Tlaleho ya Kopano e Ikgethileng ya Kabinete 10 Mmesa 2024

A.  Maemo a renang

1.  Moruo
1.1.  Pokello ya lekgetho
1.1.1.  Kabinete e leboha dimilione tsa balefi ba lekgetho ba ileng ba nehelana ka tlhahisoleseding ya lekeno, ditjeo le tlhahisoleseding e hlokehang ya tjhelete tsa bona mme ba thusa tshebeletso ya Afrika Borwa ya Pokello ya Lekgetho ho bokella lekgetho le ballwang ho ditrilione tse R2.155 selemong sa ditjhelete sa 2023/24.
1.1.2.  Ena ke keketseho ya  R52 bilione ha ho bapiswa le lekgetho la selemong se fetileng e leng se bontshang ho tsitsa ha moruo wa lehae leha ho na le maemo a diphephetso a selehae le matjhabeng.
1.1.3.  Keketseho ena ya lekgetho e thusa mmuso ho eketsa tjhelete ya diprojeke tsa phano ya ditshebeletso ha mmoho le mananeo a mang a ntshetsopele ya setjhaba.

1.2.  Ntlafatso ya meralo ya motheo 
1.2.1.  Kabinete e thabetse ho bulwa ha projeke ya theminale e ntjha e bitswang Newlyn Park Bayhead Rail Terminal e jeleng tjhelete e ballwang ho R3,4 dibilione mane boemakepeng ba Thekong mme yona e na le sebaka sa pokello ya thepa sa boholo ba 640 000m2. 
1.2.2.  Theminale ena e tla thusa ho mabapi le ho tsamaiswa ha thepa ka dikepe, diterene esitana le dilori mane boemakepeng ba Thekong e leng se tla thusa ho rarolla bothata bo sa tswa ba teng tsamaisong ya thepa ha mmoho le meralo ya motheo. 
1.2.3.  Kaho ya sebaka sena e thehile mesebetsi a ka bang 4 013 lekaleng la tsa kaho le e 1 000 ya moshwelella mme ho bonahala e ntse e tla eketseha ha sebaka sena se ntse se hola. 
1.2.4.  Kabinete e boetse e thabetse mohato wa Mokgatlo wa Afrika mabapi le Tsamaiso ya Diterene (PRASA) ka ho tsoseletsa tshebeletso tsa bohlokwa tsa deterene tsa Metrorail Gauteng, KwaZulu-Natal le Kapa Bophirima.
1.2.5.  Ha jwale PRASA e kgonne ho tsoseletsa ditshebeletso tsa yona tse 31 ho tse 40 mme e ikemiseditse hore ditshebeletso tsa yona di be di se di sebetsa ka botlalo e se kgale. Mohato ona o bontsha maikemisetso a mmuso a ho tsoseletsa ditshebeletso tsa diterene tsa batho e le ho fa setjhaba mokgwa o mong wa dipalawang. 
1.2.6.  Re sa le ho tsona tsa ntshetsopele, Kabinete e thabetse phatlalatso ya Mokgatlo wa Naha ya Kaho ya Mebile ya ho kenya tjheletse e fetang R50  dibilione meralong ya motheo ya mebileng mane Kapa Botjhabela. Ka tjhelete ena ho tla ahwa mebila e metjha mme ho ntlafatswe le hona ho tsoseletsa e meng hona profensing eo.

1.3.  Matsete 
1.3.1.  Kabinete e boetse e thabetse ho bulwa ha sitsi se setjha sa Tetra Pak mane KwaZulu-Natal ke Mopresidente Cyril Ramaphosa, mme sona se tlisitse matsete a  R500 milione.
1.3.2.  Matsete ana ke karolo ya Letsholo la Mopresidente la Matsete leo a neng a le thakgole ka 2018 leo ka lona mmuso o ikemiseditseng ho bokeletsa matsete a ditrilione tse R1,2 dilemong tse hlano. 
1.3.3.  Selemo se fetileng seboka sa bohlano sa Afrika Borwa sa Matsete se ne se phethela ho fela ha sehla sa pele sa matsete mme ho sona ho ne ho be le boinehelo ba matsete a ballwang ho  R1,5 trilione.
1.3.4.  Matsete a hlahisitse difektri tse ntjha, mesebetsi setjhabeng le dintlafalo tse ngata ho potoloha le naha. Kabinete e na le boitshepo ba hore letsholo lena le tla phahamisa le hona ho ntlafatsa moruo wa  naha ya rona.

1.4.  Ho Thakgolwa ha Lenaneo la Khiro la Letlole la ba Feletsweng ke Mosebetsi (UIF-LAP) 
1.4.1.  Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha UIF-LAP, e leng lenaneo la borakgwebo leo ka lona ho ikemiseditsweng ho thusa batjha ha mmoho le ba sa sebetseng naheng ena. Lenaneo lena le thusa batjha le ba sa sebetseng ka thupello le maitsebelo a tla ba thusa ho fumana mosebetsi esitana le ho iqalla dikgwebo. 
1.4.2.  UIF-LAP, e thakgotswe ho phatlalla le naha mme ho lebeletswe ha e tla tlisa menyetla ya mesebetsi bathong ba fetang 704 000 ba sa sebetseng. Sena se tla etsahala ka ho fana ka thupello le tshehetso dikgwebong le diprojekeng tse ka bang 333 ho phatlalla le naha. Hona jwale ho se ho beheletse ka thoko tjhelete e kalo ka R23.8 bilione bakeng sa lenaneo lena mme mesebetsi ena e tla nka kgwedi tse 12 ho isa ho tse 36.  

2.    Dilemo tse 30 tsa Tokoloho le Demokrasi
2.1.  Kabinete e thabetse ho thakgolwa ha sehopotso sa dilemo tse 30 tsa Tokoloho le Demokrasi se ketekilweng tlasa lepetjo le reng “Dilemo tse 30 tsa Demokrasi, Tshwarisano le Kgolo”.  
2.2.  Ho boetse hape ha kwahollwa Letshwao la Semmuso la dilemo tse 30 tsa Tokoloho e leng letshwao la bonngwe le tema e seng e kgathilwe nalaneng ya naha ena.  
2.3.  Kabinete e etsa kgoeletso bathong bohle ho sebedisa letshwao lena le fumanehang ka mefuta e fapaneng ho websaete ya GCIS ya: https://www.gcis.gov.za/30-years-of-freedom-toolkit 
2.4.  Ho thakgolwa hona ho tshwaya ho qala ha ho keteka ho tla nka selemo kaofela ka tema eo re seng re e kgathile ho tloha ka 1994 ka ho theha setjhaba se itshetlehileng ka Molaotheo wa rona wa 1996 ha mmoho le Ditokelo tsa Botho.  Nako ena e boetse e re neha monyetla wa ho bona diphephetso tse ntseng di re emetse ha mmoho le ho fumana tsela le mekgwa ya ho hlola le ho ntshetsa naha ya rona pele.  
2.5.  Re sebeditse ka thata ho tloha ka 1994 ho aha setjhaba sena se kopaneng leha diphephetso di ntse di le teng, re kgona ho di hlola ka menyetla eo re e fumang kamehla. Sephetho sa katleho tsa rona ho tloha ka 1994 di bonahetse nakong ya Palo ya Setjhaba ya 2022 le Tekolo Botjha ya Dilemo tse 30. Tsena ka bobedi di bontsha ntlafalo setjhabeng sa rona. Sephetho sa palo eo le tekolo botjha di bontshitse hore katleho ya rona ha se ya tshohanyetso, empa ke ka lebaka la maano a matle a mmuso ho tloha ka 1994. 
2.6.  Kabinete e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle ho nka karolo ho ketekeng dilemo tse 30 tsa Tokoloho le Demokrasi. Maafrika Borwa a ka nka karolo ka hore a re phetele dipale tsa hore ho ne ho le jwang ho phela nakong ya kgethollo le ho re thusa ho ntshetsapele katleho eo re seng re e fihletse ho fihlela ha jwale.

3.  Qeto ya Moifo wa Matjhaba a Kopaneng wa Ditokelo tsa Botho
3.1.  Kabinete amohetse qeto ya Moifo wa Matjhaba a Kopaneng wa Ditokelo tsa Botho wa hore Isiraele e bewe molato bakeng sa tlolo ya molao e etsahetseng ya ho hatikela ditokelo tsa botho mane Gaza. Qeto ena e tswelapele ka ho “etsa kgoeletso dinaheng kaofela ho kgaotsa ho thusa Isiraele ka dibetsa le diqhomane tsa ntwa”. 
3.2.  Moifo ona o entse nalane ka qeto ena koduweng ena eo ho yona ho seng ho bolailwe Mapalastina a 32 975 a kenyeletsang bana ba 14 500 ho tloha Isiraele e qadile ho futuha matsatsing a 180 a fetileng.  

4.  Dikgetho tse Akaretsang tsa 2024
4.1.  Dintho di motjheng jwale bakeng sa Dikgetho tsa Naha le Diprofensi tsa 2024 jwalo ka ha Mekga ya Dipolotiki le bonkgetheng ba ikemetseng ba saenneng Tshepiso ya Boitshwaro bo Botle Dikgethong.  
4.2.  Dikgetho tsena di tla ba ka la 29 Motsheanong 2024 mme ke mekga e 325 ya dipolotiki e tla nka karolo dikgethong tsena. Tshepiso ena ya Boitshwaro ke boitlamo ba dikgetho tse lokolohileng le tse hlokang leeme ho bohle ba tla beng ba hlodisana dikethong tsena esitana le ho latela melao ya dikgetho.  
4.3.  Kabinete e na le boitshepo ba hore re tla ba le dikgetho tse lokolohileng le tse hlokang leeme jwalo kaha re entse ho tloha ka 1994. Jwalo ka ha re keteka dilemo tse 30 tsa Tokoloho, setjhaba se kgothaletswa ho sebedisa tokelo ya sona ya ho kgetha.  

5.  Seboka sa Naha sa Mmuso sa Mahlale a Thekenoloji (AI) 
5.1.  AI e kene ka sekgahla mme molemo wa yona o a bonahala dinaheng tse ngata mme dinaha le mebuso ya tsona e tlameha ho ba malala-a-laotswe bakeng sa tshebeletso ena. 
5.2.  Seboka sa Naha sa Mmuso sa AI se ne se tshwaretswe Johannesburg ka la 5 Mmesa 2024 moo mmuso le ba lekala le ikemetseng ba neng ba etsa meralo ya melao ya taolo ha mmoho le tataiso tshebedisong ya tshebeletso ena ke setjhaba. Ho bohlokwa ho ba le melawana bakeng sa tshebediso ya AI molemong wa setjhaba, dikgwebo ha mmoho le mmuso. 
5.3.  Seboka sena ke mohato wa pele o betlang tsela tshebedisong ya AI bakeng sa ho rarolla mathata a Afrika Borwa a bophelo ba setjhaba ha mmoho le moruo.

6.  Bonokwane le bobodu 
6.1.  Kabinete e amohetse ho saenwa ha Ntlafatso ya Molao wa Ditshebeletso tsa Makgotla wa 2023 (Molao wa bo 15 wa 2023). Molao ona o tla thusa ho kenya dikgothaletso tsa Komeshene ya ho hulwa ha mmuso ka nko tshebetsong ha mmoho le ho etsa diketso tse ding di kgone ho nkuwa e le tlolo ya molao tlasa Molao wa Thibelo ya Diketso tsa Bobodu wa 2004 (Molao wa bo 12 wa 2004) o kenyeletsang ho beha motho molato ka ho se nke bohato ba ho thibela bobodu. 
6.2.  Molao ona o ntlafatsa melao e mengata e sebediswang ke Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo ho kenyeletsa le matla le mosebetsi wa Molaodi e Moholo wa Taolo ya Mafa a Bafu. Diphetoho tsena di tla neha molaodi enwa matla a ho okamela balaodi bohle ba etsang mosebetsi ona makgotleng ohle a phahameng naheng ena e leng se tla ntlafatsa phano ya ditshebeletso setjhabeng.

B.  Ho Hlajwa Malotsana ha Kabinete
1.  Maemo a Letlole la Dikotsi tsa Mebileng (RAF)
1.1.  Kabinete e fumane dintlha ka ho kenngwa tshebetsong ha leano la ntlafatso ya tshebetso ya RAF, e leng seo ka sona ho ikemiseditsweng ho bebofatsa le hona ho ntlafatsa tsela ya tshebetso, ho kengwa ha dikopo ha mmoho le ho lefuwa ha ditlhapiso ho mahlatsipa a dikotsi.  
1.2.  Mohato wa pele wa bohlokwa wa dintlafatso tsena ke ho bulwa ha sitsi sa mehala sa RAF moo ba kentseng ditseko tsa ditlhapiso ba ka kgonang ho fumana kgatelo pele ya dikopo tsa bona ntle le ho tshepela ho maqwetha a bona. Sitsi sena se bile se thusa ba kentseng ditseko ho tseba hore ke bokae tjhelete eo RAF e e patetseng maqwetha a bona.  
1.3.  Leano lena la dintlafatso le entse hore ditseko di kgone ho lefuwa matsatsing a 120, la theola ditjeho tsa kemedi ya maqwetha ka peresente tse 75 mme hape ya fokotsa ditjeo tsa kalafo ho tloha ho R3.6 bilione ka selemo sa ditjhelete sa 2019/20 ho tla ho  R2.1 bilione selemong sa ditjhelete sa 2023/24. Leano lena le fokoditse ditjeho tsa kemedi ya maqwetha ka tjhelete e fetang R23 bilione dilemong tse tharo tsa leano lena. Leano lena le boetse la fokotsa tjhelete ya nakwana e lefuwang ho ba kentseng dikopo ho e tlisa ho  R9.3 bilione selemong sa ditjhelete se fedileng ka la 31 Tlhakubele 2023. 
1.4.  Kabinete e boetse hape ya tsebiswa ka ntlafatso ya molao wa ha jwale wa RAF. Ntlafatso ena ya molao e tla qetellwa ke Kabinete e ntjha ka mora dikgetho. Ntlafatso ena ya molao e boetse e ikemiseditse hore ka yona ho kgonahale hore ditseko tse ding di kgone ho lefuwa ka tekatekano.  

C.  Diqeto tsa Kabinete
1.  Molawana o mabapi le Tshireletso ya Bodulo Naheng, Baphaphathehi ha mmoho le Bajaki
1.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho kengwa tshebetsong ha Molwawana o mabapi le Tshireletso ya Bodulo Naheng, Baphaphathehi ha mmoho le Bajaki ka mora hore Lefapha la Ditaba tsa Lehae le mametse maikutlo a setjhaba diprofensing tsohle tse robong.   
1.2.  Molawana ona ka ona ho ikemiseditswe hore o sebediswe e le moralo wa tataiso tshireletsong ya bodulo, baphaphathehi le bajaki naheng ho lateng tshireletso ya naha le ho ikamahanya le dipehelo tsa tumellano ya matjhaba ho tsa bajaki moo Afrika Borwa e leng setho. O tla boela hape o thusa ho phatlalatsa maemo a moruo wa naha, diphetoho ha mmoho le matsapa a ho theha menyetla ya mesebetsi.

2.    Re ya Tekolong Botjha ya Dilemo tse 30 tsa Demokrasi ya Afrika Borwa (1994-2024). 
2.1.  Kabinete e tjhaetse monwana ho phatlalatswa ha tlaleho ya “Re ya Tekolong Botjha ha Dilemo tse 30 tsa Demokrasi ya Afrika Borwa (1994-2024)”.  
2.2.  Tlaleho ena e pheta nalane ya ho kena ha Afrika Borwa ho demokrasi ho tloha ka la 27 Mmesa 1994. Pale ena ya ho kena ha Afrika Borwa ho demokrasi e ile ya ba kgothatso bathong ba bangata lefatsheng ka bophara mme e bile e bontsha le seo re ithutileng sona nakong ena ya diphetoho. Dilemong tsena tse 30 tse fetileng, naha ya rona e bile le demokrasi e tsitsitseng e nang le melawana e matla, e kgonang le ho ba le tshusumetso matjhabeng. 
2.3.  Tekolo Botjha ena ya dilemo tse 30 e na le mokotaba e 13 e itshetlehileng ka ditshiya tse nne e leng (1) Lenaneo la 1994 la Kahobotjha le Ntshetsopele le nang le ntlha tse hlano; (2) ho kenngwa tshebetsong ha Molaotheo wa 1996; (3) Moralo wa Naha wa Ntshetsopele wa 2012; ha mmoho le (4) Leano la Moralo la Nako ya Bohareng la 2019-2024 leo e neng e le masupatsela a tshebetso a Kabinete ya botshelela ya demokrasi. Tlaleho ena e tla phatlalatswa ke Lefapha la Meralo, tlhatlhobo le Tekolobotjha mme ditho tsa setjhaba di ka kgona ho ka e bala. 

D.  Diketsahalo tse tlang

1.  Diboka tse pedi tsa botshelela, e leng sa Commonwealth sa Mokgatlo wa Sefapano se Sefubedu ha mmoho le sa Red Crescent bakeng sa Molao wa Matjhaba wa Ditokelo tsa Botho
1.1  Afrika Borwa le Komiti ya Matjhaba ya Mokgatlo wa Sefapano se Sefubedu di tla tshwara ka kopanelo Seboka sena sa botshelela ho tloha ka la 15 ho isa ka la 19 Mmesa 2024 mane hoteleng ya Irene Country Lodge Tshwane. Sebokeng sena ho tla tla kemedi ho tswa dinaheng tsa Commonwealth, mokgatlong wa Sefapano se Sefubedu le mokgatlong wa Red Crescent ha mmoho le bankakarolo ba bang ba nang le kabelo Molaong wa Matjhaba wa Ditokelo tsa Botho. 
1.2  Ka seboka sena ho ikemiseditswe ho tiisa tema e seng e kgathilwe ho tsa ditokelo tsa botho le ho eketsa tsebo ka bohlokwa ba Molao wa Matjhaba wa Ditokelo tsa Botho nakong ena dintwa, bophahathehi ba batho, ho fetofetoha ha maemo a lehodimo esitana le leqeme la dijo di atileng .

E.  Melaetsa

1.  Ditebo
Kabinete e lebisa thoholetso le ditakatso tse ntle ho: 
•  Letona la tsa Bophelo bo Botle Ngaka Joe Phaahla ka ho kgethwa ho ba setho sa Boto ya Letlole la Matjhaba ho tloha ka la 1 Motsheanong 2024. Ngaka Phaahla o tla emela lebatowa le ka Borwa Botjhabela ba Afrika.  
•  Setjhaba Ma-Muslim a Afrika Borwa le a matjhaba haholoholo a Palastina ka mokete wa bona wa Eid al-Fitr. Ramadan e boetse ke nako ya boitekolo, thuso ya setjhaba le nako ya thapelo eo ka yona ma-Muslim a lekang ho ikgodisa ho tsa semoya. Mokete ona wa Eid al-Fitr o tshwaya kgwedi ya Ramadan nako eo ka yona Ma-Muslim a itimang dijo mme a Palastina ona a ketekile nako ena nakong e boima.  
•  Komeshene ya Ditlhodisano ya Afrika Borwa ka ho hapa dikgau tse pedi Dikgaung tsa 2024 tsa bokgeleke ba ho ngola ka Ditlhodisano ho tsa Kgwebo mane Washington DC le ka ho tswa pele ho tsa Bonamodi Dipatlisisong tsa Inthanete ho tsa Mebaraka. E hapile kgau ya pele ka tlaleho ya yona e e phatlaladitseng ha e nngwe yona e le ka pale eo ba e ngotseng ka mekgwa ya tlhodisano mmarakeng wa tsa inthanete Afrika Borwa ho tsa bohahlaudi.

2.  Matshidiso
Kabinete e lebisa matshidiso le kutlwelo bohloko ho metswalle le lelapa la:  
•  Ntate Tony Heard (86), molwanedi wa ditokelo tsa botho, ya neng a lwantsha kgethollo, e le moqolotsi wa ditaba le moeletsi wa Mopresidente. 
•  Kabinete le Mopresidente Ramaphosa ba lebisa matshidiso mmusong le setjhabeng sa Botswana ka kotsi ya bese ya batho ba neng ba ya Moria ka Paseka. Ka Labone la  11 Mmesa 2024, Mopresidente Cyril Ramaphosa le wa Botswana Mopresidente Mokgweetsi Masisi ba ile ba etele sebaka sa kotsi eo ho yona ho neng ho hlokahale batho ba 45 ha pholoha ngwana ya dilemo di robedi feela. 
•  Ntate Luke Fleurs (24), eo e neng e le sebapadi sa morao sa Kaizer Chiefs le sa matjhaba ya neng a bolawe ketsong ya bonokwane ya ho nkelwa koloi ka mahahapa. Kabinete e boetse e thabetse ho tshwarwa ha babelaellwa ba mabapi le polao ya Luke Fleurs.
•  Kabinete le Mopresidente Ramaphosa ba lebisa matshidiso setjhabeng sa Mozambique ka koduwa e etsahetseng lewatleng e bolaileng batho ba atametseng ho ba 100.  

Dipotso: Mme Nomonde Mnukwa – Mmuedi wa Mmuso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485

 

Share this page

Similar categories to explore