Kopo ya setifikeiti sa lenyalo

Tlhohonolofatso le Boingodiso ba manyalo a mmuso, manyalo a setso le dikopanelo tsa mmuso di laolwa ke Lefapha la Merero ya Lehae. Manyalo a mmuso a buswa ke Molao wa Lenyalo (Nomoro 25 ya1961). Hape Aforika Borwa e amohela manyalo a setso ka Molao wa Kamohelo ya Manyalo a Setso, o qadileng ho sebetsa ka Pudungwana 2000. Dikopanelo tsa mmuso, tseo ho ka kenwang ho tsona ke batho ba bong bo tshwanang, di amohelwa ho ya ka Molao wa Dikopanelo tsa Mmuso (2006).

O tshwanela ho ngodisa lenyalo la setso nakong ya dikgwedi tse tharo tsa letsatsi la mokete kapa ho kena lenyalong ho le etsa le molaong. Tlhaloso ya lenyalo la setso ke hore ke lenyalo le, “rerilweng, le ketekilweng le ho qetwa ho ya ka mekgwa efe kapa efe ya molao wa botjhaba wa SeAforika o teng ka hara Aforika Borwa.”

O tla fumana lengolo la lenyalo ka mora morero wa lenyalo la hao. O ka etsa kopo ya khopi ya lengolo la lenyalo haeba o nyaletse Aforika Borwa mme lenyalo la hao le ngodisitswe.Lengolo la lenyalo le sebetsa jwaloka bopaki ba hore lenyalo la hao le ngodisitswe le ho ba molaong.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho kena lenyalong, manyalo a thibetsweng le ho nyalwa ha bana kapa ikopanye le Lefapha la Merero ya Lehae.

 

Share this page