Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 23 Loetse 2015

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e amohetse ho thakgolwa ha phatlalatso ya bosupa ya Ditshupane tsa Ntshetsopele (2014) ka la 20 Loetse 2015, tse hlahisitseng maemo a hajwale a ntshetsopele ya Aforika Borwa. Ditshupane di bopa kutlwisiso e betere ya kgahlamelo ya maano a fapafapaneng a mmuso le boikitlaetso ba phano ya ditshebeletso hodima ntshetsopele ya naha.

Ditshupane hape di kgothaletsa dingangisano mabapi le diphephetso tse tobaneng le naha ya rona le ho sebetsa jwaloka matshwao a thusang ho hlalosa mekolokotwane leetong la rona la diphethoho ho tsa kahisano. Di sebetsa jwaloka kgothatso ho rona bakeng sa hore re sebetse mmoho ho fihlella dipheo tsa nako e telele le e mahareng jwaloka ha di tekilwe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) – Pono ya 2030 le Moralo wa Lewa la Nako e Mahareng.

1.2. Kabinete e amohetse ho thonngwa ha bomakgiseterata ba 154 ba setereke ka hara makgotla a dinyewe a fapafapaneng a bomakgiseterata naheng ka bophara. Sa bohlokwa ke hore ba 90 bona ke basadi, ba emelang 59% ya bohle ba thontsweng. Ntlha ya hore bomakgiseterata ba 141 ke batho ba batsho mme ba 13 ke ba basweu e tla ntlafatsa ka bokgabane diphethoho tsa semorabe le bong makgotleng a tlase dinyewe. Dithonyo tsa moraorao di latela ho thonngwa ha bomakgiseterata ba lebatowa ba 57 ka la 2 Tlhakola 2015, se tlisang palo yohle ya bomakgiseterata ba thontsweng selemong sena ho 211, e leng ntho e so kang e etsahala dilemong tse 21 tsa demokerasi ya rona.

1.3. Kabinete e amohetse ho behwa ha Aforika Borwa hara dinaha tse tharo tse ka hodimo ho Lenaneo le Bulehileng la Ditekanyetso la 2015, e leng tekanyo e le nngwe feela lefatsheng e ikemetseng, e bapisang ya ditekanyetso, bonkakarolo le bodisa. Sena se beha Aforika Borwa hantle jwaloka moetapele wa lefatshe ho tsa ponaletso ya ditekanyetso. Tse ding tsa diphethoho tseo naha e di kentseng tshebetsong mahareng a 2010 le 2015 di kenyeleditse moralo o motjha bakeng sa merero ya lewa le meralo ya tshebetso ya selemo ka seng, le boitlamo ba mmuso ba ho sebetsa mmoho le mekgatlo ya badudi ho netefatsa bonkakarolo bo eketsehileng tsamaisong ya ditekanyetso.

1.4. Kabinete e amohetse tsebiso ya hore Aforika Borwa e tla nka ketapele jwaloka Modulasetulo ya ka Sehloohong wa Bolekane bo Bulehileng ba Mmuso (OGP). OGP ke boikitlaetso ba dinaha tse ngata ba ho tiisetsa boitlamo bo tiileng ho tswa mebusong bakeng sa ho kgothaletsa ponaletso, ho matlafatsa baahi, ho lwantsha bobodu le ho qhaneha dithekenoloji tse ntjha bakeng sa ho matlafatsa tsamaiso ya mmuso. Aforika Borwa, Brazil, Indonesia, Mexico, Norway, Philippines, United Kingdom le Amerika ke tsona ditho tsa motheo tsa boikitlaetso bona.

Nakong ya ho tshwara marapo jwaloka Modulasetulo ya ka Sehloohong, Aforika Borwa e itlama ho phahamisa maemo a sepolotiki a OGP ho netefatsa bonkakarolo le boikarabelo maemong a Dihlooho tsa Dipuso. Aforika Borwa hape e tla tsepamisa maikutlo bakeng sa ho kenyeletsa ka bobatsi OGP ka hara lenaneo la dinaha tse ngata tsa matjhaba ho Kopano Kakaretso (UNGA) ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UN), Sehlopha sa ba 20 le mapatlelo a mang.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tshehetsa hore Aforika Borwa e tshware Seboka sa bobedi sa Commonwealth se mabapi le Mosebetsi wa Batjha ka Tlhakubele 2016, ka ho kopa Bongodi bo ka Sehloohong ba Commonwealth. Lefapha la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo le tla imatahanya le Bongodi bo ka Sehloohong ba Commonwealth, Yunivesithi ya Aforika Borwa le Lekala la Naha la Ntshetsopele ya Batjha bakeng sa ho hlophisa seboka. Seboka sena ke matsete ho ntshetsopele ya batjhaba ba Aforika Borwa bao palo ya bona e ntseng e eketseha, mme hape se tla fana ka lepatlelo la ho etsa hore ntshetsopele ya basebetsi ba batjha e be ya seporofeshenale le ho ba hodisa jwaloka bafani ba mantlha ba ditshebeletso ho batjha.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Ditataiso tse Hlwahlwa tsa Tsamaiso ya Kgwebo bakeng sa Dikhamphani tse Sebetsang ka hara Aforika. Ditataiso tsena ke dipehelo tsa boithaopo tse imatahanyang le melao le maemo a ananelwang matjhabeng tse hodisang boitshwaro bo nang le boikarabelo ho tsa kgwebo ka hara kontinente ya Aforika. Di fana ka moralo o tataisang bakeng sa dikgwebo tsa Aforika Borwa ho kgothaletsa ntshetsopele ya moshwelella ka hara Aforika. Hape di kgothaletsa dikhamphani tsa Aforika Borwa ho matahanya ho kenella le ho sebetsa ha tsona le merero ya mmuso ya kopano le ntshetsopele ka hara Aforika le ho aha boitshepo ba kopanelo, ho tshepahala le molemo bakeng sa dikhamphani le ditjhaba tseo di sebetsang ho tsona.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana kamohelo ya Annex ya ho hlophisa Seboka sa Makgetho a Madibohong sa Aforika e Borwa (SACU). Seboka sena, se kenyeletsang Dihlooho tsa Dipuso kapa Mmuso wa setho ka seng sa puso, se tla fana ka tsela ya sepolotiki le ya lewa ho SACU. Ditho tsohle tsa dipuso tsa SACU di tshwanela ho saenela tumellano hore seboka e tle e be setheo se phahameng ka ho fetisisa sa ho nka diqeto tsa SACU.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho ntshuwa ha Lengolo la Tshehetso ho Khomishene ya Kopano ya Aforika bakeng sa Mokgatlo wa Bafani ba Tshebeletso ya Inthanete tsamaisong ya kopo bakeng sa ho tshwara Kopano ya Phapanyetsano ya Inthanete ya Lebatowa. Sena se nyehela ho kopanelo ya Lebatowa le ho aha dikaho tsa motheo tsa marangrang tse bolokehileng le tse tshepahalang ho mekamekana le ditseko tse tsepameng tsa tlhahisoleseding le tsebo tsa setjhaba.

Sena se fohla bolekane le tshebedisano-mmoho pakeng tsa dikaho tsa Aforika mme hape e beha Aforika Borwa maemong a ho ba moetapele wa lefatshe ho ntshetsopele, phano le tshebediso ya Thekenoloji ya Tlhahisoleseding le Dikgokahanyo (ICT). Ho boloka sephethephethe sa lebatowa ka hara naha ho tla theola ditjeho tsa ho hokahana le ho hodisa tlhahiso ya mesebetsi, ntlafafatso, boetapele ba dikgwebo le mapatlelo a ditshebeletso tsa mmuso tsa inthanete, mmoho le ho netefatsa hore Aforika e na le bolaodi ba tlhahisoleseding ha yona le tsohle tsa inthanete.

2.5. Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tshware mmoho Foramo ya Matona bakeng sa Ntshetsopele ya Bophelo bo Botle ya China-Aforika tlasa mookotaba: “Kgodiso ya boteng ba tshebeletso ya tlhokomelo ya kalafo ka hara Aforika, Ntlafatso ya Tshebedisano-mmoho ya China-Aforika ho tsa Bophelo bo Botle ba Setjhaba nakong ya kamora Ebola” ho tloha ka la 4 ho isa ho la 6 Mphalane 2015 Motse Kapa. Boikitlaetso bona ke ka lebaka la Foramo e mabapi le tshebedisano-mmoho ya China-Aforika, e behang bophelo bo botle e le karolo ya bohlokwa ya tshebedisano-mmoho ya China-Aforika. Haufinyane tjena, China e itlamme ka mehlodi ya bohlokwa bakeng sa ho thibela ho ata ha sekgahla sa Ebola ka hara Aforika Bophirima.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Melao ya Naha ya Taolo ya Tikoloho, ya 2015 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Bili ena e hlomathisa Molao wa Naha wa Taolo ya Tikoloho, wa 1998 (Molao 107 wa 1998) le melao e mengatanyana e itseng ya taolo ya tikoloho. Dihlomathiso di matlafatsa, hara tse ding, taolo ya tikoloho e kopanetsweng, mokgwa ya boimatahanyo le tiisetso, phapano ya tsa tlhaho le paballo ya tlhaho, boleng ba moya le taolo ya matlakala.

3.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Sehlomathiso sa Baphaphathehi, ya 2015 Palamenteng. Dihlomathiso di eketsa bokgabane le bohlwahlwa ba tshebetso ya tsamaiso ya ho kenngwa tshebetsong ha tsamaiso ya botshabelo, mme ke karolo ya tjhebo botjha e phatlalletseng ya Leano la Bofalli le ntseng le le tseleng.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Tsamaiso ya Letlole la tsa Toka, ya 2015 ho Palamente. Bili e bopa moralo wa molao o tla eketsa boikarabelo le ho sebetsana le diphetho tsa hlahlobo ya Mohlahlobi-Kakaretso wa ditjhelete ka ho matlafatsa bohlwahlwa ba makala le ho fetola ditshebeletso tsa toka.

Bili hape e fana ka ho thehwa ha Tsamaiso ya Letlole la tsa Toka ho laola tsamaiso ya bolaodi, matsete le tshebediso ya tjhelete ya Matlole a Motho wa Boraro (eo hape e bitswang ‘Ditjhelete tse Botshepeding’), tse kang ditjhelete tsa kotlo le tsa beile.

3.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Bili ya Lekala la Taolo ya Meedi (BMA), ya 2015 Palamenteng. Bili e reretswe ho theha BMA e tla tsitsisa motsamao o bolokehileng wa ho tshela meedi, ho thusa kgwebisano le ditshwanelo tsa polokeho ya naha ka hara moelelo wa ditshwanelo tsa Aforika Borwa tsa lebatowa, tsa Aforika le tsa matjhabeng. Bolaodi bona bo le bong ba tiisetso ya molao ho tsa meedi bo fana ka bokgoni ba ditshebeletso tse bolokang ditjeho, polokeho e matlafaditsweng le taolo e betere ya tikoloho ya meedi.

4. Diketsahalo tse tlang

4.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho UNGA ya bo-70 New York, ho la Amerika tlasa mookotaba: “Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng dilemong tse 70: tsela ya ho ya pele bakeng sa kgotso, polokeho le ditokelo tsa botho”. Seboka sa UN sa Ntshetsopele ya Moshwelella ho tloha ka la 25 ho isa ka la 27 Loetse 2015 se ntse se hlophiswa hanghang pele ho UNGA bakeng sa kamohelo ya Lenaneo la Ntshetsopele la kamora 2015.

Lenaneo le letjha la ntshetsopele ya moshwelella le tla sebetsa jwaloka sebaka sa thakgolo bakeng sa qalo ya tshebetso ke badudi ba matjhabeng le mebuso ya dinaha bakeng sa ho kgothaletsa tswelopele e kopanetsweng le tshebedisano e ntle bakeng sa bohle nakong ya dilemo tse 15 tse tlang. Ka la 25 Loetse 2015, Mohalaledi Mopapa Francis o tla tshetlehela UNGA puo, mme Dingangisano tsa Kakaretso di tla etsahala ho tloha ka la 28 Loetse ho isa ho la 6 Mphalane 2015. Aforika Borwa e kgotsofetse hore merero ya ntshetsopele ya moshwelella e tla tswela pele ho tsepamisa maikutlo a lefatshe hodima ho lwantsha bofuma, ho se lekalekane le ntshetsopele ya moshwelella.

4.2. Lefapha la Dipalangwang le tla kenya tshebetsong letsholo la Kgwedi ya Mphalane ya Dipalangwang (OTM) ho tloha ka la 1 ho isa ka la 31 Mphalane 2015 tlasa mookotaba “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele”. OTM e tshwarwa selemo ka seng jwaloka kgwedi ya tsepamiso ya maikutlo eo sepheo sa yona e leng ho pepesa diporojeke tsa meralo ya motheo ka diphihlello tse ka sehloohong ho mekgwa ya dipalangwang e kang ya mebileng, difofane, mawatle, diterene le dipalangwang tsa setjhaba. Diporojeke tse ka sehloohong di tla kenyeletsa ho bulwa semmuso ha dintshetsopele tsa meralo ya motheo ya mebila e jwaloka Porojeke ya Moria ya R71. Moria Project (mateanyetso a ntlafatso ya boipaballo); Mateanyetso a Umgeni le Mmila wa Denneysville-Sasolburg ka hara Foreisetata ke Lekala la Mebila la Naha, ka tshebedisano-mmoho le mafapha a diporofense a mebila le dipalangwang.

OTM hape e tla sebediswa ho phahamisa letsholo la Matsatsi a 365 la Boipaballo Mebileng, le etellwang pele ke lefapha le ho kenngwa tshebetsong mmoho le ditheo tsa dipalangwang ka thomo ya boipaballo mebileng le lekala la poraefete le mekgatlo e sa etseng phaello. Koporasi ya Taolo ya Sephethephethe e tla hlahisa ditjhifi tse sebetsang dihora tse 24 tsa tshebetso bakeng sa bahlanka ba sephethephethe ho thibela dikotsi tsa mebileng. Mmuso hape o hlahisitse mangolo a thuto bakeng sa bahlanka ba sephethephethe ho tswa ho Moralo wa Naha wa Mangolo a Dithuto (NQF) 4 ho isa ho NQF 6 bakeng sa ho tswela pele ho etsa hore lekala la sephethephethe e be la seporofeshenale.

Letlole la Dikotsi tsa Mebila (RAF) le tla tswela pele ho fana ka tlhokomelo ya kamora kotsi le tshehetso e amanang le tshehetso ya mahlatsipa a dikotsi tsa mebila le malapa a amehileng, mme hape le ho fihlella badudi ka letsholo la ho etela metse la RAF.

4.3. Lekgetlo la pele Aforika Borwa e tla tshwara Khonferense ya Matjhaba ya Aforika Borwa ya Eneji e ka Hlabollwang Botjha ho tloha ka la 4 ho isa ka la 7 Mphalane 2015 ho la Motse Kapa, tlasa mookotaba: “Re matlafatsa Aforika Botjha”. Khonferense e tla beha hantle menyetla ya eneji e ka hlabollwang botjha e teng ka hara Aforika Borwa le hore Aforika e be bahlahisi ba matla a ka hlabollwang botjha, jwaloka sebaka sa bona sa matsete a latelang.

Aforika Borwa, ka Lenaneo la yona la Theko la Bahlahisi ba Ikemetseng ba Eneji e ka Hlabollwang Botjha, e ba e nngwe ya dimmaraka tse kgolo ka ho fetisisa bakeng sa eneji e ka hlabollwang botjha. Bokamosong matla a mafura a diphedi, matla a moya, matla a letsatsi le matla a metsi a tla nyehela dikikabaete tse 11.4 tsa eneji e ka hlabollwang botjha ho marangrang a naha.

Lefapha la Saense le Thekenoloji le tshehetsa maano a naha a eneji ka diphuputso le ntshetsopele ho dithekenoloji tsa khabone e tlase kapa e siyo tse ka sebediswang kgwebong le ho fanwa, bakeng sa ho eketsa polokeho le phumantsho ya eneji ho maAforika Borwa kaofela. Mekutu e meng ya ho fapantsha maemo a rona a eneji e kenyeletsa ntshetsopele ya dithekenoloji tsa disele tsa mafura a haedrojene ka tshebediso ho thuso ya malapeng le phano ya mantlha ya motlakase, dipalangwang tsa motlakase – haholoholo makaleng a merafo leboithabiso – bakeng sa dipalangwang tsa merafo, kekeletso ya boholo ba motsamao wa dikariki tsa kolofo le diteishene tsa hloma-o-hlomolle tsa dikgokahanyo.

Jwale re kgona ho hlahisa le ho kopanya disebediswa tse fapafapaneng ho ba letoto la disebediswa tse fehlang eneji bakeng sa ditshebediso tsena tseo hajwale di kentsweng ditekong. Molemo wa Lenaneo la dithekenoloji tsa rona tsa mafura a haedrojene le mafura a disele ke tshebediso ya polatinamo eo hape e tla bula menyetla ho mmaraka wa disebediswa tsa makoloi le ho kgothaletsa bokgolamolemo ho o mong wa diminerale tsa rona tse ngata. Ntlheng ena, re thehile le ho matlafatsa bolekane ba rona le lekala la poraefete ho etsa diteko tsa ho qetela le ho kenya kgwebong disebediswa tse fapafapaneng le ditharollo tse felletseng tsa eneji.

4.4. Mmuso o tla keteka Kgwedi ya Ntshetsopele ya Setjhaba ka Mphalane ka ho hlakisa mananeo a phediso ya bofuma le ho atolosa menyabuketso ya ona ka Porojeke ya Mikondzo ho fihlella maAforika Borwa oohle a tsietsing. Ho tloha ka tshimoloho ya Porojeke ya Mikondzo ka 2013, bahlanka ba mmuso ba se ba etetse diwate tse fetang 900 tse nang le maemo a phahameng a bofuma le tlhoko ya mosebetsi bakeng sa ho utlwisisa ka botlalo ditlhoko tse fapaneng tsa badudi.

Jwaloka ka karolo ya diketsahalo tsa Mphalane, Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba le tla boela le tshwae sehopotso sa bo-10 sa Lekala la Aforika Borwa la Polokeho ya Kahisano (SASSA), le fanang ka dithuso tsa ditjhelete tsa kahisano tseo hajwale di tswelang molemo batho ba dimilione tse 16.8, mme dilemong tse leshome tse fetileng le se le thusitse le ho fokotsa bofuma le ho ntlafatsa polokeho ya dijo hara malapa a fumanehileng. Lefapha le boetse le buletse nako ya ho etsa dikopo bakeng sa dithuso tsa dithuto tsa basebeletsi ba kahisano mme batho ba nang le kgahleho ba kgothaletswa ho etsa dikopo pele ho la 31 Mphalane 2015. Tlhahisoleseding e batsi e fumaneha ho www.dsd.gov.za

4.5. Kabinete e hlompha matitjhere kaofela ka Letsatsi la Lefatshe la Matijhere ka la 5 Mphalane 2015 le ho lebisa diteboho tsa yona ho bona ka boitlamo, boitelo le mamello bakeng sa ho lokisa dikelello tse nyane le tse ntseng di hola tsa baithuti ba rona bakeng sa bokamoso.

Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa a matjha a nang le kgahleho ho etsa dikopo bakeng sa Lenaneo la Dibasari la Funza Lushaka, e leng lenaneo la dilemo tse ngatanyana la ho kgothaletsa botitjhere jwaloka lekala la porofeshene, ho tloha ka la 1 Mphalane 2015. Tlhahisoleseding e batsi e fumaneha ho www.education.gov.za. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa kaofela, haholoholo batjha ho leka botitjhere jwaloka lekala leo ba le kgethang.

4.6. Kabinete e ipiletsa ho maAflorika Borwa ho keteka dinaledi tsa rona tsa dipapadi ka ho ba kgetha bakeng sa Dikgau tsa Dipapadi tsa 2015 pele ho mafelo a Loetse 2015. Tlhahisoleding e batsi e fumaneha ho www.srsa.gov.za

4.7. Lefapha la Dipapadi le Boikgathollo la Aforika Borwa ho tloha ka la 5 ho isa ho la 10 Mphalane 2015 le tla tshwara Dikampo tsa Batjha ka hara diporofense tsohle bakeng sa ba dilemo tse 15 ho isa ho tse 23. Dikampo tsa batjha ke karolo e phatlalletseng ya mmuso bakeng sa ho ntshetsapele batho ba batjha, ho ba matlafatsa mabapi le maitshwaro a batlehang, maitsebelo le tsebo tse ka ba thusang bakeng sa ho ba baahi ba nang le boikarabelo.

4.8. Kabinete e kgothaleditse maAforika Borwa ho tshehetsa Letsatsi la pele la selemo ka seng la Naha la Boikgathollo, e leng se tla etsahala ka la 2 Mphalane 2015. Ka la 10 Tshitwe 2014, Kabinete e ile ya etsa qeto ya hore letsatsi la Labohlano la pele la Mphalane selemo ka seng le tshwanela ho ba Letsatsi la Boikgathollo. Letsatsi lena le tla fana ka monyetla ho maAforika Borwa oohle ho kena ka mafolofolo diketsahalong tsa boikgathollo tse tla ntlafatsang bophelo ba bona bo botle le ho phela hantle. Baahi ba phetseng hantle le ho ba mafolofolo ke ntlha ya bohlokwa bakeng sa ho fihlella dipheo tsa NDP.

4.9. Kabinete e lakaletsa sehlopha sa Proteas mahlohonolo leetong la bona la kirikete la ho ya India ho tloha ka la 29 Loetse ho isa ho la 7 Tshitwe 2015, mme hape e lakaletsa Springboks tse molemo pele ho papadi ya bona ya bohlokwa ya Mohope wa Lefatshe kajeno (Moqebelo). Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho tshehetsa dihlopha tsa rona ha di kenela ditlhodisano tse fapaneng.

5. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

5.1. Kabinete e ananela matsete a mmuso a R22-milione bakeng sa ho tswela pele ho hodisa dikaho tsa Maropeng ho kenyeletsa ampitheatara e dulang batho ba 500 le ho ntjhafatsa setsi sa baeti bakeng sa ho sebetsana le tsholohelo e lebeletsweng ya baeti ba batjha. Sena se latela tshibollo e etsang nalane ya Homo Naledi Setsheng sa Botjhaba sa Lefatshe sa Cradle of Humankind.

5.2. Kabinete e lemohile diketsahalo tsa moraorao tjena mabapi le Ditekolo tsa Naha tsa Selemo ka seng (ANA) le ho kgothaletsa bankakarolo bohle ho sebetsa mmoho bakeng sa ho fihlella tharollo e behang ka sehloohong ditokelo tsa baithuti le ho di tshireletsa. ANA ke disebediswa tsa bohlokwa tsa ho hlwaya dikgeo hore ho tle ho netefatswe boitshunyako bo rerilweng bakeng sa ntshetsopele ya baithuti le matitjhere. Leha mmuso o ananela dingongoreho tse hlahisitsweng ke matitjhere, o ntse o tsitlallela ntlha ya hore thuto e tshwanela ho ba taba e ka sehloohong.

5.3. Kabinete e imatahanya le naha ka bophara ka ho isa hlompho ho Mohauhelwa Tshimangadzo Samuel Benedict Daswa, titjhere e dilemo di 43 ho tswa motsaneng wa Tshitanini ho la Limpopo, ya ileng a bolawa ka la 2 Tlhakola 1990 bakeng sa tumelo ya hae e matla. Hape sena ke lekgetlo la pele nalaneng ya Kereke ya Roma e Aforika e Borwa hore Moaforika Borwa o ananelwa jwaloka Mohauhelwa wa Molwanedi wa Kreste. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa oohle ho bontsha tlhompho ho molwanedi wa pele ya holetseng Aforika Borwa ka ho itlama ho netefatsa hore bohle re phela mmoho ka kgotso le kgutso, le ho hlompha ditokelo tsa botho tsa ba bang.

5.4. Kabinete e thoholetsa Yuniti e kgahlanong le ho tsongwa ho seng molaong ya Black Mamba, e leng sehlopha sa Aforika Borwa sa basebeletsi ba dirapa tsa diphoofolo se thehilweng ka basadi, se hapile kgau ya Bompodi ba Lefatshe, e leng moputso o phahameng ka ho fetisisa wa tsa tikoloho wa UN. BoMamba ba ananetswe ka lebaka la kgahlamelo eo ba e entseng mabapi le ho lwantsa ho tsongwa ho seng molaong le diketso tsa bona tse bontshang sebete. Kgahlamelo ena e a bonahala hobane esale e thehwa ka 2013, yuniti ya batho ba 26 e thusitse ho tshwara ditsomi tse seng molaong tse tsheletseng, ya ho fokotsa ho tjhehwa ka 76%, le ho tlosa difi tse fetang 1 000, le ho fedisa dikampo tsa ditsomi tse seng molaong tse hlano le dikitjhini tse pedi tsa nama ya diphoofolo tse hlaha.

5.5. Kabinete e thoholetsa bakgethuwa le bahlodi ba Dikgau tsa Mbokodo tsa 2015, e leng semphato mahareng a Lefapha la Bonono le Setso le lekala la poraefete.

5.6. Kabinete e thoholeditse hlooho ya ditshebeletso tse ikgethang tsa bohlahlobi ya Lefapha la Matlotlo a Naha, Mofumahadi Zanele Mxunyelwa, ya kgethilweng ho ba Mohlahlobi wa Selemo ya filweng mangolo wa 2015 ke Mokgatlo wa Certified Fraud Examiners. Kgau ena ya maemo a phahameng e tiisa hore mmuso o tiisitse letsoho ntweng e kgahlanong le boqhekanyetsi le bobodu, mme ba ntseng ba rera diketso tsa bobodu le boqhekanyetsi ba lemoswa hore ba tlohele ho etsa tseo.

5.7. Kabinete e fetsisa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya Reggie Vandeyar, molwanedi wa dipolotiki ya neng a le kapelepele matsholong a mangata, a kenyeletsang letsholo la nyatso le ho dula dilemo tse 10 Sehlekehlekeng sa Robben. E ne e le moemedi wa Khonkerese ya Batho e ileng ya amohela Tokomane ya Tokoloho le ho sebetsa le badudi ba fapaneng. O bolokilwe ka kgotso Lepatong la Semmuso le Ikgethang la Porofense ka Sontaha, sa 20 Loetse 2015.

5.8. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho lelapa le metswalle ya mofu Monghadi Wandile Dlamini ya hlokahetseng ka la 21 Loetse 2015.

Ya nang a tumme ka lebitso la “Quesh” Monghadi Dlamini e ne e le molwanedi wa dipolotiki le setho sa mehleng sa Umkhonto we Sizwe. Ha a ne a le palehong o ile a dula Lesotho mme hamorao a ya Zambia ho fihlela ANC e dumellwa ka hara naha. Nakong ya lefu la hae o ne a sebetsa jwaloka Molaodi Kakaretso Lekaleng la Polokeho ya Puso.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. SASSA:

a. Monghadi Tsakeriwa Joseph Chauke jwaloka Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete (CFO); le
b. Monghadi Abraham Sonny-Boy Mahlangu jwaloka Motsamaisi wa Phethahatso: ICT.

6.2. Lekgotla la Tjhata ya ICT B-BBEE:

6.2.1.   Lekala le Lenyenyane la Dikgokahanyo tsa Mehala

a. Monghadi Lucky Mokgabudi Masilela (Foramo ya Dikgokahanyo ya Aforika Borwa); le
b. Mofumahadi Sarah-Jane Capazario (Mokgatlo wa Bafani ba Tshebeletso ya Inthanete).

6.2.2. Lekala le Lenyenyane la Dieleketroniki

a. Monghadi Raletlhogonolo Andile Tlhoaele (Mokgatlo wa Dikgokahanyo tsa Dikheibole wa Aforika e Borwa); le
b. Monghadi Mduduzi Odysseus Mkhonza (Foramo ya IT ya Batho ba Batsho).

6.2.3.   Lekala le Lenyenyane la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding

a. Monghadi Gavin Pieterse (Mokgatlo wa Thekenoloji yaTlhahisoleseding); le
b. Monghadi Adrian Schofield (Setheo sa Ditsebi tsa Thekenoloji ya Tlhahisoleseding sa Aforika Borwa).

6.2.4. Bolaodi

a. Mokhanselara Katharina Pillay (Bolaodi bo Ipusang ba Dikgokahanyo ba Aforika Borwa).

6.2.5. Basadi

a. Mofumahadi Nokuzola Nelly Ehrens (Foramo ya Aforika Borwa ya Dikgokahanyo).

6.2.6. Batjha

a. Mofumahadi Morwesi Ramonyai (Batsamaisi ba Dikgwebo ba Batjha ba Aforika Borwa).

6.2.7. Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Mesebetsi

a. Monghadi Thulani Tshefuta.

6.2.8. Difedereishene tsa Mekgatlo ya Basebetsi kapa Mekgatlo ya Basebetsi ya Semmuso

a. Monghadi Richard Charles Poulton (Mokgatlo wa Basebetsi ba Dikgokahanyo); le
b. Monghadi Tshepang Lesiba (Mokgatlo wa Basebetsi ba Dikgokahanyo).

6.2.9. Lekala le Lenyenyane la Kgaso

a. Mofumahadi Pheladi Gwangwa (Mokgatlo wa Naha wa Bahasi); le
b. Monghadi Frank Awuah (Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa).

6.2.10. Moemedi wa Mmuso

a. Mofumahadi Petronella Linders – Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Ntshetsopele ya Leano la ICT le Lewa (Lefapha la Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso

6.3 Monghadi Mlamli Booi jwaloka ka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) ya Sentech.

6.4 Mofumahadi Rudzani Cordelia Rasikhinya jwaloka CFO le jwaloka setho sa phethahatso sa Boto ya Lekala la Thekenoloji ya Tlhahisoleseding ya Puso.

6.5 Mofumahadi Bongani Louisa Mathebula jwaloka setho seo e seng sa phethahatso sa ho Boto ya Naha ya Institjute ya Thuto ya Boemo ba Lehodimo ya Aforika Borwa.

6.6 Monghadi Pascal Moloi jwaloka CEO ya Lekala la Ntshetsopele ya Bodulo.

6.7 Monghadi T Takalani jwaloka CEO ya Sedibeng Water.

6.8 Moporofesara Edith Vries Motsamaisi e Moholo Lefapha la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane ka Konteraka ya dilemo tse tharo.

Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams
(Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore