Pehelo ya Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro, la 18 Phato 2021

A.  Maemo a Renang Hajwale

1.  Thuso ya Setjhaba ka Ditjhelete Tshotlehong ya Mathata a Mabapi le Kokwanahloko ya Corona (SRD ya COVID-19)
1.1.  Kabinete e hlokometse mathata a bakuweng ke sewa sa COVID-19 le merusu ya setjhaba ya moraorao tjena dikarolong tse itseng tsa KwaZulu-Natal le Gauteng. Tabeng ena, mmuso o hopotsa maAfrika Borwa hore dikopo bakeng sa SRD ya COVID-19 ho tshehetsa batho ba se nang lekeno di butswe ka Labohlano, 6 Phato 2021. 
1.2.  Lekala la Afrika Borwa la Tshireletso ya Ditjhelete tsa Kahisano (SASSA) le butse ditsela tse ntjha moo dikopo di ka kenngwang ka epe ya govchat.app le ka Facebook Messenger, le ka websaete ya lona eo dikopo di ntseng di kenngwa ka yona ya: https://srd.sassa.gov.za kapa ka ho romela molaetsa wa WhatsApp ho 082 046 8553.
1.3.  Batho ba pakeng tsa dilemo tse 18 le 60 ba se nang tshehetso ya ditjhelete ka tsela leha e le efe ba lokela ho etsa dikopo. Thuso ya R350 ka kgwedi ke sethibatlala sa bohlokwa bakeng sa malapa a mathateng a kgoba ya bofuma le tlhokeho ya mesebetsi.

2.  Motlakase
2.1.  Kabinete e amohetse ho kenngwa koranteng ya mmuso bekeng ena ha melawana e eketsang sekepele sa phehlo ya lehae ya motlakase ho tloha ho sa jwale sa mekawate (MW) o le mong ho isa ho tse 100. Ka Phuptjane 2021, Moporesidente Cyril Ramaphosa o tsebisitse ho hlomathiswa ha Sekejule 2 sa Molao wa Taolo ya Motlakase, 2006 (Molao wa bo-4 wa selemo sa 2006) bakeng sa ho eketsa sekepele sa Taolo ya Bolaodi ba Eneji ya Afrika Borwa sa ho fana ka laesense bakeng sa diporojeke tsa phehlo ya lehae ya motlakase ho etsa hore ho be le keketseho ya bafani ba motlakase ba poraefete.
2.2.  Dikhamphani tse makaleng a sebedisang motlakase ka bongata jwale di tla kgona ho iphehlela motlakase ntle le tlhokeho ya laesense. Bokgoni bo botjha ba phehlo ya motlakase bo tla eketsa kanetso ya eneji ka ho fokotsa boitshetleho hodima marangrang a motlakase le ho bula matsete a bohlokwa a lekala le poraefete. 

3.  Letlole la Tshehetso ya Tsosoloso ya Moruo
3.1. Kabinete e ipileditse ho dikgwebo tsohle tse tshwanelehang tse anngweng ke merusu ya setjhaba ya moraorao tjena KwaZulu-Natal le Gauteng ho etsa dikopo tsa dikadimo tsa diindasteri tse sa lefiseng tswala, tlasa Letlole la Tshehetso ya Tsosoloso ya Moruo la R3.75-bilione le nehelanwang ke mmuso.  
3.2.  Lefapha la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano (dtic) le ditheo tsa yona tsa ntshetsopele ya ditjhelete – Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri le Letlole la Naha la Matlafatso, le bokeleditse letlole la thuso bakeng sa ho tshehetsa maitshunyako a fapafapaneng a tsosoloso ya dikgwebo. Sena se kenyeletsa kaho botjha ya infrastraktjha, thepa, diraka tsa dibaka, dithoto le tjhelete ya tshebetso. Letlole le tla thusa ho fedisa diqholotso tsa moruo wa kahisano tse tjametseng dikgwebo tse anngweng ke merusu. 
3.3.  Kabinete e boetse e amohetse le ho thathiselletsa tsebiso ya JP Morgan ya ho fana ka tshehetso ya ditjhelete e ballwang ho R340 milione ka Lenaneo la Abadali la Matsete a Tekatekano (EEIP).  Lenaneo lena le bopilwe ka Letlole la Abadali – e leng Letlole la Kgolo ya Dikgwebo tsa Batho ba Batho le Thuso ya Abadali (R40 milione).   
3.4.  Maikitlaetso ana a tla tshehetsa kgolo ya moruo e kenyeletsang le tlhahiso ya mesebetsi ka hara dikgwebo tse nyane le tse mahareng, ka ho qolleha makaleng a tlhahiso le a moruo o hlwekileng. 

4.  Ho fetolwa ha lebitso
4.1.  Kabinete e amohetse ho rehellwa botjha ha Brandfort ho la Freistata ka Winnie Mandela, mabapi le ho tlotla qhoku ya Ntwa le Tokoloho e ileng ya qobellwa ho fallisetswa toropong eo ka nako ya mmuso wa kgethollo e matla.

5.  Sehopotso sa Marikana 
5.1.  Kabinete e ipapisitse le naha yohle mabapi le ho hopola sehloho se ileng sa etsahala Marikana ho la Leboya Bophirima ka Phato 2012, le ho ananela bohloko ba basebetsi, malapa a bona le setjhaba ka kakaretso. Jwaloka setjhaba re dula re ikemiseditse hore sehloho se jwalo se keke sa etsahala hape.
5.2.  Tshebeletso ya Sepolesa ya Afrika Borwa (SAPS) e entse kgatelopele e kgolo mabapi le ho kenya tshebetsong dikgothaletso tsa Khomishene ya Dipatlisiso ya Farlam. Tseo tse ding tsa tsona di tla kenngwa tshebetsong ka botlalo hang ha melao e amehang ya SAPS e se e hlomathisitswe Palamenteng. 
5.3.  Mosebetsi wa ho ntlafatsa maphelo a basebetsi ba merafong o a tswella. Kaho ya bodulo ba batho le tlhabollo ya infrastraktjha di a tswella tulong eo, ka semphato le lekala la poraefete. 
5.4.  Kabinete e boetse e thabisitswe ke kgatelopele e kgolo e entsweng mabapi le ditlhapiso tsa diphofu tsa sehloho sena le beng ka bona. Kantoro ya Mothusi-Kakaretso e se e tswellisitse boholo ba ditseko, moo tefello ya ho qetela e entsweng ka Phuptjane 2021. Ditseko tse salletseng morao di emetse ho kenngwa ha ditokomane tsohle tse amehang tse salletseng morao.  
5.5.  Kabinete e kgothaletsa dihlopha tsohle tsa semolao tsa diphofu ho sebetsa ka potlako ho phethela ditseko tse salletseng morao. Kantoro ya Motjhutjhisi wa Puso ke lekala le mahareng le tswellisang ditseko tsena.  

6.  Seboka sa Ntshetsopele ya Badudi ba Dinaha tse ka Borwa ba Afrika (SADC) 
6.1  Moporesident Ramaphosa o ne a etelletse pele bonkakarolo ba Afrika Borwa Sebokeng se Tlwaelehileng sa Dihlooho tsa Dipuso le Mmuso sa bo-41 se neng se tshwerwe ka la 17 le 18 Phato 2021 Lilongwe, Malawi tlasa mookotaba: “Re Matlafatsa Bokgoni ba Tlhahiso re Tjamelane le Sewa sa COVID-19 bakeng sa Diphetoho tsa Moruo le Diindasteri tse Kenyeletsang, tsa Moshwelella”.
6.2  Seboka se lekotse kgatelopele e entsweng mabapi le ho kgothaletsa le ho tsebisa kopanelo ya lebatowa ho ipapisitswe le Moralo wa Lewa la Ntshetsopele ya Lebatowa la SADC wa 2020-2030.
6.3  Kabinete e tiisitse boitlamo ba Afrika Borwa kopanelong ya lebatowa le diindasteri, ka ho qolleha ho thusa tlhasimoloho ya SADC mabapi le sewa sa COVID-19. Ha re sebetsa mmoho, lebatowa la dinaha tse borwa ba Afrika le tla hlahella le matlafetse jwaloka ha re kgothaletsa makala a rona a diindasteri mabapi le kaho botjha ya meruo ya rona.

B.  Qeto ya Kabinete

1.  Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona (NCCC)
1.1.  Kabinete e thotse tlaleho e tswang ho NCCC e supang hore ho se ho entuwe batho ba fetang dimilione tse robong ka hara Afrika Borwa ho fihlela mothating ona, mme batho ba fetang dimilione tse supileng ke ba so kang ba entwa ka mabotlolwana kaofela mme ba fetang dimilione tse nne ke ba entuweng ka botlalo. 
1.2.  Kabinete e ananetse moralo wa kentelo wa ho eketsa thahasello ya diente, ka ho qolleha diprovenseng tse bontshitseng phokotseho ya thahasello ya diente. Jwaloka karolo ya ho eketsa lenaneo la phano ya kentelo, Kabinete e tjhaelletse monwana kentelo ya batho mahareng a dilemo tse 18 le 35 ho tloha ka la 20 Phato 2021.
1.3.  Bopaki ba saense bo tiisa hore batho ba entuweng ba na le monyetla o betere wa ho pholoha kotsing ya tshwaetso ya COVID-19 ho feta ba sa entuwang. Kahoo, bohle re lokela ho fedisa dikgopolo-taba tse se nang motheo tse lahlehisang ka diente mme re kgethe bophelo ka ho enta. 
1.4.  Ho feta moo Kabinete e tjhaelletse monwana ho boloka naha e le tlasa Mohato wa Boraro wa Tlhokomediso wa ho kginwa ha metsamao ka hara naha, ho ya ka dikeletso tsa Komiti ya Boeletsi ya Matona. Kabinete e kgothaletsa batho bohle ba sa entuwang ka hara Afrika Borwa ho enta hobane diente di ya re sireletsa kgahlanong le ho kudiswa ke COVID-19 le ho baballa maphelo. 
1.5.  Ho thola ente ho bobebe; etela feela setsha sa heno se haufi sa kentelo o lebe teng o tshwere tokomane ya boitsebiso hore o ingodise le ho entwa. O ka fumana setsha se haufiufi ho ditsha tsa kentelo tse fetang 3 000 ho phatlalla le naha ho: www.sacoronavirus.co.za/active-vaccination-sites.

C.  Ketsahalo e Tlang

1.  World Expo 2020
1.1.   Afrika Borwa e tla nka karolo ho World Expo 2020 e tlang. Kabinete e tjhaelletse monwana ho nka karolo ka Tshitwe 2019. Ketsahalo ena e ile ya qetella e tjhetjhisitswe ka lebaka la COVID-19. E tla tshwarwa ka dipontsho tsa marangrang a vidiyo le a ho ba teng ka seqo Dubai, United Arab Emirates ho tloha ka la 1 Mphalane 2021 ho isa ka la 31 Tlhakubele 2022. 
1.2.  Ketsahalo ena ya matjhabatjhaba, e tshwarwang dilemo ka ding tse hlano dinaheng tse fapaneng, e fana ka mmaraka o moholo le o hohelang bakeng sa ho pepesa thepa le ditshebeletso tsa Afrika Borwa babohing ba lefatshe. Ba dtic bekeng e tlang ba tla tshwara kopano ya boraditaba ya ho manolla ka botlalo bonkakarolo ba Afrika Borwa ho World Expo 2020.

D.  Melaetsa

1.  Dithoholetso
Kabinete e fetiseditse dithoholetso le ditakaletso tse molemo ho: 

  • Batimamollo ba 109 le bahlanka ba bolaodi ba neng ba jetswe ke Lenaneo la Working on Fire la Lefapha la Meru, Ditlhapi le Tikoloho la ho thusa ka mekutu ya ho lwantsha mello provenseng ya Manitoba, Canada.
  • Mofumahadi Tatjana Schoenmaker, bakeng sa ho hapa dimedale tsa silifera le gauta ho tsa ho sesa le Mofumahadi Bianca Buitendag, bakeng sa ho hapa medale wa silifera ho tsa surfing, Dipapading tsa Diolimpiki tsa moraorao tjena Tokyo, Japan. Ba fofiseditse folakga ya Afrika Borwa hodimo.
  • Monghadi Brad Binder, ya beisang ka sethuthuthu, bakeng sa ho fofisetsa folakga ya Afrika Borwa hodimo ka ho hapa 2021 MotoGP Austrian Grand Prix.
     

2.  Matshediso 

Kabinete e fetiseditse matshediso ho lelapa le metswalle ya: 

  • Monghadi Dan Sechaba Montsitsi (67), e leng e mong wa baetapele ba Merusu ya Soweto ya la 16 Phuptjane 1976, ya lwanetseng tokoloho le demokerasi ka boitelo, mme hape a ile a sebetsa jwaloka Setho sa Palamente.
  • Ngaka Johan van Zyl (63), Modulasetulo wa Phethahatso wa Toyota South Africa Motors, o hopolwa mabapi le boetapele ba hae le katleho ya khamphani le Toyota Motor Europe.


Dipotso:
Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore