Kopo ya puseletso ya laesense ya ho kganna e lahlehileng kapa e utswitsweng

Dintlha ka | O lokela ho etsang | Nako ya tshebetso | Ditjeo ke bokae | Diforomo tse tlatswang | Dintlha tsa ho iteanya

Dintlha ka laesense e lahlehileng kapa utsweng 

Ebang laesensee ya hao ya ho kganna e lahlehile, e utswitswe kapa e senyehile, oka etsa kopo ya enngwe.

O tla tlameya ho etsa kopo ya laesense ya hokganna ya nakwana ka tjhelete e ekeditsweng nakong eo o emetseng laesense enngwe.

Ho fumana karete e sebetsang jwalo ka laesense o keke wa koptjwa ho etsa diteko tsa lasesense ya hokganna, empa o tla hlahlojwa mahlo le dikgatho tsa menwana ya hao di tla nkuwa. Ha o batla oka hlahloba mahlo a hao ngakeng ya mahlo, ebe o fana ka foromo eo setsheng sa diteko tsa ho kganna. (DLTC – Driving License Testing Centre).

O lokela ho etsang

  1. Leba DLTC e haufi o tshwere:
    • Tokomane ya hao ya boitsebiso (ID) le khophi ya ID ya hao kapa phaseporoto e molaong ya Aforika Borwa.
    • Bopaki ba aterese ya poso le ya moo o dulang; mohlala, lengolo la akhaonte ya tshebeletso. Haeba lengolo la tshebeletso le se lebitsong la hao, monga lengolo o tlameha ho etsa lengolo le hlapanyeditsweng le hlalosang hore wena o dula atereseng eo, mme lengolo la tshebeletso le tlameha ho qhwaellwa lengolong leo le hlapanyeditsweng.
    • Haeba o dula sebakeng sa baipei, o tlameha ho tla le lengolo le nang le setempe sa semmuso le tswang ho molekgotla wa tikoloho, le netefatsang aterese ya hao ya poso le ya moo o dulang teng.
    • Dinepe tse nne tse tshwanang tse tlwaelehileng. O tlameha ho netefaletswa pele ke DLTC hore na ba tla batla dinepe tse kae pele o ka etsa dinepe tseo.
  2. Tlatsa foromo ya kopo ya phapanyetsano ya laesense ya ho kganna (DL1).
  3. Tlatsa foromo ya tsebiso ya phetolo ya aterese kapa dintlha tsa motho kapa tsa mokgatlo (NCP).
  4. O tla lebellwa hore o etse diteko tsa mahlo. 
  5. Ho seng jwalo, diteko tsa mahlo di ka nna tsa etswa ke ngaka ya mahlo eo o ikgethelang yona; sephetho se tshwanela ho iswa DLTC.

Nako ya tshebetso

  • Laesense ya hao e ntjha etla be e entswe kamora dibeke tse nne hoisa hotse tsheletseng.
  • Laesense ya nakwana e tholahala hang-hang.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo  ya laesense (DL1 – driving licence) e tholahala setsheng sa diteko tsa ho kganna sefe kapa sefe le ho eNatis.

 

Share this page