Pehelo ka kopano ya Kabinete ya la 22 Pudungwana 2014

1. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana phatlalatso ya moralo wa Leano bakeng sa Dipalangwang tsa Naha tsa Baithuti Koranteng ya Mmuso bakeng sa matsatsi a 21.
Leano lena le ntlafatsa phumantsho ya thuto e nang le boleng ka ho fana ka dipalangwang tsa baithuti tse bolokehileng, tse shebahalang, tse hlwahlwa, tse momahantsweng le ho ba tsa moshwelella, haholoholo dibakeng tsa metse ya mahae moo dipalangwang di sitisang phumantsho ya thuto.

Leano le shebana le karohano ya dibaka le ho hlophisa botjha ditshebetso tse amang boleng ba dipalangwang tsa setjhaba. Hape le fana ka tsamaiso ya moralo o kopanetsweng le maemo a tshwanang a bolaodi.

Ho kenngwa tshebetsong ha leano lena ho tla fana ka tikoloho e bolokehileng le ho tshireletseha bakeng sa baithuti ka tshebedisanommoho le momahano le bolaodi ba thibelo ya tlolo ya molao.

1.2. Kabinete e tjhaelletse monwana Tshupiso mabapi le Ntshetsopele e Qobellang, Matsatsi a laetsweng a Thupello le Ditshwanelo tse tlase tse hlokahalang tsa ho kena maemomg a Tshebeletso e ka Sehloohong ya Bolaodi jwaloka ha e tekilwe ho ya ka Karolo 3(2) ya Molao wa Tshebeletso ya Setjhaba, 1994.

Sena se susumetsa ntshetsopele ya bokgoni hore ho arabelwe ho sepheo sa Morero wa  Ntshetsopele ya Naha (NDP) wa ho aha puso e kgonang le e tswelang pele molemong wa phano ya ditshebeletso e ntlafetseng.

Tshupiso ena ke lewa la nako e telele la ntshetsopele ya bokgoni le tla ntlafatsa boleng ba basebeletsi le hlokolosi ho bokgoni ba mmuso ho fana ka ditshebeletso ho ya ka thomo ya ona.

Mafapha ohle a Tshebeletso ya Setjhaba a tla tshwanela ho rua katamelo e tsitsitseng bakeng sa ho kgothaletsa ntshetsopele ya bokgoni bo tsamaelanang le bo batlehang ka hara Tshebeletso ya Bolaodi e ka Sehloohong.

1.3. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa Lefapha la Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso ho fana ka moralo wa Tokomane ya Puisano mabapi le Dipehelo le Katamelo tsa Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso ho di behela Komiti ya Potefolio ya Palamente mabapi le Tsamaiso ya Tshebeletso ya Setjhaba le Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo.

Tokomane e sisinya pokello ya dipehelo tsa mantlha le katamelo ho Lefapha la Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso (M&E) e reretsweng ho baka hore ho be le ntlafatso e tswellang tshebetsong ya mmuso le boikarabelo bo eketsehileng. Sepheo sa yona se seholo ke ho aha tumellano mabapi le dipheo tsa M&E, le kamoo e tshwanetseng ho kenngwa tshebetsong.

Sena se nyehela ho kenngwa tshebetsong ha NDP mabapi le ho aha puso e kgonang le e tswelang pele mmoho le ho kgothaletsa boahi bo mafolofolo le boetapele bo matla. Makgabane a M&E ke karolo ya mokgubo wa makgabane a bolaodi a hlokahalang bakeng sa puso e kgonang le e tswelang pele.

1.4. Kabinete e tjhaelletse monwana maemo a Aforika Borwa a ho kena ditherisanong bakeng sa Paballo ya Mefuta e Fallang ya Diphoofolo tse Hlaha (CMS COP11) e tla tshwarelwa Quinto, ho la Ecuador, ho tloha ka la 4 ho ya ho la 9 Pudungwana 2014.
Bonkakarolo bo matla ba Aforika Borwa tabeng ya ho shebana le diphephetso tsa ho fetofetoha ha tlelaemete le paballo ya tlhaho le mefuta e amehang bo itshetlehile hodima pehelo ya ntshetsopele ya moshwelella le tikoloho ya moshwelella, mme bo tsamaelana le ditlhoko tsa Karolo 24 ya Bili ya Ditokelo.

1.5. Kabinete e tjhaelletse monwana thomo ya ho kena ditherisanong e tla sebetsa e le motheo bakeng sa hore Aforika Borwa e kene ho tulo ya bo 20 ya Seboka sa Mekgatlo ho UNFCCC (COP 20), le Seboka sa Mekgatlo ya bo 10 e sebetsang jwaloka kopano ya Mekgatlo ho Porotokhole ya Kyoto (CMP 10), ho tloha ka la 1 ho ya ho la 12 Tshitwe 2014, ho la Lima, Peru.

Maemo a Aforika Borwa a tsamaelana le dikgahleho tsa naha, le dikateng bakeng sa ho kena ha Aforika Borwa ditherisanong tsa matjhaba tsa ho fetofetoha ha tlelaemete jwaloka ha di tekilwe ho NDP.

1.6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Tumellano ya Motse Kapa ya 2012 mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha dipehelo tsa Porotokhole ya Torremolinos ya 1993 e mabapi le Seboka sa Matjhaba bakeng sa Polokeho ya Dikepe tsa Botshwasi ba Ditlhapi, ya 1977 bakeng sa ho sekaseka ke Palamente.

Seboka sa Torremolinos le Porotokhole ya sona ya 1993 di hlahisa maemo a polokeho, a kang disebediswa tse bolokang bophelo, dikgokahanyo ka radio, tshireletso mollong, ho kenngwa ha metjhini le kgokelo tsa motlakase, mmoho le ditlhoko tse itseng bakeng sa dikepe tsa botshwasi ba ditlhapi tse lebang metsing tsa bolelele ba dimithara tse 24 le ho feta.

Tumellano ena e tlamang ya polokeho ya matjhaba e tla nyehela bakeng sa ho ntlafatsa maemo a polokeho ho fokotsa palo ya mafu lewatleng, e akanyetswang ho mafu a 24 000 ka selemo lefatsheng ka bophara. Dikepe tsa Aforika Borwa tsa botshwasi ba ditlhapi di tla sebetsa ho ya ka dipehelo tsa porotokhole ha di le metsing a mokgatlo wa Puso o teng ho porotokhole ya Torremolinos ya 1993.

Sena se tsamaelana le dipheo tsa Operation Phakisa tsa ho ntshetsapele moralo wa mmuso bakeng sa bolaodi ba sebaka sa lewatle sa Aforika Borwa, ho ntlafatsa tshireletso ya mawatle a Aforika Borwa, haholoholo ditheong tsa tlhaho tse tsietsing ka tsela e hlokolosi, le ho shebana le sekgeo sa bokgoni, hara tse ding.

1.7. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa Aforika Borwa ho dumellana le Seboka sa Matjhaba mabapi le Maemo a Thupello, Phano ya ditifikeiti le Peho-leihlo bakeng sa Basebeletsi ba Dikepe tsa Botshwasi ba Ditlhapi (STWC-F), ya 1995.

Sena ke boiteko ba pele ba ho theha maemo a matjhaba a tlamang a thupello bakeng sa meifo ya dikepe tsa botshwasi ba ditlhapi tse yang lewatleng tsa bolelele ba dimithara tse 24 kapa ho feta. Sena se tla ntlafatsa polokeho ya bophelo le thepa lewatleng, mmoho le ho thibela tshilafalo ya tikoloho ya mawatle ke indaseteri ya botshwasi ba ditlhapi.
Mehleng, dinako tse telele tsa tshebeletso ya lewatleng di ne di bonwa e le tsela ya ho thola boiphihlelo le bokgoni bo nepahetseng. Mokgwa ona wa ho rupellwa ka hara mosebetsi ha o so hlahise sephetho sa boleng bakeng sa bokgoni ba moifo o motjha.

Mokgwa o motjha o ahilwe ho potoloha motswako wa ho fokotsa thupello ya boiphihlelo ka thuto e ntlafaditsweng le ho hlophiswa hantle bakeng sa ho ntlafatsa tsebo. Sena se tla etsa hore ho kgonahale bakeng sa batshwasi ho tswela pele hanyane-hanyane ho tloha dikepeng tse nyane ho ya ho tse kgolo mme qetellong ho ya ho dikepe tse hwebang matjhabeng.

1.8. Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa moralo wa dikhoine tse latelang tsa sehopotso tsa 2015 ke Khamphani ya Aforika Borwa ya Mente, hore o phatlalatswe Koranteng ya Mmuso.
a) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe la Sekila: “Bophelo ba Mohale: NR Mandela”
b) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Natura: “Ditsomi tsa Bosiu – Phokojwe ya Mokokotlo o Motsho”
c) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya R1 ya Kgauta: “Dihahabi tsa Aforika Borwa – Kwena ya Nile”
d) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya R2 ya Kgauta: “Porojeke ya UNESCO: Motho le Sepakapaka”
e) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Dikorone le Diteke tsa Silifera: “Diterene tsa Aforika Borwa”; le
f) Lethathama la Tjhelete ya Tshepe ya Seteling ya Silifera: “Dibaka tsa Mawatle tse Tshireleditsweng tsa Aforika Borwa”

1.9. Kabinete e ile ya tsebiswa ka Tokisobotjha ya Makgotla a Bomasepala a Ditereke le Dibaka tsa Bolaodi tsa Dikarolo le dibaka tsa Bodulo tsa Lehae tsa Lekgotla le Phahameng la Aforika Borwa.

Porojeke ya tokisobotjha ya makgotla a dinyewe e busetsa morao lefa la ho hloka tekatekano le toka. E theha mohlala o tla tataisa mafapha ohle a amehang, makala a thibelo ya ditlolo tsa molao le ditsha tsa toka bakeng sa ho momahanya ditshebetso tsa ona ka tshwanelo.

Badudi ba neng ba tinngwe menyetla pele dibakeng tsa mehleng tsa mahae, dipuso tse neng di ipusa le metsana ya mahae jwale di tla kgola molemo ho tswa ho diphetho tsa tsamaiso ya tokisobotjha. Ba tla kgona ho fihlella makgotla a dinyewe ka ditjeho tse fokotsehileng.

Bakeng sa ho fana ka phumantsho ho tsa toka, ho a hlokahala ho lokisa botjha dibaka tsa bolaodi ba makgotla a dinyewe tse neng di thehilwe ke mmuso wa kgethollo, ho kenyeletswa le popo le sebopeho sa ona. Tsamaiso ya tokiso botjha e netefatsa hore ho na le karolelano e lekalekanang ya makgotla a dinyewe ka hara naha, bakeng sa ntlafatso ya ho fihlella makgotla a dinyewe, e leng tokelo ya motheo ya botho jwaloka ha e hlahella ho Karolo 34 ya Bili ya Ditokelo ka hara Molao wa Motheo.

2. Dibili

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha Maintenance Amendment Bill (Sehlomathiso sa Bili ya Tlhokomelo), ya 2014 Palamenteng.

Bili e fetola Maintenance Act (Molao wa Tlhokomelo), wa 1998 (Molao 99 wa 1998) ho ntlafatsa tsamaiso ya Tlhokomelo le ho ntlafatsa phumantsho ya toka bakeng sa basadi le bana.

Dihlomathiso di tlosa diphephetso, tsa molao le tsamaiso, tse etsahalang ho bakgolamolemo ba Tlhokomelo, bao boholo e leng basadi le bana.

Sena se momahana ka kotloloho le dipheo tsa sehlooho tsa NDP hodima phethoho ya moruo le tshireletso ho tsa kahisano.

Tse ding tsa dipehelo tsa Sehlomathiso sa Bili di kenyeletsa: ho thibela ba sa lefeng ditjhelete tsa Tlhokomelo hore ba se fuwe mekitlane ha ba ntse ba kolota tjhelete ya Tlhokomelo, ho hatella beng ba ditshebeletso tsa diselefounu ho fana ka dinomoro tsa mohala tsa ba amehang le ba sa lefeng ditjhelete tsa kotlo ho makgotla a dinyewe a Tlhokomelo haeba lekgotla le ikgotsofaditse hore le entse mekutu yohle e hlokahalang ya ho fumana batho bao, le ho etsa hore motho ya pharilweng ka molato wa Tlhokomelo, a lefe tjhelete e saletseng morao ya Tlhokomelo.

2.2. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tekwa ha Agrément South Africa Bill (Bili ya Tumellano ya Aforika Borwa) le Memorandamo mabapi la Dipheo tsa Bili Palamenteng.

Ho thehwa ha Tumellano ya Aforika Borwa, jwaloka ha ho sisintswe ho Bili ya Tumellano ya Aforika Borwa, ya 2014 ho tla nyehela bakeng sa tswalo ya lekala le matla le ntjhafatsang la kaho le tla amang ka tshwanelo tlhahiso ya mesebetsi ha le nyehela ho merero ya Mmuso ya dikaho tsa motheo.

Keketso ya molemo e tla phatlalla ho tloha ho diphuputso ho ya ntlafatsong, mesebetsing ya tlhahiso e ekeditsweng, tlhahiso ya mesebetsi le phediso ya bofuma.

2.3. Kabinete e tjhaelletse monwana tsebiso ya moralo wa Auditing Profession Amendment Bill (Sehlomathiso sa Bili ya Lekala la Bohlakisi) Palamenteng.

Sehlomathiso sa Bili se sisinya diphethoho ho Auditing Profession Act (Molao wa Lekala la Bohlakisi), wa 2005, ho laola baiketi ba bohlahlobi le ho ntlafatsa tjhebo ho Companies Act (Molao wa Dikhamphani), wa 1973 hore Molao wa Lekala la Bohlakisi o ipapise le Molao wa Dikhamphani wa 2008 (Molao wa 71 wa 2008).

Sepheo ke ho tlisa ba lakatsang ho ba bahlahlobi (bahlahlobi ba iketang), pele ho boingodiso, tlasa Molao wa Lekala la Bohlakisi, wa 2005 hore ba tle ba laolwe ke Boto e Ikemetseng bakeng sa Bahlahlobi, ka tsela e tshwanang le eo bahlahlobi ba ngodisitsweng ba laolwang ka yona, le ho etsa diphetho tse bonahalang tse batlwang ke Molao wa Dikhamphani wa 2008. Sena hape se tla tshireletsa setjhaba mosebetsing o etswang ke mohlahlobi ya iketang.

2.4. Kabinete e tjhaelletse monwana ho tsebiswa ha Defence Laws Repeal and Amendment Bill (Sehlomathiso sa Bili ya Melao ya Tshireletso le Suthiso), wa 2014 Palamenteng.
Tsena di batla ho suthisa le ho hlomathisa melao e itseng ya tshireletso e bonwang e se na thuso le ho se hlokahale jwaloka ha e hlauwe ke Khomishene ya Phethoho ya Melao ya Aforika Borwa.

Khomishene e laetswe ho etsa tlhatlhobo ya melao yohle ya Aforika Borwa bakeng sa ho eletsa mabapi le ho fetolwa ha dipehelo tse sa hlokahaleng, ho batleha kapa tse sa tsamaelaneng le molao wa motheo. Bili e rerile ho phetha mosebetsi ona ka hara tikoloho ya tshireletso.

Bili e sisinya ho suthisa melao e 16 ya tshireletso e sa hlokahaleng mme ho fetafeta moo e sisinya ho fetolwa ha Molao o le mong, o sa tsamaelaneng le Karolo 9 ya Molao wa Motheo (polelo ya tekatekano). Sena se tla etsa hore melao ya tshireletso e tsamaelane le toka ya melao ya motheo ya hona jwale ka ho tlosa dipehelo tse kgethollang ho tswa bukeng ya melao.

3. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

3.1 Kabinete e imatahanya le maAforika Borwa moketeng wa Letsatsi la Tokoloho ya Bophatlalatsi ka la 19 Mphalane 2014 ha Moporesidente Jacob Zuma a memme mekaubere ya boraditaba le bahlophisi jwaloka karolo ya ho keteka dilemo tse 20 tsa tokoloho ya bophatlalatsi ka hara Aforika Borwa. Letsatsi la Tokoloho ya Bophatlalatsi ke mokete wa bolokolohi ba tlhahiso ya maikutlo le tokoloho ya bophatlalatsi e tiiseditsweng ka hara molao wa motheo wa rona.

3.2 Moporesidente Zuma, a tlatsitswe ke ditho tsa Kabinete, Tonakgolo ya KwaZulu-Natal le Ditho tsa Lekgotla la Phethahatso tsa porofense ba ile ba tsamaisa Imbizo ya Boporesidente ka katleho bomasepaleng ba Msunduzi le uMgungundlovu ka la 30 Loetse 2014.

Jwaloka karolo ya dikgokahanyo tse tswelang pele le tse otlolohileng le badudi ba Aforika Borwa, Moporesidente Jacob Zuma o tla tsamaisa Siyahlola ya Boporesidente Giyani, ho la Limpopo, ka la 31 Mphalane 2014.

3.3 Kabinete e amohela tlaleho ya kgatelopele e mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Tumellano bakeng sa Indaseteri ya Merafo ya Moshwelella e tekilweng foramong ya haufinyane tjena ya Lekala la Naha la Ditherisano la Merafo.

Foramo e bontsha boitlamo ba bankakarolo bohle ho bokamoso ba merafo Aforika Borwa, le tlhahiso le paballo ya botsitso bo lekalekaneng pakeng tsa ditlhoko tsa moruo wa kahisano le dipheo tsa matsete.

Kabinete e amohela boitlamo bo botjha ho Moralo wa Tumellano bakeng sa Indaseteri ya merafo ya Moshwelella le ho fumana ditharollo tsa nako e telele tsa diphephetso tse tobileng indaseteri ena.

3.4 Kabinete e amohela tsebiso ya Moporesidente Jacob Zuma ka kgatelo pele e entsweng ka Operation Phakisa ho bula bokgoni ba moruo ba mawatle a Aforika Borwa ka tsela ya moshwelella.

Moralo wa phano wa Moporesidente Jacob Zuma o re atametsa haufi le ho fihlelleng melemo ya moruo wa mawatle, e ka nyehelang R177 bilione ho Dihlahiswa Kaofela tsa Naha Selemong le ho hlahisa mesebetsi e ka bang milione.

Porojeke ya bobedi ya Operation Phakisa e qadile ka la 13 Mphalane 2014 mme e tla shebana le ditliliniki tse hlwahlwa tsamaisong ya rona ya kalafo. Makala a tshebetso nakong ya beke tse tsheletseng a tla shebisisa lekala lena le ho ntshetsapele meralo ya phano e tla lokollelwa setjhaba hang feela hae phethetswe.

3.5 Kabinete e amohetse Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng (MTBPS), e fanang ka kgutsufatso ya moralo wa ditjeho eo ka hara ona ditekanyetso tsa naha le tsa diporofense di lokiswang.

Kabinete e amohela mekgwa e phatlaladitsweng ka hara MTBPS ho thibela tshebediso ya ditjhelete ka hara Tshebeletso ya Setjhaba.

Kabinete e rata ho tiisetsa maAforika Borwa botjha hore le ka hara maemo a thata a moruo mmuso o tla tswela pele ho tshehetsa mananeo a setjhaba ka matlole, matsete a dikaho tsa motheo le ditsiane tsa ho tshehetsa diindaseteri tsa bohlokwa.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e amohela mekgwa e kentsweng tshebetsong ke Lefapha la Eneji bakeng sa ho ntlafatsa polokeho ya eneji, ho mekamekana le ditlhoko tsa moruo le ho hlahisa mesebetsi e hlokehang haholo. Tshaeno ya tumellano ya dikamano tsa nyutleleya ka hara mebuso ke mohato o isang tseleng e lokileng ya ho tiisetsa ditlhoko tsa eneji tsa naha.

Ditumellano tse saennweng ke keketseho ya letoto la bafani ba nyutleleya bao naha e ka kgethang ho bona bakeng sa lenaneo la yona la ho reka nyutleleya le ho tshwaya mokolokotwane o mong hape maikemisetsong a naha a ho beha tiisetso ya eneji ka sehloohong.

Tsamaiso ena e atametsa naha haufi le ho atleha ho polante e teng hona jwale Koeberg ho ya ho indaseteri ya nyutleleya e batlang e phatlalatseng, e itjarang e lebeletsweng ho nyehela 9.6 GW tsa motlakase ho marangrang a naha.

NDP e tlama naha ho shebisisa mekgwa yohle e teng ya eneji bakeng sa ho boloka phano ya eneji ya bokamoso. Kabinete e na le boitshepo ba hore motswako wa Aforika Borwa wa eneji - o kenyeletsang matla a mashala, letsatsi, moya, metsi, kgase le nyutleleya – a tla netefatsa mohlodi wa matla o tshepahalang o tla mekamekana le ditlhoko tsa naha tsa kgolo, a dumella botsitso pakeng tsa mehlodi ya eneji le ho re thusa ho fihlella dipheo tsa rona tsa phokotso ya khabone.

4.2. Kabinete e amohela le ho thoholetsa mekgatlo yohle ka ho bula botjha Palamente ya Lesotho ka katleho bekeng e fetileng ho ipapisitswe le Tumellano ya Bonamodi ya Maseru e tsamaiswang ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa.

4.3. Kabinete e boela e pheta hore Aforika Borwa e thehile mekgwa e hlokahalang bakeng sa ho thibela Ebola ho nama ka hara naha.

Peho ya leihlo ho madiboho ohle a ho kena naheng e matlafaditswe bakeng sa ho hlwaya difeberu tsa madi, haholoholo Ebola. Mmuso hape o thehile sehlopha sa naha sa ho arabela haeba ho ka ba le ho hlahella ha lefu lena mme dipetlele tse 11 di malala-a-laotswe jwaloka ditsha tsa phekolo ya Ebola.

Kabinete e tshehetsa mekutu ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle wa ho theha ditsha tsa phekolo ya Ebola le ho matlafatsa bokgoni ba diteko tsa laboratori, ho latela mohlala wa kopano, tsebiso ya setjhaba, dipoloko tsa bafu tse bolokehileng le tlhokomelo ya kalafo eo e seng ya Ebola ho la Aforika Bophirima.

Kabinete hape e ipiletsa ho batho ka bo mong le borakgwebo ka lefatshe lohle ho nyehela ho Letlole la Karabelo ya Ebola le thehilweng ho thusa dinaha tsa Aforika Bophirima tse amehang ntweng ya tsona kgahlanong le lefu lena le kotsi.

4.4. Kabinete e amohela ho tshwarwa ha batho ba tsheletseng ba amahanngwang le boshodu ba dikheibole bo bakileng ho hlokahala ha metsi dikarolong tsa Gauteng. Batho bana ke karolo ya lequlwana leo sepolesa se tlalehwang se le qhadile ka ho tshwarwa hona. Kabinete e hlahisitse mmono wa hore boshodu ba dikheibole le diketso tse amanang le bona tsa boshodu ba – dikwahelo tsa dikotopo, ditshepe tsa marokgo, diphaelone tsa motlakase, diterata, jj. di amahanngwa le tshenyo ya mananeo a dikaho tsa motheo tsa naha.

Mmuso o tla nnetefatsa hore baetsi ba diketso tsena ba hlahlelwa tjhankaneng bakeng sa kamohelo ya dikheibole tse utsuweng ka kotlo tse matla tse fanwang ke molao. Mmuso o ngongorehile ke taba ena mme o keke wa qeaqea ho sebetsa ka matla ho lwantsha ketso ena.

4.5 Setheo sa Kgwebo le Matsete sa Aforika Borwa (TISA), e leng karolo ya Lefapha la Kgwebo le Indaseteri (dti), bekeng e fetileng le amohetse kgau  Sebokeng sa Matjhaba a Kopaneng se mabapi le Kgwebo le Ntshetsopele ya Foramo ya Lefatshe ya Matsete Geneva bakeng sa tshutshumetso ya matsete a moshwelella. Sena ke bakeng sa mosebetsi o entsweng ke TISA ka ho tshehetsa ho thehwa ha polante ya Unilever Indonesia ho la Ethekwini, e ileng ya bulwa ke Letona la Lefapha la Kgwebo le Indaseteri nakong ya ho tshwarwa ha COP 17 ke Aforika Borwa.

4.6 Kabinete e behilwe sehlohlolong ka ho putlama ha moaho ho la Nigeria. Pehelo e ikgethang e tla fanwa kamora kopano ena.

5. Diketsahalo tse tlang

5.1. Moporesidente Jacob Zuma o tla fana ka puo ya pulo ya sehlooho ka tlasa mookotaba “Lefatshe jwaloka Mmaraka o Moholo o Runyang”, Sebokeng sa innovaBRICS le ka Nnqane ho la London ka la 27 Mphalane 2014. 

Seboka se kopanya baetapele ba mmuso le ba dikgwebo ba nang le ditshebetso kapa kgahleho ho dimmaraka tse runyang, ho shebisisa le ho buisana ka menyetla ya botsetedi le diphephetso ka hara mebaraka ena.

Kabinete e amohela Seboka sa innovaBRICS le ka Nnqane ho yona e le monyetla wa ho tsebisa Aforika Borwa e le sebaka sa matsete ho dikgwebo tsa  United Kingdom le mebaraka e meng e runyang. 

5.2  Moporesidente Zuma o tla amohela Moporesidente wa Burundi Pierre Nkurunziza ka la 4 Pudungwana ho la Cape Town. Leeto lena le tla tiisa dikamano tsa rona tse ntseng di le teng tsa ka bobedi le Burundi le ho ntshetsapele kgwebisano ka hara kontinente.

5.3 Lefapha la Metsi le Dikgwerekgwere, ka kopanelo le Lekgotla la Matona a Aforika mabapi le Metsi (AMCOW), Khomishene ya Diphuputso tsa Metsi ya Aforika Borwa, SADC le Bomphato ba Basadi le Metsi, le tla tshwara Seboka sa Bong, Metsi le Ntshetsopele East London ho tloha ka la 3 ho ya ka la 7 Pudungwana 2014 tlasa mookotaba: “Bong, Metsi le Ntshetsopele – kgokelo e tsepameng”.

Lenane tsamaiso la seboka le tla hlophiswa ke Lekala la Ho kenyeletsa Bong ho Lekala la Metsi ka hara Aforika la Leano le Lewa la AMCOW, le nang le dipheo tse supileng tse tobileng ho leano, mehlodi, lewa la diphuputso, kaho ya bokgoni, tshebedisano mmoho le bodisa le tlhatlhobo, bakeng sa ho fihlella sepheo se akaretsang sa tekatekano ya bong ho leano la metsi.

5.4 Kabinete e lakaletsa baithuti bohle mahlohonolo ha ba itokisetsa ditlhatlhobo tsa mafelo a selemo. Ditlhatlhobo tsena ke sesebediswa se setle sa ho lekanya boitshunyako ba rona thutong bo kang Ditekolo tsa Selemo le Selemo tsa Naha (ANA) le Setatemente sa Naha sa Leano la Kharikhulamo le Tekanyetso (CAPS).

Kabinete e amohela tiisetso ya Umalusi ya hore naha e malala-a-laotswe ho ka tsamaisa ditlhatlhobo tsa Setifikeiti se Phahameng sa Naha pakeng tsa la 27 Mphalane le la 28 Pudungwana 2014.

Batswadi bohle, bahlokomedi le badudi ba kgothaletswa ho tshehetsa baithuti ha ba itokisetsa ditlhatlhobo tsa bona.

Kabinete e tswela pele ho lakaletsa sehlopha sa materiki sa 2014 mahlohonolo. Kabinete hape e kgothaletsa batswadi le bahlokomedi ho tshehetsa Dikgetho tsa Makgotla a Taolo ya Dikolo tsa 2015 ho tloha ka la 6 ho ya ho la 28 Hlakubele 2015 ka ho iketa kapa ho vouta.

5.5 Kabinete e hoeletsa maAforika Borwa ohle ho tshehetsa Kgwedi ya Naha ya Temoso ya Ditokelo tsa Diqhwala pakeng tsa la 3 Pudungwana le la 3 Tshitwe 2014 tlasa mookotaba: “Re keteka dilemo tse 20 tsa ditokelo tsa batho ba nang le boqhwala ka hara demokerasi ya rona”.

Ho tloha ka 1994 re entse tse kgolo ka ho ntlafatsa ditokelo le boleng ba bophelo ba batho ba nang le boqhwala ka molao, maano le boitshunyako ho tsa kahisano. Ho ya ka Tjhebobotjha ya Dilemo tse Mashome a Mabedi 1994 – 2014, Kantoro e mabapi le Maemo a Batho ba nang le Boqhwala e ile ya thehwa, ha amohelwa Lewa la Naha le Kopanetsweng la Boqhwala, le tlhokomelo ya kalafo ya mahala, thuso ho tsa kahisano le thuto e kenyeletsang e fuwang batho ba nang le boqhwala.

NDP e itlama jwaloka setjhaba ho etsa haholwanyane ho eketsa phumantsho ya ditshebeletso, haholoholo tsa thuto ya boleng le mesebetsi bakeng sa batho ba nang le boqhwala.

5.6 Ka moya wa Kgwedi ya Dipalangwang, Kabinete e ipiletsa ho basebedisi bohle ba tsela ho fadimeha mebileng ya rona ka ho dula ba kganna ka moedi o behilweng wa lebelo le ho netefatsa hore dipalangwang di loketse tsela. Mmuso o hoeletsa ditaaso ho sebedisa mebila ka hloko mme basebedisi bohle ba mebila ba hlomphane.

6. Dithonyo

6.1. Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang ho Boto ya Motheo wa Naha wa Diphuputso:
a) Moporofesara Mala Singh (o thontswe hape);
b) Moporofesara Mamokgethi Phakeng;
c) Moporofesara Ari Sitas;
d) Moadvokheite Louisa Zondo;
e) Moporofesara Tinyiko Maluleke;
f) Ngaka Vathiswa Papu-Zamxaka;
g) Mofumahadi Gail Campbell
h) Monghadi Mashangu Lubisi
i) Moporofesara Errol Tyobeka (o thontswe hape);
j) Moporofesara Sunil Maharaj (o thontswe hape)
k) Ngaka Peter Clayton (o thontswe hape);
l) Moporofesara Loyiso Nongxa (Modulasetulo);
m) Mofumahadi Joanne Yawitch; le
n) Moporofesara Murray Leibbrandt (o thontswe hape).

6.2. Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang ho Boto ya Tlhatlhobo ya Ditokelo
a) Mofumahadi Elena Mihail Zdravkova;
b) Moporofesara Christiena Maria van der Bank (o thontswe hape);
c) Mofumahadi Shanaaz Tiry (o thontswe hape);
d) Mofumahadi Sandra Clelland (o thontswe hape); le
e) Monghadi Paul Sibisi (o thontswe hape).

6.3. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Ditho tsa Lekgotla Tayo ho Lekgotla la Tayo la Dikhamphani
a) Moporofesara Kasturi Moodaliyar;
b) Moadvokheite Lizelle Dominique Haskins;
c) Monghadi Mmoledi Fairhope Malokane; le
d) Monghadi Peter John Veldhuizen.

6.4. Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang ho Boto ya Aforika Borwa ya Bolaodi ba Difofane tsa Setjhaba.
a) Monghadi Smunda Mokoena (Modulasetulo);
b) Moporofesara Ntombizozuko Dyani-Mhango;
c) Majoro-Mokgenerale Nhlanhla Lucky Job Ngema;
d) Mofumahadi Lizeka Dlephu;
e) Moadvokheite Roshan Dehal (o thontswe hape);
f) Mofumahadi Doris Dondur (o thontswe hape); le
g) Monghadi Mongezi India.

6.5. Kabinete e tjhaelletse monwana bathonngwa ba latelang ba Batshepuwa bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Letlole la Naha la Matlafatso.
a) Monghadi R Garach;
b) Monghadi A Raiz;
c) Mofumahadi Z Ntlangula;
d) Mofumahadi N Mosala;
e) Mofumahadi A Makwetla; le
f) Mofumahadi J Williams.

6.6. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Monghadi Fundisile Mketeni jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO) wa Diphaka tsa Naha tsa Aforika Borwa (SANParks) bakeng sa konteraka ya dilemo tse hlano (5).

6.7. Kabinete e ekeditse konteraka ya Mofumahadi Thuli Radebe jwaloka CEO wa Setsi sa Ntlafatso ya Tshebeletso ya Setjhaba  bakeng sa dilemo tse ding tse tharo (3).

6.8. Kabinete e tjhaelletse monwana ho thonngwa ha Mofumahadi Lakela Kaunda jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Tshebetso (COO) Kantorong ya Moporesidente.

Dipotso: Monghadi Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore