Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 10 Mphalane 2018

Kabinete e kopane ka Laboraro, 10 Mphalane 2018 Tuynhuys, ho la Motse Kapa.

A. Dintlha tsa Hajwale

1. Letsholo la moruo le tsetelo

1.1 Kabinete e amohela diketso tsa tshebetso tse jwalo ka boitlamo ba ho reka dihlahiswa tse entsweng kahare ho naha, katamelo e matla ho feta ya ho eketsa dihlahiswa tse rekiswang kantle ho naha, mesebetsi kgwebong ya temo le tshehetso bakeng sa dikgwebo tse nyane le tse mahareng. Diphatlalatso tsena di hlahile Kopanong ya Mesebetsi ya matsatsi a mabedi e sa tswa tshwarwa, e tshwerweng tlasa Khansele ya Naha ya Ntshetsopele ya Moruo le Mesebetsi.

1.2 Sephetho sa Kopano ya Mesebetsi se latela phatlalatso ya Morero wa Tsosoloso le Ntjhafatso ya Moruo, e rerileng ho tsosolosa kgolo ya moruo ya ho theha mesebetsi e hlokehang e le kannete. Tumellano e Ntjha ya Merafo – e phethetsweng ka tshebedisanommoho le indasteri ya merafo, kgwebo le ditjhaba tse amehileng le baamehi ba bang – e hlakisa dintlha tsa bohlokwa tsa kgolo, phehello le phetoho.

1.3 Kabinete e kopa baamehi bohle ho sebetsana le Tumellano ya Merafo e le ho phethela le ho theha botsitso kgwebong ya merafo.

2. Ofisi ya Merero ya Lehae ya Kokstad le phano ya mangolo a beng ba matlo

2.1 Kabinete hammoho le Mopresidente Cyril Ramaphosa ba lebohisa Lefapha la Merero ya Lehae bakeng sa ho bula ofisi ya Kokstad ho la KwaZulu-Natal. Mopresidente o butse ofisi ya Merero ya Lehae jwalo ka karolo ya lenaneo la mmuso la ho atolosa kgato ya dibaka tsa phano ya ditshebeletso ya Merero ya Lehae ho kgotsofatsa ditlhoko tsa baahi bakeng sa dikarete tsa boitsebiso (di-Smart ID) le ditokomane tse ding.

2.2 Ho feta moo, Mopresidente Ramaphosa o fane ka mangolo a beng ba matlo a 443 ho bajalefa ba Projeke ya Franklin Housing. Ena ke karolo ya lenaneo la puseletso la ho netefatsa hore bajalefa ba fumana melemo e felletseng ya ho ba le ntlo mme ba kgona ho fihlella mmaraka wa semmuso wa matlo.

2.3 Kabinete e boetse e nka monyetla ona ho kgothaletsa baahi ka matla hore ba late di-ID tsa bona hang ha ba fumana tsebiso ya ho di lata.

3. Tumellano ya phethelo mabapi le sepeketeramo

3.1 Kabinete e amohela tumellano ya phethelo e fihletsweng tabeng e kenyelletsang Memo ya ho etsa Kopo bakeng sa kabo ya sepeketeramo sa tlhoko e phahameng. Sena se fana ka botsitso ba pholisi lekaleng ka theknoloji ya tlhahisoleseding le dikgokahano (ICT).

3.2 Tumellano ena ya phethelo e tsamaellana le pitso ya Mopresidente Ramophosa ya ho qala tshebetso ya kabo ya dilaesense tsa seyalemoya tsa sepeketeramo sa tlhoko e phahameng.

3.4 E le ho kenya letsoho ka tsela tse eketsehileng ho tshebetso ya Tokomane ya Tataiso ya Pholisi e Kopantsweng ya Naha ya ICT, baamehi ba nang le kgahleho ba ka fana ka ditlatsetso tse ngotsweng ho fihlela la 8 Pudungwana 2018 ho pholisi e sisintsweng le tjhebo ya yona ho ba boholong.

4. Dikoporasi tsa pele tsa Aforika Borwa tse nyane tsa ditlhapi

4.1 Kabinete e amohela dikoporasi tsa pele tsa Aforika Borwa tse nyane lekaleng la tsa ditlhapi, e leng dikoporasi tsa Port Nolloth le Hondeklipbaai ho la Kapa Leboya, tse hlomamisitsweng ke Letona la Temothou, Meru le Ditlhapi, Monghadi Senzeni Zokwana.

4.2 Tlhomamiso e tshwaya ho kengwa tshebetsong ha pholisi ya ditheo tse nyane tsa ditlhapi. Ditokelo tsa ditlhapi di fa batjhehi ba ditlhapi ba lehae seriti, ba neng ba tjheha ditlhapi ka ntle ho molao, ka hore jwale ba se ba sireleditswe ka lekgetlo la pele.

4.3 Ditjhaba tse pedi tsa boraditlhapi ba banyenyane tse tla una molemo pholising ena di fumane thupelo ya motheo mabapi le dikoporasi mme di thusitswe ho ngodisa dikoporasi bakeng sa ho etsa dikopo tsa ditokelo tsa dilemo tse 15 tsa ho tjheha ditlhapi.

5. Sehla sa lekgetho

5.1 Kabinete e lebohisa balefi ba lekgetho ba haufi ho dimilione tse tharo ba tlatsitseng diforomo tsa bona tsa lekgetho, tseo ho tsona tse fetang halofo di nehelanweng ka eFiling. Ka la 31 Mphalane, sehla sa lekgetho sa 2018 sea kwalwa bakeng sa balefi ba lekgetho ba nakwana le bao eseng ba nakwana ba kgethang ho faela lekaleng la Tshebeleto ya Lekgetho ya Aforika Borwa. Balefi ba lekgetho bao eseng ba nakwana ba kgethang ho faela diforomo tsa bona ka eFiling ba ka etsa jwalo ho fihlela la 31 Pherekgong 2019.

5.2 Pokeletso e nepahetseng e sebetsang hantle e netefatsa matla a nahana a busang tjhelete ya yona, mme dinehelano tse etswang ka nako le ka nepo di netefatsa hore balefi ba lekgetho ba latela molao wa lekgetho. Tjhelete ya lekgetho e thusa mmuso ho fana ka tjhelete bakeng sa diprojeke tsa naha tsa phano ya ditshebeletso le mananeo a mang a ntshetsopele ya setjhaba le moruo.

6. Ditefo tsa digrante tsa setjhaba

6.1 Kabinete e tlalehetswe ke Komiti ya Mafapha a Kopaneng: Digrante tsa Setjhaba, eo modulasetulo wa yona e leng Letona Nkosazana Dlamini-Zuma. Ho tloha ka la 1 Mphalane 2018, bajalefa ba fetang dimilione tse 10 ba lefilwe ka tshebediso ya e nngwe ya mekgwa ena – Ofisi ya Poso ya Aforika Borwa (SAPO)/Postbank; Grindrod Bank hammoho le barekisi ba bang ba jwalo ka Boxer, Shoprite, le Pick n Pay.

6.2 Mmuso o atlehile ho tlosa tefo ya digrante tsa setjhaba ho tloha ho Cash Paymaster Services (CPS) jwalo ka ha ho laetswe ke Kahlolo ya Lekgolo la Molaotheo. Bajalefa bohle ba kontane ba lefuwang ke CPS ba fetiseditswe mme CPS e se e tsebisitswe ka phediso ya konteraka ho tloha ka la 30 Loetse 2018.

6.3 Kabinete e leboha mosebetsi o motle wa botsamaisi o neng o etelletswe pele ke Komiti ya Mafapha a Kopaneng e tsheheditswe ke Sehlopha sa Mosebetsi wa Botekgeniki sa Balaodikakaretso. E boetse e fetisetsa diteboho tsa yona ho basebeletsi ba SAPO, Setheo sa Aforika Borwa sa Tshireletseho ya Setjhaba (SASSA) le, lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba; la Meralo ya Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso; la Merero, Bodisa le Tlhatlhobo ya Tshebetso; la Matlotlo a Setjhaba; Tshebeletso ya Sepolesa ya Aforika Borwa (SAPS) le Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS).

6.4 Kabinete e leboha bajalefa bohle ba digrante tsa setjhaba bakeng sa tshebedisanommoho ya bona nakong ya phetoho ena.

7. Diketekelo tsa Dilemokgolo tsa Mme Albertina Sisulu

7.1 Kabinete e tlalehetswe ka ditokiso tsa ketekelo ya dilemokgolo tsa Mama Albertina Sisulu tse tla etsahala nakong ya kgwedi ya hae ya tswalo ya Mphalane. Mama Sisulu o hlahile ka la 21 Mphalane 1918 mme Modulasetulo wa IMC bakeng sa Diketekelo tsa Dilemokgolo, Letona Jeff Radebe, o teng mona ho tla hlalosa diketsahalo tse tlang tse amanang le mokete wa dilemokgolo.

8. Kahlolo ya ntate wa Springs

8.1 Kabinete e amohela kahlolo ya monna ya hlekefetsang, ya tsejwang ka hore ke Kgodumodumo ya Springs. O ahloletswe ho hlola dilemo tse 35 tjhankaneng bakeng sa teko ya ho bolaya mora wa hae, tlhekefetso ya bana le ho se tsotelle bana, hammoho le ho sebedisa le ho hweba ka dithethefatsi. Tlhekefetso ya bong e dula e le bothata bo boholo setjhabeng sa rona, jwalo ka ha re bone ka peto e sa tswa etsahala ya ngwana e monyane sebakeng sa ho jella sa Dros, Silverton.

8.2 Kabinete e hatisella dikgoelletso tsa hore ditheo tsa tshebetso ya molao di etse tsohle tse matleng a tsona ho qosa baetsi ba ditlolo tsena tsa molao tse harosang dibete. E boetse e hoella le rona bohle hore re sebetseng mmoho ho emisa tlhekefetso ya ditokelo tsa bana le ditho tsa setjhaba tse sa bolokehang ka ho fetisisa.

9. Boipelaetso ba Westbury

9.1 Kabinete e amohela tshebetso ya Letona la Sepolesa Bheki Cele ho la Westbury, eo e leng karolo ya moralo o pharalletseng wa ho lwantsha bothata ba dithethefatsi le dintwa tse amanang le maqulwana sebakeng seo.

9.2 Tshebetso ena e kenyelletsa ho romelwa ha Sehlopha sa Tshebetso e Radilweng sa Thibelo ya Botlokotsebe (TRT - Maberete) le boteng bo eketsehileng ba sepolesa. Sa bohlokwa ke hore, ho boetse ho tla ba le dipatlisiso mabapi le manyofonyofo a etsahalang kahare ho Seteishene sa Sepolesa sa Westbury.

9.3 Kabinete e bitsa setjhaba sa Westbury le ditjhaba tsohle hore di sebetse le sepolesa ho netefatsa hore re fatolla diteketso tsa botlokotsebe, dithethefatsi le maqulwana dibakeng tse fapaneng tse ba dulang ho tsona.

10. Botlokotsebe

10.1 Kabinete e lebohisa ditheo tsa molao ka ho etsa dipatlisiso tse matla tsa makala a fapaneng tse amanang le diketsahalo tsa dimolong, mabenkeleng le dimoskeng tse lebisitseng ho ho tshwarwa ha babelaellwa ba 19. Di ne di kenyelletsa Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso. Babelaellwa ba bararo ba tshwerwe mabapi le disebediswa tsa diqhomane sebakeng sa Durban, ho kenyelletswa le Mosque wa Verulam. Ho lebelletswe hore babelaellwa bohle ba tla shebana le diqoso tse kenyelletsang polao, teko ya polao le ho tlola Molao wa Diqhomane.

10.2 Kabinete e netefalletsa maAforika Borwa hore ho lwantshwa botlokotsebe ho bohlokwa haholo le hore mmuso o tla tswelapele ho nka mehato e hlokehang ho netefatsa hore ho ba le tikoloho e bolokehileng hape e sireletsehileng bakeng sa baahi bohle ba Aforika Borwa.

11. Diphetolo tsa mabitso: Makhanda

11.1 Kabinete e amohela phetolo ya lebitso la Grahamstown, ho la Kapa Botjhabela, hore e be Makhanda, ho tlotla moprofeta wa moXhosa, rafilosofi le lesole le neng le lwana kgahlanong le bokoloniale.

11.2 Phetoho ena ke karolo e bohlokwa ya leeto la rona la demokrasi mme e tla thusa ho aha katamelano ya setjhaba e eketsehileng le ho aha kutlwisiso e tebileng ya nalane ya rona eo re e arolelanang.

B. Diqeto tsa Kabinete

Kabinete e amohetse mmotlolo o shebilweng botjha wa phano ya ditshebeletso wa Projeke ya Phetolo ya Phatlalatso ya Dijithale. Mmotlolo ona o sebedisa mokgwa o kgannwang ke mmaraka/mabenkele ka tshebedisanommoho le dikamano le lekala la poraefete le indasteri. Ka mokgwa ona, mmuso o ke ke wa hlola o nka karolo patlong ya mabokose a ‘set-top’, poloko ya tsona dibakeng tse kgolo tsa poloko, tsamaiso ya tsona le ho kengwa ha disebediswa tsena.

Sena se fa Aforika Borwa motjha wa ho phethela projeke ka tsela e kenyelletsang bohle, e theko e tlase hape e sebetsang hantle mme e fokotsang kotsi bakeng sa mmuso. Sena se tla sutumelletsa phetoho ya bobohi ba dijithale hore bo be palong e ka bang 85% le ho feta, ho lebisa ho ho tingwa ha diphatlalatsi tsa analoko.

Kabinete e amohetse Tokomane ya Aforika Borwa ya Botebo bo Tshwanang, e tla nehelanwa ho Matjhaba a Kopaneng (UN). Tokomane ena e fana ka kgatelopele e nang le tlhahisoleseding ya mofuta o akaretsang, wa nnete le wa dipalopalo ho tatelo ya Aforika Borwa ya ditshwanelo tse hoketsweng ho ditumellano tse robong tse tekennweng tsa UN.

C. Diketsahalo tse Tlang

Polelo ya Pholisi ya Tekanyetso ya Nako e Bohareng (MTBPS)

Letona la Ditjhelete Tito Mboweni le tla fana ka Polelo ya Pholisi ya Tekanyetso ya Nako e Bohareng (MTBPS) ka Laboraro, la 24 Mphalane 2018, le tla hlahisa diphetolo ho bajete ya naha ho netefatsa tshwarello ya tsa ditjhelete.

Kgwedi ya Dipalangwang

Lenaneo la selemo sena la Kgwedi ya Dipalangwang le tla hatisella bohlokwa ba disebediswa tsa dipalangwang, jwalo ka lekala la tsa lewatle, la difofane, la diporo le la ditsela jwalo ka dikganni tsa kgolo ya moruo.

Kabinete e kopa setjhaba hore se sebedise dipalangwang tsa setjhaba le ho kenya tshebetsong matsholo a polokeho mebileng selemo ho pota. Ha re sebediseng kgwedi ena ho keteka le ho busetsa tlwaelo ya mekgatlo ya ho tsamaya mmoho ho ya mosebetsing ho fokotsa sephethephethe mebileng ya rona. Polokeho mebileng ya rona e ntse e le bothata bo boholo, mme bakganni le ditaaso di lokela ho sebedisa mebila ka boikarabello.

D. Melaetsa

Ditebohiso

Theleskoupu ya seyalemoya ya Aforika Borwa, e leng MeerKAT, e tla kenya letsoho ho Breakthrough Listen, e leng letsholo la matjhaba le batlang matshwao a bophelo bo bohlale sepakapakeng. E supa botsebi ba rona bo tsejwang lefatsheng ka bophara le meaho. Theleskoupu ya seyalemoya ya Aforika Borwa ya dikotlolo tse 64 ya MeerKAT, e hlomamisitsweng ka Phupu selemong sena, ke theleskoupu e utlwellang haholo ho fetisisa lefatsheng lohle.

Kabinete e lebohisa sehlopha sa bafuputsi ba Yunivesithi ya Wits se entseng phetolo e atlehileng ya nalane ho tlosa sebete ho tswa ho Mme ya nang le tshwaetso ya HIV ho ya ho ngwana wa hae ya senang HIV. Sehlopha sa dingaka se ne se kenyelletsa Moprofesara Jean Botha, Ngaka Francesca Conradie, Ngaka Harriet Etheredge, Ngaka June Fabian le Moprofesara Caroline Tiemessen.

Kabinete e lebohisa batho ba Equatorial Guinea ka ketekelo ya bona ya boipuso ba dilemo tse 50. Aforika Borwa esale e na le dikamano tse phethahetseng tsa bodiplomate le Riphabliki ya Equatorial Guinea ho tloha ka la 5 Motsheanong 1993.

Matshediso

Kabinete e fetisa matshediso a yona ho lelapa, metswalle le basebetsimmoho ba Letona la Merero ya Tikoloho Boma Edna Molewa ya fetileng. Letona Molewa o ipabotse mesebetsing le matsholong a mangata, ho tloha ho tlatsetso ya hae ntweng ya tokoloho ho isa ho ntweng ya tekatekano ya basadi setjhabeng. E boetse e bile mampodi wa naha le wa matjhaba bakeng sa poloko ya tikoloho bakeng sa lefatshe le tswellang le ka arolelanwang le ho natefelwa ke bohle.

Kabinete e lebisa matshediso ho mmuso le batho ba Indonesia. Mmuso o se o tshepisitse tshehetso ya ona, moo ho hlokehang, mme Kabinete e tlotla basebetsi ba maAforika Borwa ba thuso ba nkileng karolo mesebetsing ya thuso Sehlekehlekeng sa Indonesia sa Sulawesi, se otluweng ke ho reketla ha lefatshe le tsunami.

Kabinete e lebisa matshediso ho lelapa le basebetsimmoho ba Mofumahatsana Rowena Baird ya hlokahetseng bekeng ena. Mofumahatsana Baird e ne e le raditaba ya hlomphehang wa seyalemoya.

E. Dithonyo

Dithonyo kaofela di lokela ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

Khomishene ya Matjhaba ya Tsamaiso ya Kgwebo:

  • Ngaka F Ismail (Modulasetulo);
  • Monghadi B Mokgatle;
  • Mofumahatsana T van Meelis;
  • Monghadi ED Vlok;
  • Mofumahatsana P Mbiko;
  • Monghadi JC de Beer;
  • Mofumahatsana VNN Ncwaiba;
  • Monghadi W Sihlobo; le
  • Mofumahatsana AV Hlatshwayo.
     

Dipotso:
Mofumahatsana Phumla Williams – Mmuelli wa Kabinete ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore