Ntjhafatso ya laesense ya sepalangwang

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho ntjhafatsa laesense ya hao ya koloi

O tlameya ho ntjhafatsa laesense ya koloi ya hao selemo le selemo pele lehla la yona le feela. Ebang o hloleha ho ntjhafatsa laesense ya hao, o tla qobellwa ho lefella dikoloto tsa tefo ya kamorao ho nako, mmoho le tswala.

O hauhelwa nako ya matsatsi a 21 ebang oeso ntjhafatse laesense ya koloi e tlotsweng ke nako. Nako ya kgauhelo e balwa ho tloha ka lehla la ho qetela la diski ya laesense. O tlameya ho ntjhafatsa laesense ya hao ya koloi lekaleng la ho ngodisa le ikarabellang kapa dikantorong tsa poso tse kgethilweng tse haufi le wena.

Dilaesense tsa dikoloi tse ntjhafatswang habedi ka selemo:

Dibese di lokela ho ntjhafatsa didiski tsa dilaesense tsa tsona kamora kgwedi tse tsheletseng, hobane di tlameya hoba maemong a loketseng tsela, mme sena se beetswe dikgwedi tse tsheletseng (6) feela.

O lokela ho etsang

  1. Ebang koloi ya hao e sebedisetswa ho palamisa setjhaba kapa ele koloi ya boima bo boholo, e  tlameya ho nefalletswa hore e boemong bo loketseng tsela. Ebang ho sabe jwalo, motjhini okeke wa printa.
  2. Eya lekaleng la ho ngodisa le haufinyana kapa dikantorong tsa poso tse kgethilweng ebe onka tse latelang batho:
    • bukana ya hao ya boitsibiso
    • lengolo leo hopotsang hore o ntjhafatse laesense ya hao (MVL2 – Motor vehicle licence). Ebang osena lona, tlatsa foromo ya  ho etsa kopo ya laesense ya koloi (ALV – Application for Licensing of Motor Vehicle)
  3. Mekgatlo:
    • setifikeiti sa kgwebo sa mokgatlo
    • bukana ya boitsibiso ya motho ya emetseng mokgatlo
    • lengolo le pakang hore o emetse mokgatlo
    • lengolo leo hopotsang hore o ntjhafatse laesense (MVL2 – Motor vehicle licence). Ebang osena lona, tlatsa foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya koloi (MVL2 – Motor vehicle licence).
  4. Lefa tjhelete ya ho lekola koloi e hlahellang lengolong leo hopotsang.  

Nako ya tshebetso

Kopa ya hao e tswa letsatsing lona leo.

Ditjeo ke bokae

Iteanye le ofisi ya heno ya dilaesense bakeng sa ditjeho.

Diforomo tse tlatswang

Foromo ya ho etsa kopo ya laesense ya koloi (ALV – Application for Licensing of Motor Vehicle) e tholahala lekaleng la ho ngodisa lefe kapa lefe, dikantorong tsa poso tse kgethilweng kapa oka iphumanela yona  websaeteng ya eNaTIS.

Dintlha tsa ho iteanya

 

Share this page