Kopo ya ngodiso jwalo ka moamohedi wa setswakantle

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha mabapi le phemiti ya ho tlisa thepa kahara naha 

Haeba o rera ho tlisa thepa e laolwang, thepa e sebedisitsweng, matlakala kapa thepa ya kgale e ka sebediswang hape kahara naha, pele o tlameha ho ingodisa jwaloka motlisathepa, le Tshebeletso ya Pokello ya Lekgetho ya Aforika Borwa (SARS) mme ebe jwale o etsa kopo Khomisheneng ya Tsamaiso ya Kgwebisano Matjhabeng ya Aforika Borwa (ITAC) bakeng sa phemiti ya ho tlisa thepa.

Phemiti ya ho tlisa thepa e netefatsa hore thepa eo o batlang ho e tlisa e ikamahanya le polokeho, boleng, ditlhoko tsa tikoloho le bophelo ba naha. Hape di tlameha ho phethahatsa ho ya ka ditlhoko tsa ditumellano tsa matjhaba.

Diphemiti di boetse di thusa ho laola phallo e kenang kahare ho naha ya thepa ya mofuta wa lewa kapa thepa e semokotsweng.

Leano le sebetsang ho tlisweng ha thepa le fapana ho tloha karolong e le nngwe ho isa ho e nngwe. Thepa e ngata e ntjha e dumelletswe ho se ikamahanye le mehato ya taolo ya ho tlisa kahara naha. Leha ho le jwalo, thepa kaofela e sebedisitsweng, matlakala le thepa ya kgale e ka sebediswang hape di itshetlehile mehatong ya taolo ya ho tliswa kahara naha.

O lokela ho etsang

  1. Leba SARS mme o ingodise jwaloka motlisathepa.
  2. Leba ITAC kapa fumana foromo ya kopo inthaneteng.
  3. Tlatsa diforomo.
  4. Isa diforomo Botsamaising: Taolo ya ho Tlisa le ho Romela Thepa ITAC.

Ela Hloko:

  • O ka romellwa lenane la thepa e itshetlehileng mehatong ya taolo ya ho tlisa thepa ha o neha ITAC dintlha tseo ba ka iteanyang le wena ka tsona.
  • Haeba o hloka tlhahisoleseding ya leano ka ho tliswa ha thepa e totobetseng, fana ka dintlha tsa thepa e lokelwang ho tliswa ho ITAC, kantoro ya Taolo ya ho Tlisa le ho Romela thepa.

Nako ya tshebetso

Hangata diphemiti tsa ho tlisa thepa di ntshwa nakong ya matsatsi a mahlano a mosebetsi.

Ditjeo ke bokae

Tshebeletso ke mahala.

Diforomo tse tlatswang

O tlameha ho tlatsa mme o ise feela foromo e o amang:

Dintlha tsa ho iteanya

 

ITAC national office - Import and Export Control

Tel: 0861 834 384, 012 394 3590, 012 394 3591
City/town: Pretora
Province: Gauteng
Physical address: International Trade Administration Commission, 77 Meintjies Street, Block D, Sunnyside, Pretoria, 0001
Postal address: Private Bag X753 Pretoria, 0001
Web address: http://www.itac.org.za

Share this page