O tleleima jwang ho Letlole la Ditlhapiso bakeng sa ho tswa kotsi kapa ho tshwaetswa ke mahloko o le mosebetsing

Ha o ka tswa kotsi kapa wa tshwaetswa ke bohloko kapa wa hlokafala o ntse o sebetsa, wena kapa bana ba hao le ka tleleima ho tswa ho Letlole la Ditlhapiso.

Letlwele le nehelana ka ditlhapiso ho basebetsi ba dinako tsohle le ba sebetsang ka matsatsi, ba boikwetlisong le ba sebetsang ka matsoho mme ba tswa kotsi kapa ba tshwaetswa ke mahloko ba le mosebetsing, mme ba lahlehelwa ke lekeno la bona ka lebaka leo.

O ka tleleima ha o:

  • le mosebeletsi wa dinako tsohle
  • le mosebeletsi wa moahong o dulang baithuti kapa o sebetsa kgwebong e ikemetseng
  • sebetsa ka matsoho kapa o le boikwetlisong polasing
  • le mosebeletsi ya leshwang ke mokgatlo wa basebetsi.

O ke ke wa tleleima ha o:

  • le mosebeletsi ya hirilweng ntlong ya poraefete
  • le leloko la Dinako tsohle la Lebotho la Naha la Sesole sa Tshireletso sa Aforika Borwa ha o ne o le tshebetsong ho sirelletsa Riphaboliki ho ya ka karolo ya 1 ya Molao wa Tshireletso wa 1957
  • le leloko la Ditshebeletso tsa Sepolesa sa Aforika Borwa ha o ne o le tshebetsong ho sirelletsa Riphaboliki ho ya ka karolo ya 1 ya Molao wa Tshireletso wa 1957
  • le mosebeletsi ya sebetsang tlasa taolo ya monga mosebetsi, ho tea mohlala o le ka lehwafing la konteraka enngwe. Basebetsi ba hirilweng ke konteraka e ka tlasa lehwafi ba sirelleditswe
  • le monnga khamphani e buswang ke motho a le mong
  • le mosebeletsi ya kileng a sebetsa kantle ho Aforika Borwa nako e fetang dikgwedi tse 12 o sa kena tumellanong le Molaodi e Moholo wa Lefapha la Mesebetsi
  • fumanwe o le molato ka boitshwaro bo bobe ba ka boomo, ntle le ha o qhwadile haholo kapa o hlokafetse.

Ela Hloko: Jwaloka mosebeletsi, ha o ka hlokafala ka lebaka la bohloko kapa kotsi ho amanang le mosebetsi, bana ba hao ba ka tleleima ho tswa ho letlole.

Monyetla wa ditlhapisoi o ke ke wa leshwa ha o:

  • tlalehile kotsi ho monga mosebetsi nako e fetang dikgwedi tse 12 kamora kotsi kapa lefu, kapa kamora ho popolwa ha bohloko
  • se mosebetsing matsatsi a mararo kapa a ka tlase hoo Letlole le tla lefa feela kalafo
  • kotsi e hlahile ka lebaka la bohlaswa kapa phoso ya hao (ntle le feela ha o qhwadile haholo kapa o hlokafetse kotsing, ke moo Letlwele le tlang ho le lefa ditlhapiso)
  • hana ntle le mabaka kapa ka sepheo ho fumantshwa kalafo.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho tleleima bakeng sa dikotsi kapa mahloko a mosebetsing kapa iteanye le Letlole la Ditlhapiso.

 

Share this page