Puo ya pulo ya Palamente ka moPresidente Cyril Ramaphosa

Puo ya pulo ya Palamente ka moPresidente Cyril Ramaphosa holong ya Kapa, Kapa bophirima, ka la 18 Phupu 2024

Sipikara sa Palamente, Motlotlehi Thoko Didiza,
Modulasetulo wa Lekgotla la Naha la Diprofensi, Mme Refilwe Mtshweni-Tsipane,
Motlatsi wa Mopresidente, Paul Mashatile,
Mopresidente wa Mehleng, Thabo Mbeki,
Motlatsi wa Mopresidente wa Mehleng eo hape e leng Sepikara sa Mehleng Baleka Mbete,
Motlatsi wa Mopresidente wa Mehleng, Phumzile Mlambo-Ngcuka,
Modulasetulo wa Mehleng wa NCOP, Amos Masondo,
Moahlodi e Moholo Raymond Zondo,
Motlatsi wa Moahlodi e Moholo, Mandisa Maya,
Ramotse wa Phethahatso wa Kapa, Geordin Hill-Lewis,
Dihlooho tsa Ditsi tse Tshehetsang Demokrasi,
Setho se Hlomphehang sa Kgau ya Ikhamanga, Ngaka Esther Mahlangu,
Baeti ba Kgabane le Batho ba Hlomphehileng,
Didiplomate tse Kgabane,
Ditho tse Hlomphehang tsa Palamente,

Maafrika Borwa a matle,

Re kopane mona profensing ya Kapa Bophirima ka mora difefo tse matla le tse tshabehang tse bakileng tshenyo e kgolo malapeng, dikgwebong le meralo ya motheo mme tsa ama mashome a dikete tsa batho profensing ka bophara.

Matsatsing a sa tswa feta, re bone mello ya hlaha e sa laoleng KwaZulu-Natal moo teng ho hlokahetseng batho ba 14 ho kenyelletswa batimamollo ba tsheletseng. Mello eo e boetse e bakile tshenyo ya matlo, diphoofolo le ho makgulo.

Maafrika Borwa ohle a rapella batho bao bohle ba anngweng ke maemo ana a tshosang a maemo a lehodimo nakong ena ba ntseng ba leka ho tsoseletsa ditshenyehelo tsa bona.
Ditho tse Kgabane,

Ke kopile Sepikara sa Palamente le Modulasetula wa Lekgotla la Naha la Diprofensi ho hlophisa kopano ena ya ntlo tse pedi tsa Palamente ho bula Palamente semolao ka letsatsi lena la bohlokwa.

Kajeno, re keteka letsatsi la tswalo la ntate wa setjhaba sa habo rona le mohale wa lefatshe ya tummeng ka kgotso, toka le poelano e leng, Mopresidente Nelson Rolihlahla Mandela.

Naheng ya rona ka bophara le lefatsheng lohle, dimilione tsa batho di hopola letsatsi lena ka diketso tse ntle tsa ho fana ka ditshebeletso tse molemo ba bang le ka ho bontsha kopano.

Ka diketso tsa bona ba bontsha nnete ya bophelo: ya hore motho ke motho ka batho.

Umuntu ngumuntu ngabantu.

Muthu ndi muthu nga vhangwe vhathu. Munhu yi munhu yi vanhu.

Re hopotswa kajeno hore re na le boikarabelo ba ho hlokomela ba bang; le hore boiketlong le thabong ya rona re se lebale banna le basadi bao re phelang le bona.

Re hopotswa hore ha re ntse re sebeletsa ho tswela pele le ho atleha, re na le boikarabelo ba ho netefatsa hore ha ho motho eo re mo siyang ka morao.

Rona Maafrika Borwa re setjhaba sa merabe e fapaneng, e nang le dinalane, dikgollo, ditso ha mmoho le dipuo tse fapafapaneng.

Leha ho le jwalo, re ngatana nngwe, mme re arolelana bokamoso bo le bong.

Ke sona seo batho ba Afrika Borwa ba se boletseng ho Palamente ena le Mmuso ona hore re kopane e le hore re tle re kgone ho tswela pele.

Matsatsing a 50 a fetileng, batho ba Afrika Borwa ba ile ba ya dikgethong ho ya nka qeto ka bokamoso ba naha ya rona. Pele ho dikgetho ba ne ba re bolelletse matshwenyeho a bona le seo ba se labalabelang, ditakatso le ditebello tsa bona.

Ka kgetho ya bona, ba kgethile hore baetapele ba naha ena ba behelle diphapang tsa bona tsa dipolotiki ka thoko mme ba sebetse mmoho ho hlola mathata a maholo ao naha ya rona le tobaneng le ona.

Ba re rometse molaetsa o hlakileng wa hore ntle le kopano, tshebedisano le bolekane, diteko tsa rona tsa ho fedisa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le tlhokeho ya tekatekano di ke ke tsa atleha.

Ka tataiso ena e tswang ho setjhaba, mekga ya dipolotiki ka ho fapana e kgethile ho theha Mmuso wa Naha wa Kopanelo.

Ketsong e so kang e bonwa nalaneng ya rona ya demokrasi, mekga e leshome ya dipolotiki e emetsweng mona Palamenteng ya rona, e dumellane ho rala lenaneo la tumellano hore re ahe Afrika Borwa e ntlafetseng, e nang le tekatekano le toka ho bohle.

Ba tlile mmoho ho sa natswe diphapang tsa bona, hobane kaofela ba itlametse naha e kopaneng, e atlehileng le e kenyeletsang bohle.

Ka Tokomane ya Boitlamo, mekga e entse boitlamo bo tiileng ho hlompha Molaotheo le molao le ho sebetsa ka boikarabelo, ponaletso, boitlhompho le puso e nepahetseng.

Ba dumellane ka Lenaneo la Tshebetso leo ba ka le sebedisang jwalo ka moralo oo ba tla sebeletsa hodimo ona Mmusong ona wa Kopanelo.

Dintlha tsa bohlokwa tse tswang ho lenaneo lena la tshebetso di fumane tshehetso e felletseng ya Seboka sa Kabinete se sa tswa feta, se neng se kopantse matona a sa tswa kgethwa, batlatsi ba ona le ditonakgolo tse sa tswa kgethwa. Baemedi ba bommasepala, balaodi kakaretso ha mmoho le basebeletsi ba ka sehloohong ba mmuso.

Tsena ke tsona dintlha tsa bohlokwa tseo re di hlalosang kajeno.

Kabinete e tla tshwara Seboka se seng sa Maano se tlang ho shebana le Leano la Ntshetsopele la Nako e Mahareng, e tlang ho hlakisa hantle dintlha tsena le hore mmuso o tla di kenya jwang tshebetsong nakong ya dilemo tse hlano tse tlang.

Lenaneo lena la Ntshetsopele le tla hlakisa hantle moralo le ponelopele ya mmuso, le bontshe dipehelo, tsela, mokgwa le nako tseo tsohle di tlang ho fihlwa ka yona. Dipehelo tsena di tla tsamaisana hantle le Kabo ya Ditjhelete eo e leng yona e tla etsa hore tsohle di phethahale.

Mosebetsing ona kaofela, Leano la Naha la Ntshetsopele la Ponelopele ya 2030 e ntse e le lona tataiso bakeng sa kgolo le ntshetsopele ya naha ya rona.

Re tla boela re nka malebela ho Leano la Ntshetsopele la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng le la Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika la 2063 ha re ntse re etsa Moralo wa rona wa Leano la Ntshetsopele la Nako e Mahareng.

Seboka sa Kabinete se tjhaetse monwana boitlamo ba ditho tsohle tsa Mmuso wa Naha wa Kopanelo ba ho sebetsa mmoho le ho ntshetsapele ditabatabelo tsa Maafrika Borwa ohle.

Re ananela boinehele, sekgahla le tjantjello e matla eo Matona le Batlatsi ba ona ha mmoho le Ditonakgolo tse sa tswa kgethwa di ke neng mosebetsing ka yona.

Maafrika Borwa a Matle,

Leha ho bile le seo re se fihletseng dilemong tsena tse 30 tsa demokrasi, le mosebetsi o entsweng dilemong tsena tse hlano tse fetileng o kang ho aha moruo le setjhaba sa rona botjha, dimilione tsa Maafrika Borwa di ntse di sotleha, a hloka mesebetsi le tekatekano.

Dilemong tsena tse leshome le metso e mehlano tse fetileng moruo wa rona o hodile hanyane haholo.

Maemo a Maafrika Borwa kajeno a hloka hore re sebetse ka sekgahla, mafolofolo le ka potlako jwalo ka Mmuso wa Naha wa Kopanelo ha mmoho le banka karolo bohle ba ka sehloohong naheng ena.

Mmuso wa Naha wa Kopanelo o dumellane hore dilemo tse hlano tse tlang di tla lebiswa ho dintlha tse tla ntshetsapele maano a mararo a bohlokwa:

La pele, ho theha kgolo e kenyelletsang bohle ha mmoho le menyetla ya mesebetsi.

La bobedi, ho fokotsa bofuma, le ho lwantsha theko e phahameng ya bophelo.

La boraro, ho aha naha e nang le bokgoni, boitshwaro le ntshetsopele.

Re nkile qeto ya ho beha kgolo ya moruo e kenyeletsang bohle ho ba ntlha ya pele lenaneong la tshebetso la mosebetsi wa Mmuso wa Naha wa Kopanelo.

Re bone dilemong tse 30 tse fetileng hore ha moruo wa rona o hola, mesebetsi le yona e ba teng. Ha moruo wa rona o nyehla ha ho be le mesebetsi mme le e teng e a fela.

Mmuso wa Naha wa Kopanelo o tla latela lenaneo le leng le le leng le kenyang letsoho ho kgolo e tswellang le e potlakileng ya moruo mme le o qhelele ka thoko tsohle tse emang tseleng ya kgolo.

Re dumela hore kgolo e tlameha e kenyeletse bohle, e tlise diphetoho.

Kgolo e kenyeletsang bohle e tlameha ho thusa ho tlisa moruo le menyetla setjhabeng.

E tlameha ho tshehetsa Maafrika Borwa a batho ba batsho, basadi le bohle ba neng ba behelletswe ka thoko ho moruo nakong e fetileng.

Ena ke yona karolo ya sepheo sa Molaotheo sa ho lokisa ditlamorao tsa ho se lekalekane ha nako e fetileng le ho sebetsana le kgatelopele e monyebe ya ntshetsopele.

Ka tshehetso le ho fetola maemo, re ka netefatsa hore bokgoni le dihlahiswa tsohle tsa Afrika Borwa di sebedisetswa molemong wa bohle.

Re tla tswelapele ho latela mananeo a kgothaletsa tshehetso ya moruo ho batho ba batho, tekatekano mesebetsing le ho tshehetsa dikgwebo tse nyane le tse mahareng.

Re tla tswelapele ho sireletsa le hona ho hlompha ditokelo tsa basebetsi tse fumanweng ka thata, le ho lwanela ho ntlafatsa maemo ao ba sebetsang le ho phela ka tlasa ona.

Kgolo e kenyelletsang e hloka hore re etse bonnete ba hore basadi le batjha ba ba le kabelo moruong.

Kgolo e kenyelletsang e hloka hore re tlose dithibelo tsohle tsa botjhaba, moruo, setso le tse ding tse thibelang batho ba sa itekanelang le ba hlokang tshireletso ya setjhaba ho kena moruong wa rona.

Re tla tshehetsa kgolo ya dikgwebo tsa mahaeng le kaho ya meralo ya motheo dibakeng tseo e haellang ho tsona.

Re tla eketsa ditjhelete bakeng sa lenaneo la ho kgutliswa ha lefatshe, re potlakise ho fetisetswa ha lefatshe la mmuso ho ba tlameha ho le fumane. Re tla boela re ntlafatsa le tsela ya ho fumana ditlhapiso ho ba kentseng dikopo ka ho tshehetsa matla a tshebetso a ditsi tse ikarabellang mosebetsing ona.

Ho ka fihlela kgolo e potlakileng, le e kenyeletsang bohle, re tlameha ho lokisa bommasepala ba rona ba sa sebetseng hantle.

Kgolo e tlameha ho etsahala boemong ba bommasepala, moo batho ba phelang le ho sebetsa teng.

Bommasepala ba rona di tlameha ho ba bafani ba ditshebeletso mme ba potlakise kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle. Ba tlameha ho sebeletsa ho hohela boramatsete.

Mokgwa ona wa ho sebetsa oka neha dikgwebo monyetla wa ho hola mme le menyetla ya mesebetsi ya hlaha moo dibakeng tsa bommasepala. Batsetedi ba hohelwa ke dibaka tse nang le meralo ya motheo le disebediswa tse tshepahalang tsa sejwalejwale.

Ho nolofatsa le ho potlakisa meralo le tsela ya taolo tshebetso ho ka etsa ho be bobebe ho dikgwebo ho tsetela le ho sebetsa dibakeng sa bommasepala, e leng se ka thehang menyetla e meng ya mesebetsi.

Jwalo ka mmuso wa naha, re na le boikarabelo boo tswang ho Molaotheo le ho bakgethi hore re thuse bommasepala hore ba kgone ho sebetsa hantle le ka nepo.

Re tla netefatsa hore sebopeho sa bommasepala le tsela eo ba tshehetswang ka yona ka ditjhelete e tlameha ho ba e nepahetseng e tla dumella bomasepala ho sebetsa ka nepo le ka tshwanelo.

Re tla kenya tshebetsong mekgwa e tla thusa hore batho ba nang le bokgoni le mangolo a lokelang ba a hirwa maemong a hodimo ho bommasepala, mme hape ho be le taolo e ikemetseng ha mmoho le tekolo kgirong ya batho bao.

E nngwe ntlha eo re e behileng sehlohlolong ke ho tlisa botsitso taolong ya bommasepala ba baholo mme re tsoseletse le phano ya ditshebeletso.

Re se re qadile mosebetsi ona.

Ha ke ne ke etetse eThekwini pejana selemong sena, ke ile ka kopana le baahi ba toropo eo, baetapele ba dikgwebo ha mmoho le basebeletsi ba mmasepala.

Ba mpolelletse hore ba batla ho sebetsa mmoho ho aha toropo eo ba ka bang motlotlo ka yona hape.

Re se re thehile Sehlopha sa Tshebetso sa Mopresidente sa eThekwini se tla sebedisana le mmuso wa naha le wa profensi ho fetola tsamaiso ya mmasepala oo, ho lokisa mathata a metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere e le hore e tle e kgone ho hohela batsetedi ba batjha.

Re tla sebedisa mokgwa o tshwanang ho bommasepala ba bang ba baholo ba tobaneng le mathata a maholo e le hore bommasepala bana ba tle ba fetohe mehlodi ya kgolo ya moruo le ditsi tsa menyetla.

Dilemong tse hlano tse tlang, ha re ntse re sebetsa mmoho, re ka kopanya bokgoni ba rona bo fapafapaneng mme ra theha tsela ya kgolo ya moruo e kenyeletsang bohle bakeng sa Afrika Borwa ka ho tsetela haholo meralong ya motheo.

Diprojeke tsa bohlokwa di se ntse di tswela pele ho potoloha le naha makaleng a kang, dipalangwang, mebila, metsi, eneji le ho dudiswa ha setjhaba.

Re tla eketsa matsete a rona ho meralo ya motheo ka ho sebedisa mokgwa o tla bang le sekgahla haholo, e leng se tla etsa hore meralo ya motheo e be motheo wa meralo ya rona Afrika Borwa

Re ntse re nolofatsa mekgwa ya taolo ya tshebedisano ya mekgatlo e ikemetseng le mmuso e le ho dumella ntshetsopele ya meralo ya motheo moruong le tshebeletsong tsa setjhaba.

Ho tloha ka ditoropong tse kgolo ho isa ho dibaka tsa rona tsa mahaeng re batla kaofela ha tsona di fetohe mapatlelo a kaho, ha ho tla be ho ahwa mebila, marokgo, matlo, dikolo, dipetlele le ditliliniki. di ahwa, ho hokelwa le dithapo tse ntjha tsa kgokelo ya broadband fibre.

Re tlameha ho sebetsa mmoho ho itlwaetsa ho hlokomela meralo ya motheo le ho e lokisa mme re fumane le tsela ya ho netefatsa hore sena se a etsahala.

Jwalo ka Mmuso wa Naha wa Kopanelo, re ikemiseditse ho matlafatsa mekgwa ya ho tsetela, re kgothaletsa le hona ho dumella dikgwebo ho kgona ho tsetela lekaleng la tlhahiso.

Matsete ana a tla thusa haholo ho theheng mesebetsi bakeng sa Maafrika Borwa a se nang mesebetsi, haholo batho ba batjha.

Re tla tiisa haholo kgolo ya moruo le kgiro makaleng a phano ya ditshebetso, la temo, tlhahiso ya motlakase ka tsela ya tlhaho le la bohahlaudi.

Ho theha mesebetsi e eketsehileng bakeng sa Maafrika Borwa, re tla tsepamisa tlhwekisong ya diminerale tsa rona e le hore re ha re romela thepa matjhabeng, re romela thepa e seng e lokile, re se romele dimenerale tse sa leng tala.

Re tla latela leano le letjha la diindasteri le shebaneng le taba ya ho beha moruo wa rona maemong lekanang le a dinaha tse ding leo hape le kgothaletsang dikgwebo ho hola le ho theha mesebetsi e mengata.

Re tla tswelapele ho sebetsa le mahlahana a rona ho ntshetsapele le ho kenya Maano a Sehlooho ho hodisa diindasteri tsa bohlokwa, ho eketsa matsete le ho theha mesebetsi le ho phahamisa phetoho.

Re tla buisana le dikgwebo tse nyane le ba ithekisetsang diterateng ho nka karolo kgolong ya moruo o kenyelletsang ha mmoho le theho ya mesebetsi.

Re tla shebana ka hloko le ho tshehetsa dikgwebo tse nyane le tse mahareng makeisheneng le dibakeng tsa mahaeng. Re tla isa ditshebeletso tsa moruo moo boholo ba batho ba rona bo dulang teng e le hore ho thehwe mesebetsi e eketsehileng.

Melao ya tsamaiso e diehisa theho ya mesebetsi. Lefapha le leng le le leng le setheo se seng le se seng sa setjhaba se laetswe ho fokotsa dipehelo tse sa hlokeheng tsa taolo tse thibelang borakgwebo ba batsho ho theha mesebetsi.

Re se re bontshitse bohlokwa ba mesebetsi e thehwang ke mmuso le ke setjhaba le ho thehamenyetla ya ho iphedisa.

Lenaneo la Kgiro la Mopresidente, Lenaneo la Kgiro ya Setjhaba le a mang a tlasa Lenaneo la Mopresident la Kgiro ya Batjha a thusitse batjhaba ba bangata ho fumana meputso, boiphihlello ba mosebetsi le menyetla ya ntshetsopele.

Re tla atolosa le ho eketsa mananeo ana hore batjha ba bangata ba fumane menyetla ya mosebetsi le boitsebelo.

Lenaneo lena la Kgiro la Mopresidente, le kgonne ho theha menyetla e ka bang dimiliione tse pedi ya mosebetsi ha mmoho le ditsela tsa ho iphedisa. Re ikemiseditse ho atolla lenaneo lena la kgiro ya setjhaba molemong wa ho theha mesebetsi e eketsehileng.

Re bona kgonahalo e kgolo ya kgolo kantle ho naha ya rona.

Jwalo ka ha re ntse re matlafatsa tshebedisano ya rona ho tsa moruo le balekane ba rona le bao e ka bang balekane ba rona ba kgwebo, re tla beha ka sehlohlolong ho sebedisa Lenaneo la Dinaha tsa Afrika la Kgwebisano e sa Lefellweng Lekgetho ho eketsa dihlahiswa tse matjhabeng le kontinenteng ka bophara.

Re tla etsa sena jwalo ka karolo ya leano la rona la tshebedisano le dinaha tsa matjhabeng, e leng se tla tiisa kgotso, tshireletso, demokrasi le ntshetsopele Afrika ka bophara ha mmoho le ho theha maemo a nang le toka e kenyeletsang bohle lefatsheng ka bophara.

Dilemong tse hlano tse tlang, re tla tsepamisa tshebetso e kgolo tlhahisong ya motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho hore e be karolo ya kgolo e kenyeletsang bohle.

Afrika Borwa e na le letsatsi le moya o mongata bakeng sa ho fehla motlakase.

Jwalo ka ha re fetohela tshebedisong ya motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhao, Afrika Borwa e tlameha ho theha sitsi sa tlhahiso sa dihlahiswa tsa motlakase ona o fehlwang ka tsela ya tlhaho, o fehlwang ka metsi le dihlahiswa tse ding tse kang, makoloi a motlakase le disebediswa tse ding tsa motlakase ona wa tlhaho.

Ho fana ka mohlala, re se re bone ka moo Kapa Leboya e seng e hohetse matsete a balwang ka dibilione tsa diranta a diprojeke tsa motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho.

Mosebetsi o se o qadile wa ho fehla motlakase ka tshebediso ya metsi mane Boegoebaai.

Re se re na le letoto le le lelele la diprojeke tsa motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho tse tla qala, tse tla hlahisa motlakase o ka bang 22,500 MW tse ka bitsang dibilione tse R400 ho tswa dikhamphaneng tse ikemetseng. Matsete a kang ana a tla theha mesebetsi e mengata.

Bekeng yona ena, re bone projeke e kgolo ho feta tsohle ya dikhamphane tse ikemetseng ya motlakase o fehlwang ka letsatsi mane Lichtenburg,profensing ya Leboya Bophirima, moo matlapa a sola a fetang 390 000 a hlahisitseng motlakase wa 256 MW o hoketsweng phepelong ya rona ya motlakase.

Re tla bona tse ding tsa diprojeke tse kang ena di hola naha ka bophara dikgweding le dilemong tse tlang. Ha diprojeke tsena di tiha, seo se tla theha mesebetsi e meng.

Lenaneo la ha Fetohela Mokgweng o Motjha wa ho Fehla Motlakase o hlakisa tsela eo ho tla tsetelwa ka yona ditrilione tse fetang R1.5 morerong ona ho kenyelletswa le tshehetso bakeng sa basebetsi le setjhaba sa Mpumalanga le dibakeng tse ding tse hlahisang mashala.

Afrika Borwa e letsholong la ho fetohela tshebedisong ya motlakase o fehlwang ka tsela ya tlhaho mme sena e tla ba moralo wa kgolo ya moruo le menyetla ya mesebetsi dilemong tse leshome tse tlang le ho feta moo.

Re boetse re na le monyetla o ikgethileng wa ho beha naha ya habo rona pele ho tsa dijithale le ho theha mesebetsi ditshebeletsong tsena tsa dijithale.

Re tla tsetela ho ditshebeletso tsa boitsebiso le tsa ditefello tsa dijithale re eketse le kgokahano ya broadband e theko e tlase, le ho eketsa dithupello ho tsa ditjithale batjheng ba rona.

Ha re ntse re re leka mekgwa ena e metjha ya kgolo ya moruo , re tla tswelapele le ho fumana e meng mekgwa e ka dumellang kgolo ya moruo.

Ka nako yona eo, re tla thakgola mokgahlelo wa bobedi wa Operation Vulindlela, e leng lenaneo la mmuso le sebedisetswang ho tlisa phetoho.

Mokgahlelong ona wa bobedi, Operation Vulindlela e tla tsepamisa tshebetso ho fetoleng tsela eo bommasepala ba sebetsang ka teng le ho ntlafatsa phano ya ditshebeletso tsa sethatho le ho eketsa meralo ya motheo ya dijithale jwalo ka sesebiswa sa bohlokwa bakeng sa kgolo e kenyeletsang bohle ya moruo.

Re tla boela re potlakisa lenaneo la mmuso la ho fana ka lefatshe bakeng sa kaho ya matlo, le ho fetola leano le sebediswang ha jwalo phanong ya matlo ho dumella batho ho fumana matlo a theko e tlase dibakeng tseo ba di ratang.

Re tla phethela ho tlisa diphetoho indasteri ya Afrika Borwa ya motlakase nakong e fetang dilemo tse lekgolo.

Haesale ho phatlalatswa Lenaneo la Phepelo ya Motlakase ka Phupu 2022, re hatetse pele haholo ho fokotseng bohale ba ho tingwa ha motlakase ka sepheo sa ho o baballa.

Nakong ya dilemo tse hlano tse tlang, mmuso o tla tsepamisa tshebetso ho matlafatseng mokgwa wa phepelo ya motlakase.

Hore re be le kgolo e kenyeletsang bohle ya moruo, re hloka ditshebeletso tse sebetsang hantle tsa diterene bakeng sa ho thotha diminerale tsa rona, dihlahiswa tsa temo le thepa e hlahiswang mmarakeng ya rona.

Re tla kgona ho lokisa ditshebeletso tsa ho thotha thepa Afrika Borwa ka ho kenya Lenaneo la Ntlafatso ya Ditshebeletso tsa Tsamaiso ya Thepa tshebetsong.

Mosebetsi oo re o etsang le borakgwebo le mekgatlo ya basebetsi tlasa Lenaneo la Komiti ya Naha la Tharollo ya Mathata a ho Thothwa ha Thepa le bile le kabelo dintlafatsong tseo re di bonang ditshebeletsong tsa rona tsa diterene le boemakepeng.

Bophelo ba batho le kgolo e kenyeletsang bohle ya moruo e itshetlehile ho boteng ba metsi.

Afrika Borwa e na le metsi a haellang mme mathata a maholo a bakwa ke ho hloka meralo le phepelo e tshepahetseng ya metsi.

Re tla tswela pele ho tlisa diphetoho lekaleng la tlhahiso ya metsi e le ho dumella hore ho be le matsete a maholo diprojekeng tse kgolo tsa metsi le ho dipehelo tsa tshebediso ya ona naheng ka bophara.

Jwalo ka ha dikgwebo di hloka metsi le motlakase hore di hole, le moruo o jwalo feela, o hloka boitsebelo.

Moo re bonang re haellwa ka batho ba nang le boitsebelo, re tla tlameha ho fumana ba nang le boitsebelo boo ha mmoho le boiphihlelo.

Re tla tswelape le diphetoho phanong ya di-visa tsa rona tseo re di qadileng dilemong tse mmalwa tse fetileng molemong wa ho hohela boramatsete le batho ba nang le boitsebelo le ho hodisa lekala lena la bohahlaudi.

Re tla tswela pele le leano la kgudiso ya dikgwebo tse nyane molemong wa ho tshehetsa kgolo ya moruo le ntshetsopele mme sena se tla etswa ka mokgwa o tsitsitseng.

Jwalo ka dinaha tse ding, re ile ra tlameha ho kadima tjhelete ho tiisa matlotlo a rona.

Re tla tshwara matlotlo a setjhaba ka tsela e nepahetseng, re laole le dikoloto tsa rona. Re tla leka ka hohlehohle ho fokotsa sekoloto sa rona ka ho sebedisetsa ditjhelete tsa rona dintho tsa bohlokwa tse amang le moruo le ditshebeletso tsa setjhaba.

A mang a maikemisetso a rona jwalo ka Mmuso wa Naha wa Kopanelo, ke ho lwantsha bofuma le ditjeho tse hodimo tsa ho phela.

Re tlameha ho ba le lenaneo le ikgethileng la ho lwantsha bofuma le ho tshehetsa ha mmoho le ho sireletsa batho ba hlokang setjhabeng.

Le nakong eo dikhamphane tse ngata di etsang phaello e kgolo, empa ho ne ho ntse ho ena le dimilione tsa Maafrika Borwa a tshwereng ka thata ka lebaka la manane a nyolohang.

Jwalo ka Mmuso wa Kopanelo, re tla eketsa dihlahisweng tsa bohlokwa tse hlokwang ke setjhaba haholo tse se nang ho lefellwa VAT, re lekole botjha manane a mang ho kenyetsa le tsela eo ho balwang lenane la theko ya peterole ho ka bona moo re ka fokotsang teng.

Ho se be le lefatshe ha batho ke sona sesosa sa bofuma, e leng se nyollang haholo ditjeho tsa bophelo setjhabeng.

Ho neha batho mangolo a bong ba lefatshe, le ho fana ka tshehetso thekong ya matlo, ho thusa batho hore ba be le seo ba ntlafatsang moruo wa bona ka sona.

Ho se be le moputso ke se seng sesosa sa bofuma.

Tsela e bobebe ya ho lwantsha bofuma ke hore batho ba fumane mesebetsi. Re ile ra etsa matsapa a mangata a ho tshehetsa batho ba sa sebetseng jwalo ka ho qalwa ha Letlole la Tshehetso la Tjhelete la nakong ya Covid.

Tshehetso ena e se e thusitse batho ba bangata ba sa sebetseng.

Re tla sebedisa tjhelete e kang ena jwalo ka mohato wa pele wa ho tshehetsa ba sa sebetseng esitana le ho lwantsha bofuma.

Bommasepala ba tlameha ho kenya lenaneo la thuso ya ba sa kgoneng ho lefella ditshebeletso ka nepo, e le ho thusa maqheku le ba fumanehileng ditefellong tsa ditshebeletso tsa bona.

Re tla kopanya thuso ena le mefuta e meng ho leka ho imolla setjhaba sa rona bofumeng.

Re le naha, re tlameha ho leboha boleng ba thuto ya rona e sebetsang hantle e thusang haholo ho fokotsang bofuma le ho nyolla moruo o kenyeletsang bohle.

Re tla lwantshana le taba ya ho fumana tsela ya hore bana bohle ba be le lenaneo thuto le tshwanang la bana ba so kang ba qala ho kena sekolo, mme le bonwa le tla thusa haholo nakong eo ngwana a seng a ya sekolong ka yona.

Re tla netefatsa hore dikolo di ba maemong a lokelang le diphaposi tsa borutelo re ba le tse lekaneng, ho be le polokeho ha mmoho le ditlhoko tsa tsamaiso ya dikgwerekgwere, metsi le dijo ho ba di hlokang.

Ho netefatsa hore re fumana batho ba nang le boitsebelo bo hlokahalang boruong wa rnona, re tlameha ho eketsa dithuto dikolong tsa rona tsa mosebetsi wa matsoho re boele re behe dithuto tsa maitsebelo a hlokahalang haholo pele.

E nngwe tsela ya ho netefatsa hore re fokotsa ditjeho tse hodimo tsa bophelo dilemong tse hlano tse tlang, ke ho netefatsa hore motho ohle Afrika Borwa o kgona ho fumana ditshebeletso tsa boleng tsa bophelo bo botle.

Jwalo ka ha re tlo kenya Inshorense ya Naha ya Dithuso tsa Bophelo bo Botle, re tla tsepamisa tshebetso ya rona haholo ntlafatsong ya meralo ya rona ya motheo, re ntlafatse thupello a basebeletsi ba tsa bophelo bo botle le ntlafatsa thekinology ya tsamaiso ya tsa bophelo bo botle.

Leha ho sa ntsane ho na le dikgulakgulano ka NHI, empa ho teng moo re dumellanang teng ka seabo sa mmuso le lekala le ikemetseng ho netefatsa hore Maafrika Borwa a fumana tshebeletso tse tshwanang tsa bophelo bo botle.

Ke na le tshepo ya hore ho kengwa ha NHI tshebetsong ho tla kopanya banka karolo bohle mme re kgone ho rarolla ho se dumellane le ho hlakisa moo re sa utlwaneng teng.

Jwalo ka ha batho ba bangata ba dula hole le dibaka tse fanang ka ditshebeletso, ba sebedisa tjhelete e ngata ho palameng ho ya fihlela ditshebeletso tseo, e leng se nyollang ditjeho tsa bophelo.

Ntho eo re tlamehang ho e potlakisa mona ke ho lokisa tsamaiso ya diterene tsa rona hore batho ba tle ba kgone ho tsamaya ha bobebe ho ya ditoropong.

Ke diporo tsa diterene tse ka bang persente tse 80 tse sebetsang hape mme ke diteishene tse ka bang 300 tse neng di sentswe mme tse seng di tsoseleditswe jwale, mme di fana ka tshebeletso e hantle ho bapalami.

Leano la boraro la Mmuso wa Kopane ke ho aha mmuso o sebetsang hantle le o nang le bokgoni le ntshetsopele.

Re tla tswelapele le mosebetsi o seng o qadile wa ho fetola ditshebeletso tsa mmuso hore e be tsa profeshenale, le ho netefatsa hore re hira batho ba nang le boitsebelo, bokgoni le botshepehi.

Re tla tswelapele ho lwantsha bobodu le ho thibela ho itshunyaka ha boradipolotiki taolong ya ditshebeletso tsa mmuso.

Nakong ya mmuso ona, re tla qetella mosebetsi wa ho tsoseletsa maemo a ditjhelete le ntlafatso ya tshebetsoletso tsa dikgwebo tsa mmuso (SOEs).

Re tla qetella ho kengwa tshebetsong ha leano la ho theha sitsi se setjha sa taolo ya di-SOEs. Sena se tla ntlafatsa tshebetso e ntle, e nepahetseng le e nang le boikarabelo le e hlakileng ho bohle ha mmoho le ho fokotsa kgonahalo ya ketso tsa bobodu.

Ho thehwa ha khamphane e kgolo e tla okamela di-SOE ho tla thusa mmuso ho ba le letlole la ona.

Ho na le dinaha tse kgonneng ho etsa sena mme dinaha tseo dikgonne ho ba le letlole la mmuso ho tswa phaellong e tswang ho di-SOE, e seng hore e tswe lefapheng la matlotlo.

Hore re kgone ho lwantsha bonokwane le bobodu, re tlameha ho ditsi tse pele tse qobellang molao tse tla kgona ho lwantsha diketso tsa bonokwane bo hlophisitsweng.

Re tla sebedisa thekenoloji ya sejwalejwale ho lwantsha bonokwane. Re tla sebedisa yona thekenoloji ena ho hlwaya dibaka tse tummeng ka bonokwane, re sebedise ditshebeletso tsa sepolesa le mekgwa e meng ya thibelo ya bonokwane.

Re tla tswelapele ho lwantsha bonokwane bo tsebahalang bo kang, ho rafa ho seng molaong, dintwa tsa maqulwana, ho tshwara poho makoloi a tsamaisang tjhelete le maqulwana a lwantshang lekala la tsa kaho. Re tla sebedisa lekala la rona le ikgethileng la sepolesa letsholong lena.

Re tla tswelapele ho kenya tshebetsong Leano la Naha la Twantsho ya Tlhekefetso ya Basadi le Dipolao tsa bona (GBV), re ntlafatse le ditshebeletso tsa tshehetso tse kang Ditsi tsa Thuthuzela le hoba le karolo e shebaneng le GBV diteisheneng tsa rona tsa sepolesa.

Ba heso,

Dilemong tse mashome a mararo tse fetileng, Mopresidente Nelson Mandela o ne a eme hona Palamenteng ena a bua ka matsatsi a 100 ka mora ho thehwa ha Mmuso wa Naha wa Kopanelo.

Ha a ne a ananela maikutlo a fapafapaneng a mekga e fapafapaneng mmusong o ne a re:

“Se re kopantseng ke boinehelo ba ho tlisa poelano naheng ena le ho ntlafatsa botsitso ba yona.”

Re ka pheta mantswe ao ka Mmuso ona wa Kopanelo o thehilweng ke mekga a leshome ho e nang le kemedi mona Palamenteng.

Re na le boinehelo bo tshwanang ba ho tlisa poelano naheng ka ho tlisa toka le katleho ho bohle.

Re itlama ho ntlafatsa naha ya habo rona ha mmoho le setjhaba sa yona ka kgolo ya moruo o kenyeletsang bohle, ho theha mesebetsi le ho fokotsa bofuma.

Ona ke mosebetsi o re amang kaofela.

Moketeng wa Peho ya Mopresidente, ke ne ke etse boitlamo ba hore re tlameha ho sebetsa mmoho re tshware Puisano ya Naha ho tshohla diphephetso tse tobaneng le naha ena mme re dumellane ka se molemo bokamosong ba yona.

Setjhaba kaofela se tshehetsa taba ya Puisno ya Naha.

Ba boletse ha e tlameha ho akaretsa ditho tsohle tsa bohlokwa naheng ena. Ho tlameha ho ba le kemedi ya setjhaba, marena, baruti, basebetsi, borakgwebo, basetso, dibapadi le makala a mang ho tla tshohla tse amanang le naha ya habo rona.

Re hloka Puisano ya Naha e tla tshwana le Seboka sa Setjhaba sa 1955, Seboka sa Bokamoso ba Demokrasi ka 1989, Seboka sa Puisano ya Demokrasi ya Afrika Borwa mathwasong a dilemo tsa bo 1990 ho kenyeletsa le ho ngolwa ha molatheo wa rona o motjha ka 1996.

Jwalo ka ha re ile ra etsa pele dinakong tse ikgethang tsa nalane ya rona, re ikemiseditse ho etsa jwalo le hona jwale, ho betla tsela e tla fihlisa naha ena ditabatabelong tsa yona.

Ka yona Puisano ena ya Naha, re tla tlameha ho ba masole a diphetoho, a moruo o kopantseng bohle, le a ho theha menyetla.

Dilemong tse mmalwa tse fetileng, mekgatlo le mekga e ikgethang e ne e kopane naheng ka bophara ho tla sekaseka bokamoso ba naha ya rona.

Batho bana ba bitswa Indlulamithi Scenarios 2035.

E nngwe ya ditshwantshiso tseo ba neng ba di hlalose e ne e bitswa ‘The Recrimination Nation’, ba sebedisa nonyana ya lengaangane jwalo ka letshwao la bona..

Sena se hlalosa nako eo ka yona naha e neng e hloleha ho rarolla mathata a yona, moo motho ohle a neng a supa e mong ka mathata a Afrika Borwa. Tshwantshiso ena e bontsha naha ya rona e fokola.

Tshwantshiso ya bobedi e bontsha manong, a bontshang mmuso wa batho ba habang sa mpa tsa bona.

Tshwantshiso ena e bontsha boramatsete ba fellwa ke tshepo, moruo o putlama, mesebetsi e fela, bofuma le ho se lekalekane ho phahama.

Ba boetse ba sebedisa tshwantshiso eo ba e bitsang ‘Naha e Sebedisanang”, eo letshwao la yona e leng nonyane ya matholopje.

Tshwantshiso ena e bontsha tshebedisano ya mekga ya dipolotiki, mmuso, dikgwebo le setjhaba ka mora ditshitiso le mehwantwo ho leka ho fumana mokgwa wa ho sebedisana.

Ho na le phetoho mokgweng wa puso le diphetohong tse tlisang kgolo ya moruo, matsete, phokotseho ya bofuma le ho se lekalekane.

Ka ho theha Mmuso wa Kopanelo, le ho ba le Puisano ya Naha, re betla tsela e re tlisang ‘setjhabeng se sebedisanang’.

Re ka rata ha Maafrika Borwa kaofela a ka tshwana le dinonyane tsa matholopje. Tsena ke dinonyana tse ntle haholo, tse kopanang ho aha dihlaha tsa tsona.

Ho siya diphephetso tsohle, diphapang tsohle le diqabang tsohle, jwalo ka Maafrika Borwa, re na le mosebetsi o re emetseng, e leng ho sebedisana ho tlisa tshebedisano le kgolo e kenyeletsang bohle.

Pejana kajeno, ho na le sehlopha sa Afrika Borwa se kgonneng ho fihlela tlhoro ya thaba e phahameng ho di feta Afrika, e leng ya Kilimanjaro.

Ba entse seo ho tlotla letsatsi la tswalo la Nelson Mandela, le ho tshwaya dilemo tse 30 tsa tokoloho.

Sehlopha sena, se ne se ipitsa Trek4Mandela, mme ho teng ba ileng ba tsamaisana le bona ho tswa dinaheng tse ding ho tswa lefatsheng ka bophara ho thusa ho fumanela banana ba leng tlase dilemong tjhelete ya ho reka di-pad tsa bona tsa hoba matsatsi e leng se tla etsa hore ba se tlodise matsatsi a sekolo.

Le rona ha re hateng mehlaleng ya bona.

Ha re nkeng phihlelo ya bona e le kgothatso ho rona jwalo ka Maafrika Borwa hore haho tutudu kapa thaba e ka re hlolang ho e nyoloha.

Ke phethela ka ho qotsa mantswe a Martin Luther King Jr, ha a ne a re:

Ha re phahameng bosiung bona re be Malala-a-laotswe. 

Ha re emeng ka boitshepo bo boholo. 

Ha re tsweleng pele matsatsing ana a bohlokwa, matsatsing ana a diphephetso, re etseng Afrika Borwa seo e tlameng hoba sona. 

Re na le monyetla wa ho etsa Afrika Borwa setjhaba se betere.

E se e ka Modimo a ka hlohonolofatsa Afrika Borwa mme a baballa setjhaba sa yona.

Nkosi Sikelel’ iAfrika.

Ha e lale.

Issued by
More from
More on

Share this page

Similar categories to explore