Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 10 Tshitwe 2014

Ho tloha qalong feela, Kabinete e lakatsa ho hlakisa mohopolo o fosahetseng wa hore Moporesidente Jacob Zuma o hanne ho araba dipotso Palamenteng. Kabinete hape e ananetse mekutu ya Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa ya ho rerisana le mekga ya dipolotiki ka hara Kopano ya Setjhaba ho latela diketsahalo tse tlontlollang tsa moraorao tjena.

Molao wa Motheo wa Rephaboliki ya Aforika Borwa o bolela hore Moporesidente o ikarabella ho Palamente. Moporesidente esale a etsa mosebetsi ona wa ho ikarabella Palamenteng. Esale a araba dipotso tse ngotsweng le tsa molomo tse neng di lebisitswe ho yena ke ditho ka bobedi tsa Kopano ya Setjhaba le Lekgotla la Naha la Diporofense.

Moporesidente o ile a ya ho ya araba dipotso ka molomo ka hara Seboka sa Naha ka la 21 Phato 2014. Ka bomadimabe Ditho tse Hlomphehang di ile tsa mo sitisa ha a ne a araba potso ya boraro ho tse tshelela tseo a di botsitsweng. Ke Ditho tseo tse Hlomphehang, ka boitshwaro ba tsona bo sa hlompheng, tse ileng tsa sitisa Moporesidente ha a ne a araba dipotso. Ditho tseo tse Hlomphehang tse thibetseng Moporesidente ho araba dipotso tsa molomo ka hara Kopano ya Setjhaba di hloka motheo wa boitshwaro le ho sotha dinnete mme hang ba tseke hore ke Moporesidente ya sa batleng ho araba dipotso tsa bona. Seboka sa Naha esale ho tloha ka nako eo se kgalemetse Ditho tseo tse Hlomphehang tse ileng tsa sitisa Moporesidente.

Ho feta-feta moo, Kabinete ha e tsebe ka Pampiri efe kapa efe ya Molao ka hara Seboka sa Naha e laelang Moporesidente ho araba dipotso tsa molomo kamora tshitiso ya dikarabo tsa hae tsa molomo. Kahoo ha se nnete hore Moporesidente o hanne ho araba dipotso ka hara Seboka sa Naha.

Kabinete e dula e ngongorehile ka kgahlamelo ya tshitiso e bakwang ke ho kgaoha ha phepelo ya motlakase haufinyane tjena bophelong ba maAforika Borwa ba letsatsi ka leng le kgahlamelo ya yona ho malapa le dikgwebo ho phatlalla le naha. Kabinete e fupere moralo wa dintlha tse hlano bakeng sa ho sebetsana le diphephetso tsa motlakase tse tobileng naha. Tlhokeho ya bokgoni bo lekaneng ba ho mekamekana le ditlhoko tsa naha tsa eneji e dula e le phephetso mme ho etswa boiteko bohle ho netefatsa hore re hlola boemo bona bo hlokolosi ba eneji.

Ho mekamekana le ditlhoko tsa bokamoso tsa eneji mmuso o kenya tshebetsong motswako wa eneji o kenyeletsang mashala, matla a letsatsi, moya, metsi, kgase le matla a nyutleleya. Bokamosong tshebediso ya dimela, matla a moya, matla a letsatsi le matla a metsi di tla nyehela ka Dikikawate tse 11.4 tsa eneji e ntlafetseng e ho marangrang.Ho tloha ka 1994, malapa a mang a dimilione tse hlano a ile a hokelwa ho marangrang. Ka 2004 sena se ile sa nyolohela ho malapa 12 milione. Sena se etsahetse ntle le ho eketswa ha diteishene tsa motlakase tse ntseng di ahuwa. Keketseho ena ya malapa e ile ya etswa ka marangrang a ntseng a le teng.

Kajeno Eskom e tla saena Tumellano ya Kutlwano le Letlole la Lewa la Mafura le Bolaodi ba Madiboho ba Transnet hore naha e tle e netefaletswe ka phano ya kamehla ya disele. Ho tla tsepamiswa maikutlo hodima ntlafatso ya lewa la poloko le bohlwahlwa ba tshebetso ho netefatsa hore boemo ba bohlwahlwa bo ya eketswa ho tloha ho 72% ya ha jwale ho ya ho maikemisetso a 80%. Eskom e tla teka moralo o tebileng wa ditjhelete bakeng sa ho laola phallo ya yona ya tjhelete ho ya ka nqane ho 2015. Moralo ona o tla tekelwa IMC ka Tshitwe 2014. Ka nako yona eo mmuso o tla thusa ka tjhelete ho moralo oo wa matlole.

Ditlhopho tsa Phehlo ya motlakaseka kopanelo (ho fehla motlakase le motjheso wa bohlokwa ka kopanelo, haholoholo tshebediso ya phufudi e salletseng ho phehlo ya motlakase bakeng sa ho futhumatsa) ho tla tsekellwa le diindaseteri tsa tswekere le pampiri ho qhaneha eneji e tswang matlakaleng e ka fihlang ho dimekawate tse 1 000. Ho na le menyetla e bohlokwa bakeng sa ho reka kgase dinaheng tsa ka ntle. Lenaneo le itshetlehileng hodima tlhahiso ya matla ka mashala le tla thakgolwa mafelong a Pherekgong 2015 ka bokgoni ba ho fehla dimekawate tse 2 500. Kahoo re ipiletsa ho setjhaba ho thusa naha ya rona ho fokotsa tseko ya eneji, ho bolelang ho tima motlakase ha o sa sebediswe. Re tla ba le kgefutsonyana ho tloha ka la 15 Tshitwe 2014 ha ditshebetso tsa tlhahiso le tsa diindaseteri di kwalla selemo. Moifo wa tekginiki o tla lwantshana le ho kenngwa tshebetsong ha moralo wa dintlha tse hlano o seng o thehilwe ho tloha hona jwale. Moralo wa dintlha tse hlano o shebane le boima boo tsamaiso ya rona ya motlakase e tobaneng le bona.

Moralo o akaretsa:
(I) boitshunyako bo tla nkuwang ke Eskom nakong ya matsatsi a sa feteng a 30 a tlang,
(II) ho qhaneha monyetla wa ho fehla mmoho ka ho atolosa dikonteraka tse teng le lekala la poraefete;
(III) ho akofisa lenaneo la ho fapanyetsa disele ka kgase bakeng sa ho kgantsha dipolante tsa matla a disele;
(IV) ho thakgola lenaneo la tlhahiso ya matla le itshetlehileng hodima mashala; le
(V) ho laola tseko ka boitshunyako bo itseng hara dibaka tsa bodulo tse itseng, meaho ya setjhaba le ya dikgwebo le bomasepala ka ho kenya dithekenoloji tsa eneji tse neng di ntse di le teng tse hlwahlwa.

Kabinete e ngongorehile ka tshebetso ya tse ding tsa dikhamphani tsa Mmuso (di-SoC), haholoholo Khamphani ya Difofane ya Aforika Borwa (SAA),Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa (SAPO) le Eskom. Di-SoC tsena tsa Mmuso di bapala karolo e hlokolosi ya ntshetsopele ka hara moruo wa Aforika Borwa. Moporesidente o laetse Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa ho disa ntlafalo ya SAA, SAPO le Eskom. Ka ho sebetsa mmoho le mafapha a amehang, SAA e tla fetisetswa ho tloha ho Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso ho ya ho Lefapha la Matlotlo a Setjhaba.Kantoro ya Moporesidente e tla beha leihlo le ntjhontjho ho kenngwa tshebetsong ha meralo ya ho fetola di-SoC tsena tse tharo tse hlokolosi e leng tsona tse kgannang moruo.

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e amohela diphetho tse ntle tsa Leeto la Puso la Moporesidente ho la Rephaboliki ya Batho ya China ho tloha ka la 4 ho ya ho la 5 Tshitwe 2014, e leng pontsho ya nnete ya dikamano tsa bobedi bona tse tebileng, tsa kgwebisano le matsete pakeng tsa Aforika Borwa le China.

Dikgwebo tsa Aforika Borwa di kgothaletswa ho nka menyetla ena e metjha ya kgwebo eo kamano ya rona le China e e hlahisang. Tumellano ya beke e fetileng ya China-Aforika Borwa ya Moralo wa Dilemo tse5-10 Mabapi le Tshebedisano-mmoho e tempella ho kenngwa tshebetsong ha ditumellano tseo ho kenweng ho tsona ho tloha ka Qeto ya Beijing ka 2010 le ho atolosa Bosemphato bo Phatlaletseng ba Mawala.

1.2. Kabinete e thoholetsa Lefapha la Thuto ya Motheo, mafapha a thuto a diporofense, dihlooho tsa dikolo, matitjhere le baithuti ka mamello ya bona ha e le mona reqeta selemo se seng se neng se phathahane sa dithuto.

Letona la Thuto ya Motheo, Angie Motshekga, le tla tsebisa sephetho sa dihlahlobo tsa 2014 tsa Setifikeiti se Phahameng sa Naha (NSC) ka la 5 Pherekgong 2015 ha diphetho di tla lokollelwa baithuti ka la 6 Pherekgong 2015.

Kabinete e kgothaletsa baithuti ba lokelang ho kenela dithuto tse phahameng ho batlana le menyetla yohle e teng. Baithuti ba tla beng ba so ka ba amohelwa ditsheng tsa thuto e phahameng nakong ya ho lokollwa ha diphetho tsa NSC ba tshwanela ho sebedisa tshebeletso ya Setsi se Bohareng sa Tokiso ya Dikopo (CACH) ka Pherekgong le Hlakola 2015. Tshebeletso ena ya CACH e theha rejisetara ya baithuti bao sephetho sa bona se imatahanyang le dipehelo tsa kamohelo tse batlehang ho ditsha tsohle tsa Thuto ya Kamora Sekolo le Thupello ka hara Aforika Borwa. Tshebeletso ena e boela e fana ka dikeletso mabapi le makala a thuto le ho thusa bakopi ka makala a mang a fapafapaneng. Tshebeletso e ka fihlellwa ka setsisa mehalaho: 0800 356 635 kapa ka SMS ka ho fana ka lebitso le nomoro ya boitsebiso ho 49200.

1.3. Kabinete e amohela ho lokollwaha Diteko tsa Naha tsa Selemo le Selemo (ANA) tsa2014 bekeng e fetileng se bontshang ho phahama ha tshebetso ya dikereiti tsohle ntle le Kereiti ya 9.

ANA e dula e le sesebediswa se matla sa ho lekola bokgabane ba mokgwa wa rona wa thuto le moo boitshunyako bo potlakileng bo batlehang jwaloka ha ho hlwauwe bakeng sa baithuti ba Kereiti ya 9 dipalong.

1.4. Kabinete e leboha maAforika Borwa oohle, setjhaba le boraditaba bakeng sa ho nka karolo ho letsholo la Matsatsi a16 a Boitsekotlasa mookotaba o reng: ‘Nkenyelletse: Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa e hlokang dikgoka pele’.

Kgoeletso ho maAforika Borwa oohle ya hore ‘Nkenyelletse’e batla ho netefatsa nako e telele ya bosemphato bo tiileng ka ho fetisetsa boitseko ba rona nakong ena ho diketsahalo tsa letsatsi ka leng selemo ho pota hore re tle re kgone ho fedisa koduwa ya dikgoka kgahlanong le basadi le bana.

1.5. Aforika Borwa e tla tshwayaLetsatsi la Naha la Poelano ka la 16 Tshitwe 2014 tlasa mookotaba o reng: ‘Momahano ya setjhaba, Poelano le Kopano ya Setjhaba Dilemong tse 20 tsa Demokerasi’ Musiamong wa Ncome Masepaleng wa Setereke sauMzinyathi, ho la KwaZulu-Natal.

1.6. Kabinete e fetisetsa diteboho tsa yona ho maAforika Borwa oohle le badudi ba matjhabeng ba ileng baketeka sehopotso sa ho hlokahala ha motho wa pele wa ho kgethwa ka mokgwa wa demokerasi ka hara naha Moporesidente Nelson Mandela ka la 5 Tshitwe 2014.

Re tshwanela ho dula re kgomaretse lefa la Madiba ka ho tswela pele ka boinehelo bo sa thekeseleng ba hae ho demokerasi, ho hloka boinahanelo, poelano, tshebeletso ho batho le ho tsitlallela bophelo bo betere bakeng sa bohle. Ke ka dipehelo tsena le boinehelo bakeng sa tshebeletso ho batho re dulang re kgothaletse ho ba setjhaba se kopaneng le se tswetseng pele.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana hore 2013/14 tlaleho ya tshebetso ya lenaneo la Ditheolelo tsa Lekgetho la Diphuputso le Ntshetsopele (R&D)ya 2013/14 e hlahiswe Palamenteng.

Mmuso o fana ka ditheolelo tsa lekgetho tsa R&D ho ya ka Karolo 11D ya Molao wa Lekgetho la Lekeno, wa 1962 bakeng sa ho kgothaletsa mesebetsi ya R&D ya lekala la poraefete. Aforika Borwa e fana ka phokoletso ya 150% bakengsa ditshenyehelo tsa tshebetso tse tjhaelletsweng monwana hodima mesebetsi ya R&D mme e nkuwa e le hara dinaha tse fanang ka ditheolelo tsa lekgetho ho feta bakeng sa R&D.

Theolelo eo esaleng e le teng ho tloha ka Pudungwana 2006 e bontshitse dikhamphani tse 810 tse nkileng karolo, jwaloka ha ho etsahetse ka Hlakola 2014. Ho tloha ka 2005/06 ho ya ho 2012/13 dikhamphani di tlalehile ditshenyehelo tse ka etsang R44.1 bilione ho ditjeho tsa R&D, mme Lefapha la Matlotlo a Setjhaba le akantse hore tjhelete e hanyane feela ka hodima R3,2 bilione e ile ya tsekuwa e le theolelo ya lekgetho ho R&D ho Ditshebeletso tsa Lekeno la Aforika Borwa (Sars). 2013/14 e bone ha 44.2% ya dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng (Di-SME) tse unang tjhelete e ka tlase ho R40 milione di nka karolo ho ditheolelo tsa lekgetho tsa R&D.

2.2. Kabinete e ile ya behwa sehlohlolong ka kgatelopele e entsweng ka porojeke ya MeerKAT, melemo e kgotsweng ke badudi ba lehae ka lebaka la kaho ya porojeke le Aforika Borwa, le ditherisano tse teng le ba matjhaba tse mabapi le ho tshwara porojeke ya Dipontsho tsa Sekwere sa Kilomithara (SKA).

Kaho ya thelesekhoupo ya MeerKAT – mosupatsela ho ya ho SKA e rerilweng – e tswela pele hantle, ka menyetla ya bohlokwa bakeng sa diindasteri tsa lehae tsa Aforika Borwa. Aforika Borwa e kganna palo ya dintshetsopele tse kgabane tsa thekenoloji, haholoholo mererong ya tshebetso e matla ka dikhompyutha. Badudi ba lehae ho la Kapa Leboya le bona ba kgotse molemo ka bosemphato bo bongata ba matsete ho tsa kahisano.

Mererong ya tsa matjhaba, tumellanong ya ho ba baamohedi, mokgwa waho thusa ka matlole mabapi le SKA le maano a theko di ntse di sekasekwa le ho qetellwa. Ditherisano le tsona di tswela pele mabapi le ho thehwa ha mokgatlo wa kgotso wa mebuso e kopaneng.

Kabinete e tjhaelletse monwana moifo o kopanetsweng wa tshebetso pakeng tsa Matona a Saense le Thekenoloji le Thuto e Phahameng le Thupello ho hlwaya mehlodi ya batho mmoho le ho netefatsa hore ditsi tsa thuto le tse ding tsa diphuputso tse imatahanyang le ntshetsopele le ditlhoko tsa MeerKAT, SKA le diporojeke tse tshwanang le tsona.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana tshebedisano pakeng tsa Matona a Saense le Thekenoloji le Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane haeba ho ka hlaha menyetla ya ho matlafatsa le ho ntlafatsa Dikgwebo tse Nyenyane le tse Mahareng mabapi le kgonahalo ya kgahlamelo ya moruo.

2.3. Kabinete a tjhaelletse monwana horeba Dipalopalo ba Aforika Borwa ba hlophise dipuisano tsa bankakarolo bakeng sa boitokisetso mabapi le hlomathiso ya Molao wa Dipalopalo, 1999 (Molao wa 6 wa 1999).

Dipuisano pakeng tsa makala a puso le makala a mang a amehang a ya hlokahala ho tsamaisa ntshetsopele ya letoto la tlhahisoleseding ya dipokello tse hlokahalang bakeng sa Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

2.4. Kabinete e ile ya tsebiswa kaboimatahanyo ba ditho tsa Ditshebeletso tse ka Sehloohong tsa Bolaodi (SMS) le Moralo wa Pepeso ya Ditjhelete, e bodiseng ba Palamente.

Ho ditho tse 5 425 tsa SMS ka hara mafapha a naha tse neng di tshwanela ho nehelana ka diforomo tsa tsona tsa dipepeso bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2012/13, Khomishene ya Tshebeletso ya Setjhaba (PSC) e amohetse tse 4 413 (81%) ka letsatsi le nengle behilwe la 31 Motsheanong 2013.

Kabinete e hlakisa hore tlwaelo ya ho se mamelle boimatahanyo e tshwanela ho tempellwa mosebetsing wa letsatsi ka leng wa Puso.

2.5. Kabinete e ile ya tsebiswa kadiphetho tsa2013/2014 tsa tlhatlhobo ya Molao wa Bolaodi ba Ditjhelete tsa Setjhaba (PFMA), 1999 (Molao wa 1 wa 1999) mabapi le ditsha tsa ditletlebo le maemo a ho hlahiswa ha ditlaleho tsa tsona tsa selemo ka seng le ditamente tsa maemo a ditjhelete.

Ho bile le ntlafalo ya boimatahanyo ke ditsha mabapi le ho hlahisa ditlaleho tsa bona tsa 2013/14 tsa selemo ka seng ka nako le ditatemente tsa maemo a ditjhelete. Bakeng sa selemo se ka tlasa tekolo ditsha tse 417 tsa ditletlebo tsa PFMA di ne di tshwanetse ho hlahisa ditlaleho tsa tsona tsa selemo ka seng le ditatemente tsa maemo a ditjhelete ka la 30 Loetse 2014. Palohohle ya ditsha tse 379 (91%) di imatahantse le letsatsi la ho qetela e leng ntlafalo ya 7% ho tloha ho ya 353 selemong se fetileng.

Kabinete e tjhaelletse monwana hore bahlanka ba tsa ditjhelete le balaodi ba ditjhelete ba fane ka mehato e ntla nkuwa ya ditokisoho balaodi ba phethahatso ba bona bakeng sa ho sebetsana le dingongoreho tse hlahisitsweng ditlalehong tsa bona tsa tlhatlhobo.

Kabinete e tshehetsa tlhokeho ya balaodi ba phethahatso ho beha leihlo kgatelopele e entsweng ho sebetsana le dingongoreho tse hlahisitsweng ho ditlaleho tsa tlhatlhobo le ho fumana dipeho-sehlohlolong kgafetsa ka seo.

2.6. Kabinete e tjhaelletse monwana letoto la mehato bakeng sa ho hlabolla tsamaiso ya bolaodi ba Phano le Ditheko (SCM). Tsena di kenyeletsa: (a) Tshupo ya tshebetso ya SCM e lokelang ho kenyeletswa ditumellanong tsa tshebetso tsa Bahlanka ba Ditjhelete ho tloha ka la 1 Mmesa 2015; (b) Bahlanka ba ditjhelete ba etse tekolobotjha ya bokgoni ba basebeletsi ba SCM le ho nka mehato ya tokiso moo e batlehang; (c) Bahlanka ba ditjhelete ba tsebise balaodi ba phethahatso kotareng ka nngwe ka tshebetso ya SCM lefapheng la bona, dimasepaleng kapa ditheong.

Kabinete hape e tjhaelletse monwana bakeng sa Kantoro ya Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditheko ho akofisa tlhabollo ya SCM ka ho ntjhafatsa tshebetso ka hara Tshebeletso ya Setjhaba. Kantoro ya Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditheko e qadile ka mawa a ho nolofatsa, ho beha maemo le ho sebedisa metjhini e itshebetsang bakeng sa ditheko.

Lefapha la Matlotlo a Setjhaba le tla hlophisa dipuisano le Sekolo sa Naha sa Mmuso ka morero wa ho hlahisa kharikhulamo mabapi le thupello le ho beha maemong mangolo a dithuto a seporofeshenale.

2.7. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Tlaleho ya nako le nako ya (2002-2013) ya Aforika Borwa ho Kopano ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN) mabapi le Kopano ya Matjhaba ya Matjhaba a Kopaneng kgahlanong le Tshotlo le Mekgwa e meng e Kgopo le Tshwaro e Nyenyefatsang botho le Kotlo ho Lekgotla la Ditokelo tsa Botho la UN.

Tlhophiso le ho kenngwa ha tlaleho ena ho bontsha boitlamo ba mmuso mekutung ya lefatshe ya ho tshireletsa le ho hodisa ditokelo tsa botho. Aforika Borwa e imatahanya ka botlalo le kopano ka hobane e entse hore tshotlo e nkuwe e le botlokotsebe, le makgotla a dinyewe jwale a ka tjhutjhisa tshotlo ho ya ka molao wa mmuso e seng molao o tlwaelehileng.

Tlaleho e neha Aforika Borwa monyetla wa ho lekola boimatahanyo ba yona bo teng kapa bo siyo le maitlamo a matjhaba. Ntwa kgahlanong le tshotlo e tsamaelanang le boikemisetso bo ka sehloohong ba ho netefatsa metse e batlang e bolokehile e leng se tsamaelanang le NDP.

2.8. Kabinete e lemohile moralo wa Pampiri ya Pele ya Molao mabapi le Sepolesa. Pampiri ya Pele ya Molao ya 2014 Mabapi le Sepolesa e hlahisitswe ke tjhebobotjha ya Pampiri ya Pele ya Molao ya 1998 Mabapi le Tshireletso le Polokeho. Tjhebobotjha e hlahlobile botjha kamoo tshebetso le kutlwisiso ya thibelo ya botlokotsebe e tswetseng pele Aforika Borwa ho tloha kamora 1994.

Pampiri ya Pele ya Molao e arabela ho Pono ya NDP ya 2030 ka ho shebisisa tlhokeho le moralo bakeng sa tshebeletso ya sepolesa ya seporofeshenale e nang le bokgoni, e ikarabellang le ho tsotella setjhaba. Hodima moo tshebeletso ya sepolesa e lebeletswe ho sebetsa ka mokgwa o kopanetsweng ka hara tsamaiso ya toka ya botlokotsebe bakeng sa ho phethisa thomo ya yona ya molao wa motheo.

2.9. Kabinete e tjhaelletse monwana hore moralo wa Leano la Batjha la2014-2019 le ntshuwe bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba. Moralo wa Leano ke kgatelopele ho tloha ho Leano la Batjha la pele la 2009-2014. Ntshetsopele ya Batjha e motsong wa lenaneo la Aforika Borwa la ntshetsopele; NDP o na le lesedi le rerilweng bakeng sa ho lokisa seabo sa setjhaba.

Leano la 2014-2019 le netefatsa hore seabo sa batjha se a fihlellwa. Ho kenngwa tshebetsong ho tla matlafatsa ka maikemisetso bokgoni ba batho ba batjha ba ho fetola moruo le setjhaba ka ho shebana le ditabatabelo tsa bona bakeng sa ntshetsopele e phatlaletseng, haholoholo baleng ka ntle ho mothamo o moholo wa kahisano, dipolotiki le moruo.

2.10. Kabinete hape e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Leano la Naha la Ditokelo tsa Boqhwala ka hara Koranta ya Mmuso bakeng sa ditshwaelo tse setjhaba. Sena se sebetsa bakeng sa: ho lokisa Pampiri ya Pele ya Molao mabapi le Lewa le Kopanetsweng la ba Qhwadileng la Naha, ho kopanya ka bobedi maitlamo ho Kopano ya Matjhaba a Kopaneng mabapi le Ditokelo tsa Batho phelang ka Boqhwala le dipehelo tsa Moralo wa Tshebetso wa Kontinente bakeng sa Dilemo tse Leshome tsa Aforika tsa Batho ba phelang ka Boqhwala ka Molao wa Aforika Borwa, meralo ya maano le NDP ya 2030.

2.11. Kabinete e tjhaelletse monwana pono e lohothwang bakeng saLekala la Bolaodi ba Madiboho a Aforika Borwa jwaloka motheo bakeng sa ntlha ya kgwebo le molao o kgontshang e le mosebetsi o ntseng o tswela pele.

Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana hore ho thehwe sebaka sa teko le hore moralo o nepahetseng wa molao o kenngwe tshebetsong.

Katamelo ya mekgahlelo e mmedi e tla sebediswa ho theha lekala lena:

  • Mokgahlelo wa Phethoho (Pherekgong 2015-Tshitwe 2016) –o tla sebediswa ho qala moralo wa molao le ho kenngwa tshebetsong le ho etsa boikitlaetso ba mmuso tikolohong ya qalo hore bo bonahale haholwanyane. Hape ho tla ba le tswelopele ka mekutu ya ha jwale madibohong tlasa ditumellano tsa mekga e mengata e hlophisitsweng bakeng sa ho matlafatsa bolaodi ba komiti e Hokahanyang Ditshebetso tsa Taolo ya Meedi.
  • Mokgahlelo wa Lekala (Pherekgong 2017 le ka nqane) – o kenyeletsa ho kenngwa tshebetsong ha molao bakeng sa ho kenya tshebetsong ha lekala jwaloka Kgwebo ya Setjhaba tikolohong ya Madiboho le ho fana ka katoloso ya thomo ya lona le mesebetsi ho kenyeletsa ditikoloho tsa moya, naha (Bodisa ba Meedi) le mawatle (Bodisa ba Mawatle).

Diphihlello tsa mokgahlelo wa phethoho (ho kenyeletswa diteko) ho tla tla ka dintlha tse tomanyana bakeng sa ditshisinyo tsa ho qetela.

2.12 Kabinete e tjhaelletse monwana ho tloswa ha karolo ya boetapele ya lekala bakeng sa Komiti e Hokahanyang Ditshebetso tsa Taolo ya Meediho tloha ho Sars ho ya ho Lefapha la Merero ya Lehae.

2.13 Kabinete e tsebisitswe kadiphetho tsa tlhatlhobo ya diteko mabapi le phethoho ho sampole ya Difedereishene tsa Naha tsa Dipapadi. Sena se fanne ka mokgwa oo mekga ya dipapadi ka hara Aforika Borwa e fetohileng dilemong tse mashome a mabedi tse fetileng ho tloha ha dipehelo tsa diphethoho dipapading di ne di behwa. Diphetho di tla sebediswa ke Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo bakeng sa ho fana ka tshehetso e tsepameng ho difedereishene tse batlang tshehetso ya botsamaisi.

Sepheo sa phuputso ena e ne e le ho theha moralo wa morero bakeng sa ho lekola diphethoho maemomg a fapaneng a tjhata ya diphethoho, maemo a tshebetso, setjhaba, phumantsho, bokgoni le maitsebelo, bolaodi, tekatekano ya kgiro le ba ka sebetsang ka ditheko.

Ho itshetlehilwe hodima se ithutilweng ho tloha phuputsong ya pele ya diteko, mokgahlelo wa bobedi wa tlhatlhobo o qadile ka Tlhakubele 2014.Lepatlelo la tlhatlhobo ena le akaretsa mefuta e 16 e ka sehloohong ya dipapadi.

2.14 Kabinete e laetse hore Labohlano la pele la Mphalane selemo ka seng e be Letsatsi la Naha la Boikgathollo. Sena se tla fana ka monyetla ho MaAforika Borwa oohle bakeng sa ho itahlela ka setotswana ka ho nka karolo diketsahalong tsa boikgathollo tse tla ntlafatsa bophelo ba bona ka kakaretso.

Baahi ba phetseng hantle le ho ba mafolofolo ke ntlha ya bohlokwa bakeng sa ho fihlella NDP.

Ho sebetsana ka matla le boleng ba boikgathollo, Letsatsi la Naha la Boikgathollo le hloka bonngwe, diketsahalo tse kopanetsweng le boikitlaetso ba makala a fapaneng. Ho fihlella sena Kabinete hape e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Komiti ya Naha ya Tsamaiso.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso yamoralo wa bobedi wa Bili ya Taolo ya Lekala la Ditjheletele ho hlahiswa ha yona Palamemteng mmoho le ho lokollwa ha Morero wa Moralo wa Leano la Tlhophiso ya Mmaraka bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Moralo wa morero o tla thusa setjhaba hore se tsebe ha batsi ha se tshwaela ka bili.

3.1.1. Bili ya moralo wa bobedi wa Taolo ya Lekala la Ditjhelete, ya 2014 e latela ditshwaelo tse amohetsweng moralong wa pele o neng o tjhaelletswe monwana ke Kabinete ka Tshitwe 2013. Sepheo sa Bili ke ho etsa hore lekala la ditjhelete le batle le bolokeha ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa taolo wa ‘twin peaks’, e leng mokgwa o phatlaletseng le ho phethahala bakeng sa ho laola lekala la ditjhelete, ho beha moreki ka pele le ho tshireletsa matlole a bona.

Katamelo ya ‘twin peaks’ ho taolo ya ditjhelete e supa mokgwa wa taolo o bohlokwa o phatlaletseng, ka dipheo tse pedi: (a) ho matlafatsa botsitso ba ditsha tsa ditjhelete, bohlwahlwa ba ditsi tsa ditjhelete ka ho bopa ‘Bolaodi bo Hlwekileng’ bo nang le boinehelo (ka hara Banka ya Resefe ya Aforika Borwa) le (b) ho tshireletsa bareki ho tsa ditjhelete le ho netefatsa hore ba tshwarwa hantle ntle le leeme ke ditsha tsa ditjhelete ka ho bopa Bolaodi ba Tlhophiso ya Lekala la Ditjhelete le nang le boinehelo, leo hape le behang leihlo kamoo ditshebeletso tsa ditjhelete di kgannang kgwebo ya tsona.

Bili e tla neha Bolaodi ba Tlhophiso ya Lekala la Ditjhelete le Bolaodi bo Hlwekileng matla hodima ditsha tsa ditjhelete tsohle le ho di neha letoto la disebediswa tsa peho leihlo bakeng sa ho phetha thomo ya tsona.

Sena se feta balaodi ba babedi kaha se teka tsamaiso e matla e sebetsang ka bokgabane bakeng sa ho fana ka dilaesense, peho leihlo, ho hatella molao, ditletlebo tsa bareki (ho kenyeletsa mosireletsi), mekgwa ya boipiletso (dinyewe) ledikeletso le thuto bakeng sa bareki.

3.1.2. Morero wa Moralo wa Leano la Tlhophiso ya Mmarakao kganna tshwaro e hlokang leeme ya bareki ka hara lekala la ditjhelete, e leng thuto ya bohlokwa bakeng sa Aforika Borwa ho tlohaho Koduwa wa Ditjhelete ya Lefatshe ya 2008. Ha lekala la ditjhelete laAforika Borwa le bonahetse le kgona ho itjara, mmuso o lemohile hore lekala le ka be le fana ka diphetho tse betere bakeng sa bareki ba tsa ditjhelete le moruo.

Ho bile le ho hloleha ho hongata ho tsebahalang ha tlhophiso ya mmaraka ka hara lekala la ditjhelete la Aforika Borwa, mme mmuso o ile wa itshunyaka bakeng sa ho sebetsana le tsena. Leha ho le jwalo, phehello ya diphephetso tsa tlhophiso ya mmaraka ka bohlwahlwa e hlakisitse tlhokeho ya katamelo e batlang e phatlaletse le ho akaretsa bakeng sa ho sebetsana le bothata ba tlhophiso e mpe ho parola le lekala la ditjhelete le boholo ba lona.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso saBili ya Ditokelo tsa Bajadi ba Dimela Palamenteng. Bili e hlomathisa Molao wa Ditokelo tsa Bajadi ba Dimela wa 1976, (Molao wa 15 wa 1976). Sepheo sa bili ke ho matlafatsa tshireletso ya ditokelo tsa mautlwela a ditokelo tsa thuo ya thepa tse tsamaelanang le dimela tse fapafapaneng. Tshireletso e jwalo e nyehela kgolong ya moruo kaha e na le kgahlamelo e ntle hodima maemo a phehisano a lekala la Aforika Borwa la temo.

Tse ding tsa ditshisinyo tsa bohlokwa tsa sehlomathiso di kenyeletsa: ho atolosa tshireletso ho mefuta le meloko yohle ya dimela; ho sebetsana le mabaka a tshitiso ya ditokelo tsa bajadi ba dimelaka dikotlo le ditayo tse nepahetseng le ho hlalosa meedi le bakgolamolemo bakeng sa ho kenya tshebetsong menyetla ya borapolasi; le ho matlafatsa Letona bakeng sa ho theha Komiti ya Ditokelo tsa Bajadi ba Dimela bakeng sa ho eletsa Morejisetara mabapi le mabaka a amanang le tshireletso ya dimela ka ho fapana.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa Palamenteng ha Sehlomathiso sa Bili ya Ntlafatso ya Dimela.

Molao wa Ntlafatso ya Dimela, 1976 (Molao wa 53 wa 1976), o seng o fetotswe makgetlo a mmalwa, la ho qetela e leng ka 1996, o laola ntlafatso ya dimela ka hara Aforika Borwa. Dihlomathiso di matahanya lepatlelo le dipehelo tsa Molao ho Molao wa Motheo le melao e meng e amehang ka hara lekala la temo.
Bili e matlafatsa tlhahiso ya dimela ya moshwelella ka hara Aforika Borwa ka ho laola boleng ba dimela le peo.

Bohlokwa le karolo ya ntlafatso ya dimela e itshetlehile ho lemoheng bohlokwa ba thepa e etsang hore dimela di tsebahale bakeng sa ho tshehetsa tlhahiso ya moshwelella mmoho le ho nka karolo mmarekeng wa lefatshe ka ho beha maemo a boleng bakeng sa dimela le dipeo le mefuta ya dikgwebo e sebetsanang le dimela le peo.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Sehlomathiso sa Bili ya Tshireletso ya Diphoofolo tse Sebetsang Palamenteng.

Bili e hlomathisa karolo 2 le 3 ya Molao wa Tshireletso ya Diphoofolo tse Sebetsang 1935 (Molao wa 24 wa 1935) tse neng di nkuwe di sa kgeme le molao wa motheo ho ya kamoo di amanang le bomakgiseterata ho etsa qeto ya fana ka dilaesense ho batho ba nang le maikemisetso a ho rupella le ho pepesa diphoofolo le ho batho ba sebedisang dintja bakeng sa tshireletso.

Bili e lohotha ho lokisa bofokodi bo hlwailweng ke Lekgotla la Dinyewe la Molao wa Motheo ka ho fetisetsa mesebetsi ya ho ntsha dilaesense bakeng sa diphoofolo tse sebetsang ho tloha ho Makgotla a dinyewe ho ya ho ba Phethahatso.

Sena ka hara moelelo wa Molao wa Tshireletso ya Diphoofolo, 1962 (Molao wa 71 wa 1962) se matlafatsa melao e amanang le thibelo ya bokgopo ho diphoofolo.

4. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa hajwale

4.1. Kabinete e ipiletsa ho MaAforika Borwa oohle ho kenelantwa kgahlanong le Ebola ka ho nka karolo ho letsholo la mohlodi wa SMS la Kopano ya Aforika (AU) ya temoso. Khomishene ya AU ho fihlela mona e entse tjhelete e fetang 20 millione ya didolara ka dinyehelo ka letsholo la hashtag "#AfricaAgainstEbola", empa ho sa hlokeha e batlang e le ngata. Ka ho romela SMS ya ‘Stop Ebola’ SMS ho 40797 MaAforika Borwa ha a no nyehela feela ka R10.00 empa hape a tla rotetsa tshepo le boikemisetso ba hore Ebola e ka kgona ho thibelwa.

4.2. Kabinete e lakaletsa bohle matsatsi a phomolo a qetellang selemo a kgathollang, le ho ba a kgotso le ho kgothaletsa MaAforika Borwa ho sebedisa Ubuntu/Botho ka ho thusa bao ka hara metse ya rona ba sa kgoneng ho itaetela le ho bontsha kutlwelobohloko jwaloka setjhaba se kgathallang le ho hlokomelana.

Batswadi bohle ba kgothaletswa ho hlokomela bana ba bona nakong ena. Mahlatsipa a tlhekefetso a tshwanela ho bua, ho tlaleha tlhekefetso le ho ikopanya le setsi sa taolo sa dihora tse 24 ho 0800 428 428.

Kabinete e ipiletsa ho MaAforika Borwa oohle ho ba sedi matla nakong ya sehla sa boithabiso se tlang, ho phema tshebediso e mpe ya jwala le dithethefatsi, le ho thabela nako ya phomolo ka tsela e bolokehileng le ho ba le boikarabelo. Maaforika Borwa oohle a na le karolo eo a lokelang ho e bapala bakeng sa ho thibela diketsahalo tsa botlokotsebe, dikotsi le tlhekefetso, tse batlang di phahama nakong ena.

Kabinete e pheta hore bahlanka ba sephethephethe ba tla hloka mamello bakeng saditlolo tsa molao mebileng ya rona nakong ena ya sehla sa mekete. Re kgothaletsabasebedisi ba tsela bohle ho imatahanya le lebelo le lekanyeditsweng; ho netefatsa hore dipalangwang di loketse tsela; ho se kganne ba tahilwe le ho sebedisa mabanta a pholoso. Ditaaso di kgothaletswa ho netefatsa hore ha ba sebedisa mebila ha ba behe bophelo ba bona tsietsing kapa ba bakganni ba bang.
Mmuso o tla bapala karolo ya ona ka ho etella pele letoto la matsholo a kang Healthy Lifestyles le Arrive e le tsela ya ho etsa semphato le badudi bakeng sa ho kgothaletsa boitshwaro bo nang le boikarabelo le ho bolokeha.

4.3. Kabinete e utlwisitswe bohloko ke polao e sehloho ya titjhere ya Aforika BorwaPierre Korkie ya neng a le Yemen mmoho le ya Werner Groenewald, le bana ba hae ba babedi, Rode le Jean-Pierre ba hlokahetseng tlhaselong ho la Afghanistan. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho ba lelapa le metswalle.

4.4 Mosebetsi wa ho hlwaya maAforika Borwa 11 a shweleng ka sehloho ho putlameng ha moaho ho la Nigeria o ntse o tswela pele mme mmuso o matlafatsa mekutu ya hore ditopo tsa bona di tliswa lapeng ntle le tiehiso e sa hlokahaleng.

4.5 Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa la Gigaba ka tahlehelo ya ntate wa bona, Moruti Jabulani Gigaba. E ne e le ntate wa Letona la Merero ya Lehae, Monghadi Malusi Gigaba. Kabinete hape e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Sisi Mabe, eo e neng e le Motsamaisi wa Dipuisano wa Lekgotla la Ketsamolao la Foerisetata.

4.6 Kabinete e thoholetsa sehlopha sa naha sa bolo BafanaBafana le mokwetlisi Ephraim “Shakes” Mashaba ka ho phunyeletsa bakeng sa Mohope wa Dinaha tsa Aforika wa 2015 ho la Equatorial Guinea o qalang ka la 17 Pherekgong 2015, mme e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa oohle ho tshehetsa sehlopha sa naha ha se fofisetsa folakga ya rona hodimo.

4.7 Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha Lebotho la Batjha la Bodulo ba Batho ka la 1-2 Tshitwe 2014 ke Mafapha a Bodulo ba Batho, Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane, le Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha (NYDA) Sebokeng sa Batjha sa Bodulo ba Batho sa Naha.

Seboka se buisane ka mananeo a matlafatso a mafapha a tobaneng le merero ya batjha le kamoo ba ka nkang karolo phanong ya matlo. Qetellong ya seboka bankakarolo bohle ba saenne Tumellano ya Batjha ya Bodulo ba Batho ba Naha eo sepheo sa yona e leng pehelo ya boikemisetso ka morero wa ho bopa katamelo e kopanetsweng le e akaretsang bakeng sa phano ya bodulo ba batho ka kenyeletso ya batjha, ntshetsopele le bonkakarolo ka mokgwa wa Mabotho a
Batjha a Bodulo ba Batho ba Naha. Sepheo ke ho lemosa batho ba batjha kamora boikemisetso ba menyetla ya matlo e 1.5 milione le ho thaotha le ho rupella Mabotho a Batjha a ka bang 10 000 dilemong tse hlano tse tlang.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1. Ka la 12 Tshitwe 2014, Moporesidente wa Sudan Borwa, Motlotlehi Salva KiirMayardit o tla etela Aforika Borwa mme Moporesidente Jacob Zuma o tla mo amohela ho la Motse Kapa.

6. Dithonyo

Kabinete e tjhaelletse monwana dithonyo tse latelang mabapi le netefatso ya mangolo a lokelang le tumello e amehang:
6.1. Ho Boto ya Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindaseteri:
a)    Moporofesara Thokozani Majozi (Modulasetulo);
b)    Ngaka Ramatsemela Masango;
c)    Moporofesara MamokgethiPhakeng;
d)    Ngaka Philip Hugh Goyns;
e)    Ngaka Ayanda Noah;
f)    Ngaka Antonio Llobell;
g)    Mofumahadi PhindileBaleni;
h)    Moadvokheite GhandiBadela;
i)    Mofumahadi Mokgadi Maseko; le
j)    Monghadi Joel Netshitenzhe.

6.2. Ho Lekgotla la Dilaesense la Ditshebeletso tsa Moyeng:
a)    Ngaka Malindi Neluheni (Modulasetulo);
b)    Mofumahadi Kenosi Selane (Motlatsi wa Modulasetulo);
c)    Moadvokheite Frans Johannes van der Westhuizen;
d)    MonghadiBheki Innocent Dladla; le
e)    Mofumahadi SibongileRejoyceSambo.

6.3. HoLekgotla la Ditshebeletso tsa Moyeng tsa Matjhaba:
a)    Moadvokheite Phetole Patrick Sekhule (Modulasetulo);
b)    Ngaka Xolani David Gwala (Motlatsi wa Modulasetulo);
c)    Mofumahadi DeshneeGovender;
d)    Moadvokheite Lufuno Tokyo Nevondwe; le
e)    Mofumahadi FulufheloVeldaMphuti

6.4. Ho Boto ya Banka ya Naha le Banka ya Ntshetsopele ya Temo.
a)    Moporofesara Abdus Salam Mohammad Karaan (o thontswe hape);
b)    Mofumahadi Susan Ann Lund (o thontswe hape);
c)    Monghadi Mabotha Arthur Moloto (Modulasetulo);
d)    Mofumahadi Njabulo Zwane; le
e)    Mofumahadi DuduHlatshwayo.

6.5. Ho Boto yaTransnet SOC Ltd (Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso):
a)    Mofumahadi Linda Carol Mabaso (Modulasetulo);
b)    Monghadi Stanley David Shane;
c)    Monghadi Mogokare Richard Seleke;
d)    Ngaka Gideon Mahlalela;
e)    Mofumahadi Potso Elizabeth Bridgette Mathekga;
f)    Mofumahadi Zainul Abedeen Nagdee;
g)    Monghadi Vusi Matthew Nkonyane;
h)    Monghadi Peter George Williams;
i)    Monghadi Brett Gerard Stagman;
j)    Mofumahadi Yasmin Forbes (o thontswe hape); le
k)    Mofumahadi Nazmeera Moola (o thontswe hape).

6.6. Ho Boto yaEskom SOC Ltd (Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso):
a)    MonghadiZola Andile Tsotsi (o thontswe hape le ho ba Modulasetulo);
b)    Mofumahadi Chwayita Mabude (o thontswe hape);
c)    Monghadi Norman Tinyiko Baloyi;
d)    Ngaka Pathmanathan Naidoo;
e)    Mofumahadi VeneteJarlene Klein;
f)    Mofumahadi NaziaCarrim;
g)    Monghadi Romeo Kumalo;
h)    Monghadi Mark Vivian Pamensky;
i)    Monghadi Zethembe Wilfred Khoza;
j)    Ngaka Baldwin Sipho Ngubane; le
k)    Mofumahadi Devapushpum Viroshini Naidoo.

6.7. Geoff Qhena o thontswe hape jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO) bakeng sa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri (IDC). Letona Patal o tla tsebisa ditho tse ding kaofela tsa Boto ya IDC matsatsing a mmalwa a tlang.

6.8 Tshebeletso ya Setjhaba/dithonyo tse ding:
a) Thonyo ya CEO ya Banka ya Naha, Monghadi TP Nchocho ho tloha ka la 1 Pherekgong 2015 ka konteraka ya dilemo tse hlano ho fihlela ka la 31 Tshitwe 2019.
b) Thonyo ya CEO ya Koporasi ya Matsete a Setjhaba, Ngaka Daniel Mmushi Matjila hanghang, bakeng sa dilemo tse hlano ho fihlela ka la 30 Pudungwana 2019.
c) Ho thonngwa hape ha Monghadi Murray Michell, Motsamaisi wa Setsi sa Merero ya Mautlwela a tsa Ditjhelete bakeng sa nako ya dilemo tse pedi e ekeditsweng, ho tloha ka la 1 Pherekgong 2015 ho fihlela ka la 31 Tshitwe 2016.
d) Katoloso ya konteraka ya Molaodikakaretso wa Lefapha la Merero ya Lehae, Monghadi MkuseliApleni bakeng sa nako e ekeditsweng ya dilemo tse hlano, ho tloha ka la 1 Mmesa 2015 ho fihlela ka la 31 Hlakubele 2020.
e) Thonyo ya Mohlanka ya ka Sehloohong waTshebetso waLefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha, Monghadi Marks Charles Thibela.
f) Thonyo ya Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete wa Lefapha la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae le Tlhabollo ya Naha, Mofumahadi RendaniSadiki.

Qetello

Kabinete e rata ho lakaletsa e mong le e mong matsatsi a phomolo a monate mme ha re kgutleng ka mafolofolo ka 2015 mmoho ho netefatsa hore re sebetsa ho ya ka thomo ya mmuso. Mmoho, re ntshetsa Aforika Borwa pele.

Dipotso: Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

 

Share this page

Similar categories to explore