Pehelo ya Kopano ya Kabinete e Neng e Tshwerwe ka Tshebediso ya Marangrang a Ponaletso ka Laboraro, mohla la 23 Loetse 2020

A.    Dintlha ka Maemo a Renang Hajwale

1.    Tsa Moraorao ka Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19) 

1.1.    Ha a ne a bua le setjhaba ka Laboraro mohla la 16 Loetse 2020, Moporesidente o ile a tsebisa hore ho tla theohelwa Boemong ba pele ba ho kginwa ha metsamao ya batho le ditshebeletso tseo e seng tsa mantlha naha ka bophara ho tloha ka Mantaha, mohla la 21 Loetse 2020. Kgato ena e buletse diketsahalo tsa moruo tse ngata le ho feta naheng ena, tse tla thusa haholo ka ho aha moruo botjha, ka ho tsosolosa kgolo esita le ka ho thea mesebetsi ena e hlokehang ka ho fetisisa. 

1.2.    Ditsebiso tse ileng tsa etswa ke Moporesidente di ile tsa amohelwa ka diatla tse pedi ke makala ohle a setjhaba sa Afrika Borwa, ho akga le a bosebetsi, a dikgwebo, a mekgatlo ya setjhaba le mekga ya dipolotiki.

1.3.    Melawana ya boemo ba koduwa ya naha e tsheheditseng ditsebiso tsa Moporesidente, e ile ya phatlalatswa ka Labohlano, mohla la 18 Loetse 2020. Melawana e metjha e nyehlisitse dithibelo tse ding tse neng di kentswe tshebetsong ho tloha ka Tlhakubele 2020, e le ho thibela ho ata ha kokwanahloko. Hara melawana e meng, ho akga ya lenane le amohelehileng la batho diphuthehong tsa setjhaba, diketsahalong tse ding le mapatong, esita le ho bulwa ha madiboho bakeng sa ho eta kahare ho Afrika le matjhabeng, ho tloha mohla la 1 Mphalane. 

1.4.    Kabinete e kgothalleditse hore ho be le metshetshetho e meng hape hammoho le baetapele ba setso, e le ho rarolla diqaka tse amanang le meetlo ya lebollo, e leng ntho e ntseng e thibetswe Boemong bona ba pele. Lesedi le tomanyana ka melawana e phatlaladitsweng le fumaneha websaeteng ya mmuso (www.gov.za).

1.5.    Kabinete e kopa setjhaba sohle sa Afrika Borwa hore se nne se tswelepele ka ho ikobela ditsamaiso tsa bophelo bo botle tsa COVID-19 tse kang ho qaqolohana, ho kenya sekwahelanko le molomo moo ho phetheselang batho le ho hatlela matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi kapa ka ho sebedisa senyanyatsi sa matsoho se nang le alkhohole. 

1.6.    Kabinete e boetse e kgothalletsa setjhaba ho monyolla app ya COVID Alert mobile ho Apple App Store kapa ho Google Play Store. App ena, eo dikhamphane tsa marangrang di entseng hore e se ke ya lefellwa letho, e ka monyollwa ntle le ditjeo dife kapa dife tsa deitha – yona e tla ntlafatsa bofofonedi ba bao ho ileng ha atamelanwa le bona ka ho hlokomedisa basebedisi ba yona haeba ba ile ba atamelana le basebedisi ba bang bao diteko di ba fumaneng ba e na le COVID-19 matsatsing a 14 a fetileng. App ena ha e bokelle lesedi le hlokolosi la motho ofe kapa ofe ebile ha e fofonele sebaka seo motho a leng ho sona.

2.    Ditlhekefetso tse Amanang le Bong le Diphenetho tsa Basadi (GBVF)

2.1.    Kabinete e dula e ikitlaelleditse ho lwantsha sewa sa GBVF ka ho matlafatsa ditheo tsa setlamo sa tshireletso; meralo ya ketso ya melao; ho fana ka tshehetso ya tlhabollo ya maikutlo setjhabeng esita le ka mananeo a tshehetso kahara setjhaba.

2.2.    Ho ya ka deitha e fumanweng ka thuso ya Tshebeletso ya Sepolesa sa Afrika Borwa (SAPS), ka maswabi a maholo mmuso o hlwaile dibaka tse 30 naha ka bophara tseo ho tsona GBVF e jeleng setsi ka ho fetisisa. Kabinete e netefaleditse dibaka tse amehileng hore haeba ho sebedisanwa hantle le sepolesa, dikgato tsa bokenadipakeng di tla matlafatswa e le ho netefatsa hore basadi le bana ba a sireletseha. 

2.3.    Kabinete e amohetse yaba ya ananela nyehelo ya R50 milione e tswang United Kingdom, e tla atolla matsapa a tswelang pele a Letlole la Tshehetsano a ho lwantsha thefuleho ya moruo e bakilweng ke sewa sa COVID-19. Ditjhelete tsena di tla tsepama diprojekeng tse tshehetsang di bile di ntlafatsa maphelo a basadi.

2.4.    Kabinete e ile ya boela ya hlahisa ngongoreho ya yona ka ditlaleho tse sisimosang tsa diketsahalo tsa thekisetsano ya batho tse amang basadi le bana naheng ena. Mapolesa a sala morao a bile a batlisisa dinyewe tsohle tse tlalehilweng tse amanang le thekisetsano ya batho le ya dithethefatsi.

2.5.    Kabinete e ipiletsa setjhabeng hore se tlalehe ditlolo tsena tsa molao tse soto hanghang sepoleseng ho e na le ho sebedisa mapatlelo a dikgokahano tsa setjhaba, e leng ntho e thatafaletsang diakgente tsa qobello ya molao ho arabela ka potlako le ka tshwanelo. Setjhaba se boela se hlokomediswa hore se se ke sa hasa ditaba mafosisa, tse ka nnang tsa baka letswalo le sa hlokeheng, tsa phahamisa maikutlo di be di hlohlelletse merusu setjhabeng sa habo rona. 
2.6.    Mang kapa mang ya nang le lesedi o tshwanela ho letsetsa SAPS nomorong ya Thibelo ya Ditlolo tsa Molao ya 08600 10111 kapa a sebedise MySAPS Application, e ka monyollwang ho iPhone kapa smartphone efe kapa efe. 

3.    Tshenyo le Boshodu ba Meralo ya Motheo ya Setjhaba

3.1.    Kabinete e amohela ho tshwarwa ha moraorao ha babelaellwa ba amehang ho utsuweng ha mehala ya motlakase ya koporo le mehala e phallisang diterene Johannesburg le Motse Kapa. Sepolesa se boetse se nkile dikgato ka potlako ho tshwarweng ha batho ba amehang ho senngweng ha mmila o moholo wa Msinga, KwaZulu-Natal.  

3.2.    Kabinete e thoholetsa katleho ena e entsweng ke sepolesa ho utsuweng le ho senngweng ha meralo ya motheo ya ho phallisa diterene; e leng tlolo ya molao eo ka dinako tse ding e ileng ya baka ho shwa ha batho ba se nang molato ka lebaka la ho tjhaisana ha diterene.

3.3.    Meralo ya motheo ya setjhaba e dula e le yona seikokotlelo se ntshetsang moruo wa habo rona pele. E dula e le ntho ya bohlokwa tjantjellong ya rona ya ho hodisa moruo le ho hlahisa mesebetsi ena e hlokehang ka ho fetisisa. Kabinete e etsa kgoeletso ho Maafrika Borwa ohle hore a tlalehe diketsahalo tsena tsa ditlolo tsa molao sepoleseng. 

4.    Ditshebeletso tsa Inthaneteng tsa Lekgotla la Tshireletso ya Setjhaba la Afrika Borwa (SASSA)

4.1.    Kabinete e amohela kgakolo ya lepatlelo la ho etsuwa ha dikopo tsa dithuso tsa ditjhelete inthaneteng e entsweng ke SASSA, le thusang hore dikopo di kenngwe ho https://services.sassa.gov.za. Lepatlelo lena, leo madiboho a lona a tla qala ho bulelwa dithuso tsa ditjhelete tsa Tshehetso ya Bana, ya Metsofe le ya Bohlokomedi ba Bana – le tla bolokela ba folang molemo ditjeo tseo ba neng ba tla senyehelwa ke tsona tsa dipalangwang hammoho le ho senyehelwa ke nako ka ho ema meleng.

4.2.    Kabinete e kgothalletsa bakopi ba batjha hore ba sebedise lepatlelo lena la boithusi kaha le thusa ho fedisa kotsi e neng e ka etsahala ya ho tshwaetswa ke COVID-19 dibakeng tseo ho subuhlellaneng batho ho tsona. 

5.    Phutheho Kakaretso ya Matjhaba a Kopaneng (UNGA)

5.1.    Moporesidente Ramaphosa o bile le seabo Ngangisanong ya UNGA e neng e tshwerwe ka marangrang a ponaletso ka Labobedi, mohla la 22 Loetse 2020 katlasa mookotaba o reng: “Bokamoso Boo Re Bo Labalabelang, UN eo Re e Hlokang: Tiisobotjha ya Boikitlaetso ba rona ba Kopanelo Kgwebisanong e se nang Leeme Dipakeng tsa Dinaha tse Fapaneng”.

5.2.    Kabinete e tshehetsa taba ya hore letsatsi lena la sehopotso le sebediswe e le monyetla wa ho fihlella ditlhabollo tse hlokehang haholo tsa Lekgotla la Tshireletso la Matjhaba a Kopaneng (UNSC) e le ho shebisisa dinnete tsa sejwalejwale lefatsheng.

5.3.    Afrika Borwa e tla dula setulong sa UNSC lekgetlo la bobedi ka Tshitwe 2020, jwaloka ha e phethela sehla sa boraro e le setho se kgethilweng sa UNSC.

6.    Kopano ya Matona a G20 ya Kgwebisano le Botsetedi

6.1.    Kabinete e amohela diphetho tsa Kopano ya Matona a G20 ya Kgwebisano le Botsetedi e neng e tshwerwe ke Saudi Arabia ka marangrang a ponaletso ka Labobedi, mohla la 22 Loetse 2020. Kopano ena e ile ya kgobokanya Matona a tswang meruong e moholo, e akgang wa Amerika, China, Japan, India, Brazil le Germany. Ya neng a emetse Afrika Borwa e ne e le Letona la Kgwebisano, Diindasteri le Ditlhodisano, Ebrahim Patel. 

6.2.    Pehelong ya yona, kopano ena e talotse ka bohlokwa ba dikarolo tse fapaneng tsa moruo, e leng se theang tshehetso ya ho aha bokgoni ba tlhahiso ya kwano lapeng makaleng a bohlokwa, ho akga le a ho etsa meriana le a dijo. 

6.3.    Kopano e ile ya boela ya tshehetsa dikgato tsa ho phahamisa matlafatso ya basadi moruong le ya dikgwebo tse nyenyane le tse mahareng, yaba ya lemoha le ka dikotsi tsa dikgwebisano tse seng molaong. 

7.    Kopano ya Lekgotla la Matona a Kopanyo ya Makgetho a Madibohong a Afrika e ka Borwa (SACU)

7.1.    Kabinete e amohetse diphetho tsa Kopano ya Lekgotla la Matona a SACU e neng e tshwerwe ka Mantaha, mohla la 21 Loetse 2020. Matona a tsa Ditjhelete le Kgwebisano a Namibia, Botswana, Eswatini, Lesotho le Afrika Borwa a ne a le kopanong eo, mme modulasetulo e ne e le Letona la tsa Ditjhelete Tito Mboweni, athe Afrika Borwa yona e ne e emetswe ke Letona Patel.

7.2.    Lekgotla le ile la se nkela hloohong seabo sa SACU moelelong wa Selekane se setjha sa Kgwebisano e Lokolohileng Khontinenteng ya Afrika. E ile ya qeta ka hore mosebetsi wa kamoso wa lekgotla lena o tla tsepamisa maikutlo kahong le ntshetsopeleng ya dinaha tsa SACU, hore e be dikgubu tse matlanyana tsa tlhahiso le tshibollo tse ka fanang ka dithepa le ditshebeletso khontinenteng ka bophara. 

B.    Diqeto tsa Kabinete

1.    Tlaleho ya Khomishene ya Moporesidente ka Phetoho e Kgolo ya Indasteri ya Bone (PC4IR)

1.1.    Kabinete e ananetse hore ho phatlalatswe tlaleho ya PC4IR Koranteng ya Mmuso. Tlaleho ena e etsa ditshisinyo tsa ho tsosolosa ditabatabelo tsa kaho ya diindasteri tsa naha, le ho ntlafatsa bohlodisani ba rona lefatsheng lohle esita le khontinenteng e le ho ntlafatsa kgolo e kenyeletsang bohle. 

1.2.    Dikarolo tsa bohlokwa tse susumetsang Lewa la PC4IR di akga bohlodisani ba moruo, ho arabela diqholotsong tsa phano ya ditshebeletso, ho tsetela bokgoning ba batho le ho arabeleng ho COVID-19.
1.3.    Sena se tshehetsa Puo ya Boemo ba Naha ya 2018, e ileng ya bontsha hore Khomishene ya Phetoho e Kgolo ya Diindasteri tsa Dijithale e tla arabela dintlafalong tsa theknoloji e akofileng e be e netefatse le hore setjhaba se tswela pele. 

2.    Letsholo la Kgwedi ya Dipalangwang la 2020

2.1.    Kabinete e ananetse lenaneo la letsholo la Kgwedi ya Dipalangwang la Mphalane 2020 katlasa mookotaba o reng: “Re Bopa Bokamoso ba Dipalangwang re le Mmoho”. Kabinete e ne e ananele ka 2005 hore Mphalane e nyehellwe ho etsa tlhokomediso ka e mong wa bathusi ba bohlokwa moruong, e leng dipalangwang. 

2.2.    Mananeo a monongwaha a tla tsepamisa maikutlo dinthong tse tharo, e leng (1) dintshetsopele lekaleng la dipalangwang, ho bulweng botjha ha moruo nakong ena ya COVID-19; (2) polokeho mefuteng yohle ya dipalangwang, le (3) diphetoho, matlafatso le tsamaiso ya semmuso ya indasteri ya ditekesi. 

2.3.    Lenaneo la naha la kgwedi kaofela le tla tsepamisa maikutlo makaleng a fapaneng a indasteri ya dipalangwang. Lenaneo lena le tla phethelwa mafelong a Mphalane 2020, ka Lekgotla la Naha la Ditekesi le tla kgobokanya ditshwaelo tsa Makgotla a Diprovense a Ditekesi. 

C.    Dibili

1.    Bili ya Sehlomathiso sa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa ya 2020 

1.1.    Kabinete e ananetse taba ya ho kenngwa ha Bili ya Sehlomathiso sa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa ya 2020 Palamenteng. Motheo wa dihlomathiso tsena ke ho arabela kahlolong ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo, e diilweng Kahlolong ya Phaahla ya mohla la 3 Motsheanong 2019. 

1.2.    Dihlomathiso tsena di thasisetsa tokelo ya hore nyewe e buuwe ntle le leeme, jwaloka ha tokelo ena e fuperwe ke Karolo ya 35(3)(n) ya Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 tshebedisong ya Karolo ya 136 (1) ya Molao wa Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa wa 1998, (Molao wa 111 wa 1998). 

2.    Bili ya Sehlomathiso sa SAPS ya 2020

2.1.    Kabinete e ananetse hore Bili ena e phatlalatswe Koranteng ya Mmuso bakeng sa hore setjhaba se tshwaele. Bili ena e hlomathisa Molao wa SAPS wa 1995 (Molao wa 68 wa 1995), hore o ipapise le Molaotheo wa Rephaboliki ya Afrika Borwa wa 1996 o be o netefatse le boteng ba tshebetso ya sepolesa e ntle ka ho fetisisa. 

2.2.    Hara tse ding, e fana ka moralo wa molao tsamaisong ya tshebeletso ya sepolesa le ya ho thewa ha diforamo tsa boahisane ba setjhaba. Bili ena e boela e nkela hloohong dikgothalletso tse tswang Khomisheneng ya Dipatlisiso ya Marikana e neng e etelletswe pele ke Moahlodi ya beileng meja fatshe Ian Farlam.

D.    Diketsahalo tse Tlang
1.    Letsatsi la Letlotlo la Botjhaba


1.1.    Letsatsi la Letlotlo la Botjhaba le ketekwa kajeno, mohla la 24 Loetse 2020 katlasa mookotaba wa Kgwedi ya Letlotlo la Botjhaba o reng: “Ho keteka Matlotlo ao e leng Batho ba Afrika Borwa ba ntseng ba Phela”. 
Moporesidente Ramaphosa o tla tekela setjhaba puo thelevisheneng.

1.2.    Maafrika Borwa a kgothalletswa hore a sebedise Kgwedi ena ya Letlotlo la Botjhaba ho keteka lefa le botjhaba ba habo rona bo manoni, a be a kenye letsoho diketsahalong tsa kaho le tsa momahano ya setjhaba. Moporesidente Ramaphosa o kgothalleditse Maafrika Borwa hore a ikamahanye le ketsahalo ya lefatshe lohle ka ho kena qothisanong ya lehlokwa ya motjeko wa pina ya Jerusalema. 

1.3.    Kabinete e thoholeditse boqhetseke ba Master KG (eo lebitso la hae la tswalo e leng Kgaogelo Moagi) ka ho hlahisa pina ya Jerusalema, e leng pina e tummeng haholo eo ho yona a sebeditseng le sebini ebile e le mongodi wa dipina, Nomcebo Zikode. Kabinete e a ba leboha ka ho talola boqhetseke le bonono ba bokgoni ba mmino wa naha ena, pineng ena e tsokoditseng lefatshe lohle. Bona ke maqosa a rona a semmuso a Bonono le Botjhaba lefatsheng lohle.

E.    Melaetsa

1.    Matshediso

Kabinete e rometse matshediso ho ba leloko le metswalle ya:
1.1.    Mokaubere wa lefokisi, Moleftenete Mokolonele Charl Kinnear, ya ileng a bolaelwa haufi le ntlo ya hae Bishop Lavis Motse Kapa. O ile a nyehela dilemo tse mashome a mararo tsa bophelo ba hae mosebetsing wa SAPS moo a neng a batlisisa ka ditlolo tsa molao tse hlophisitsweng naheng ena.

1.2.    Sajene Thabile Mapoma, ya ileng a fenethwa ka sehloho Khayelitsha Kapa Bophirimela. 

1.3.    Setho sa Lekgotla la Phethahatso la Rakebi ya Afrika Borwa, Monghadi Monde Tabata, ya neng a le dilemo di 60. Monghadi Tabata o ne a e na le tjantjello ka bokamoso ba rakebi bo kenyeletsang merabe yohle bo bile bo na le katleho Afrika Borwa.

1.4.    Moruti Emmanuel Motolla wa Kereke ya Sione (ZCC). Kabinete e ile ya boela ya fetisetsa matshediso a yona ho ditho tsa ZCC ya ba ya di lakaletsa hore di matlafale ba tiye nakong ena ya mahlonoko.

F.    Dithonyo

Dithonyo tsohle di emetse ho netefatswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang ya tlhatlhobisiso.

1.    Lekgotla la tsa Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane (SEFA):
a.    Monghadi Mxolisi Dalukhanyo Matshamba e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso;
b.    Mme Sedzani Mudau (Molaodi eo e seng wa Phethahatso wa Boto ya SEFA);
c.    Mme Ziyanda Buthelezi-Ngcobo (Molaodi eo e seng wa Phethahatso wa Boto ya SEFA); le
d.    Mme Hilda-Marie Tsoadi (Moemedi wa Koporasi ya Ntshetsopele ya Diindasteri Botong ya SEFA). 
2.    Lekgotla la Ntshetsopele ya Dikgwebo tse Nyenyane (SEDA):
a.    Ngaka Joy Ndlovu e le Modulasetulo wa Boto ya SEDA; le
b.    Ngaka Stella Bvuma (Molaodi eo e seng wa Phethahatso wa Boto ya SEDA). 
3.    Katoloso ya konteraka e tsepameng ya kgiro ya Monghadi Ian van Niekerk e le Mohlanka e Moholo wa tsa Ditjhelete (CFO) wa Broadband Infraco.
4.    Monghadi Molatlhegi Khunou Kgauwe e le CFO ya Lekgotla la Mmuso la Theknoloji ya Lesedi. 
5.    Mme Marelize Potgieter e le Motlatsi wa Molaodi-Kakaretso (DDG): Ditshebeletso tsa Tsamaiso ya Lekgotla la Dinyewe Kantorong ya Moahlodi e Moholo.
6.    Monghadi Brightboy Nhlakanipho Nkontwana e le DDG: Ditherisano, Dikamano tsa Bosebetsi le Meputso Lefapheng la Tshebeletso le Tsamaiso ya Setjhaba. 

Dipotso: Mme Phumla Williams – Radiphatlalatso wa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore