Kopo ya dibenefiti tsa bahlokomelwa ho tswa Letloleng la Inshorense ya Tlhokeho ya Mosebetsi

Ha ho etsahala hore motho ya nang le kabelo ho UIF a hlokahale, o ka etsa tseko ya melemo bakeng sa ba itshetlehileng ho yena ho hlaha ho UIF, haeba o le:

  • molekane ka nyalo
  • molekane wa bophelo bohle
  • mohlokomedi
  • ngwana wa motho ya hlokahetseng ya nang le kabelo.

O tlamehile ho etsa kopo nakong ya dikgwedi tse tsheletseng tsa ho hlokahala ha motho ya neng a na le kabelo letloleng. Bana ba neng ba itshetlehile ho mofu ba ka tlasa dilemo tse 21 ba na le tokelo ya ho fumana melemo haeba ha ho na molekane ya ntseng a phela kapa molekane wa bophelo bohle.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho etsa tseko ya melemo ya ba itshetlehileng ya UI kapa o iteanye le UIF.

 

Share this page