Tlaleho ya Kopano ya Kabinete, Labone, 16 Pudungwana 2023 

A.  Maemo a Renang
Kgolo le ho Tsoseletswa ha Moruo

1.  Dipalopalo tsa Batho ba Sebetsang (QLFS) 
1.1.  Kabinete e amohetse ho lokollwa ha dipalopalo tsa kotara ya boraro ya selemo sa 2023 sa batho ba sebetsang QLFS ke Lefapha la Afrika Borwa la Dipalopalo. Dipalopalo tsena di bontsha hore palo ya batho ba sebetsang e feta ya pele ho nako ya COVID-19.
1.2.  Kabinete e thabisitswe ke taba ya hore diprofensi kaofela di bile le kabelo keketsehong ena ya 399 000 ya batho ba sebetsang ho tloha ho ba dimilione di 16,3 ka kotara ya bobedi ya 2023 ho isa ho ba dimilione di 16,7 ka kotara ya boraro. Diprofensi tse bileng le kabelo haholo keketsehong ena ke (ka keketseho ya 152 000), Limpopo (ka keketseho ya 70 000), Leboya Bophirima ha mmoho le Mpumalanga (ka keketseho ya 61 000). Dipalo tsena kaofela di bontsha ntlafalo e itseng Leanong la Tsoseletso le Kahong Botjha ya Moruo o kenyeletsang bohle.
1.3.  Kabinete e leboha makala le diindasteri tse latelang ka kabelo ya tsona ya kamehla:
1.3.1.1.  Lekala la mesebetsi ya moshwelella e eketsehileng ka e 287 000 eo e seng ya moshwelella yona e eketsehile ka e 29 000;
1.3.1.2.  Lekala la ditjhelete (lona le kenyeletsa la ditshebeletso tsa ditjhelete) ka keketseho ya mesebetsi e 237 000;
1.3.1.3.  Lekala la ditshebeletso tsa setjhaba lona le fumane keketseho ya mesebetsi e 119 000, la temo lona la fumana keketseho ya mesebetsi e 61 000.
1.4.  Kabinete e boetse e elellwa kgahlamelo e mpe e tliswang ke mathata a phepelo ya motlakase le ho thothwa ha thepa makaleng a kang la tlhahiso, dirashwa, ho thothwa ha thepa le ditshebeletso tse ding. Kabinete e na le boitshepo bo boholo ba hore tharollo e tla ba teng phareleng ya phepelo ya motlakase le tshubuhlellano e teng ho tsa ho thothwa ha thepa.
1.5.  Kabinete e boetse e thabisitswe ke ho fokotseha hanyane ha palo ya batjha ba sa sebetseng (palo ya ba sa sebetseng e fokotsehile ka persente tse 1.9 ho tloha ka kotara e fetileng), mme re bone keketseho ya 237 000 ya batjha ba sebetsang, e leng se behileng palo ya batjha bohle ba sebetsang ho dimilione tse tsheletseng. 

2.  Matsete
2.1. Ntle le katleho ena ya kgolo ya moruo, Kabinete e boetse e thabetse matsete a dibilione tse R5 tsa khamphane e hlahisang makoloi ya ha Ford ka tlhahiso ya koloi ya bona e tsamayang ka motlakase ya Ford Ranger e tla rekisetswa le dinaheng tse kang Yuropa, New Zealand le Australia. Ha jwale, khamphane ena e hirile basebeletsi ba ka bang 5 200 mona Afrika Borwa. 
2.2. Kabinete e boetse e amohetse matsete a khamphane ya ha Procter & Gamble (P&G) ka tlahiso ya bona e ntjha ya maleiri a mofuta wa Pampers Premium Care mane Ekurhuleni, Gauteng. Khamphane ena ya ha P&G, e se e entse matsete a ballwang ho dimilione tse R900 ho tloha ka 2018 mme ha jwale e se e thehile mesebetsi e ka bang 4 000 ya ka dinako tsohle le ya nakwana. 
2.3. Matsete ana a khamphane ya ha Ford le ya ha P&G, ke bopaki ba katleho ya leano la Mopresidente Cyril Ramaphosa le neng le thakgolwe Sebokeng sa Matsete sa Afrika Borwa, e leng se pakang taba ya hore Afrika Borwa ke sebaka se nepahetseng sa ho etsa matsete.

3.  Tumellano ya Thekisetsano ya Nama ya Kgomo Pakeng tsa Afrika Borwa le Saudi Arabia 
3.1.  Kabinete e thabetse ho tekenwa ha tumellano ya thekisetsano ya nama ya kgomo pakeng tsa Afrika Borwa le Saudi Arabia e tekennweng Sebokeng sa Matsete sa Saudi le Dinaha tsa Afrika.. Tumellano ena ke mohato wa bohlokwa o netefatsang hore dihlahiswa tsa nama ya kgomo di fumana thekiso mebarakeng ya bohlokwa, e leng se netefatsang kabelo ya lekala la temo moruong le ho theheng mesebetsi. 
3.2.  Kabinete e phaphathela Matona a mabedi matsoho, e leng Thoko Didiza le Ebrahim Patel ka mosebetsi wa bona wa ho netefatsa hore dihlahiswa tsa rona tsa nama ya kgomo di kena mebarakeng eo ya matjhaba.

4.  Ho se Bue Nnete ka Boomo ka se Hlokahalang Bakeng sa ho Romelwa ha Thepa Dinaheng tsa Kantle Tlasa Leano la Agri-Black Economic Empowerment (BEE) 
4.1.  Kabinete e tshwela ka mathe taba ya ho se bue nnete ke ba bang ba boraditaba ka se hlokahalang mabapi le ho romelwa ha thepa ya dihlahiswa tsa temo dinaheng tsa kantle, e leng se bakang qhwebeshano pakeng tsa merabe setjhabeng sa rona. Re batla ho hopotsa boraditaba hore tokelo ya ho ntsha maikutlo e tsamaisana le boikarabelo. 
4.2.  Kabinete e fetisetsa diteboho tsa yona ho lekala la tsa temo, haholoholo ba Mokgatlo wa Tlhahiso ya Veine le Mokgatlo wa Dikgwebo tsa Temo, o tsebisahalang ka Agbiz, ka ho se dumelle diteko tsena tse neng di batla ho tlisa pherekano ya semorabe lekaleng lena ka hore ba phakise ba hlakise ntlhakemo ya bona menyenyetsing ena eo e neng e se ya nnete. Bohato bona ba bona bo tsamaisana le bo bontshitsweng ke sehlopha sa Springboks sa hore Tshwarisano ke Matla.

5.  Bohahlaudi
5.1.  Kabinete e thabetse tshebedisanommoho e thehilweng ke Lefapha la Bohahlaudi le ba ha Google, e leng mohato wa bohlokwa o tla bapatsa Afrika Borwa jwalo ka Sebaka se nepahetseng sa bohahlaudi.
5.2.  Ka tshebedisanommoho ena, ho ikemiseditswe ho potlakisa tshebediso ya thekenoloji ya dijithale ho ntlafatsa lekala la bohahlaudi ka hore ba ha Google Maps ba sebedise thekenoloji ya bona ho bontsha bahahlaudi dibaka tse nang le bonokwane bo phahameng. 

Twantsho ya Bonokwane le Bobodu 

6.  Leano la Kopanelo la Twantsho ya Bonokwane
6.1.  Kabinete e thabetse ho romelwa ha sehlopha sa Sesole sa Naha (SANDF) sa ditho tse 3 300 ho tloha ka la 28 Mphalane 2023 ho fihlela ka la 28 Mmesa 2024, ho thusa Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS) le makala a mang a qobellang molao ho lwantsha diketso tsa ho rafa ho seng molaong naheng ena.
6.2.  Ho romelwa hona ha sesole, ke sesupo sa boinehelo ba mmuso ba ho fedisa diketso tsa ho rafa ho seng molaong ha mmoho le ho tlisa diphetoho kgolong ya moruo o kenyeletsang bohle.
6.3.  Letona la Toka le le shebaneng le Twantsho ya Bonokwane ba fane ka kgatelopele e seng e fihletswe mosebetsing ona wa ho lwantsha bonokwane bona, mme Letona la Sepolesa lona bekeng e fetileng le fane ka dipalopalo tsa diketso tsa bonokwane tsa kotara e fetileng. 

7.  Dipuisano tsa Naha tsa Moifo wa Dikeletso mabapi le Twantsho ya Bonokwane (NACAC) 
7.1.  Kabinete e thabetse ho tshwarwa ka katleho ha Seboka sa Naha sa NACAC moo ho sona ho ileng ha buisanwa ka kgatelo pele e seng e fihletswe ho kengweng tshebetsong ha Leano la Naha la Twantsho ya Bonokwane ho latela dikgothaletso tsa Komeshene ya menyenyetsi ya ho Hulwa ha Mmuso ka Nko. 
7.2.  Kgatelopele e seng e fihletswe e kenyeletsa ho ntlafatswa ha melao e robedi (8) ho e 16 ka sepheo sa ho kenya tshebetsong dikgothaletso tsa Komeshene ena mme melao ena kaofela e ka pela Palamente ka ona motsotso. Diphetoho tsena di ama melao e kang ya ho rekwa ha thepa ya mmuso, taolo ya mafapha a mmuso, boitshwaro ba basebeletsi ba mmuso, ditshebeletso tsa bohlwela, phapanyetsano ya tjhelete le ya dikgetho.
7.3.  Lekala le Hapang Thepa le se le fumane tumello tsa ho hapa thepa e ballwang ho dibilione tse R14 tse amanang le ho hulwa ha mmuso ka nko mme le se le kgonne ho kgutlisa tjhelete e ka bang dibilione tse R5.4 tsa tjhelete e neng e fumanehile ka bolotsana. Ho feta moo, Lekala la Mafokisi le se le isitse dinyewe tse 34 tse amanang le bobodu le ho hulwa ha mmuso ka nko makgotleng a dinyewe, mme batho ba ka bang 205 ba se ba qositswe.

8.  Twantsho ya Tlhekefetso le Dipolao tsa Basadi 
8.1.  Kabinete e tshwela ka mathe ketso ya ho bolawa ka ho hlajwa ka thipa ha moithuti wa mosadi wa Yunivesithi ya Thekenoloji ya Cape Peninsula ke mohatsae. 
8.2.  Kabinete e etsa kgoeletso setjhabeng ho sebedisana le mmuso ho lwantsha sekgobo sena, le ho thusa mekgatlo e qobellang molao ho tshwara babelaellwa ba diketso tsena.

9.  Ho Shwa ha Bana ka Lebaka la ho se je ka Nepo
9.1.  Kabinete e mametse ka tse lethwethwe tlaleho ya Komeshene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho ya ho shwa ha bana ka lebaka la ho se je ka nepo.
9.2.  Kabinete e hopotsa setjhaba ho sebedisa mananeo a mmuso a kang Tjhelete ya Pei ya Bana eo ka yona ho ikemiseditsweng ho thusa malapa ka ditlhoko tsa sethatho tsa bana. Lena ke le leng la mananeo a tlatsetso ho a kang la Phepo ya Bana Dikolong le Dibakeng tsa Ntshetsopele ya Setjhaba. 

10.  Ho Ingodisetsa Dikgetho
10.1.  Kabinete e rata ho hopotsa bohle ba nang le tokelo ya ho kgetha ho ingodisetsa dikgetho kapa ho lekola dintlha tsa bona ditsing tse haufi le bona Mafelong a Boingodiso ba Dikgetho, e leng la la 18 le la la 19 Pudungwana 2023. 
10.2.  Ho thusa bakgethi ba hlokang di-ID tsa bona, kapa ho lata Mangolo a Boitsebiso a Nakwana, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le tla bula dihora tse tshwanang le tsa IEC matsatsing a boingodiso ba dikgetho. 
10.3.  Kabinete e hopotsa setjhaba hore se ka nna sa ingodisa kapa sa lekola dintlha tsa sona ka mokgwa wa inthanete kgokelong ya (https://registertovote.elections.org.za/Welcome) eo e sa leng e sebetsa ho tloha ka Hlakola 2023.

Ntlafatso ya Meralo ya Motheo 

11.   Motlakase
11.1.  Letona le shebaneng le motlakase Ofising ya Mopresidente le fane ka kgatelopele mabapi le ntlafatso ya phepelo ya motlakase.

12.  Paballo ya Metsi
12.1.  Kabinete e thabetse tlaleho ya hore qabang e neng e le teng e bakileng tiehiso ho thakgolweng ha projeke ya Letamo la Mzimvubu e se e rarolotswe mme mosebetsi o qadile mathwasong a Pudungwana. Leha qabang ena e rarolotswe, empa dipuisano tse ding tse mabapi le setjhaba se amehang tsona di ntse di sekasekwa le marena a amehang.
12.2.  Kabinete e boetse ya behwa sehlohlolong sa ditaba hore mosebetsi wa ho eketsa Letamo la Clanwilliam ka sepheo sa ho eketsa mothamo wa lona ho fihlela ho cubic metres tse dimilione di 344 o ntse o tswela pele. Setjhaba se tla una molemo mosebetsing ona ke sa Mmasepala wa Setereke sa West Coast, wa Lehae wa Cederberg, le wa Matzikama.
12.3.  Kabinete e boetse ya hlajwa malotsana ka taba ya hore mosebetsi wa kaho ya Letamo la Tzaneen o boetse wa qala ka Phuptjane 2023 mme ho hakangwa ha o tla fela ka Mmesa 2025. 
12.4.  Kabinete e thabisitswe ke mosebetsi wa kopanelo wa bommasepala ba baholo ba bararo, (e leng wa Ekurhuleni, Joburg le wa Tshwane) le ba ha Rand Water wa ho kopana kamehla ho leka ho rarolla sesosa sa mathata a metsi. Sesosa se seholo sa mathata a metsi Gauteng ke meralo ya motheo e seng e tsofetse le ho se lokiswe ha dipeipi tse dutlang.

13.  Mokgahlelo wa Bobedi wa SA Connect
13.1.  Kabinete e fumane tlaleho ka ho kengwa tshebetsong ha Mokgahlelo wa Bobedi wa SA Connect. SA Connect ke lenaneo la mmuso la ho tlisa ditshebeletso tsa dijithale setjhabeng ka ho netefatsa hore setjhaba ka bophara ho phatlalla le naha ha mmoho le ditsi tsa mmuso di fumana kgokahano ya Wi-Fi.
13.2.  Kabinete e motlotlo ka ditaba tsa hore Mokgahlelo ona wa Bobedi o se o entse hore malapa a ka bang 1 000 e be a se a hokantswe ho Wi-Fi ka mokgwa wa broadband, mme pele Tshitwe e fela ho tla be ho na le dibaka tsa kgokahanyo ya Wi-Fi tse ka bang 1 000 setjhabeng.
13.3.  Ho feta moo, projeke ena e se e kentse meralo ya motheo e tla thusa malapa ho kgona ho kena ho inthanete ka ditefello tse tlase. Malapa a ka ingodisetsa kgokahanyo e se nang moedi ya ditefello tsa R249 kapa ho reka data ka lenane la R5 gig e le nngwe ya letsatsi. 
13.4.  Ho hakangwa ha projeke ena e tla ba le kabelo moruong ka ho hlahisa mesebetsi e sa hlokeng kwetliso e kalo e ka bang 4 505 le e 169 e hlokang kwetliso mme hape e tla thusa le dikgwebo tse nyane le tse bohareng tse ballwang ho 75. 
13.5.  Ditsi tsa setjhaba di tla fumana kgokelo e matla ya Inthanete. Tsona di kenyeletsa dikolo tse fetang tse 18 000, dilaeborari tse 943, ditsi tsa bophelo bo botle tse 5 731, esitana le makgotla a marena a dinyewe a 8 241. Sena se tla etsahala dikgweding tse mmalwa tse tlang ho latela boitlamo ba dikhamphane tsa kgokahano.
13.6.  Ho hakangwa ha projeke ena e tla hokahanya malapa a fetang dimilione tse hlano ka Wi-Fi, le dibaka tsa kgokahanyo tse fetang tse 32 000 tsa kgokahano ya Wi-Fi setjhabeng dikgweding tsena tse 36 tse tlang.

14.  Maqhubu a Kgaso a Dijithale
14.1.  Kabinete e thabetse kgatelopele e seng e fihletswe mosebetsing wa ho fetolela maqubu a kgaso ho tloha ho analoku ho tla ho dijithale. Ho tloha ka la 23 Phupu 2023, ditsi tse 123 tsa kgaso ya analoku tsa megahertz tse ka hodimo ho 694 di ile tsa tingwa diprofensing tse nne tse neng di setse e leng ya; Kapa Botjhabela, KwaZulu-Natal, Kapa Bophirima le Gauteng. Sena se tla thusa ho bulela kgokahanyo ya deselefounu le mefuta e meng ya kgokahanyo sebaka. 
14.2.  Kabinete e ile ya fumana tlaleho ho tswa ho Letona la Kgokahanyo, Dijithale le Thekenoloji hore Tshitwe 2024 e tla ba nako ya ho qetela ya ho tima ka ho phethahala kgaso ya analoku.

15.  Lenaneo la Bommasepala la ho Hlwekisa Tikoloho
15.1.  Kabinete e kgothaletsa Maafrika Borwa ho kena letsholong la ho hlwekisa naha ya habo rona ka ho nka karolo letsholong la bommasepala le tswellang pele naheng ka bophara. Lenaneo lena le seng le thehile mesebetsi e fetang e 37 000, ka lona ho ikemiseditswe ho fedisa dibaka tse seng molaong tsa ho lahlela matlakala tse fetang tse 7 251 naheng ka bophara. 
15.2.  Lona le kenyeletsa ho hlwekisa diterata tsa rona kamehla, ho fedisa dibaka tse seng molaong tsa ho lahla matlakala esitana le ho tsoseletsa dipaka tsa rona. 

Bokgoni a Mmuso 

16.  Ho Ntlafala ha Sephetho sa Tekolo ya Dibuka tsa Ditjhelete tsa Mafapha a Naha le a Diprofensi (Selemo sa Ditjhelete sa 2022/23) 
16.1.  Kabinete e ile ya fumana tlaleho ya Mohlahlobi e Moholo wa Dibuka tsa Ditjhelete wa Naha (AGSA) ya sephetho sa selemo sa ditjhelete sa 2022/23 sa mafapha a naha le a diprofensi. 
16.2.  AGSA o ile a rotloetsa mafapha ho tswelapele le mosebetsi o motle wa tshebediso e nepahetseng ya ditjhelete e bontshang boikarabelo le taolo e nepahetseng. 
16.3.  Palo ya mafapha le mekgatlo tse nang le sephetho se sebe sa tshebediso ya ditjhelete di eketsehile ho tloha ho 94 ka selemo sa 2018/2019 ho ya ho 147 ka selemo sa 2022/2023.
16.4.  Selemong sena mafapha le mekgatlo e sa fumanang sephetho se setle e 162, e leng se tsang persente tse 39 tsa mekgatlo eo dibuka tsa yona di hlahlobilweng. 
16.5.  Palo ya mafapha le mekgatlo e tlisitseng ditokomane tse sa fellang bakeng sa tlhahlobo ya dibuka di fokotsehileng ho tloha ho tse 25 selemong sa 2018/2019 ho tla ho tse hlano feela ka 2022/2023 e leng persente e le nngwe feela ya mekgatlo e hlahlobilweng.
16.6.  Leha Mohlahlobi e Moholo a hlahisa ha ho bile le tshenyo ya tjhelete e ballwang ho dibilione tse R14, empa ho bonahala ho ena le boiteko bo itseng ba ho leka ho lwantsha mathata ana.
16.7.  Leha diphephetso di ntse di le teng, empa sephetho sena sa 2022/23 sa mafapha a naha le a diprofensi, di phehisana le ditlaleho tsena tse bolelang ha maemo a mmuso a putlama. Sena se pakwa ke sephetho sa ditekolo tsa mekgatlo e ikemetseng e kang AGSA, tse bontshang hore ho na le ntlafalo e etsahalang.

17.  Dikamano tsa Matjhabeng – Ketelo ya Semmuso Qatar
17.1.  Bekeng e fetileng, Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a etela naheng ya Qatar ho latela memo ya semmuso ke hlooho ya naha eo, Sheikh Tamim bin Hamad Al Thani, Amir. Ketelo ena, e ne e tshwaya dilemo tse mashome a mararo a tshebedisano pakeng tsa dinaha tsena. 
17.2.  Leetong lena Mopresidente o ne a feleheditswe ke kemedi ho tswa mekgatlong ya dikgwebo ho ya tiisa maqhama a kgwebisano makaleng a fapaneng pakeng tsa dinaha tsena.
17.3.  Mopresidente Ramaphosa le Amir, ba ile ba dumellana ho theha sehlopha se tla shebana le ho nyolla maemo a kgwebisano pakeng tsa dinaha tsena hore a kgone ho lekana le maemo a tsona a tshebedisano.

18.  Tse Amang Dipolotiki
18.1.  Kabinete le yona e dumellana le kgoeletso ya baetapele ba dinaha tsa Afrika ba etsang kgoeletso ya ho fedisa ntwa e mane Gaza, nakong ya seboka sa African-Saudi se neng se le Riyadh se eteletswe pele ke Kgosana Mohammed Bin Salman. Seboka sena, se ile sa tshwela ka mathe taba ya ho bolawa ha setjhaba se se nang molato le ho tlola molao wa matjhaba ke mmuso wa Isiraele.
18.2.  Kabinete e ngongorehiswa ke tsela eo Isiraele e tshwereng batho ba Palestina ka yona, ho kenyeletsa le ho futuhela sekolo sa Matjhaba a Kopaneng (UN) se moo Gaza moo ho bolailweng bana ba balwang ka makgolo le baphaphathehi ba neng ba ipatile moo. Sehloho se seng ke ho futuhela dipetlele le basebeletsi ba tsona. 
18.3.  Ke ka lebaka la ketso tsena tse sehloho tse etswang ke mmuso wa Isiraele e tshehetswe ke dinaha tse ding tse matla tse entseng hore ka la 17 Pudungwana 2023, Afrika Borwa – ha mmoho le dinaha tse kang Comoros, Djibouti, Bolivia le Bangladesh – di tlalehe taba ena ya Palastina le Isiraele Lekgotleng la Dinyewe la Matjhaba (ICC).
18.4.  Leha mmuso wa Palestina o ne o kope ICC ho fuputsa diketsahalo tsa 2018, Afrika Borwa e kgollwa hore maemo ana, haholoholo a Gaza, a hloka ho shebisiswa haholo. Lenqosa la rona le Hague le ile la ikisetsa tletlebo ena ka bolona ho ICC, la kopa hore lekgotla lena le fuputse dinyewe tse amanang le ntwa, tsa kgatikelo ya ditokelo tsa botho esitana le dipolao tsa setjhaba, e le hore ba molato ba ikarabelle. Jwalo ka ha dinaha tsa matjhaba di iponela seo re buang ka sona, re tshepa hore mangolo a ho tshwara baetapele bana ba kenyeletsang Tonakgolo Netanyahu, a tla fumaneha hautshwanyane.
18.5.  ICC e kgonne ho fuputsa se etsahalang Palestina ho tloha ka 2021 nakong eo mathata a meedi a neng a rarollwa ka yona. Le ka mora sena, re bona Ofisi ya Motjhotjhisi e hulanya maoto leha maemo a le ka mokgwa ona. Re ka be re sa fihla maemong a kang ana haeba bohato bo ile ba nkuwa ho tloha ha Palestina e qala ho tletleba. 
18.6.  Re lebeletse le dinaha tse ding le tsona di kenye kgatello hore taba ya Isiraele e se shejwe feela ka mahlo. Bopaki bo totobetse mme re lebeletse hore mangolo a ho tshwara baetapele bana a tswe Kopanong ya Matjhaba mahareng a Tshitwe mane New York. Ha seo se ka se etsahale, re tla bona hore ICC ha e rate ho nka bohato tabeng ena mme seo se tla bontsha hore ha e sebetse ka nepo mme ho tla lebellwa hore ho thehwe mokgatlo o motjha o ka sebetsang betere.
18.7.  Bana ba bolailweng hona jwale ba feta hole ba bolailweng dilemong tsena tse tharo tse fetileng tsa moferefere ona. Bongata ba basebeletsi ba UN ba bolailweng Gaza ke bo so kang bo bonwa haesale UN e thehwa. Palo ya baqolotsi ba ditaba ba bolailweng moo e tshosa haholo. Bana kaofela ke batho ba bolailweng ke mmuso wa Isiraele, e seng hobane ba itshireletsa, empa e le ho qete setjhaba sa Palestina se Gaza e le hore ba tle ba nkele sebaka seo ho bona. 
18.8.  Dinaha tsa matjhaba ha di a tlameha ho thola di bona diketso tsa dipolao tse sehloho ka tsela ena. Di tlameha ho bua. 

B.  Diqeto tsa Kabinete – Ho Kenyeletsa tsa Kopano e Ikgethileng, ya la 9 Pudungwana 2023
1. Ho Keteka Dilemo tse 20 tsa African Peer Review Mechanism (APRM) 

1.1.  Kabinete e tshehetsa kopo ya hore mokete wa dilemo tse 20 tsa APRAM o tshwarelwe Afrika Borwa ho tloha ka la 23 Pudungwana ho isa ka la 30 Pudungwana 2023. Afrika Borwa e tshehetsa maikemisetso a APRM a ho tshehetsa Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika (AU) hobane o tshehetsa puso ya demokrasi le ho ntshetsa kontinente ena pele.
1.2.  Keteko ena ya dilemo tse 20 e tla kenyeletsa ho nka karolo ha dihlooho tsa ha jwale le tsa mehleng tsa dinaha le Komeshene ya AU.

2.  Tshebediso ya ditjhelete tse Akhaontong ya Lekala le Hapang Thepa (CARA) tseo Beng ba di Fumaneng ka Bonokwane
2.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho sebediswa ha tjhelete e ho CARA ho lwantsha ho rafa ho seng molaong esitana le mefuta e meng ya bonokwane. 
2.2.  Ho beheletswe R2 172 359 ka thoko ho lwantsha ho rafa hona ho seng molaong ho thefulang moruo wa Afrika Borwa. Tjhelete ena e abetswe SAPS, SANDF, Lefapha la Ditaba tsa Lehae le Akgente e laolang Madiboho. Ba ha SAPS ba tla sebedisetsa tjhelete ena ho reka dikoloi, dirwalankgwana, di-Nyala le ho jala mapolesa a fetang 4 000.
2.3.  Ho rafa hona ho seng molaong le bonokwaneng bo bong bo hlophisitsweng bo lahlehisetsa Afrika Borwa ka dibilione tsa diranta jwalo ka selemo mme bo balehisa le boramatsete naheng ena. 

3.  Ho Kengwa Tshebetsong ha Leano la Just Energy Transition (JET-IP) 
3.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha JET-IP, e leng mokgwa o tla thusa Afrika Borwa ho fetohela tshebedisong ya mokgwa wa motlakase o sa silafatseng tlhaho. 
3.2.  JET-IP e tlile le mekgwa e fapafapaneng ya ho thusa ha mmoho le matsete a hlokwang ke naha ena ho ka fetohela mokgweng wa motlakase o sa silafatseng tlhaho le moruo o sa thefulweng ke maemo a lehodimo ho latela Leano le neng le tshetlehelwe UN. Kabinete e bona hore JET-IP e bontsha boinehelo ba Afrika Borwa ho tlisa diphetoho ho latela ditlhoko tsa naha ena tsa motlakase.
3.3.  JET-IP e tla ntshetswa pele ke diphetoho lekaleng lena la motlakase, tse kenyeletsang Mpumalanga Just Transition, Dikoloi tsa Motlakase le Motlakase o fehlwang ka metsi ha re bala tse mmalwa. Maikemisetso a sena ke hore Afrika Borwa e ananele boinehelo ba yona Tumellanong ya Paris le ya UN mabapi le ho Fetofetoha ha Maemo e Lehodimo esitana le Leano la Ntshetsopele ya Naha (NDP). JET-IP e tla thusa Afrika Borwa ho fihlela boinehelo ba yona ba ho fokotsa ho silafala ha moya, e leng se tla ba le kabelo kgolong ya moruo, tlhahisong ya motlakase, esitana le ho theha menyetla ya mesebetsi. 

4.  Moralo wa Leano la Tshehetso ya Ditjhelete Bakeng sa Dipalangwang tsa Setjhaba 
4.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho hatiswa ha Moralo wa Leano la Tshehetso ya Ditjhelete Bakeng sa Dipalangwang tsa Setjhaba bukeng ya diphatlalatso tsa mmuso bakeng sa maikutlo a setjhaba. Leano lena, le fetolela tshehetso ya tjhelete ena e be a fumanehang ho ya ka tshebediso ya dipalangwang. 
4.2.  Mmuso o etsa sena hobane o hlokomela hore lekala la dipalangwang ke la bohlokwa setjhabeng jwalo ka ha malapa a mangata a tshepetse ho lona.

5.  Tlaleho ya kgatelopele ya Lenaneo la Maano a Mmuso la Bohareng ba Selemo (MTSF) 2019-2024 
5.1.  Kabinete e fumane tlaleho ya kgatelopele ya MTSF ya ho tloha ka 1 Mmesa 2023 ho isa ka la 30 Loetse 2023. Ditlaleho tsena ke karolo ya bohlokwa ya dintho tse pele tse tla thusa mmuso ho atlehisa leano la ona la NDP.
5.2.  Ditlaleho tsena di tlo tsepamisa maikutlo dinthong tse supileng tsa bohlokwa tse neng di hlwawe ke Kabinete ya botshelela, e leng: 

  • Ya Pele: Ho aha mmuso o nang le bokgoni, o tshepahetseng le o tswellang pele; 
  • Ya Bobedi: Thuto, bokgoni le bophelo bo botle; 
  • Ya Boraro: Tshebediso e ntle ya tjhelete ya setjhaba ka ho tlisetsa setjhaba ditshebeletso tsa sethatho le tsa boleng; 
  • Ya Bone: Ho dudiswa ha batho ho kopanetsweng, ha mmoho le bommasepala; 
  • Ya Bohlano: Tshebedisano ya setjhaba;
  • Ya Botshelela: Diphetoho moruong le ho theha mesebetsi; 
  • Ya Bosupa: Afrika le maemo a matjhaba a betere. 

5.3.  Letona le shebaneng le Meralo, ho Behwa Leihlo ha mmoho le ho Lekolwa ha maano le tla fana ka dintlha tse feletseng hore dintho di tla tsamaya ka mokgwa o fe.

C.  Tshisinyo ya melao

1.  Tshisinyo ya Molao Taolo ya Dikhamphane tse Hlahisang Mafura a Dikoloi (SANPC) 
1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha Tshisinyo ya Molao wa SANPC bakeng sa maikutlo a setjhaba. Tshisinyo ena ya molao, e tlo kenya tshebetsong qeto ya Kabinete ya ho kopanya khamphane tse pedi tsa mmuso e leng PetroSA, Khamphane ya Mmuso e Hlahisang Kgase (iGas) le letlole la Strategic Fuel Fund.
1.2.  Tshisinyo ena e tla thusa mmuso ho theha khamphane e tla netefatsa hore Afrika Borwa e kgona ho ba le kabelo e kgolo tlhahisong ya oli le kgase. E tla boela e thusa ho tlisa botsiso phepelong ya motlakase, e tshehetse le kgolo ya moruo.
1.3.  SANPC e tla shebana le ho ralwa ha maano a mmuso, kgokahano ya ona le hona ho laolwa ha dihlahiswa tsa oli, e leng se tla thusa le ho theha menyetla ya mesebetsi.

D.  Kgiro 
Pele batho bohle ba hirwa, ho hlahlobisiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.  Ho hirwa ha Ngaka Molefi Motuku Motsamaise e Moholo (CEO) wa Moifo wa Thekenoloji ya Dimenerale (MINTEK) (o kgethilwe hape);
2.  Ho hirwa ha Ntate Siyabulela Koyo ho ba Motsamaise e Moholo (CEO) wa Amatola Water;
3.  Ho kgethwa hape ha Mme Poppy Khoza ho ba Molaodi e Moholo wa Lekala la Bofofisi la Afrika Borwa (ho tsoseleditswe konteraka ya kgiro);
4.  Ditho tsa Boto ya Taolo ya Akgente ya Phongolo – Umzimkhulu Catchment.
(a)  Ngaka Thava Kelly (Modulasetulo);
(b)  Ntate Sibusiso Makhanya (Motlatsa Modulasetulo);
(c)  Mme Hlengiwe Ndlovu;
(d)  Ntate Bhekumuzi Gumbi;
(e)  Ngaka Lembi William Mngoma;
(f)   Mme Snenhlanhla Mngadi;
(g)  Moprofesara Purshottama Reddy;
(h)  Ntate Mdandla Myeni; le
(i)  Mme Nokuthula Khanyile
5.  Ditho tsa Boto ya Taolo ya Akgente ya Vaal Orange - Catchment. 
(a)  Ntate Desmond Solomon Fransman (Modulasetulo);
(b)  Mme Tsakane Zwane (Motlatsa Modulasetulo);
(c)  Ntate Hubert Thompson;
(d)  Mme Nontuthuzelo Njeza;
(e)  Ntate Nakana Lazarous Masoka;
(f)   Mme Ponatshego Lizzy Mothibi
(g)  Mme Doris Liana Theresia Dondur;
(h)  Mme Dichikane Rachel Mashego; le 
(i)  Ntate Louis Van Oudtshoorn.

E.  Diketsahalo tse Tlang

1.  Leano la Matsatsi a 16 la ho Lwantsha Tlhekefetso ya Basadi le Bana (25 Pudungwana ho ya ho 10 Tshitwe) 
1.1.  Selemong sena Afrika Borwa e keteka dilemo tse 25 haesale ho ne ho thakgolwe Leano la Matsatsi a 16 la ho Lwantsha Tlhekefetso ya Basadi le Bana. Mokete wa pele o tla tshwarelwa Mpumalanga Lebaleng la Dipapadi la Nsikazi, Toropong ya Mbombela tlasa lepetjo le reng: “Re potlakisa mehato ya ho fedisa tlhekefetso ya basadi le ho bolawa ha bona: re sa sihi motho ka morao”. Se seng sehlooho e tla ba: “Ho thusa basadi ho fumana metsi a hlwekileng le a bolokehileng: tokelo ya botho ya sethatho, re rarolla bothata boo basadi ba shebaneng le bona bakeng sa metsi a hlwekileng le tsamaiso ya dikgwerekgwere”.
1.2.  Afrika Borwa ka kopanelo le Union of Comoros ba tla tshwara Seboka sa Boraro sa Matjhaba sa Boetapele ba Sebele Banneng molemong wa ho Fedisa Tlhekefetso kgahlano le Basadi le Banana. Seboka sena, se tla tshwarwa ka la 27 le la 28 Pudungwana 2023 mane Tshwane tlasa lepetjo le reng: “Matsapa a ho Phethahatsa Boinehelo ba Tumellano ya Mokgatlo wa Dinaha tsa Afrika wa ho Fedisa Tlhekefetso ya Basadi le Banana.”

F.  Melaetsa 

1.  Diteboho
Kabinete e lebisa ditebo le ditakaletso tse ntle ho: 

  • Moprofesara Dire Tladi, ya neng a sebetsa Yunivesithing ya Pretoria, ya kgethetsweng ho ba moahlodi wa Lekgotla la Matjhaba la Toka la UN. Moprofesara Tladi ke serutehi se hlomphehang, mme ke Moafrika Borwa wa pele ho kgethelwa lekgotleng lena haesale le thehwa dilemong tse 78 tse fetileng. O boetse hape ke moahlodi wa bobedi wa lekgotla lena ho tswa ho Afrika e ka Borwa, e bile e le moahlodi e monyane ho ba feta lekgotleng lena.
  • AGSA ho kgethelwa ho ba mohlahlobi wa dibuka ya ikemetseng wa Mokgatlo wa Thuto, Saense le Setso ho UN. Sena se bontsha hore mekgatlo ya Afrika Borwa e maemong a matjhaba. AGSA e kile ya eba mohlahlobi ya ikemetseng wa UN dilemong tse fetang tse leshome tse fetileng. 
  • Mamelodi Sundowns ka ho etsa nahane ya ho hapa Liki ya Pele ya Dihlopha tsa Afrika. Sena se bontsha tsela eo dipapadi di nang le tshusumetso ka teng esitana le hona ho kopanya setjhaba. 
  • Mamelodi Sundowns Ladies ka ho ba bomampodi ba Liki ya CAF ya Basadi, ba hlola Sporting Club Casablanca. 
  • Proteas ka ho finyella ho sekamakgaolakgang ho Mohope wa Lefatshe wa Kirikete moo ba neng ba hlolwe ke Australia, mme re lebohele le yona Australia ka ho hapa Mohope oo wa Lefatse wa ICC wa 2023. 
  • Mokaubere wa sebapadi le sengodi sa dipale Ngaka John Kani, ya fumaneng Tlotla e Pele ho tswa ho Mmuso wa Brithani (OBE) ka kabelo ya hae ho dipale. Kgau ena ya OBE, ke eo Brithani e tlotlang ka yona batho ba ipabotseng haholo ka yona mosebetsing wa bona. 
  • Letona la Thuto e Phahameng, Saense le Mahlale, Ngaka Blade Nzimande, ya fumaneng tlotla ya ho ba Moprofesara ho tswa Yunivesithing ya Beijing Jiaotong, mane Tjhaena. Tlotla ena e tla ka lebaka la kabelo ya hae ho tsa thuto le ka sepheo sa ho tiisa maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le Tjhaena. 
  • Ngaka Kogie Naidoo, ya fumaneng Tlotla e Ikgethileng ya Mosadi ya Ipabotseng ho tsa Saense ho tswa ho Letsholo la Kopanelo la Dinaha tsa Yuropa le tse ding tse Ntseng di Thuthua Ditekong tsa Meriana – Lenaneong la Dipatlisiso la Mokgatlo wa Dinaha tsa Yuropa. 
  • InvestSA, e leng lekala la Lefapha la Dikgwebo, Diindasteri le Ditlhodisano (the dtic) e hapile Kgau ya UN ya Matsete Sebokeng sa Borobedi sa Matjhaba sa Matsete. Mokgatlo ona o hapile kgau ena ka lebaka la ho tsamaisa diprojeke tse kgolo tsa motlakase ho kenyeletsa matsete a dinaheng tsa matjhabeng a kenyeletsang ho thehwa ha projeke e kgolo ya motlakase o hlwekileng eo ka yona ho lebeletsweng hore e hokele malapa a fetang a 200 000 ka motlakase o hlwekileng.
  • Afrika Borwa e maemong a pele a GBS World Competitiveness Index, ka tshehetso ya yona lekaleng la ditsi tsa mehala karolong ya Taolo ya Matjhaba ya Ditshebeletso tsa Bareki, mme e boemong ba bobedi karolong ya Ditshebeletso tsa Matjhaba tsa Tshehetso ya Bareki.

2.    Matshediso 
Kabinete e fetisetsa matshidiso le kutlwelo bohloko ho malapa le metswalle ya: 

  • Sebini se tummeng sa Afrika Borwa, Marc Rantseli, eo e neng e le setho sa sehlopha sa Marc Alex seo a neng a se thehe le abutiae, Alex Rantseli.
  • Mokaubere wa moqolotsi wa ditaba tsa dipapadi le mohlophisi wa ditaba Sello Rabothata. O ne a tsebisahala ka lerato la hae la bolo esitana le ho thusa ho reha sehlopha sa naha sa bolo sa banna lebitso la Bafana-Bafana. 
  • Irvin Sihlophe, eo e neng e le mohlahisi le sebohodi sa tsa dipapadi radiong ya SABC, Ukhozi FM.
  • Hlooho ya mokgatlo wa Gift of the Givers, Gaza mane Palestina, Ahmed Abbasi, ya bolailweng ntweng ya Isiraele le Hamas. 

Ditlhakisetso: Mme Nomonde Mnukwa – Sebuelli sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
 

Share this page

Similar categories to explore