Central Application Service (CAS) e fana ka dintlha le tshehetso ho baithuti ba so kang ba fumana dikolo tseo ba ka ithutang ho tsona bakeng sa thupello ka mora ho phethela sehlopha sa leshome. Sitsi sena se boetse se thusa le ba hlokang menyetla eo ba ka e sebedisang ka mora sehlopha sa leshome.
Ho tloha selemong sena sa 2026 sa dithuto, sitsi sa Central Applications Clearing House (CACH) se fedisitswe mme bakeng sa sona ho kene Central Application Service.
CAS ke sitsi se fanang ka tshebeletso ya tshehetso ya kopanelo ho phatlalla le Lekala la Thuto e Phahameng le Thupello ho kenyeletsa diyunivesithi, dikoletjhe le ditsi tse ding tsa thupello. E boetse hape e fana ka tshehetso ho thusa hore baithuti ba se wele lerabeng la ditheo tsa thuto tseo e seng tsa nnete.
Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello le tswela pele ho etsa matsapa a hore batjha ba dule ba le sehlohlolong sa ditaba mabapi le dintlha le yona tataiso mabapi le menyetla e teng ka mora ho phethela sehlopha sa leshome.
Baithuti ba batlang ditheo tsa ho ithuta, ba kgothaletswa ho ikgokahanya le Central Application Service ka WhatsApp nomorong ya 081 308 4196.

