Kopo ya tekolo ya mangolo a thuto a tswang ka ntle

Dintlha ka 
O lokela ho etsang 
Nako ya tshebetso 
Ditjeo ke bokae 
Diforomo tse tlatswang 
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le ho hlahloba mangolo a hao a thuto a fumanweng matjhabeng

Haeba o na le mangolo a thuto a fumanweng matjhabeng mme o batla ho ithuta mokgatlong wa thuto wa Aforika Borwa kapa ho sebetsa Aforika Borwa, o tla lokela ho etsa kopo Bookameding ba Mangolo a Thuto Aforika Borwa (South African Qualifications Authority (SAQA) moo mangolo a hao a thuto a tla lekolwa teng.

Nakong eo o etsang kopo bakeng sa ho kalwa kapa ho fumana phemiti ya ho sebetse Aforika Borwa, leano la ho falla le hlakisa hore o lokela ho hokela setefikeite sa SAQA sa dihlahlobo e le karolo ya kopo ya hao. 

Haeba o batla ho ithuta mokgatlong wa thuto wa Aforika Borwa, o tla hloka hore SAQA e hlahlobe mangolo a hao a thuto haeba mokgatlo oo o entseng kopo ho ona o hloka hore o etse jwalo. Boemedi ba Porofeshenale le bona bo ka hloka hore o fumane hlahlobo ya SAQA bakeng sa mangolo a hao a thuto ao o a fumaneng matjhabeng pele o ka dumellwa ho sebetsa porofesheneng ya hao.

Ntle le moo; tshebeletso ya hlahlobo ha e tlame mme e sebetse ho eletsa bohatong boo mangolo a thuto a fumanweng matjhabeng a lokelang ho hlwauwa ho bona.

Tshebeletso ena e fumaneha ho Bolaodi ba Dihlahlobo tsa Mangolo a Thuto a fumanweng Matjhabeng le Ditshebeletso tsa Boeletsi (Directorate of Foreign Qualifications Evaluation and Advisory Services (DFQEAS) ho SAQA.

Ela Hloko: Ho etsa kopo bakeng sa hlahlobo ya mangolo a thuto a fumanweng matjhabeng, ithute ka ditataiso tsa tsamaiso le sebopeho sa ditefello tse fumanehang foromong ya kopo.

O lokela ho etsang

  • Fumana foromo ya ho etsa kopo ho hlaha diofising tsa SAQA kapa o e laolle webosaeteng.
  • Tlatsa dikarolo tsohle tsa foromo ya ho etsa kopo.
  • Etsa bonnete ba hore bopaki bo hlokehang ba ditefello bo hoketswe kopong.
  • Fana ka dikhopi tse balehang ebile tse tiiseleditsweng semmuso le ho netefatswa tsa ditokomane tsohle tse hlokehang.

Disetefikeiti tse ngotsweng ka puo ya matjhabeng di tlamehile ho hokelwa le phetholelo ya semmuso ya Senyesemane.

Ela hloko: SAQA e hloka ditokomane ka bobedi; ka puo ya sethatho hammoho le phetolelo ya semmuso. 

Nako ya tshebetso

  • Kopo e tlwaelehileng: matsatsi a 30 a mosebetsi.
  • Kopo e potlakileng: matsatsi a 20 a mosebetsi.
  • Kopo ya bohlokwa mme e lokelang ho fetiswa pele: matsatsi a 10 a mosebetsi.
  • Kopo e kgethehileng: dihora tse 48

Ditjeo ke bokae

Saqa website.

Diforomo tse tlatswang

Evaluation of foreign qualifications (Tlhahlobo ya mangolo a thuto a fumanweng matjhabeng)

Dintlha tsa ho iteanya

Setsha sa ho iteanya: (012) 431 5070
Emeile: ceeq@saqa.org.za

 

National office
Tel 012 431 5070
Fax 012 431 5147
E-mail verifications@saqa.co.za
City/town Pretoria
Province Gauteng
Physical address South African Qualifications Authority, Quality Assurance and Development, Hatfield Forum West, 1067 Arcardia Street, Hatfield, Pretoria
Postal address Postnet Suite 248, Private Bag X06, Waterkloof, 014
Website https://www.saqa.org.za/

 

Share this page