Ngodisa jwaloka mohiri ho Letlole la Inshorense ya ba Lahlehetsweng ke Mesebetsi

Ho latela molao o hloka ho ngodisa le Letlole la Inshorense ya ba Lahlehetsweng ke Mesebetsi (UIF) mme o be le kabelo Letloleng haeba o hirile batho bakeng sa nako e fetang dihora tse fetang 24 ka kgwedi.

Kabelo ya kgwedi le kgwedi bakeng sa UIF ke diperesente tse pedi tsa moputso wohle wa kgwedi le kgwedi wa bahiruwa ba hao. O tlamehile ho hula phesente e le nngwe ya moputso wohle wa kgwedi le kgwedi wa mohiruwa wa hao mme wena jwaloka mohiri o lokela ho kenya phesente e le nngwe.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho ngodisa jwaloka mohiri le UIF kapa ho o iteanye le UIF.

 

Share this page