Kopo ya ho dumellwa/amoheleha jwaloka mofepedi wa thuto le thupello ho ETQA

Tlhaloso
Mehato e latelwang
Molao o sebediswang
Maemo a tshebeletso
Ditjeo
Diforomo tse tlatsuwang
Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

 

 

Tlhaloso

Melao e sebetsang Thutong, Thupellong le Tiisetso ya Boleng ba Ntshetsopeleng 'Education, Training and Development Quality Assurance’ (ETDQAs) tlasa Bolaodi ba Dithuto tsa Porofeshenale ba Aforika Borwa ‘South African Qualifications Authority’ (SAQA) e hloka hore bafepedi ba thuto le thupello ba etse kopo ya ho dumellwa/amoheleha. Ho dumellwa/amoheleha, bafepedi ba thuto le thupello ba hlokeha ho ngodiswa ho ya ka molao o loketseng. Molao o mabapi le Thuto e Phahameng le Thuto e Tswelangpele o hloka hore bafepedi ba thuto le thupello kaofela ba fanang ka dithuto tsa porofeshenale ka botlalo ba ngodiswe le Lefapha la Thuto.

Mofepedi wa thuto le thupello o lokela ho fana ka maemo a thuto le/kapa dithuto tsa porofeshenale tse welang karolong ya motheo ya Mokgatlo wa Tiisetso ya Boleng ba Thuto le Thupello (ETQA) wa Bolaodi ba Karolo ya Thuto le Thupello (SETA) kapa Mokgatlo wa Porofeshenale.

Ditlhoko tsa ho amoheleha:

  • Ditlhoko tsa ho amoheleha di fumanwa tokomaneng eo sehloho sa yona e leng Mokgwa le Ditataisi tsa Bafepedi ‘Criteria and Guidelines for Providers’ mme e fumaneha websaeteng ya SAQA.
  • Mananeo (le/kapa ditlhahlobo) ao bafepedi ba thuto le thupello ba fanang ka oona a phethela ho ba maemo a thuto le/kapa dithuto tse ngodisitsweng  Moralong wa Tshebetso wa Dithuto Naheng ‘National Qualifications Framework (NQF)
  • Kharikhulamo (moralo, dikahare le dibuka) e bapisitswe le maemo a thuto le/kapa dithuto tsa porofeshenale.
  • Ho na le basebetsi ba nang le dithuto tse loketseng (batataisi le bahlahlobi ba ngodisitsweng). 
  • Baithuti ba kgona ho fihlella ditshebeletso tse loketseng ho tshehetsa dithuto tsa porofeshenale. 
  • Mekgwa le disebediswa tsa tlhahlobo tse sebedisetswang ho lekanya/metha ditlhoko tsa maemo a thuto le/kapa thuto ya porofeshenale e lokile, ke ya nnete ebile e a tshepeha, mme e sebedisetswa ho matlafatsa thuto.

Mehato e latelwang

  • Romela lengolo la maikemisetso a hao a ho amoheleha jwaloka mofepedi wa thuto le thupello ho ETQA e loketseng.
  • Isa boitlhahlobo le foromo ya kopo ho ETQA
  • Ha o sa dumellwa ho amoheleha mme o ikutlwa hore ha o a sebeletswa hantle, o na le tokelo ya ho ipelaetsa. 
  • Lenane la diETQA le dintlha tseo o ka iteanyang le tsona ka tsona di fumaneha  websaeteng ya SAQA.

    Maemo a tshebeletso

    Ho ka nka nako e ka fihlang ho dikgwedi tse 6.

    Ditjeo

    Tshebeletso ke mahala.

    Diforomo tse tlatsuwang

    Diforomo tsa kopo ya ho amoheleha jwaloka mofepedi le ditokomane tse loketseng di ka fumanwa ho ETQA e loketseng.

    Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

     

    National office
    Tel 012 431 5070
    Helpdesk 0860 111 673
    Fax 012 431 5147
    E-mail verifications@saqa.co.za
    City/town Pretoria
    Province Gauteng
    Physical address South African Qualifications Authority, Quality Assurance and Development, Hatfield Forum West, 1067 Arcardia Street, Hatfield, Pretoria
    Postal address Postnet Suite 248, Private Bag X06, Waterkloof, 0145
    Website https://www.saqa.org.za/

     

    Share this page