Etsa kopo ya lengolo la tumello ya koloi

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le ho etsa kopo ya lengolo la tumello ya koloi

Ha o batla ho tlisa koloi e ntjha kapa e sebedisitsweng ho tswa dinaheng tsa ka ntle, koloi ya thepa kapa kolowana, koloi e hahuweng (hlahisitsweng) kapa e ntlafaditsweng, o lokela ho fumana pele lengolo la tumello.

O lokela ho ba le lengolo la tumello ho sa natswe hore na koloi e hahuwe mona Afrika Borwa kapa naheng ya ka ntle. Mefuta ya dipalangwang tseo o hlokang lengolo la tumello bakeng sa tsona ke:

  • dikoloi, dibese le dithuthuthu
  • dikoloi tsa thepa (dilori kapa divene)
  • dikolowana
  • dipalangwang tse ikgethang tse jwalo ka di-mobile crane, diterekere, di-harvester.

Dikoloi tsohle, hore di entswe mona Afrika Borwa kapa di tswa ka ntle, di lokela ho latela ditlhoko tse behuweng Molaong wa Naha wa Sephethephethe sa Mebileng, 1996. ba rekang ho tswa ka ntle ba lokela ho romela bopaki ba ho latelwa ha ditlhoko tseo tsa South African Bureau of Standards (SABS).

Ke feela motho eo koloi e tla ngodiswa ka yena ya ka tlatsang foromo ya kopo.

O lokela ho etsang

  1. Fumana foromo ya kopo LoA1 ho tswa National Regulator for Compulsory Specifications (NRCS) kapa e bule ho inthanete.
  2. Tlatsa diforomo e be o hokela ditokomane tse latelang:
    • tokomane ya boitsebiso (ID) ya mokopi, kapa ID ya moemedi ha mokopi e le khampani
    • afidaviti bakeng sa koloi e hahuweng ho tswa ho ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa Hona ho lokela ho kenyelletsa enjine le dinomoro sa chasis, dintlha tse felletseng tsa mosebetsi o entsweng le mohlodi wa dikarolo tse kgolo (haholoholo tsa polokeho-bohlokwa)
    • setifikeiti sa tlhekelo sa ba Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Afrika Borwa
    • setifikeiti sa ho bona hore e tshwaneleha ho ba tseleng
    • setifikeiti sa weigh bridge
    • dinepe tse pedi tsa koloi.
  3. Lefa tjhelete e hlokehang.

Nako ya tshebetso

Lengolo la hao la tumello le ka loka matsatsing a mane ho isa ho a tsheletseng.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Dintlha tsa ho iteanya

 

Sifiso Phakathi
Tel: 012 482 8865
E-mail: phakatsz@nrcs.org.za

Charlotte Makou
Tel: 012 482 8785
E-mail:makouck@nrcs.org.za

Call Centre
Tel: 012 482 8700

Share this page