Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya mohla la 5 Loetse 2018

Kabinete e ile ya kopanela Tuynhuys Motse Kapa, ka Laboraro, mohla la 5 Loetse 2018.

A. Dintlha tsa Ha jwale
1. Moruo
1.1. Kabinete e ipiletsa makaleng ohle a Aforika Borwa hore a tshehetse dikgato tse etelletsweng pele ke mmuso ho matlafatsa kgolo ya moruo, kamora ho ntshuwa ha dipalopalo tsa kgolo tse bontshang hore moruo wa rona o nyotobetse ka 0.7% sehleng sa bobedi, ho tloha ho -2.6% e neng e hlophisitswe botjha sehleng sa pele.

1.2. Leha makala a mang a moruo a kang merafo, dikonteraka le tsa ditjhelete a bile le dintlafalo kgolong, empa e ne e sa lekana ho akaretsa ka phethahalo nyotobelo e makaleng a mang, haholoholo lekaleng la temothuo.
1.3. Ka lehlakoreng la ditjeo, diyantle tsohle di bile le tsosoloso e matla, leha ho le jwalo sena se ile sa sithabetswa ke ho nyotobela ha ditjeo tsa malapeng esita le ho hula ka falese ha ditlhahiso. Kgolo ya botsetedi e eketsehile dikhamphaneng tsa poraefete, ha botsetedi ba lekala la setjhaba bona bo nyotobetse.

1.4. Tlhokeho ya botsitso e ntseng e hola mebarakeng ya lefatshe le sephetho sa GDP, di hloka hore mmuso o akofise matsapa a ho ribolla ditshita tsa kgolo ya moruo ha o ntse o fana ka tshehetso dihlopheng tse tlokotsing.

1.5. Kgolo ya moruo e ile ya sisitheha ka matla nakong ya dilemo tse nne tse fetileng. Sena se bontsha dintlha tse kang maemo a komello lekaleng la temothuo esita le ditheko tse tlase tsa dihlahiswa empa e boela e ba ditshita tsa sebopeho sa kwano lapeng, tse nyahamisitseng botsetedi le tlhahiso ya mesebetsi.

1.6. Mmuso o se o ikitlaeditse, ho tse ding, ka tlhophobotjha e phethahetseng ya tsamaiso ya visa e le ho tshehetsa lekala la bohahlaudi, ho phethelwa ha melao ya bohlokwa ya merafo ho tshehetsa lekala la merafo esita le ho tswelapele ka ho tsitsisa tsa ditjhelete tsa dikgwebo tsa mmuso.

1.7. Diboka tse tlang tsa tlhahiso ya mesebetsi le botsetedi, esita le pakana ya ditsiane tsa mmuso tse sisintsweng, di tla fana ka dintlha tse tebileng ka ditlhabollo tse hlokehang tsa ho ntshetsa kgolo pele.

1.8. Kabinete e tiisa boikitlaetso ba mmuso boitjarong ba nako e telele ba tsa ditjhelete mme moralo wa tsa ditjhelete o hlophilweng botjha o tla tekwa Polelong ya Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete tsa Nako e Bohareng (MTBPS).

2. Ketelo ya United Kingdom (UK) le Northern Ireland
2.1. Kabinete e ikamahanya le Moporesidente Cyril Ramaphosa ho amoheleng ketelo e atlehileng ya tshebetso ka Tonakgolo Theresa May wa UK ya Great Brithane le Northern Ireland. E tla tlisetsa Aforika Borwa melemo e ntlafetseng ya ho matlafatsa kgwebisano le botsetedi ba dinaha tse pedi. UK ke enngwe ya batsetedi ba baholo ba Aforika Borwa, ka difeme tsa Brithane tse kahodimo ho 650 tse teng mebarakeng ya rona. Nakong ya ho dula majwana ha dinaha tse pedi tsena, ho ile ha tshohlwa tsa kgonahalo ya bolekane le makgobonthithi a ka etswang.

2.2. Tonakgolo May o ile a boela a neelana ka SS Mendi Bell ho Molaodi e Moholo wa Lebotho, Moporesidente Ramaphosa, le batho ba Aforika Borwa, ho hopola bointshasehlabelo hwa maAforika Borwa a kahodimo ho 600 a ileng a timela ha SS Mendi e ne e teba Kanaleng ya Manyesemane, dilemong tse kahodimo ho 100 tse fetileng.

3. Seboka sa Foramo ya Tshebedisanommoho ya China le Aforika (FOCAC)
3.1. Kabinete e o nketse hloohong Morero wa Tshebetso wa Beijing (2019-2021), o thathamisang diphetoho tsa Seboka sa FOCAC moo Moporesidente Ramaphosa e leng e mong wa badulasetulo hammoho le Moporesidente wa China Xi Jinping.

3.2. E le ho aha lewa le phethahetseng le selekane sa tshebedisanommoho tsa China-Aforika, China e ikitlaeditse ho kenya tshebetsong merero e 10 ya tshebedisanommoho le Aforika. Tsena ke dibaka tseo ho tsona ho etswang diindasteri; temothuo ya sejwalejwale; meralo ya motheo; ditshebeletso tsa ditjhelete; ntshetsopele e sa senyeng tikoloho; tlhophiso ya kgwebisano le matsete; phokotso ya bofuma le thekolohelo ya setjhaba; bophelo bo botle ba setjhaba; diphapanyetsano tsa batho le batho ba bang; esita le kgotso le tshireletso. Kgabareng, tshebedisanommoho dipakeng tsa mahlakore a mabedi ana di tla tiiswa ke mokotaba o reng: “China le Aforika: Ho hahamalla popong ya setjhaba se matla le ho feta se nang le bokamoso boo ho tla abelanwa ka bona, ka tshebedisanommoho eo ho yona e mong le e mong e bang mohlodi.”

4. Theko ya mafura
4.1. Kabinete e amohela taba ya theko ya mafura e sa fetolwang kgweding ena e le kimollo ya nakwana ya hang feela bakeng sa basebedisi ba dipalangwang tsa setjhaba, boramakoloi le bareki, ha ho ntse ho tsongwa mekgwa e meng ke Lefapha la Eneji (DoE).
4.2. Mabaka a mang a amang lefatshe lohle a akgang nyollo ya theko ya oli e tala le maikutlo a mabe a mabapi le mebaraka e thuthuang, di bakile hore ditjeo tsa mafura di nyolohe ka potlako Aforika Borwa haesale ho tloha ka Mmesa monongwaha.

4.3. Kabinete e hlahisitse ngongoreho ka dinyollo le ditlamorao tse babang ho bareki ka kakaretso, ho akga le ditlamorao tse amanang le sekgahla sa nyollo ya ditheko ka ha bahlahisi ba fetisetsa dinyollo lekaleng la barekisetsi.

4.4. Ha a ne a nkela sena hloohong, Letona la Eneji, Monghadi Jeff Radebe, o entse bokenadipakeng bo kgethehileng lebitsong la mmuso ka ho inola setjhaba kgahlanong le ho hlwa mekwalaba ho hong hape thekong ya mafura, ntle le nyollo ya disente tse 4.9 lithara kanngwe sekepeleng sa Thekiso ya peterole ho lokisetsa nyollo ya meputso ya selemo le selemo ya basebetsi, ba kang ba tshelang peterole diteisheneng tsa mafura.

4.5. Nakong ena eo moruo o thefulwang ke difefo tsa lefatshe lohle, Kabinete e motlotlo ka hore bokenadipakeng bona ha bo ame pokello ya ditjhelete tsa setjhaba ka ha bo sebedisa ditjhelete tse seng di le morerong wa theko ya mafura.

5. Tlhabollo ya mobu
5.1. Kabinete e etsa kgoeletso ho maAforika Borwa ohle hore a sebedise ngangisano e amanang le tlhabollo ya mobu, ho matlafatsa kaho ya setjhaba esita le momahanyo ya setjhaba. Mesebetsi e ntseng e tswelapele ya palamente e tla tlisa tlhakisetso ebe e re dumelle ho hatela pele re le setjhaba. Mosebetsi o nang le ponaletso, o theilweng ka melawana le molaotheo o tsamaisana le boikitlaetso ba rona ba hore re le mmoho re fihlelle ditharollo molemong wa ntlafatso ya setjhaba.
5.2. Kabinete e kgodisehile hore mosebetsi ona o tla re dumella ho utolla mokgwa wa tlhabollo ya mobu o sebeletseng bohle.
5.3. Ka ho sebetsa mmoho, re ka aha setjhaba se betere moo ditoro le ditabatabelo tsa batho bohle ba habo rona di tla fihlellwa.

6. Metsi
6.1. Kabinete e kgotsofetse ka hore Lefapha la Metsi le Bohlweki le phethetse kaho ya Letamo la Nokeng ya Cornelis Freistata. Letamo lena, le reretsweng ho thusa malapa a 2 690 le batho ba hakanyetswang ho 10 674, le tla bebofatsa diphephetso tsa metsi tseo setjhaba sa Warden le Ezenzeleni se tobaneng le tsona katlasa Masepala wa Sebaka wa Phumelela.
6.2. Aforika Borwa e ntse e na le dikgaello tsa metsi ka lebaka la maemo a komello, mme Kabinete e ipiletsa bathong bohle hore ba sebedise sesebediswa sena ka paballo ba be ba dule ba le sedi ka metsi.

7. Thuto
7.1. Kabinete e thoholeditse Lefapha la Thuto ya Motheo (DBE) ka ho neelana ka katleho ka Sekolo sa Poraemare sa Delft South, ka thoko ho Motse Kapa profenseng ya Kapa Bophirimela.
7.2. Sekolo sena se ahilwe ka thuso ya Kgato e Potlakisitsweng ya Phano ya Meralo ya Motheo ya Dikolo (ASIDI) ka ditjeo tsa R75 milione. Se na le diphaposi tsa ho rutela tse 45, laboratori ya dikhomphyutha le saense, polokelo ya dibuka esita le setsi seo ho jellwang ho sona. Sekolo sena se setjha sa maemo a hodimo se tla fana ka tikoloho e ntle ya ho ruta le ho ithuta baithuting ba ka bang 1 578 ba sebakeng sa Delft.
7.3. Sena ke sekolo sa ho qetela dikolong tse 25 tse neelanweng Kapa Bophirimela ka kgato ya DBE. Ho fihlela kajeno, lenaneo la ASIDI le ahile dikolo tsa maemo a hodimo tse 205 naha ka bophara. Palo yohle ya dikolo tse 685 di se di filwe phepelo e tshepahetseng ya metsi, dikolo tse ding tse 486 di filwe disebediswa tse ntle tsa bohlweki athe dikolo tse 372 di hoketswe marangranng a motlakase lekgetlo la pele.

8. Dikopo tsa 2019 tsa Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS)
8.1. Kabinete e amohela ho tla ka bongata ha baithuti ba tshwanelehileng kamora ho bulwa semmuso ha mosebetsi wa dikopo tsa 2019 tsa NSFAS ka la 3 Loetse. Ke baithuti ba tshwanelehileng le ba ha jwale ba kahodimo ho 45 000 ba keneng websaeteng ya NSFAS ka letsatsi la pele. Kgatelopele ya ho fedisa tshallomorao ya ditefo tsa ditjhelete tsa baithuti e se e entswe.

8.2. Mosebetsi wa dikopo o tsepamisitswe mokgwatsamaisong o motjha o potlakisang diqeto tsa ho fana ka tjhelete ka ha diforomo tsa dikopo jwale di tlatswa habobebe ke baithuti, ho sa natsehe hore na ba dula hokae.

9. Listeriosis
9.1. Kabinete e amohela tsebiso ya hore sewa sa Listeriosis se fedile ebile e bontsha ka matla sekgahla sa morero wa karabelo o kopanetsweng wa tshohanyetso wa Lefapha la Bophelo bo Botle (DoH) le Setheo sa Naha sa Mafu a Tshwaetsang, ba tsheheditswe ke Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle, ho laola le ho fedisa sewa sena.

9.2. DoH e beile mokgwa wa bodisa ba ho thibela hore e se ke ya ropoha hape. Difeme tsohle tse hlahisang dinama tse seng di loketse ho jewa, di tshwanela ho ba le mekgwatsamaiso ya taolo ya polokeho ya dijo, ho ya ka Molawana wa R607 o phatlaladitsweng ka la 14 Phupjane 2018. Ditlhahlobo tsa difeme di dula di ntse di tswelapele, ho ya ka melawana e ntjhafaditsweng ya tlhweko.

10. Diqoso tsa dijo mmotwana le tse felletsweng ke nako
10.1. Kabinete e thoholetsa kgato e potlakileng e nkilweng ke Letona la Bophelo bo Botle, Ngaka Aaron Motsoaledi, ho shebisisa diqoso tsa dijo mmotwana le dijo tse felletsweng ke nako Aforika Borwa. DoH e fumane lenane le hodimo haholo la ditletlebo yaba ya lemoha le dingongoreho ka dividiyo tse sa netefatswang tse amanang le dijo, tse ntseng di potoloha marangrang a dikgokahano tsa setjhaba.
10.2. Haesale ho tloha ka Phato, ditlhaselo tsa bohlahlobi di entswe ditsheng tse fapaneng tsa tlhahiso ya dijo, ebile di ntse di tswelapele dibakeng tse fapaneng tsa naha.
10.3. Ho feta moo, indasteri ya dijo e kopilwe ho netefatsa bonnete ba kgonahalo ya dihlahiswa tsa bolotsana tsa dijo, ha makgotla a mang a taolo a mmuso ho tloha ho Mafapha a Temothuo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi, le Kgwebisano le Indasteri, ho akga le Khomishene ya Naha ya tsa Boreki (NCC), a se a le kgabong ya ho netefatsa dipelaelo tsa setjhaba tsa maemo a sa natsweng a boleng.
10.4. Kabinete e ipiletsa setjhabeng hore se be sedi haholo mantsweng a fapaneng e amanang le dijo:

  • Lentswe la best-before Date le bolela bolelele ba bophelo ba tshebediseho ya dihlahiswa tse ommeng le tse ka dikotikoting, mme seo ha se sesupo sa polokeho ya tsona.
  • Lentswe la sell-by Date le sebedisetswa dijo tse bolang tse atisang ho bolokwa dihatsetsing mme ho tloha ka Phupu ya monongwaha ha le sa sebetsa, ho ya ka makgotla a nang le matla a lefatshe lohle.
  • Lentswe la use-by Date kapa la expiry Date, ke letsatsi la ho fellwa ke nako ha sehlahiswa mme seo se bolela hore dijo tse nang le letshwao lena ha di ka ke tsa boela tsa hlabosa kamora letsatsi lena. Dijong tse bolang teng, letshwao lena le bolela hore ha di ka ke tsa boela tsa jewa.
  • “Thepa ya bolotsana” ke thepa e rekiswang tlasa lebitso la boitsebahatso la khamphane enngwe, ha lereo la “dijo mmotwana” lona le sebedisitswe marangrang a dikgokahano tsa setjhaba ho bolela dijo tseo dikateng tsa tsona di se nang metswako ya sebele ya dijo.

10.5. Kabinete e boela e etsa kgoeletso setjhabeng hore se hlahise bopaki bo tshwarehang ka dihlahiswa tsa dijo tse entsweng ka metswako le dikhemikhale tse kotsi.
10.6. Ho feta moo, Kabinete e seolla ditlhaselo le boinkelo ba thepa mabenkeleng e le karabelo ya Thekiso ya dijo tse belaetsang. Diketso tse jwalo tsa ditlolo tsa molao ha di ka ke tsa mamellwa, mme ditheo tse sebetsanang le qobello ya molao ha di ka ke tsa qeaqea ho tshwara le ho tjhutjhisa batho ba hlohleletsang kapa ba etsang diketso tsena tsa ditlolo tsa molao. Kabinete e kopa ditho tsohle tsa setjhaba tse nang le tsebo ka dijo tse belaetsang ho letsetsa mohala o qollehileng wa DoH ho 011 386 2003/6 le NCC ho 012 428 7000.

11. Ho lefshwa ha ditjhelete tsa dithuso tsa setjhaba
11.1. Kabinete e amohela tlaleho ya kgatelopele ya Letona la Ntshetsopele ya Setjhaba Susan Shabangu, ka selekane se dipakeng tsa Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Aforika Borwa (SASSA) le Poso ya Aforika Borwa (SAPO) ka ho nka mosebetsi wa ditefo tsa dithuso tsa setjhaba ho Cash Paymaster Services ho tloha ka la 1 Mphalane 2018.
11.2. Ho fihlela ha jwale, SASSA e se e fane ka dikarete tse ntjha tsa kgauta tsa SASSA tse ka bang dimilione tse hlano le halofo, tse nkang sebaka sa dikarete tsa kgale, empa diketekete tsa tsona di ntse di hloka ho tjhentjhwa. Kabinete e etsa boipiletso bo matla ho beng ba dikarete tsa kgale hore ba ilo di tjhentjha.
11.3. SAPO e tla boela e nka mosebetsi wa tefo ya tjhelete ho baamohedi bao ba sa kgonang ho hula tjhelete metjhineng ya di-ATM kapa mabenkeleng. Bakeng sa ho tseba haholwanyane, baamohedi ba dithuso tsa ditjhelete tsa mmuso ba ka letsetsa mohala wa mahala wa SASSA ho 0800 60 10 11 dihoreng tsa mosebetsi.

12. Kotsi ya terene
12.1. Kabinete e lakaletsa bapalami ba ileng ba lemala ha diterene tse pedi tsa Metrorail di ne di tjhaisana Eloff Extension Selby, ka borwa ba Johannesburg, hore ba fole kapele ebile e etsa kgoeletso ya hore phuphutso ya sesosa sa kotsi e potlakiswe e le ho thibela phetapheto ya ketsahalo ya mofuta oo.

B. Diqeto tsa Kabinete
1. Kabinete e ananetse ho ntshuwa ha Dipalopalo tsa Naha tsa Ditlolo tsa Molao tsa 2017/18 ke Tshebeletso ya Sepolesa sa Aforika Borwa (SAPS).
1.1. Dipalopalo tsa ditlolo tsa molao tsa selemo le selemo di thusa mmuso ho disa dibaka tsa bohlokwa, haholoholo phokotso ya ditlolo tsa molao tse mpempe tse tlalehilweng, jwalo ka ha ho tekilwe Moralong wa Lewa la Nako e Bohareng wa 2014-2019. Dipalopalo tsa ditlolo tsa molao di ka boela tsa sebediswa e le matshwao a kgalemo ho sa kganya, hore ho matlafatswe ditshebetso tsa thibelo ya ditlolo tsa molao le mawa a mafapha a fapaneng a mmuso.

2. Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka kgatelopele e entsweng bolaoding ba kgalemo ya basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba, ba etsang kgwebo le ditheo tsa mmuso. Ho kgothaletsa diketso tsa toka le bosiyo ba leeme ho bahlanka ba baholo ba mmuso, ke karolo ya bohlokwa ya ho aha mmuso o bonaletsang o bile o na le boikarabello, jwalo ka ha ho lohothilwe ho Molaotheo wa Riphaboliki ya Aforika Borwa wa 1996 esita le kaho ya mmuso o nang le bokgoni jwalo ka ha ho radilwe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP): Tjhebelopeleng ya 2030.

2.1. Kgatelopele e se e entswe mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Molawana wa 13(c) wa Melawana ya Tshebeletso ya Setjhaba (PSR) wa 2016, o hanelang basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba ho etsa kgwebo le ditheo tsa mmuso, esita le Molawana wa 18 wa PSR wa 2018, o hlokang hore ditho tsa Tshebeletso ya Bolaodi bo Boholo (SMS) di pepese ditabatabelo tsa tsona tsa boikunuto ba tsa ditjhelete le tse ding.

2.2. Kabinete e boetse ya ananela hore Lekgotla la Phethahatso le nang le matla le tshwanelehileng la mafapha a mmuso, le lokela ho disa ho kenngwa tshebetsong ha Molawana wa 13(c) wa PSR wa 2016, le nke dikgato tsa kgalemo tse tshwanelehileng le be le kenye tlaleho ya tsona ho Letona la Lefapha la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba (DPSA) mafelong a selemo se seng le se seng sa ditjhelete. Tlaleho ya pele e tshwanela ho kenngwa ho DPSA ka la 31 Hlakubele 2019.

2.3. Ka 2016 le 2017, DPSA e hlwaile basebetsi ba tshebeletso ya setjhaba ba ngodisitsweng e le bafani ba ditshebeletso ho Dathabeisi e Bohareng ya Bafani ba Ditshebeletso (CSD), jwalo ka ha e neelanwe ke Lefapha la Matlotlo a Setjhaba. Mafapha a ile a koptjwa ho etsa tlhokomediso, ho netefatsa lesedi le ho tlaleha kgatelopele ka ho kenngwa tshebetsong ha dikgato tse nkilweng kgahlanong le bao ba molato.

2.4. Mafelong a Mmesa 2018, 96% ya ditho tsohle tsa SMS di kentse dipepeso tsa tsona, di sebedisa Mokgwatsamaiso wa eDisclosure.

3. Kabinete e ile ya hlajwa malotsana ka kgatelopele e seng e entswe Mmotlolong wa Phano ya Ditjhelete Sekolong sa Naha sa Thupello ya Bahlanka ba Mmuso (NSG).
3.1. Kabinete e ananetse sebopeho sa mananeo a tlamang a thupello, a tla kgakolwa ke NSG hore a thakgole bokenadipakeng bo potlakileng ba ntshetsopele ya bokgoni esita le ho etsa tshebeletso ya setjhaba hore e be le boporofeshenale. Tefo e otlolohileng bakeng sa mananeo a tlamang ho NSG e etswang ke mafapha a tshwanelehileng ho tswa ditjheleteng tsa ona tsa thupello, le yona e ile ya ananelwa.
3.2. Sena se tla lebisa tsamaisong ya setjhaba e hatelang pele, e hahamallelang pele ho fihlelleng Tjhebelopele ya 2030 ya NDP ka “ho aha naha e nang le bokgoni e hatelang pele, eo haeba e sebetsa mmoho le boahi bo mahlahahlaha, e tla etella pele tjantjello e matla kgahlanong le bofuma, leqeme la mesebetsi le ho se lekane setjhabeng.”

4. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Tokomane ya Tataiso ho Saense, Theknoloji le Tshibollo ya 2018, bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Letona la Saense le Theknoloji, Mofumahadi Mmamoloko Kubayi-Ngubane, o tla fana ka tlaleho e phethahetseng ha mmela o ntse o puta.

5. Kabinete e boetse ya ananela phatlalatso ya Lewa la Katoloso la Dibaka tsa Naha tse Tshireleditsweng (NPAES) bakeng sa hore setjhaba se tshwaele.
5.1. NPAES ke morero wa lewa la dilemo tse 20 o itshetlehileng ka NDP, o tsepamisitseng maikutlo katolosong ya setsha sa dibaka tse tshireleditsweng, ka tjhadimo e tsepameng kgolong ya moruo, phetoho le botsitso ba nako e telele.
5.2. NPAES e talola kamoo ho ka bang le kgaello ka teng ya hore ho ajwe ka bokgabane basebetsi le mehlodi ya ditjhelete, ho fihlella katoloso ya dibaka tse tshireleditsweng ka ditjeo tse fihlellehang, boitjaro ba nako e telele ba ikholoji le ho ikamahanya le phetoho ya tlelaemete.
5.3. Marangrang a Aforika Borwa a dibaka tse tshireleditsweng a akga ditsha tsa lefa la lefatshe, dirapa tsa naha, dirapa tsa paballo, dirapa tsa paballo tse kgethehileng, ditikoloho tse tshireleditsweng, dibaka tsa mawatleng tse tshireleditsweng, dikgakeletsi tsa metsi dithabeng, dibaka tse kgethehileng tsa meru e tshireleditsweng, le dirapa tsa paballo ya meru.

6. Kabinete e ananetse Maemo a Ditherisano a Aforika Borwa bakeng sa Kopano ya bo13 ya Seboka sa ho Notla Mekga e yang Mmokeng wa Ramsar o mabapi le Diqanthana tse Diphuleng (Ramsar COP 12) e tla tshwarelwa Dubai, United Arab Emirates, ho tloha ka la 21 ho isa ho la 29 Mphalane 2018.
6.1. Dipheo tse batsi tsa Mmoka wa Ramsar ke ho netefatsa boteng ba paballo le tshebediso e tjhatsi ya diqanthana tsohle tse diphuleng. Aforika Borwa teng, diqanthana tse diphuleng ke tsona tse tlokotsing ka ho fetisisa ditikolohong tsohle, ka 48% ya tsona tse leng kotsing e mpe.
6.2. Di thusa taolong ya mehlodi ya metsi e le karolo ya mokgwa wa boitlhahanelo taolong ya komello.

C. Dibili
1. Kabinete e ananetse phatlalatso ya Bili ya Sehlomathiso sa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu tse Bakwang ke Maemo a Mosebetsing.
1.1. Bili ena, e hlomathisang Molao wa Ditlhapiso tsa Dikotsi le Mafu tse Bakwang ke Maemo a Mosebetsing, 1993 (Molao wa 130 wa 1993) e ananela basebetsi ba malapeng, ba neng ba ntse ba teetswe kathoko Molaong, e le basebetsi ka sepheo sa hore ba fole melemo, esita le ho ntlafatsa melemo e seng e le teng.
1.2. Dihlomathiso tsena di ntlafatsa melemo e lefshwang ho basebetsi le beng ka bona, di bile di habile ho thusa basebetsi ba lemetseng le ba kulang hore ba hlabollwe ba be ba busetswe mesebetsing le setjhabeng.

2. Kabinete e ananetse ho lelekelwa ha Bili ya 2018 ya Sehlomathiso sa Toka ya Bana Palamenteng.
2.1. Bili ena e hlomathisa Molao wa Toka ya Bana, 2008 (Molao wa 75 wa 2008) e le ho hlopha botjha dilemo tsa mathomo tsa bokgoni ba botlodi ba molao ba bana, ka ho di eketsa ho tloha dilemong tse 10 ho ya ho tse 12. Bili ena e boela e tswelapele ho sikara ditokelo tsa bana moo di hohlanang le molao teng.
2.2. Bili ena e boela e hakolla taba ya bokgoni ba botlodi ba molao ho ya tshwepholo, ka ho tlosa tlhoko ena ya ho bontsha bokgoni ba botlodi ba molao molemong wa tshwepholo le dipatlisiso tse etswang pele.

3. Kabinete e ananetse ho kenngwa ha Bili ya 2018 ya Sehlomathiso sa Bofofisi ba Difofane Palamenteng.
3.1. Bili ena, e hlomathisang Molao wa Bofofisi ba Difofane, 2009 (Molao wa 13 wa 2009), e tla matlafatsa meralo ya tshireletso le taolo ya polokeho difofaneng, ho netefatsa boitjaro ba nako e telele esita le botsitso ba indasteri ya bofofisi ba difofane.
3.2. Sena se tla netefatsa hore Aforika Borwa e tswelapele ho fihlella boitlamo ba yona ba matjhaba lepatlelong la bofofisi ba difofane, e leng ntho e matlafatsang tshehetso ntshetsopeleng ya moruo wa rona e le sehotetso sa keketseho ya kgwebisano, bohahlaudi le tlhahiso ya mesebetsi.
3.3. Bili ena e boela e fana, ho tse ding, ka boikemelo ba tshebetso ba kotsi ya sefofane le patlisiso ya ketsahalo eo, esita le ho lokisa diphapano le mafokodi.

D. Diketsahalo tse tlang
1. Beke ya Thusong Service Centre
1.1. Kahare ho moeleo wa Kgwedi ya Tshebeletso ya Setjhaba, Beke ya Thusong Service Centre ya selemo le selemo ho tloha ka la 17 ho isa ho la 21 Loetse 2018 katlasa mokotaba o reng: “Thuma Mina: Ho isa Ditshebeletso tsa Setjhaba Bathong”, e fana ka lepatlelo le leng la hore mmuso o ise ditshebeletso tsa setjhaba bathong.
1.2. Di-Thusong Service Centre ke ditsi tseo ho tsona ho fumanehang dintho tsohle bakeng sa phihlello ya ditshebeletso tsa mmuso le lesedi, mme di-Thusong Service Centre kaofela tse 133 naha ka bophara ke ditsi tsa tshepo, phihlello, tokiso ya menyetla, tekano le matlafatso ho bao ba neng ba kotetswe kgubung ya ntshetsopele ya moruo wa setjhaba.
1.3. Mmuso o sebeletsa ho hokela Mokgwatsamaiso wa Taolo ya Mekoloko, o tla fokotsa mosebetsi wa lephallo e le ho thusetsa phokotsong ya nako ya ho leta. Mokgwatsamaiso ona o tla hokelwa ditsing tsohle naha ka bophara, ka tsepamiso ya maikutlo e boelang e le kgokelong ya theknoloji ya lesedi la dikgokahano (ICT), e leng yona e thusang phanong ya ditshebeletso.

2. Seboka sa Lefatshe sa Telecom sa Mokgatlo wa Basebetsi wa Dikgokahanyo tsa Mehala tsa Matjhaba (ITU) sa 2018
2.1. Kabinete e amohela Seboka sa Lefatshe sa Telecom sa ITU sa 2018 Durban ho tloha ka la 9 ho isa ho la 13 Loetse 2018, katlasa mokotaba o reng “Tshibollo bakeng sa Ntshetsopele ya Theknoloji ya Dijithale”. Ketsahalo ena, e tlang Aforika lekgetlo la pele, e fana ka monyetla wa seabo se eketsehileng sa dinaha tsa Aforika, ho habilwe ho matlafatsa ICT Aforika jwalo ka ha e le moetapele wa ntshetsopele le tshibollo.

2.2. Seboka sa selemo le selemo se hohela baromuwa ba kahodimo ho 9 000 ho tswa lefatsheng lohle, ka baetapele ba mmuso le ba diindasteri ba phopholetsang ba bile ba hlwaya menyetla le ditlwaelo tse ntle, haholo tsa ntshetsopele ya moruo wa setjhaba ka ICT. Dintho tsa bohlokwa tse tla tshohlwa di akga: 5G bakeng sa ntshetsopele ya theknoloji ya dijithale, tshebedisanommoho tshireletsong ya inthanete, ditshebeletso tsa ditjhelete tsa dijithale esita le disatalaete bakeng sa ntshetsopele e theknoloji ya dijithale.

2.3. ITU ya 2018 ya Seboka sa Lefatshe sa Telecom e tshwarwa ka nako eo Aforika Borwa e kenyang tshebetsong diprojeke tsa bohlokwa tsa naha tse akgang Lewa la Naha la e-Government le tsepamisitseng maikutlo phetohong ya dijithale ya ditshebeletso tsa mmuso le ICT ya naha, Lewa la Tshebetso la Dikgwebo tse Nyane, tse Mahareng le tse Nyenyane (SMME), le tsetselelang ho utolla bokgoni ba lekala la Aforika Borwa la di-SMME tsa ICT. Disebediswa tsena di thea tikoloho e thusetsang kgolo ya lekala ebile e netefatsa boitjaro ba yona ba nako e telele.

E. Melaetsa
1. Matshediso
1.1. Kabinete e fetisa matshediso a yona ho:

  • lelapa le mahlonokong esita le setjhaba sohle sa Yunivesithi ya Theknoloji ya Tshwane (TUT) kamora ho hlokahala ha Katlego Monareng. Kabinete e etsa kgoeletso ya hore ho theolwe moya ha sepolesa se ntse se batlisisa, ho netefatsa hore mang kapa mang ya molato ka ho shwa hoo, o tobana le letsoho la molao.
  • ba lelapa le metswalle ya batho ba robedi ba shwetseng ho phatloheng ho bileng femeng ya dibetsa ya Denel Somerset West Kapa Bophirimela.
  • baratuwa ba bao ba ileng ba shwela mollong o kotsi o ropohileng moahong o abelanwang ke Mafapha a Mmuso wa Profense ya Gauteng a Bophelo bo Botle, Bodulo ba Batho le Puso ya Tshebedisanommoho.

2. Dithoholetso
2.1. Kabinete e thoholetsa batho ba Zimbabwe ka ho hahamalla katlehong ya mmuso o motjha o etelletsweng pele ke Moporesidente Emmerson Mnangagwa, ya ileng a hlomamiswa ka la 26 Phato 2018. Moporesidente Ramaphosa o ikamahantse le baetapele ba bang ba Aforika Harare ho ya inwesa ka nkgo. Kabinete e tshehetsa boikitlaetso ba Moporesidente Ramaphosa ba ho sebedisana le Zimbabwe ho ntlafatsa dikamano tsa nalane, sepolotiki le tsa boena, ka thasisetso e tsepameng matlafatsong ya tshebedisanommoho ya moruo.

2.2. Kabinete e thoholetsa Lekgotla la Saense le Diphuputso tsa Diindasteri (CSIR), haholoholo bafuputsi ba batshehadi, diphuputsong tsa bophelo bo botle tse etsetswang ho ntlafatsa mokgwatsamaiso wa bophelo bo botle wa naha ena. Tsena di akga: (i) tjhipi e fofonelang lefu la tswekere e le ho disa bophahamo ba tswekere mading, ka ho sekaseka moya o tswang ka hanong; (ii) ho etsuwa ha dibaktheriya tsa mmele hore di sebediswe tlhahisong ya ditsuonyana, tlhapi ya dusky-cob le ya abalone, di tla thusa tlhahisong ya dihlahiswa tsa tlholeho tsa diphoofolo, tse se nang antibayothiki, dikhemikhale le dithethefatsi tse hodisang ka potlako; (iii) esita le ho tswelapele ho utolla diphuputso tsa disele.
2.3. Kabinete e boela e thoholetsa Ngaka Evodia Setati, mofuputsi e moholo Lefapheng la Dithuto tsa Tlhahiso ya Morara le tsa Tlhahiso ya Veini la Yunivesithi ya Stellenbosch, ya hapileng Kgau ya Borasaense ba Basadi ba Ipabotseng moketjaneng wa selemo le selemo wa Dikgau tsa Basadi ba maAforika Borwa ho tsa Saense, o neng o tshwaretswe Polokwane ka la 23 Phato 2018.
2.4. Kabinete e thoholetsa Caster Semenya ka makgabane a hae ha a ne a hapa makgaolakgang a hae a boraro a Liki ya Taemane lebelong la dimithara tse 800 Switzerland.

F. Dithonyo
Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.
1.    Monghadi Jacob Ganny Mbele e le Motlatsi wa Mookamedi Kakaretso (DDG): Mananeo le Diprojeke tsa Eneji ho DoE.
2.    Mofumahadi Hilda Dikeledi Mhlongo e le DDG: Ditshebeletso tsa Koporasi ho DoE.
3.    Baokamedi bao e seng ba phethahatso ba Boto ya Baokamedi ya Banka ya Ntshetsopele ya Mobu le Temothuo:

  •  Moadvokheiti Sandra Coetzee (thonyobotjha); le
  • Mofumahadi Mathane Eveline Makgatho.


Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams, Phala ya Kabinete e Tshwereng Molepo
Mobile: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore