Laesense ya nakwana ya ho kganna

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le laesense ya ho kganna ya nakwana

O ka etsa kopo ya laesense ya ho kganna ya nakwana ha o entse kopo ya ntjhafatso ya laesense ya hao e felletsweng ke nako kapa o lahlehetswe ke laesense ya hao ya ho kganna. 

Laesense ena e sebetsa bakeng sa dikgwedi tse tsheletseng feela mme o ka e fuwa setsing sefe kapa sefe sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.

O lokela ho etsang

  1. Leba DLTC e haufi le dintho tse latelang:
    • Khophi e tiiseleditsweng ya tokomane ya hao ya boitsebiso (ID) kapa ID ya nakwana
    • Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
    • Haeba o dula sebakeng sa baipei, o tlameha ho tla le lengolo le nang le setempe sa semmuso le tswang ho molekgotla wa tikoloho, le netefatsang aterese ya hao ya poso le ya moo o dulang teng
    • Dinepe tse nne tse tshwanang tse tlwaelehileng. O tlameha ho netefaletswa pele ke DLTC hore na ba tla batla dinepe tse kae pele o ka etsa dinepe tseo.
    • Sekepele se batlehang sa tjhelete.
  2. Tlatsa foromo ya kopo ya phapanyetsano ya laesense ya ho kganna (DL1).
  3. Tlatsa foromo ya tsebiso ya phetolo ya aterese kapa dintlha tsa motho kapa tsa mokgatlo (NCP).
  4. O tla ya ditekong tsa mahlo hona moo DLTC kapa o ka nna wa etswa diteko tsa mahlo ke ngaka ya mahlo e nang le mangolo ebe o isa foromo DLTC.

Nako ya tshebetso

Laesense ya ho kganna ya nakwana o e fuwa hona letsatsing leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Kopo ya laesense ya ho kganna, DL1. Tlatsa foromo ya kopo e fumanehang setsing sa tlhahlobo ya laesense ya ho kganna.

 

Share this page