Ho romela ngangisano ho CCMA bakeng sa poelano kapa poelano le bonamodi

Haeba wena o le mohiruwa ya tsekisanong le mohiri wa hao kapa e ka ba ka lehlakore le leng hodima taba e jwaloka:

  • ho lelekwa mosebetsing,
  • meputso le maemo a mosebetsi
  • diphetoho mosebetsing kapa
  • ho kgethollwa.

O ka kopa Khomishene ya Poelano le Bonamodi (CCMA) ho thusa ka poelano kapa bonamodi tsekong ya lona. Mokgatlo wa basebetsi kapa wa mohiruwa o ka nna wa qala ketsahalo ena. Ha o hloke hore o fumane tumello ya mokgatlo o mong pele o isa taba ena ho CCMA.

Ditseko tsena tse latelang di ke ke tsa romelwa ho CCMA:

  • moo ho amehang rakonteraka ya ikemetseng
  • moo nyewe e sa ameng taba e ho Molao wa Dikamano tsa Basebetsi (LRA) kapa Molao wa Tekano Mosebetsing (EEA). Ditaba tsa Molao wa Maemo a Motheo Khirong (BCEA) di ka nna tsa hokelwa ditsekong tsa ho lelekwa mosebetsing ka tsela e hlokang toka hape le ditseko tsa ho fokotswa mosebetsing ka leeme mme tsa romelwa ho CCMA.
  • moo ho nang le lekgotla la ditherisano kapa lekgotla la molao bakeng sa lekala leo.
  • moo ho ntseng ho na le tumellano ya poraevete bakeng sa ho rarolla ditseko (mohlala: bonamodi ba poraevete).

Thola lesedi le fetang lena mabapi le ho romela tseko ho CCMA kapa o iteanye le CCMA.

 

Share this page