Kopo ya laesense ya sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho etsa kopo ya laesense ya sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi

Ho ba le sekepe sa ho tshwasa ditlhapi Aforika Borwa, sekepe se lokela ho ngodiswa le maemo a taolo ya Aforika Borwa. O lokela ho etsa kopo ya setifikeiti sa polokeho ho Bolaodi ba Aforika Borwa ba Polokeho ya Lewatleng (Samsa) le laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi ho tswa ho Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi ho la Motse Kapa.

Ho dumellwa,o tshwanela ho ba:

  • MoAforika Borwa eo e leng monga sekepe ya nang le taolo ka botlalo ya sekepe, kapa
  • Mokgatlo wa kgwebo, mokgatlo kapa lekgotla le leng le ngodisitsweng Aforika Borwa moo MoAforika Borwa a laolang bongata ba diabo e bile a na le ditokelo tse ngata tsa ho vouta.

Sekepe sa lehae sa ho tshwasa ditlhapi se kenyeletsa diaparo tsohle, thepa, dipolokelo, phahlo le mafura sekepeng. Hape ho ka kenyeletsa sefe kapa sefe se thusang kapa ho feta lewatleng ha se etsa mosebetsi ofe kapa ofe wa lewatleng o tsamaisanang le tsa botshwasi.

Mesebetsi ena e kenyeletsa empa ha e felle ka:

  • boitokiso
  • phepelo
  • poloko
  • kgatsetso
  • tsamaiso kapa tshebeletso
  • ho kenakena ka botlalo mesebetsing ya botshwasi ka hara Sebaka se Ikgethang sa Moruo (EEZ)/metsing a matjhaba tlasa maemo a taolo a Aforika Borwa.

Temoso: Ke tlolo ya molao ho sebedisa sekepe se sa ngodiswang. Haeba o se na ditokelo tsa botshwasi, o tshwanela ho ba le selekane le motshwara ditokelo tsa botshwasi bakeng sa ho sebedisa sekepe sa hao.

Sekepe sa ho tshwasa ditlhapi se ngodiseditsweng kgwebo ha se a tshwanela ho sebedisetswa mabaka a boikgathollo.

Dikepe tsa ho tshwasa ditlhapi tse ngodiseditsweng kgwebo di amana le tokelo ya botshwasi e ikgethang mme di ka sebedisetswa tokelo eo feela.

Nako ya tshebetso ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi e amana le nako ya tshebetso ya setifikeiti sa Samsa. Nako ya tshebetso ya laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi e lekana le nako ya setifikeiti sa Samsa.

O lokela ho etsang

  1. Hlophisa hore sekepe se kene tekolong ya Samsa ya ho lekola ha se loketse ho kena lewatleng hore o thole setifikeiti sa polokeho.
  2. Hula foromo ya Kopo khomphyutheng bakeng sa laesense ya sekepe sa ho tshwasa ditlhapi mme o e tlatse o sebedisa ditlhaku tse kgolo.
  3. Kenyeletsa:
    1. khopi e netefaditsweng ya setifikeiti sa ha jwale sa Samsa.
    2. khopi e netefaditsweng ya tumellano le monga ditokelo (sena se sebetsa feela haeba o se monga ditokelo)
    3. khopi e netefaditsweng ya matshwao a kgokahano ka radio (haeba e le teng)
    4. lengolo la tumello (le sebetsa feela haeba motho wa boraro o etsa kopo lehatong la monga sekepe).
  4. Lefella sekepe akhaonteng e latelang:
    Banka: First National Bank
    Nomoro ya akhaonte: 62123256382
    Mofuta wa akhaonte: Current
    Lebitso la akhaonte: Marine Living Resources Fund
    Lebitso la lekala: Corporate Account Services Cape Town
    Khoutu ya lekala: 204-109
    Letsetsa setsi sa ditshebeletso tsa bareki ho 021 402 3911 bakeng sa boitshupo.
    O ka lefa kontane kapa ka mokgwa wa elektroniki (EFT). Ka kopo lemoha hore haeba mokgwa wa EFT o sa etswa First National Bank ho tla ba le tiehiso ya dihora tse 24.
  5. Romella kopo ho Lefapha la Temothuo, Meru le tsa Ditlhapi, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012.
  6. Feksetsa bopaki ba tefello ho Setsi sa Tshebeletso ya Bareki ho 021 402 3362/3081/3670 mme o kope bopaki ba tefello.
  7. Ka ho le leng, etela Setsi sa Tshebeletso ya Bareki, Ground floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town bakeng sa ho etsa kopo. Ka kopo tlo le dikhopi tse netefaditsweng tsa ditokomane tse hlokahalang le tjhelete e batlehang.

Nako ya tshebetso

Kopo e ka nka matsatsi a mararo a tshebetso kapa ho feta ho tloha letsatsing la tiiseletso ya tefello le teng ha o kentse kopo ya hao ka nepo.

Ditjeo ke bokae

Tariffs for each service is reflected on the application form. 

Dintlha tsa ho iteanya

 

Fisheries Customer Service Centre:
Tel 021 402 3911 / 086 000 3474
Fax 021 402 3362

Physical address: Ground Floor, Foretrust Building, Martin Hammerschlag Way, Foreshore, Cape Town 8000
Postal address: Department of Agriculture, Forestry, and Fisheries, Private Bag X2, Roggebaai, Cape Town, 8012
Website: https://www.dalrrd.gov.za/

Contact details for SAMSA

 

Share this page