tshebetsong ya bomasepala di tla ntlafatsa maemo a bodulo a maAforika Borwa ohle a itshetlehileng hodima bomasepala ba sebetsang hantle bakeng sa ho phela ka hlompho.

Ho tloha ka 1994, mmuso wa lehae esale e le sebaka sa mantlha sa phano ya tshebeletso.

Ha ho ntse ho na le kgatelopele e sa kgolahaleng ya phano ya metsi, motlakase, tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho tloswa ha matlakala boemong ba lehae, dibakeng moo phano ya ditshebeletso e hlolehang re lokela ho beha batho le ditletlebo tsa bona pele. Sena se batla hore re suthe mokgweng wa rona wa kgale wa ho qala hodimo ebe re ya tlase wa phano ya ditshebeletso ho ya tlwaelong ya Batho Pele le ho sebeletsa badudi. Se hlokolosi ka katamelo ena e ntjha ke mokgwa wa ho tlaleha, le ho ikarabella bakeng sa tshebetso.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya Habedi ka Selemo ya Pehosehlohlolong ka Diphokotso Tsa Tlhahiso ya Dikgase Moyeng, ho kenyeletswa Dikateng tsa Naha tsa Kgase ya Sepakapakeng (GHG) ya ho qetela ya 2000-2010, ho Seboka sa Matjhaba a Kopaneng sa Meralo e mabapi le ho Fetofetoha ha Tlelaemete (UNFCCC). E fana ka kgutsufatso le tlhatlhobo ya Aforika Borwa mabapi le ho hlahella ha dikgase tsa GHG le ba ka sehloohong ba diphethoho tabeng ya dikgase. E boetse e hlakisa mokgwa o phatlaletseng wa ditsela tsa ho fetofetoha ha tlelaemete jwaloka karolo ya phethoho ho ya ho moruo wa khabone e fokotsehileng.

Tsena di kenyeletsa ho hlalosa diphetho tsa phokotseho ya dikgase e lebeletsweng; ho kgothaletsa ntlafatso le matsete ho eneji e ka hlabollwang botjha; ho kgothaletsa tshebediso e hlwahlwa ya eneji; ho hlahisa mokgwa wa ho bokella dintlha tsa kgase ya Kgase ya Sepakapakeng; le mekgwa e meng e kang Lekgetho la Khabone. Sena hape se etsa karolo ya mosebetsi wa Aforika Borwa wa matjhaba wa ho tlaleha tlasa UNFCCC.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thehwa ha sehlopha sa tshebetso sa mafapha tlasa Lekala la Tshebedisano ya Matjhaba, Lekala la Kgwebisano le Polokeho ho disa ho kenngwa tshebetsong Tumellano ya Tsamaiso ya Kgwebo ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebo (WTO).

Boemo ba Aforika Borwa ke ho sebetsa le dinaha tse ding tsa Aforika ho netefatsa hore ho amohelwa le ho kenngwa tshebetsong ha Tumellano ya Tsamaiso ya Kgwebo ha bo etse hore Dinaha tsa Aforika di dumele boitlamo boo di hlokang bokgoni ba ho bo jara mme seo se ba kenye diphephetsong ho tsa molao. Ha Aforika Borwa e dutse e itlamme ka ditherisano le mebuso e mengata tlasa Lekgotla la Doha, taba ya rona ke ho batla sephetho se tla boloka sebaka sa rona sa ho latela maano a tshehetsang ntshetsopele ya diindaseteri le phumantsho ya mesebetsi tseo e leng tsona motso wa dipheo tse tekilweng ka hara Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Aforika Borwa e tiisitse bohlokwa ba dikatamelo tsa mebuso e mengata tse kenyeletsang ka botlalo ho tshebetso ya mabaka a WTO a loketseng hantle diphetho tse tsitsitseng, tse lekalekanang tse kgotsofatsang ditabatabelo tsa ditho tsa ona kaofela.

2.5. Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong ka Mmaraka wa Kopanelo bakeng sa Aforika e ka Botjhabela le e ka Borwa – Badudi ba Aforika e Botjhabela – Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse Aforika e Borwa (COMESA-EAC-SADC) Tumellano ya Kgwebo e Lokolohileng ya Dinaha tse Tharo (TFTA) le hape ho tjhaella monwana boemo ba Aforika Borwa mabapi le TFTA. Boikitlaetso ba Dinaha tse Tharo ke porojeke ya bohlokwa e eteletsweng pele ke Aforika ka sepheo sa ho susumetsa meruo ya tekano, ho thusa phehisano, phapano ya dihlahiswa, ho kgothaletsa dikgwebo tsa lebatowa, kgwebisano le matsete ka hara mabatowa, le dikaho tsa motheo ho parola le madiboho.

Aforika Borwa e kene ditherisanong jwaloka karolo ya Kopano ya Madiboho ya Aforika e ka Borwa e rerisanang jwaloka ha e le kgokana-phiri. Dinaha tsena tse Tharo di na le Dihlahiswa Kaofela tsa Naha Selemong tsa US$1.2 trilione le setjhaba seo ha se kopane se etsang batho ba ka bang 626 milione, ba emetseng ho ka bang ka hodima halofo ya setjhaba sa Aforika le moruo. Ho kopanngwa ha mabatowa bakeng sa ho bopa mebaraka e kgolwanyane bakeng sa kgolo e potlakileng le ya moshwelella hara Aforika ke mohato wa bohlokwa wa ho hlola lefa la bokoloniale la mebaraka e menyenyane e dikotokoto ya Aforika.

2.6. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ditshisinyo tsa Seboka sa G20 sa Brisbane bakeng sa katamelo e batlang e ba matla, e kenyeletsang le e hlwahlwa bakeng sa ho laola lekala la ditjhelete. Sena se nyehetse ho botsitso bo tswelang pele ba ditjhelete le boiphumano ba mekgwa ya ditjhelete ya lefatshe le ya lehae. Ho latela Koduwa ya Lefatshe ya Ditjhelete ya 2008, Baetapele ba G20 ba itlamme ka diphethoho mabapi le mokgwa wa ditjhelete wa lefatshe. Dipheo tsa bona e ne e le ho lekola diphoso tse bakileng koduwa ya lefatshe le ho aha mehlodi e batlang e bolokehile le e batlang e tsitsitse ya ditjhelete bakeng sa ho sebeletsa ditlhoko tsa moruo o betere wa mankgonthe.

Dilemong tse hlano tse fetileng, G20 e ne e shebane le ho sebetsana le diphoso tse bakileng koduwa, ka ho matlafatsa maemo a matjhaba a ho aha dikaho tse ngatanyana tse tsitsitseng le mebaraka e batlang e ba matla. Seboka sa Brisbane se phethetse mokgahlelo wa pele wa phethoho ho tsa ditjhelete, mme ho ya pele Boto ya Botsitso ba Ditjhelete e tla lokisa tjhebo ya yona ka ho sebetsana le dikotsi tse dulang di fetofetoha le mefokolo. Aforika Borwa e tla tswela pele ho nka karolo ho Boto ya Botsitso ba Ditjhelete le ho diforamo tsa bolaodi tse sebetsang bakeng sa ho susumetsa tsamaiso e itshetlehileng hodima tshepano le tshebedisano mmoho eo e leng bohlokwa bakeng sa ho baballa tsamaiso e bulehileng ya ditjhelete ya lefatshe e ka fihlellang dipheo tsa G20 tsa kgolo e matla, ya moshwelella le e tsitsitseng.

2.7. Kabinete e ananetse le ho dumela ditumellano tsa kopano ya Lekgotla la Kgokahano la Moporesidente ya la 18 Hlakubele 2014, ka morero wa ho di kenya tshebetsong. Ditumellano tsa bohlokwa di kenyeletsa:

(a) boimatahanyo le ho kenngwa tshebetsong ha NDP ho bontsha kgatelopele e entsweng ke lekala la mmuso wa lehae bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha NDP. Mafapha a naha a mmuso, Khomishene ya Naha ya Meralo le diporofense di lokela ho netefatsa hore meralo ya bomasepala e imatahanya le NDP le meralo e meng ya naha;

(b) ho sebetsana le ditlhoko tsa bokgoni ba mekgahlelo e meraro ya mmuso bakeng sa ho tshehetsa bomasepala hore ba sebetse ho phetha thomo ya bona;

(c) bohlokwa mabapi le ho fihlella mmuso wa lehae o fetohang le ho shebana le ditshita tse amanang le ho fihlella puso ya bomasepala e lekalekanang le e hlwahlwa, ho sebetsana le diphephetso tse amanang le mekgwa ya mmuso wa kgethollo ya bodulo ditoropong le metsemeholo.

 2.8. Kabinete e ile ya tsebiswa ka boitokisetso ba Dikgetho tsa Bomasepala tsa 2016 le ho tjhaella monwana ho thehwa ha Sehlopha sa Tshebetso sa Matona le Sehlopha sa Tshebetso sa Setekginiki sa Dikgetho tsa Bomasepala. Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha sehlomathiso ho Mmuso wa Lehae: Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala, 1998 (Molao No. 117 wa 1998) ho Palamente, e le ho dumella Moporesidente (e ne e ba Letona) ho beha letsatsi la dikgetho bakeng sa makgotla ohle a bomasepala. Dikgetho tsa 2016 tsa bomasepala e tla ba dikgetho tsa bone esale ka demokerasi ya rona mme boitokisetso ba nako e sa le teng bo netefatsa hore dikgetho tsena di tla atleha jwaloka tse fetileng.

3.Dibili

 3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa molao ka Motabo le Mabaka a tsamaelanang), 2014 ho Palamente. Bili e shebana le dikahlolo tse pedi tsa Lekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo tse arohaneng, ka ho hlomathisa dikarolo tse sebetsang tsa Sehlomathiso sa Molao, sa Molao wa Botlokotsebe (Ditlolo tsa Molao ka Motabo le Mabaka a tsamaelanang) 2007, ho lokisa maemo a hajwale a ho se utlwahale ho ya ka molao wa motheo. Merero ya mantlha ya dikarolo 15 le 16 tsa Molao, e leng ho tshireletsa bana ba kotsing kgahlanong le tlhekefetso ka motabo ke batho ba baholo, ha di angwe ke dihlomathiso tse sisintsweng.

Sehlomathiso se sisintsweng ho dikarolo 50 le 51 tsa Molao se rerile ho fana ka sefutho ho pehelo ya hore dikgahlehelo tsa bohlokwa ka ho fetisisa tsa bana ke tsa bohlokwa haholo mabakeng ohle a ba amang.

 3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Mabaka a Boahlodi, 2014 ho Palamente. Bili e hlomathisa Melao e mmalwa, e tsamaiswang ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo, ho shebana le diphephetso tse teng le tsa setekginiki, ka morero wa ho ntlafatsa taolo e hlwahlwa le boikarabello.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Sehlomathiso sa Bili ya Dibanka, 2014 ka Palamenteng. Sehlomathiso sa Molao wa Dibanka, 1990 (Molao No. 94 wa 1990) se matlafatsa bodisa ba dibanka bakeng sa ho etsa hore lekala la ditjhelete e be le bolokehileng ho feta le ho tshireletsa ba kenyang tjhelete. Bakeng sa ho qholotsa bokgabane ba tsamaiso ya ho banka ho tshwanetse hore taolo le bodisa ba dibanka di itshetlehe hodima maemo a matjhaba le tshebetso e hlwahlwa ho fetisisa.

Bili e batla ho hodisa matla a modisa wa banka ha e le ka tlasa bodisa ba modisa ka ho:

(a) fana ka tsela e nngwe ya ho iphumana ha banka ka hara boteng ba yona kgwebong,

(b) ho thusa ho fetisetsa tsohle kapa karolo ya mesebetsi ya banka ho molatedi ya batlang phethisetso tlasa karolo 54 ya Molao wa Dibanka; le

(c) ho thusa bakeng sa ho kenngwa tshebetsong ha mehato e ka hodimo mona ke modisa.

4.Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e thoholetsa tshebedisano pakeng tsa mmuso, lekala la badudi le dirutehi bakeng sa kgothaletso ya thuto ya batjha le ntlafatso ya bona, e ileng ya lebisa ho thakgolweng ha Motheo wa Thusanani ke Moporesidente Jacob Zuma. Mokgatlo ona o etellwang pele ke batjha o sa etseng kgwebo o tla ngotla sekgeo sa tlhahisoleseding ya thuto pakeng tsa baithuti ba dikolo tse phahameng tsa metse ya mahae le bomphato ba bona ba ditoropong, oo ka ho le leng o tla ntlafatsa tshebetso ya bona sekolong. Dibasari tse pedi, ya Pixley ka Isaka Seme Scholarship Fund le ya Johnstone Mfanafuthi Makhatini International Scholarship Fund di tla thakgolwa.

4.2. Kabinete e ile ya sarelwa ke ho fihla ha ditopo tsa maAforika Borwa a ileng a shwa ho putlameng ha moaho Lagos, ho la Nigeria ka la 12 Loetse 2014.

Kabinete e thoholetsa mekutu e matla ya ba amehang tsamaisong ya ho kgutlisetswa lapeng le ho ananela tshebedisanommoho ya bahlanka ba Nigeria ka ho akofisa tsamaiso eo le ha ho ne ho le boima.

Mmuso o tswela pele ho tshehetsa malapa a amehileng le ho tshepa hore sena se tla ba thusa ho lebala. Re tla matlafatsa mekutu ya rona ho netefatsa hore ditopo tsa maAforika Borwa tse ntseng di emetse ho tsejwa ho la Nigeria, di tla tliswa hae ntle le tiehiso e sa hlokahaleng. Kabinete e hlahisa teboho ya yona ho maAforika Borwa ohle bakeng sa ho ipopa jwaloka setjhaba nakong ena e thata.

Kabinete e romela matshediso a yona ho lelapa la mofu Dennis Furhri ya hlokahetseng ha a ne a rometswe jwaloka karolo ya ba neng ba thusa ka ho kgutliswa ha ditopo tsa maAforika Borwa a shweleng ha kereke e ne e putlama ho la Nigeria ka la 12 Loetse 2014. Aforika Borwa e lahlehetswe ke mosebeletsi wa mmuso ya neng a itetse le ho inehela.

4.3. Kabinete e amohela ho thonngwa ha moifo o ikemetseng bakeng sa ho fuputsa pelaelo ya diketso tsa botlokotsebe ke bahlanka ba hajwale le ba mehleng ba Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa (SARS) le ho susumetsa ditho tsa setjhaba ho fa moifo sebaka sa ho qeta diphuputso tsa ona.

Diketsahalo tsena ha di a lokela ho thunthetsa rekoto ya mosebetsi o motle waSARS jwaloka kaho ya setjhaba e netefatsang hore naha e na le ditjhelete tsa homekamekana le mabaka a yona a fapafapaneng a moruo le kahisano.

4.4. Kabinete e amohela kopano pakeng tsa boto ya tsa Difofane ya Aforika Borwa, Letona la Dikgwebo tsa Setjhaba Lynne Brown le Letona la Ditjhelete Nhlanhla Nene ho kgatha tema bakeng sa difofane le ho lebella boitshunyako bona ho beha ditholwana tse hlwahlwa ho dipalangwang tsena tsa setjhaba le ho kgutlisetsa tsamaiso ya difofane morao tseleng e isang phaellong le bolaoding bo kgabane.

4.5. Kabinete e tla matlafatsa karabelo ya Lefapha la Matlotlo a Setjhaba ya hore qeto ya Moody ya ho fokodisa seemo sa matsete a Aforika Borwa ho ya ho “Baa2 / P-2” ho tloha ho “Baa1 / P-2” le ho sheba botjha matla a ditjhelete ho tloha ho a tsitsitseng ho ya ho a hlobaetsang, e tla nakong ya kgolo ya moruo e lenama.

Kabinete e rata ho boeletsa hore Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng o se o ntse o behile ka sehloohong boikitlaetso bo susumetsang kgolo jwaloka diporojeke tse kgolo ho tsa diporo, eneji le madiboho tse tla matlafatsa matsete. Tsepamiso ya maikutlo ho nako e mahareng ho tla boela ho thuse potlakisong ya diphethoho dibopehong tse motjheng hajwale le tseo kgahlamelo ya tsona e tlang ho tshehetsa kgolo ya moruo.

4.6. Kabinete e tshositswe le ho swabiswa ke boitshwaro bo bobe ba Ditho tse ding tsa Seboka sa Naha. Boitshwaro bo jwalo bo kgahlanong le dipehelo tsa ntwa ya rona ya tokoloho mme bo sutha leetong leo re le nkileng Dilemong tsa rona tse 20 tsa Tokoloho.

Seriti sa Palamente jwaloka kaho ya demokerasi se lokela ho tshireletswa le ho baballwa ke ditho kaofela. Boitshwaro bo bobe bo hohola boikarabello ba maAforika Borwa ohle le ho fapoha karolong ya Palamente ya ho baballa boleng le dipehelo tse teng ka hara Molao wa Motheo.

5.Diketsahalo tse tlang

5.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla etela Botswana ho kenela – Khomishene ya Aforika Borwa ya Dinaha tse Pedi (BNC) ho la Gaborone, Botswana ka la 20 Pudungwana 2014. BNC e dula e le lepatlelo la bohlokwa la ho matlafatsa dikamano tsa dinaha tse pedi le tshebedisanommoho.

5.2. Moporesidente Zuma o tla amohela Moporesidente wa Palesetina Mahmoud Abbas ho la Pretoria ho tloha ka la 26 ho ya ka la 27 Pudungwana 2014. Leeto lena le tla thehwa hodima dikamano tse matla, tsa boena pakeng tsa Aforika Borwa le Palesetina, tse ileng tsa thehwa nakong ya boitseko ba tokoloho. Kopano ya dinaha tsena tse pedi e tla tsepamisa maikutlo hodima dikamano pakeng tsa Aforika Borwa le Palesetina, Tsamaiso ya Kgotso ya Botjhabela bo Bohareng le kamoo Aforika Borwa e ka tswelang pele ho thusa boitsekong ba Palesetina ba tokoloho le ho ikemela.

5.3. Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa o tla kenela Seboka sa Bobedi sa Turkey – Seboka sa Turkey se tla ba Malabo, ho la Equatorial Guinea ka la 21 Pudungwana, 2014. Sepheo sa Seboka ke ho hlahloba kgatelopele e entsweng ke Moralo o kopanetsweng wa ho kenngwa Tshebetsong ha Bosemphato ba Aforika-Turkey ba 2010-2014”. Bosemphato bona bo nyehela ho ntshetsopele ya Aforika ka hara dipheo tse tekilweng ke Lenanetsamaiso la Kopano ya Aforika ka 2063.

Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa, jwaloka modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Aforika Borwa la AIDS, o tla tshwaya Letsatsi la Lefatshe la AIDS ka la 1 Tshitwe 2014 ho la Virginia, Lejweleputswa, ho la Foreistata tlasa mokotaba o reng: “Emisang ho Kgesa le ho Kgetholla”. Aforika Borwa e entse kgatelopele e matla ya ho sebeletsa ho fihlella dipheo tsa Morero wa Lewa la Naha bakeng sa HIV le AIDS, TB le di-STI 2012 – 2016. Ka bomadimabe, ho kgesa le ho kgetholla ho tswela pele ho ama ho kenngwa tshebetsong ka katleho ha lewa lena mme ho nyehetse kamohelong e fokolang ya ditshebeletso tsa thibelo ya HIV.

Kabinete e ipiletsa ho badudi bohle ho tshehetsa, ho hlokomela le ho amohela ba phelang ka HIV le AIDS. MaAforika Borwa ohle a kgothaletswa ho kena ho tsa motabo ka polokeho; ho etsa diteko tsa HIV bonyane hanngwe ka selemo bakeng sa ho etsa diqeto tsa bohlokwa ka mekgwa ya thibelo, kalafo, tlhokomelo le tshehetso; le hore banna le bashemane ba kenele ditshebeletso tsa pukutlo ya leeko ditsing tsa bophelo bo botle.

5.4. Lefapha la Merero ya Tikoloho le tla nka karolo ho tulo ya bo-20 ya Seboka sa Mekgatlo (COP 20) tulo ya bo-10 ya Seboka sa Mekgatlo e sebetsang jwaloka Kopano ya Mekgatlo ho Porothokhole ya Kyoto (CPM10), e tla tshwarelwa ho la Lima, Peru ho tloha ka la 1 ho ya ho la 12 Tshitwe 2014. Kopano ya ho Fetofetoha ha Tlelaemete ya Lima e hlokolosi bakeng sa qeto e atlehileng ya ditherisano bakeng sa tumellano ya 2015. Maemo a Aforika Borwa a tjhaelletsweng monwana ditherisanong a matahantswe le ditabatabelo tsa naha le NDP.

5.5. Lefapha la Bonono le Botjhaba le Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo a tla tshwara mokgahlelo wa bobedi wa Letsatsi la Nelson Mandela la Dipapadi le Botjhaba Meahong ya Kopano, ho la Pretoria ka la 22 Pudungwana 2014 tlasa mokotaba: KOPANANG: Monna a le Mong, Setjhaba se le Seng, Mokete o le Mong.

Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ohle ho nka karolo mesebetsing ya dipapadi le botjhaba ya badudi kaha bobedi di na le matla a ho kopanya maAforika Borwa kaofela. Ketsahalo ena hape ke monyetla wa ho ananela dipehelo tse molemo tsa Moporesidente wa mehleng Nelson Mandela le ho bontsha ditsela tseo re ka tswelang pele ka lefa la hae.

5.6. Kabinete e ananetse sehopotso sa Matsatsi a 16 a Boitseko se tshwayang sehopotso sa bo-16 sa letsholo lena, ho qala ka la 25 Pudungwana ho ya ho la 10 Tshitwe. Mokotaba wa selemong sena ke “Nkenyelletse, Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa e hlokang dikgoka pele. Ka mokotaba ona, letsholo la 2014 le rerile ho tswela pele ho fehla temoso ka tshireletso ya basadi le bana. Mokotaba hape o tsepamisitse maikutlo haholo tabeng ya ho hohela banna ba bangata jwaloka balekane letsholong lena ho lwantsha kgodumodumo ena.

6.Dithonyo

Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang:

6.1. Monghadi Thobile Maxin Lamati jwaloka Molaodikakaretso ho Lefapha la Mesebetsi.

6.2.Mofumahadi Nthabiseng Bernadette Makhatha jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Mokgwathupelo le Maemo ho Lefapha la Dipalopalo la Aforika Borwa.

6.3. Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Lekala la Melato ya Mebileng.

a) Mofumahadi Nomini Elizabeth Rapoo (o thontswe hape, e le modulasetulo),
b) Mofumahadi Nomusa Zethu Qunta;
c) Moporofesara Tebogo Job Mokgoro;
d) Monghadi Bryan Shuan Chaplog;
e) Monghadi Benedict Matinise; le
f) Moadvokheite Xolisile Khanyile.

6.4. Monghadi Lefadi Lucas Makibinyane jwaloka Mohlanka ya ka sehloohong wa Phethahatso wa Metsi a Amatola.

6.5. Boto ya Batsamaisi ya Mokgatlo wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang wa Aforika Borwa.

a) Monghadi Mohamed Adam Samie (o thontswe hape, e le modulasetulo);
b) Monghadi Ranti Mothapo (Motlatsi wa Modulasetulo); le
c) Monghadi Stephanus Hermanus Schoeman.

Dipotso: Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

 

Share this page

Similar categories to explore