Dintlhakgolo tsa Puo ya Boemo ba Naha ya Bohareng ba Selemo ho boraditaba mabapi le tswelopele e entsweng dipehelong tsa yona

Moporesidente Jacob Zuma o fanne ka Dintlhakgolo tsa Puo ya Boemo ba Naha ya Bohareng ba Selemo ho boraditaba mabapi le tswelopele e entsweng dipehelong tsa yona. Meahong ya Kopano Pretoria ka Labobedi, la 11 Phato 2015.Tsebiso ena e tsepamisitse maikutlo hodima mosebetsi o entsweng ke mmuso selemong sa pele sa Moralo wa Leano la Nako ya Bohareng (MTSF) ya 2014 – ho ya ho 2019, jwaloka ha e bontshitswe ho SoNA ka Kgwedi ya Hlakola selemong sa 2015.

MTSF, e leng Lenaneo la Tshebetso, e theilwe hodima Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP), e le moralo wa moruo wa naha o tla sebetsana le diphephetso tse tharo tsa bofuma, tlhokeho ya mesebetsi le tlhokeho ya tekatekano ho fihlela ka selemo sa 2030.

Tsebiso mabapi le Moralo wa Dintlha tse Robong

Puong ya hae ya SoNA ya kgwedi ya Hlakola 2015 Mopresidente Zuma o tsebisitse Moralo waLeano la Dintlha tse Robong la ho phahamisa kgodiso ya moruo le ho theha mesebetsi e hlokehang haholo. Moralo ona wa Dintlha tse Robong ke karabelo ya diphephetso tsa kgolo e fokolang ya moruo wa Aforika Borwa.
 
Ho eketsa kgolong e lebelletsweng ya 2% ka selemo sa 2015, Moralo wa Dintlha tse Robong le ka nyolla kgolo ya moruo ka 0.8 % ka nakwana e kgutshwanyane le kgolo ya 1% nakong e mahareng ho ya ho e telele.

Dikarolo tsa leano ke tse latelang:
1.    Ho rarolla phephetso ya matla a motlakase
2.    Ho tsoseletsa temo le mesebetsi ya dihlahiswa tsa kgwebo e ikgethileng ho tsa temo.
3.    Ho ntshetsapele kuno kapa ho eketsa moruo merafong
4.    Ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa ha sekgahla se batlang se phahame sa Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri,.
5.    Ho kgothalletsa ho tsetelwa ha ditjhelete ke makala a ikemetseng.
6.    Ho fokotsa dikgohlano mesebetsing
7.    Ho phahamisa boiteko ba dikgwebo tse nyane, tse mahareng le tse hodileng (SMMEs tsa dikoporasi, tsa makeisheneng le tsa mahaeng.
8. Ho ntlafatsa le ho phahamisa ha dikgwebo tsa mmuso,meralo ya motheo ya tlhahisoleseding le dikgokahanyo tsa ya thekenoloti kapa tsamaiso ya yona, maemo a bophelo bo botle haholo ho fana ka metsi a hlwekileng a ho nwa le kaho ya tsamaiso ya dikgwerekgwere le ho theha moralo wa motheo wa ditshebeletso tsa dipalangwang.
9. Operation Phakisa, eo sepheo sa yona e leng ho hodisa moruo wa kgwebo ya lewatle le makala a mang dikgwebo.

TLHAHISO

Ho tsetelwa ha tjhelete le ho thehwa ha mesebetsi
Tshehetso ya mmuso e thusitse kgwebo ya tlhahiso ya dikoloi ho aha diyuniti tse 566 000 ka 2014 ho tloha diyuniting tse 356 800 ka selemo sa 2000.

Tshehetso ena e ntlafaditse thekisetso dinaheng tse ding ho tloha diyuniting tse 11 000 selemong sa 1995 ho ya diyuniting tse 270 000 selemong sa 2014. Ka lebaka la sena, ho hlahisitswe mesebetsi e 300 000 kgwebong ya dikoloi.

Ho tsetelwa ha tjhelete ho ikgethileng ho bile le seabo se seholo mabapi le tlhahiso ya dikgwebo tsa dikoloi, dihlahiswa tsa temo letsa eleketroniki dielektroniki.

Tsena di kenyelletsa diranta tse dibilione tse 5 tsa Mercedes Benz, diranta tse dibilione tse 3 tsa Ford, diranta tse dibilione tse 4 tsa dipolante tse nne tsa Unilever dilemong tsa ho feta le diranta tse dimilione tse R228 tsa Samsung.

Ka selemo sa 2014, thekisetso ya dikoloi dinaheng tse ding ebile le diranta tse dibilione tse R115, e leng 12,7% ya paloyohle ya naha mabapi le thepa e romelwang dinaheng tseng ding.

Mmuso o ikemiseditse ho kenella ho emisa ho theoha ha dikgwebo tsa diaparo, masela, dihlahiswa tsa letlalo le dikgwebong tsa dieta tse bakileng tahlehelo ya mesebetsi e 68 000 dikgwebong tsena.

Mafelong a kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 2015, ho dumellanwe ka paloyohle ya diranta tse dibilione tse 3,7 ho tshehetsa dikgwebo tse ikemetseng esale ho qalwa Lenaneo la Clothing and Textile Competitive selemong sa 2010.

Ho tloha selemong sa 2009, mmuso o tsheheditse dikgwebo tsa dihlahiswa tsa temo ka thuso ya Lefapha la tsa Kgwebo le IndaseteriThekiso (the dti) ka boleng ba diranta tse dibilione tse 1,2 ka dikema tse fapaneng.

Ntshetsopele ya diindaseteri

Ho tswelapele kgodisong ya kgwebo ya naha mmuso hara dikenello tse ding o, hlahisitse Lenaneo la Black Industrialist, le etseditsweng ho tlisa phetoho kgwebong ya tlhahiso le ho phahamisa boiteko ba borakgwebo ba batsho.

Thuso ya pele ya tjhelete ya diranta tse bilione e behelletswe ka thoko ke dti mabapi le selemo sa ditjhelete sa 2015/16 le diranta tse dibilione tse 23 ho tswa ho Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindaseteri ka nako ya dilemo tse tharo tse tlang tsa tjhelete.

MERALO YA MOTHEOMEAHO

Mmuso le makala a setjhaba ba tsetetse diranta tse ka hodimo ho thrilione mabapi le meralo ya motheo pakeng tsa selemo sa 2009 le 2014.
 
Matsete mabapi le matla a motlakase, mebila, diporo, madiboho, dipalangwang tsa bohle, metsi a mangata le tsamaiso ya dikgwerekgwere, dipetlele, meaho ya thuto ya motheo le thuto e phahameng hong le diporojeke tse kang teleskoupo tsa Square Kilometre Array le Meerkat.

Phano ya dikgokahanyo tsa inthanete e batsi

Ka kgwedi ya Phato selemong sa 2015, ho hlahisitswe dikheibole tsa moetso wa opthiki tsa 41 351 km tse tla fana ka kgokahanyo ya inthanete ho thusana le bokgoni ba moruo.

Bofalli ba dijithale

Ka kgwedi ya Tlhakubele selemong sa 2015, Kabinete e dumelletse ditokiso mabapi le Leano la Bofalli ba Kgaso ba Dijithale le phahamisitseng bokgoni ba ho qala porojeke. Kabinete ya boela ya dumella hore mmuso o fane ka mabokose nang le bokahodimo bo lokolohileng a dimilione tse hlano mabapi le malapa a futsanehileng a nang le diTV.

Le hoja naha e sa ka ya kgahlametsana le ho kwalwa ha analoko ka la 17 Phupjane jwalo ka ha ho ne ho behilwe ke Kopano ya Matjhaba ya Dikgokahanyo tsa Moyeng, boholo ba mosebetsi bo bile tsamaisong e etelletseng ho kwalwa ha analoko.

Lefapha la tsa Dikgokahano le ile la qeta ka ho saena tshebedisanommoho le dinaha tsa boahisane e leng Botswana, Namibia, Mozambique, Lesotho le Swaziland – hore ho kgonahale ho fokotsa kgohlano mabapi le kgaso ya seyalemoya.

ENEJI

Ho nkilwe bohato bo boholo mabapi le katleho ya tharollo ya diphephetso tsa matla a motlakase Aforika Borwa esale ho qalwa Moralo wa Dintlha tse Hlano tsa Eneji ka kgwedi ya Tshitwe selemong sa 2014.

Ditshebeletso le mesebetsi ya Eskom e tswelapele ho ntlafatsa le ho etsa bonnete ba hore diahelo tsa motlakase di bolokwa ka tshwanelo mme di fana ka motlakase o lekaneng bokgoni ba tsona.
 
Eskom e saenne tumellano e tla tlisa phepelo e ekeditsweng ya motlakase ho kgahlametsana le mathata a hlahang nakong ya ditokiso le ho tobana le ditlhoko nakong ya tshebediso e hodimo ya motlakase.

Ho tla boela ho eketswa dimekawate (MW) tse 800 ho marangrang ka phehlo e kopanetsweng.

Mananeo a tshebediso ya motlakase a bakile dipoloko tsa 450 MW le ho fokotseha ha tshilafatso ya moya.

Diporojeke tse fapaneng tsa Ntjhafatso ya Tlhahiso e Ikemetseng ya Matla a Motlakase ha jwale di fana ka phepelo ya 1800 MW ho marangrang.

Dilemong tse pedi le halofo tse latelang, diporojeke tse 92 tsa lenaneo la leano la Eneji e ka Ntjhafatswang di tla tlisa paloyohle ya 6327MW kiriting.

Ho ntse ho hlwelwa dikgetho tse ding tsa ho fehlwa ha motlakase, ho kenyelletswa le diporojeke tsa meedi ya mabatowa a dinaha tsa Ntshetsopele ya Ditikoloho tsa Afrika e ka Borwa (SADC) tse kenyelletsang moya, kgase le mashala.

Mabapi le phepelo ya motlakase ka nako e lekaneng le nakong e telele, Leano la kaho ya nyutleliya le se le nkile kgato ya ho hlophisa mme tebeletso ya tjhelete e ka phethahala nakong ya kabo ya ditjhelete ya selemo sa 2015/16.

Ntjhafatso ya Lenaneo Leano le Leholo la Tshebediso ya Kgase, le tla susumetsa ntshetsopele le tsetelo ya tjhelete kgwebong ya kgase e tla phatlalatswa.
Mmuso o tla tswelapele ho phehella tshebedisong e tshepahalang ya eneji ya motlakase o kopanetsweng ho etsa bonnete ba tshireletso ya motlakase ha jwale le nakong e tlang.

MORUO

Moruo wa Aforika Borwa, jwalo ka meruo ya lefatshe ka bophara o ntse o tsitlalletse ho tsosolosa kgolo ya sekgahla sa ditjhelete tsa yona pele ho mathata.

Aforika Borwa e itlamme ho hodisa moruo wa yona ka sekgahla sa diphesente tse hlano ka selemo sa 2019, empa kgolo ya moruo ka 1.5% selemong sa 2014 e hole haholo le sepheo sa Morero wa la Ntshetsopele wa Naha (NDP).

Le ha ho le jwalo, ho fapana le kgolo e tsamayang butle lefatsheng ka bophara, ho lebeletswe hore kgolo ya moruo e nyolohe butle bonyane ka 3% dilemong tse tharo tse tlang, hobane thibelo ya tshebediso ya motlakase e leng yona tshitiso e matla – ho lebelletswe hore e theohe.

Tshehetso ya matsete

Ka la 7 kgweding ya Phato kopanong ya Sehlopha sa Mesebetsi ya Kgwebo sa Mopresidente, hara tse ding tsa dintho tseo ho buisanweng ka tsona, ke tlhokeho ya ho ntlafatsa molao o laolang bokgoni le ho fetoha ha nako mabapi le tshehetso ya matsete a ditjhelete. Ka hoo tsamaiso ya leano la Dibaka tse Ikgethileng tsa Moruo di tla tswelapele.

Ho thehilwe diahelo tsa ditshebeletso tsa tsetelo ya ditjhelete ho tshehetsa tsetelo ya tjhelete ya lefatshe le ya naha. Lenaneo la teko le thehilwe meahong ya dti.

Dipolante di tla ntlafatsa mokgwa wa matsete mme di thuse ho bebofatsa tsamaiso ya kgwebo ka ho hlwaya mathata, ho tlosa ditshitiso tsa tsamaiso ya mosebetsi, ho fokotsa taolo e sa sebetseng, ho theha mekgwa le maemo a mosebetsi, ho ntlafatsa nako ya ho phethwa ha mosebetsi, ho kopanya le ho potlakisa dipatlisiso tsa matsete.

Taolo e ntjha ya Visa

Ho latela ditletlebo mabapi le taolo e ntjha ya Visa, mmuso o thehile Komiti e Kopanetsweng ya Matona a Kopanelo (IMC) mabapi le Taolo ya Bofalli.
IMC e tla tobana le ditlamorao tse hlahang ntle le maikemisetso a taolo e ntjha ya melawana ya bofalli mabapi le mafapha a fapaneng, ho kenyelletswa bohahlaudi le tsetelo ya ditjhelete.

Modulasetulo wa IMC ke Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa, mme e thehilwe ka Letona la Bohahlaudi, la Ditaba tsa Lehae, la Kgwebo le Diindaseteri, la Ntshetsopele ya Setjhabale la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyane,

NTSHETSOPELE YA DIKGWEBO TSE NYANE

Kenello ya sehlooho ke ho phahamisa tswelopele ya boiteko ba dikgwebo tsa di SMME, dikoporasi, tsa makeishene le tsa mahaeng. Sena se kenyelletsa ho sebdiswa ha 30% ya leano le behelletsweng ka thoko ho tshehetsa di SMME le dikoporasi.

Kgwebo e nyane ke kgwebo e kgolo

Di SMME di tla fumana tshehetso e eketsehileng ya mebaraka le tjhelete. Ho kgellwa fatshe ha diSMME ho tla fokotseha, ho kenyelletswa le tekolo ya melao e teng ya dikgwebo tse nyane.

Tefo ya bafani ba ditshebeletso

Ho theilwe yuniti e ikgethileng Lefapheng la Meralo, Bodisa le Tlhatlhobo ho fuputsa dinyewe tsa tieho ya tefo kapa ho se lefuwe ha bafani ba ditshebeletso, le hoja ba kentse diforomo tsa bona tsa tefello tsa semmuso ka nako ya matsatsi a 30.

DIKAMANO TSA MESEBETSI

Motlatsi wa Moporesidente Ramaphosa ke yena ya etellang dipuisano pakeng tsa dikgwebo le mesebetsi ho tlisa kgotso dikamanong tsa mesebetsi.
Lekgotleng Khanseleng la tsa Mesebetsi le la Ntshetsopele ya Moruo wa Naha ho fihlelletswe Tumellano mabapi le tlhaloso ya tshebetso ya Moputso o Lekaneng wa Naha.

Mekgwa e meng ya ho fokotsa kgohlano mesebetsing e kenyelletsa tumellano ya ho etsa Khoutu ya Boitshwaro mabapi le merusu, tlhokeho ya kutlwano le ho lamola ho tlanngwang ke Mokhomishenare wa Kutlwano, Dipuisano le Kahlolo.

TEMO

Ho fumanwe katleho e kgolo mabapi le ntshetsopele ya Diphaka tsa Temo, moo dibaka tse 43 ho tse 44 di seng di hlwailwe. Phaka e nngwe e tla bulwaLeboya Bokone Bophirima.

Mmuso o tswelapele ho qala Moralo wa Tshebetso wa Leano la Temo ho tshehetsa kgolo le mesebetsi ho tsa temo le ho dihlahiswa tsa temo

Moralo o kenyelletsa tshehetso e eketsehileng ho borapolasi ba banyane le ho fumana ditsela tsa ho atisa palo ya balemi ba bangata.

Metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere

-Mmuso o hlwaile metsi e le mohlodi wa bohlokwa mabapi le ntshetsopele ya moruo mme mosebetsi wa moralo la wa tshebediso ya dintlha tse hlano mabapi le metsi le bohlokwa ba tshebediso ya ona le tswelapele.

Moralo o kenyelletsa ho:

  • boloka le ho ntlafatsa meralo ya motheo tsa ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere
  • aha matamo a matjha le ho hlahisa metsi a ka tlasa lefatshe
  • ntlafatsa bokgabane ba metsi
  • hlahisa dithekenoloji tse kgabane mabapi le metsi le tlhahisoleseding ya taolo ya tsamaiso ya dikgwerekgwere
  • etsa bonnete le ho phahamisa taolo ya mmuso e kopanetsweng jwalo ka laesense ya tshebediso ya metsi.

Tekolo ya Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi, wa 1997 (Molao wa 108 wa1997) le Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi, wa 1998 (Molao wa 108 wa1998) e tla nkelwa hloko.

Mmuso o leka ho fedisa ho dutla ha metsi ho etellang ditjehong tsa naha tsa diranta tse dibilione tse 7 ka selemo.

Leano la mmuso ka thuso ya Lefapha la tsa Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le tla kwetlisa diathisene le dipolambara tse 15 000 ho lokisa dipompo tse dutlang ditikolohong tsa bona, sena se tla bulwa Port Elizabeth, Kapa Botjhabela ka la 28 kgweding ya Phato. Ho tla qalwa ka ho nka ba 3 000 selemong sa ditjhelete sa 2015/16.

Thuto ya Motheo

Diphetho tsa 2014 tsa Tekolo Tekanyetso ya Selemo ya Naha di bontshitse hore baithuti ba Kereiti ya 3 ba atlehile ka bokgabane mabapi le litherasi le nyumerasi ho kenyelletswa le Puo ya Lapeng ya baithuti ba Kereiti ya 6.

Leha ho le jwalo katleho ya baithuti ba Kereiti ya 6 le ya 9 ya Mmetse le Puo Ya Pele ya Tlatsetso di sa fokola.

Tshebediso ya Leano la Mmetse, Saense le Thekenoloji le tla matlafatswa dikolong kaofela. Mmuso o tla etsa bonnete ba ho ntlafatsa kabo ya matitjhere, kwetliso le ntshetsopele,

Ho tla ntlafatswa mangolo a matitjhere a Kereiti ya R e le karolo ya matsete a nako e telele bokgabaneng ba thuto.

TSA BOPHELO

Leano la AIDS la Matjhaba a Kopaneng, le rorisitse Afrika Borwa mabapi le katleho karabelong ya HIV le AIDS.

Katleho e kenyelletsa katiso ya ho fumaneha ha pheko ya di antiretroviral (ARV) mabapi le batho ba phelang le HIV le AIDS. Ho fihlela jwale ke batho ba dimilione tse 3.1 ba fumanang pheko ya ARV, e leng palo ya batho e fetang dimilione tse tharo e neng e lebeletswe selemong sa 2014/15.

Tlhahlobo mabapi le lefuba e ekeditswe mme e fihlella ho batho ba dimilione tse 15.2, e leng e fetang palo ya batho e neng e lebeletswe ya dimilione tse tsheletseng

Ntwa kgahlanong le HIV le AIDS e tswelapele, ho kenyelletswa le twantshano ya sekgobo se amanngwang le bohloko hore batho ba phelang le kokwanahloko ena ba kgone ho phelabophelo bo botle.

Leano la Naha la Batjha (NYP)

Kabinete e kentse NYP tlasa lepheo la Sehlopha sa Moporesidente sa Batjha ba Basebetsi (PYWG) ka kgwedi ya Motsheanong selemong sa 2015, se thehilweng ka batjha le mmuso o etelletsweng ke Motlatsi wa Letona la Meralo, Bodisa Taolo le Tlhathlobo Tekolo tshebeletsong ya Moporesidente e leng Mong
Buti Manamela. PYWG e thusa ho tsamaisa mesebetsi ya NYP.

Maano a sebediswang a kenyelletsa:

  • kwetliso le kaho ya batjha ya kgwebo le dikoporasi;
  • qalo le tekolo botjha ya Letlole la Thuso ya Ditjhelete tsa Baithuti la Naha;
  • ho ata ha baithuti diyunivesithing le dikoletjheng tsa ho ikwetlisetsa mesebetsi;
  • ho theha mananeo a mesebetsi ya batjha a jwalo ka ho kenya dikisara tsa tshebediso ya letsatsi ho futhumatsa metsi le mabokose a kwahelwang hong le
  • ho theha mananeo a mesebetsi e kgothalletsang molemo wa ho theha setjhaba se nepahetseng.

MERAFO

Merafo Meepo ke karolo ya bohlokwa moruong wa Aforika Borwa. Mmuso o na le kgwao ya tshoso mabapi le tahlehelo ya mesebetsi makaleng a merafo dimaene le tshepe ho ka bang le seabo se sebe malapeng a mangata, ditikolohong le moruong

Ho tobana le tahlehelo ya mesebetsi e teng ha jwale makaleng a merafo, Letona la Mehlodi ya Diminerale, Moatefokate Ngoako Ramatlhodi, o bitsitse kopano ya borakgwebo le batshwari ba bang ho tsa mesebetsi lekaleng la merafo dimaene ka la 5 kgweding ya Phato selemong sa 2015.

Kopano e hlwaile dibaka tse ngatanyana tsa ho pholosa mesebetsi le ho fumana ditsela tse ding tsa ho se lahlehelwe ke mesebetsi. Ho thehilwe sehlopha se tla sebetsana le sena mme se filwe matla a ho rala dikopo tse hlophisitsweng.

Ka la 7 Phato Sehlopha sa Mesebetsi ya Kgwebo sa Moporesidente se file mmuso le Mokgatlo wa Merafo ho batla tharollo ya kgotso ka ntle ho lekgotla la dinyewe, ka mohopolo wa hore “Ha o filwe matla hang, o tla dula o le matla” e leng mohopolo wa Tokomane ya Merafo.

Molao wa ho Fetolwa ha Ntshetsopele ya Mehlodi ya Diminerale le Peterole o buseditswe morao palamenteng ho hlahloba hara tse ding tsa dintho tse kang therisano ho Lekgotla la Naha la Diporofense, oo e ileng wa fumanwa o sa itekanela.

Lefapha la Mehlodi ya Diminerale le tswelapele ho laola dikhamphani tse sa tsamaisaneng le molao. Ho tshwarwa ha dilaesense tsa morafo wa Mashala wa Optimum ho fedisitswe mme khamphani e nkile qeto ya ho hlahloba mabaka a amanang le tlhoko ya ho se tsamaisane le molao.

Operation Phakisa

Mmuso o thehile mokgwa wa diphetho tse potlakileng tsa tsamaiso ya Operation Phakisa, makaleng a tsa bophelo le moruo wa lewatle ka selemo sa 2014.

Operation Phakisa ya merafong, e ikemiseditse hore kuno ya meepo e tla thehwa mafelong a selemo a 2015.

Tshehetso ya mmuso wa lehae

Haesale mmuso o tshehetsa bommasepala dibakeng tse fapaneng ho theha lenaneo la ho Kgutlela Motheong, le neng le bulwe ka Loetse selemong sa 2014 ho tsosolosa mmuso wa lehae.

Makala a mmuso le a ikemetseng a kopilwe ho lefa dikoloto tsa ona ho thusa bommasepala ho phetha mesebetsi ya bona ka tshwanelo.

Ho fihlela jwale ke diranta tse dibilione tse 100 tse kolotwang bommasepala, e leng tse batlang di phetilwe habedi esale ho tloha ka selemo sa 2009.

POLOKEHO LE TSHIRELETSO

Diyuniti tse fapaneng tsa Tshebeletso ya Sepolesa Afrika Borwa – ho kenyelletswa twantsho ya bobodu, sehlopha sa dikarabelo, mapolesa a bonahalang, DiHawk, hong le Dikgwebo tse Kgahlanong le Bobodu, mabenkele a diselefounu, Diahelo tsa Tlhahisoleseding mabapi leTsietsi ya Dibanka tsa Afrika le dikhamphani tsa tshireletso tse ikemetseng – di atlehile ho sebetsana le thibelo ya ho thuuwa ha mabenkele dimolong.

Polao ya mapolesa

Ho latela polao ya bahlanka ba mapolesa ba 55 ho tloha ka Pherekgong selemong sena, Letona la tsa Sepolesa Nathi Nhleko o kopilwe ho lekola botjha lewa leano la plokeho ya mapolesa hore mapolesa a kgone ho ikarabela ka tshwanelo ha a futuhelwa.

Phutuhelo ya mapolesa ke phutuhelo ya taolo ya mmuso le ya setjhaba.

MaAforika Borwa a kopilwe ho ba le seabo ho hlwaya batho ba bolayang mapolesa ka ha ba dula le bona ditikolohong. Batho ba lokela ho fana ka tlhahisoleseding sepoleseng mabapi le mesebetsi ya bobodu hore ho ahwe ditikoloho tse tshireletsehileng.

Ka la 6 Loetse, Tshebeletso ya selemo e tla etsa sehopotso sa bahlanka ba sepolesa ba hlokahetseng Union Buildings Pretoria.

Koduwa ya Marikana

Tshebediso ya tlaleho ya diketsahalo tsa koduwa ya Marikana, Leboya Bophirima, e bakileng mafu a batho ba kahodimo ho 44 e itlhomme pele.

Karabelo ya Mokhomishenara Kakaretso wa Sepolesa sa Naha Riah Phiyega, mabapi le ditlhahiso tsa Khomishene ya Farlam e mabapi le bokgoni ba hae ba ho ba setulong seo a leng ho sona e tla tadinngwa.

Dipuisano tsa Matona ao mesebetsi ya ona e amehang ke tlaleho ya Marikana, a kang Mapolesa, a Tsa Mesebetsi, a Mehlodi ya Diminerale, Le a Ditshebeletso tsa Toka le Tlhabollo ya Batshwaruwa di ntse di tswelapele.

Ho tla fanwa ka phepelo setjhabeng ka nako e tlang mabapi le katleho e nkilweng mabapi le dikgothaletso ditshisinyeho tsa tsamaiso. Sepheo sa mesebetsi ya kenello ke ho etsa bonnete ba hore diketsahalo tse jwalo di se ke tsa boela di etsahala hape Aforika Borwa.

Phutuhelo ya Melata

Ho latela diphutuhelo tsa melata ka kgwedi ya Mmesa selemong sena, sepheo mabapi le bofalli ba batho IMC e ikemiseditse ho thibela tswelopele ya diphutuhelo

Ho nkilwe bohato bo kenyelletsang melao le taolo, ntlafatso ya sepolesa e tla laolwa ke Operation Fiela-Reclaim, mme e kgothaletsang kgotso, phedisano le tshebedisanommoho pakeng tsa setjhaba le merabe ya dinaha tse ding.

IMC e tla kopana le mekgatlo e emetseng dinaha tsa ka ntle le ba merabe ya Afrika mabapi le bofalli ba batho ho ntshetsapele dipuisano tsa bona le Moporesidente Zuma ka kgwedi ya Mmesa selemong sa 2015.

AFORIKA E BETERE

Kgolo e potlakileng Kontinenteng ya Afrika Borwa e fana ka menyetla e mengata ya dihlahiswa le ditshebeletso tsa mebaraka. Kgolo mabatoweng a sub-Sahara e lebelletswe ho fihla ho 4.5% ka selemo sa 2015.

Aforika Borwa e tla tswelapele ho sebedisana le Kopano ya Aforika le SADC ho nka karolo kgodisong ya dibaka tsa kgwebo e lokolohileng kontinenteng le ho nyolla mawa a kgwebo ya diindaseteri ka hara Aforika.

Share this page

Similar categories to explore