Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 28 Phupu 2015

1. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

1.1. Kabinete e ananetse merero ya ho thea Setsi sa Diteko tsa Merafo sa Operation Phakisa, se tla hlwaya mofuta wa mathata a sebele a kginang sekgahla sa kgolo le ntshetsopele ya lekala. Setsi sa Diteko tsa Merafo se tla boela se etsa merero ka kopanelo ho hlola diphephetso tsena. Setsi sa Diteko tsa Merafo sa dibeke tse nne se kgethetswe ho ba ka Mphalane 2015.

1.2. Kabinete e ananetse ho hatiswa ha ditshwaelo tsa setjhaba tsa Lewa la nakwana la Moruo wa tsa Tlhaho. Lewa lena le akaretsa nako ya dilemo tse 14 tse felang ka 2030. Lewa le habile ho eketsa seabo sa tsa tlhaho ho Palo yohle ya Dihlahiswa tsa Naha (GDP), ha le ntse le baballa tikoloho ya naha.

Ho tse ding, le tla shadima ntlafatsong ya kgolo makaleng a tikoloho le bohahlaudi.

1.3. Kabinete e ananetse ho hatiswa ha ditshwaelo tsa setjhaba tsa moralo wa nakwana le mokgwatsamaiso bakeng sa ho etswa ha Seabo sa Aforika Borwa se Reretsweng ho Lekolwa boemong ba Naha bakeng sa dipuisano le ba amehang pele e isuwa Selekaneng sa Moralo wa Matjhaba a Kopaneng Phetohong ya Tlelaemete (UNFCC).

Moralo ona, ha ho se ho buisanwe ka ona ka botlalo, o tla bopa karolo ya tumellano ya molao tlasa UNFCC, e tla ananellwa Paris, France ka Tshitwe 2015.

2. Dibili

Kabinete e ananetse ho hatiswa ha Dibili tse latelang bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba:

2.1. Bili ya Lekgotla la Taolo ya Meedi (BMA), 2015, e batlang ho bopa BMA e tla tsitsisa ho eta ho bolokehileng mahlakoreng ohle a meedi, nolofatso ya kgwebisano le dintho tsa bohlokwa tsa tshireletso ya naha, ka ho ya ka boemo ba lebatowa la Aforika Borwa, ditlamo tsa Aforika le tsa matjhaba.

Bolaodi bo le bong ba tshebediso ya molao meeding bo fana ka kgonahalo ya ditshebeletso tse baballang ditjeo haholwanyane esita le tshireletso le taolo tse matlafaditsweng tsa tikoloho ya meeding.

2.2. Sehlomathiso sa Bili ya Baphaphathehi, 2015, e batlang ho thea mokgwatsamaiso wa ho etsa kopo o sebetsang ka bokgabane le ho feta bakeng sa ba batlang tjako.

Kabinete e boetse ya ananela ho tliswa ha Dibili tse latelang Palamenteng:

2.3. Mmuso wa Dibaka: Sehlomathiso sa Bili ya Dikgetho tsa Bomasepala, 2015, e hlomathisang Mmuso wa Dibaka: Molao wa Dikgetho wa Bomasepala, 2000 (Molao wa 27 wa 2000).
Dihlomathiso di hlaola dintho ka maikutlo a ho netefatsa tlhophiso le tshebediso e ntle ya dikgetho tsa 2016 tsa mmuso wa dibaka.

2.4. Sehlomathiso sa Bili ya Inshorense ya Batho ba Fellwetsweng ke Mesebetsi, 2014. Sena ke sehlomathiso sa bobedi sa Molao wa Inshorense ya Batho ba Fellwetsweng ke Mesebetsi wa 2001 (Molao wa 63 wa 2001).

Hang ha Bili e se e atlehisitswe, ho tse ding e tla atolla nako ya ho lefa melemo ho motsetedi ho tloha dikgweding tse robedi ho ya ho tse 12 le ho atolla nako eo motsetedi a ka etsang tseko ka yona ho tloha dikgweding tse tsheletseng ho ya ho tse 12.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Kabinete e ananetse mokotaba wa Kgwedi ya Basadi ya 2015: “Basadi ba Kopane ho Ntshetsa Aforika Borwa Pele” le almanaka ya diketsahalo tsa Kgwedi ya Basadi, e lebisang lenaneong la bolelele ba selemo.

Ketsahalo ya Letsatsi la Basadi ka la 9 Phato 2015 e tla ba Sasolburg, Freistata, athe e tla boela e tshwauwa ke ho ntshuwa ha Tlaleho ya pele ya Maemo a Basadi ke Moporesidente Jacob Zuma.

Selemo sa 2015 se boela hape se tshwaya la sehopotso sa bo59 sa Mohwanto wa Basadi o neng o leba Union Buildings kgahlanong le melao ya dipasa, empa seo sa qala ho itukisetsa sehopotso sa bo60 sa 2016.

3.2. Letona la Saense le Theknoloji, Mofumahadi Naledi Pandor, o tla thakgola Beke ya Naha ya Saense (NSW) e tla nka sebaka (ho tloha ka la 1 ho ya ho la 8 Phato 2015) Yunivesithing ya Leboya Bophirimela (NWU) Khamphaseng ya Mafikeng ka la 1 Phato. O tla felehetswa ke Setho sa Lekgotla la Phethahatso (MEC) wa Thuto wa Leboya Bophirimela, Mofumahadi Maphefo Matsemela, le Motlatsi wa Motjhanselara wa NWU, Moporofesara Dan Kgwadi. Ketsahalong ena ho tla ba teng diketekete tsa baithuti, baithuti ba yunivesithi, borasaense le ditho tsa setjhaba.

Mokotaba wa NSW wa 2015 ke “Selemo sa Matjhaba sa Kganya le Dithekenoloji tse itshetlehileng ka Kganya.” Kganya le bohlokwa ba yona ho ntlafatseng maphelo ho tla bontshwa ka mekgwa e fapaneng e kang ho sebediswa ha leisara ho tsa bophelo bo botle, sejareng ya mahlo, tlhahiso diindastering, ho tjheseletsa makoloi mmoho le mabone a tshireletso bakeng sa ho tshosa mashodu.

Lefapha la Saense le Thekenoloji, ka Lekgotla la Saense le Diphuputso tsa Diindasteri (CSIR), le tsetetse ho saense ya maqhubu a kganya – saense ya thekenoloji ya kganya ya ho fehla, ho laola le ho fofonela maqhubu a kganya le boseberwana ba kganya. Ho tse ding, sena se lebisitse tshibollong ya pele ya lefatshe ya thekenoloji ya leisara ya dijithale. Tshibollo ena ya CSIR e emetse mokgwa o motjha wa ho nahana ka thekenoloji ya leisara mme e ka ba lepatlelo leo dithekenoloji tsa kamoso di ka ahwang ho lona.

4. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.

4.1. Monghadi Stavros Nicolaou e le setho se lehlakoreng sa Lekgotla la Naha la Ntshetsopele ya Moruo le Merero ya Mesebetsi ho Boto e Ikgethileng ya Boeletsi ba Moruo wa Dizounu.

4.2. Banka ya Mobu:
a) Monghadi Bafana Patrick Mathidi – (o thontswe botjha e le Mookamedi eo e seng wa Phethahatso);
b) Ntamolane Sandra Julie Hester Coetzee – (Mookamedi eo e seng wa Phethahatso);
c) Mofumahadi Mathane Eveline Makgatho – (Mookamedi eo e seng wa Phethahatso); le
d) Monghadi Bennie van Rooy – (Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete e le Mookamedi wa Phethahatso).
4.3. Lekgotla la Khansele ya Naha ya Boingodiso ba Baahi ba Matlo:
a) Monghadi Abbey Chikane (Modulasetulo);
b) Mofumahadi JuliekaBayat;
c) Mofumahadi Xoliswa Eunice Daku;
d) Monghadi Themba Thomas Cyril Dlamini;
e) Mofumahadi Hlaleleni Kathleen Dlepu;
f) Leqosa Segogwane Samuel Kotane;
g) Monghadi Phetola Nailana Solomon Makgathe;
h) Mofumahadi Mankwana Christinah Mohale;
i) Mofumahadi Busisiwe Nwabisa Nzo;
j) Monghadi Alvin Phumudzo Rapea;
k) Monghadi Goolam Hoosen Manack (moemedi wa Lefapha la Matlotlo a Naha);
l) Monghadi Obed Lucas Molotsi (moemedi wa Lefapha la Mesebetsi ya Setjhaba); le
m) Monghadi Lulama Andisa Potwana (moemedi wa Lefapha la Kgwebisano le Indasteri).

4.4. Ngaka Muzamani Charles Nwaila e le Motsamaisi e Moholo wa Lefapha la Merero ya Setso – (Katoloso ya konteraka bakeng sa dilemo tse tharo.)

4.5. Ngaka Bongani Douglas Ngqulunga e le Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Kantorong ya Poraefete ya Moporesidente Kantorong ya Mopresidenteng.

Dipotso: Mofumahadi Phumla Willia Mofumahadi (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Mokobobo)
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore