Tefelo ya laesense kapa ho lokollwa ditlamong tsa ngodiso

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le tefelo ya laesense kapa ho lokollwa ditlamong tsa ngodiso

Ebang ona le koloi esa dumellwang ho nka dithoto kapa ho palamisa batho mebileng ya setjhaba (ho ya ka maikutlo a MEC ya ikarabellang), oka etsa hore koloi ya hao e fumantshwe tumello e ikgethileng ebe otla dumellwa hose lefe tjhelete ya laesense.

Mehlala ya dikoloi tse ka fumantshwang tumello e ikgethileng ke dietswa tse tsamayang kapa dikoloi tse etseditsweng peiso. Dikoloi tsa mofuta ona di di kenyeletsa metjhini e tjhekang metsi, metjhini e sehang, metjhini e kotulang, ekge, mouwara, motjhini o thethang jwang, kgofu, motjhini o katang mobu,  motjhini o hasang metsi, motjhini o tlosang thepa e boima, motjhini o lemang, koloi e iketseditseng, kapa e fetotseng boemo ba yona hore e sebedisetswe dipeisano.

Molao wa Ditsela wa Naha o ho dumella ho kganna dikoloi tsena mebileng ya setjhaba sebaka se se kgutswane feela:

  • sebakeng sa monnga koloi nakong eo a tsamaisang dithoto
  • hao tshela mmila wa setjhaba ho tloha sebakeng sa hao hoya sebakeng se seng se bokgutswane ba kilomitara, kapa
  • hao fetela kapa o tswa moo koloi e eng e ilo lokiswa teng.

O lokela ho etsang

  1. E ya bolaoding bo ntshang makoloi tle le ditokomane tse latelang:
    • tokomane ya hao ya boitsebiso
    • setifikeiti sa ngodiso ya koloi 
    • lengolo la tumello ho tswa ho ba South African Bureau of Standards
  2. Tlatsa Kopo ya Ho kengwa ha Makoloi Sehlopheng se Ikgethang (foromo ya EFL1) bolaoding bo haufi le wena ba ngodiso.

Nako ya tshebetso

Ho kengwa sehlopheng kapa ho lokollwa ditlamon tsa ngodiso ho ka nka ho fihlela dibekeng tse tsheletseng.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ena ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ELF 1 e sa hlokeng hore o lefe.

Diforomo di tholahala lekaleng le ngodisang kapa o ka iphumanela tsona websaeteng ya eNaTIS website.

Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Share this page