Kopo ya laesese ya mokganni wa moithuti

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka ka laesense ya mokganni wa moithuti

Laesense ya mokganni wa moithuti eo dumella ho kganna ha feela o thuswa ke mokganni ya nang le laesense ya hokganna. Ebang mokgahlelo wa koloi eo e kgannang e hloka hore obe le phemiti ya ho hokganna, mothusi wa hao le ena o tlameya ho tshwara phemiti ya hae. 

Laesensee ya mokganni wa moithuti ke tumello e pakang hore ona le tsebonyana e itseng ka koloi le melao ya tsela. Laesense ya mokganni wa moithuti e sebetsa dikgwedi tse 24 feela, ebile ekeke ya ekeletswa lehla la tshebetso.

Mefuta e fapaneng ya dilaesense tsa bakganni ba baithuti e fumantshwa mefuta e fapaneng ya dikoloi:

  • Khoutu 1: Ena ke ya dithuthuthu tsenang le kolotsana kapa tse senang yona, dithuthuthu tsa mabidi a mararo kapa tsa mabidi a mane. O tlameya hoba dilemo tse 16 kapa hofeta moo ka letsatsi la teko hore o tle o tsebe ho etsa kopo, ebang enjene ya sethuthuthu esa fete 125cc mme obe dilemo tse 18 le hofeta ebang enjene efeta 123 cc.
  • Khoutu 2: Ena ke ya koloi, ho kenyeleditse minibase, bese kapa koloi ya dithoto ya boima bosa feteng 3 500kg. O tlameya hoba dilemo tse 17 kapa hofeta ka letsatsi la teko hore o tsebe ho etsa kopo.
  • Khoutu 3: Ena ke ya koloi ya boima bo sa feteng 3 500kg. O tlameya hoba dilemo tse 18 kapa hofeta ka letsatsi la teko hore otle o tsebe ho etsa kopo.

O lokela ho etsang

  1. Eya setsheng sa diteko tsa ho kganna  (DLTC) se haufinyana ho buka lehla la ho etsa teko ebe o netefatsa ho buka hona moo.
  2. Eya onkile ditokomane tse latelang:
    • an identity (ID) document  bukana a boitsibiso (ID)
    • ditshwantsho tsa ID tse tshwanang, tse pedi tsa mmala o botsho le bosweu
    • tjhelete ya ho buka.
  3. Tlasa foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya mokganni wa moithuti (LL1 - Leaner’s License), e tholahalang  setsheng sa diteko tsa ho kganna.  Ebang ole dilemo tse 65 kapa hofeta, o tlameya ho tlatsa le foromo ya setifikeiti sa ngaka (MC - Medical Cetificate), le yona e tholahalang setsheng sa diteko tsa hokganna.  
  4. O tla hlahlojwa mahlo setsheng sa diteko tsa ho kganna, kapa hao rata, hlahlojwa ngakeng ya mahlo e nang le mangolo a bongaka, ebe o fana ka foromo eo setsheng sa diteko.
  5. Pele o ngola teko ya mokganni wa moithuti, o tlameya ho bala matshwao a tsela, taolo ya koloi le melao ya tsela hore otle obe le tsebonyana e itseng ya koloi le matshwao a tsela. 
  6. Ka letsatsi la teko o tlameya ho fana ka tse latelang:
    • resiti ya ho buka
    • bukana ya hao ya boitsibiso.
  7. Ebang o pasa teko o tlameya ho lefella phumantsho ya laesense.

Laesense ya mokganni wa moithuti e tholahala letsatsi lona leo ebang a pasitse ebile a lefile tjhelete e hlokahalang.

Nako ya tshebetso

Laesense ya ho ithuta ho kganna o e fuwa ka lona letsatsi leo ha o ka atleha.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

  • Foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya mokganni wa moithuti (LL1)
  • Baetsa dikopo ba dilemo tse 65 kapa ho feta ba hloka setifikeiti sa ngaka.

Diforomo tsena di tholahala setsheng sa diteko tsa ho kganna sefe kapa sefe le ho eNatis.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page