Etsa kopo hore o thehe foramo ya sebaka sa mosebetsi

Foramo ya sebaka sa mosebetsi ke dikomiti tsa basebeletsi tse kgethuweng ke basebeletsi sebakeng seo sa mosebetsi. Ba kopana le bahiri nako le nako ho tshwara dipuisano ka ditaba tsa sebaka sa mosebetsi.

Diforamo tsena ha di nke sebaka sa ditherisano tsa kopanelo empa di sebetsana le ditaba tse loketseng ho rarollwa ka ho buisanwa le ba amehang ho na le hore ho nkuwe tsela ya dipuisano tsa kopanelo. Ditaba tsena di kenyeletsa ditaba tseo e seng tsa meputso tse jwaloka ho hlophisa botjha tsa tlhahiso le ho kenya tshebetsong dithekenoji tse ntjha.

Diforamo tsa sebaka sa mosebetsing di thehilwe ho:

  • ntshetsapele ditabatabelo tsa bahiruwa bohle sebakeng sa mosebetsi empa e seng fela tsa ditho tsa diyunione
  • ho matlafatsa tshebetso e potlakileng mosebetsing
  • ho buisana le bahiruwa ka ditaba tse itseng
  • ho kenyeletsa bahiruwa ntlheng ya ho etsa diqeto ka kopanelo ditabeng tse ding.

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho theha foramo ya sebaka sa mosebetsi kapa o buisane le Khomishene ya Poelano le Bonamodi (CCMA).

 

Share this page