Pehelo ka Kopano ya Kabinete ya la 4 Hlakubele 2015

1. Ho kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Kabinete e ananetse Tekanyetso ya Naha ya 2015 e tla kganna ho kenngwa tshebetsong ha morero o ntlha di robong tse ileng tsa tekwa ke Moporesidente nakong ya hae ya Puo ya Boemo ba Naha. Tekanyetso ena e fana ka bonnete, botsitso le taolo e hlwahlwa ya ditjhelete tse hlokahalang bakeng sa ho tsamaisa moruo wa Aforika Borwa hara maemo ana a boima a moruo.

Kabinete e boeletsa hore mekgwa ya lekgetho e tsebisitsweng Tekanyetsong ya Naha ya 2015 e ya hlokahala bakeng sa ho tshehetsa ditjhelete selemong sena se ka pele ho rona. MaAforika Borwa a kgothaletswa ho sebetsa mmoho le mmuso ho lwantshana le maemo a hajwale a moruo bakeng sa ho susumetsa kgolo ya moruo ho ya pele.

1.2 Kabinete e thoholetsa mosebetsi o kgabane o entsweng ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa ka ho thusa ka dikgetho tse lokolohileng le ho hloka leeme ka hara Lesotho mosebetsing wa hae jwaloka Motsamaisi wa Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Borwa ba Aforika (SADC). Kabinete hape e thoholetsa Lekgotla la Boeletsi la Dikgetho (EAC) la SADC, Khomishene ya Dikgetho ya Lesotho (LEC), Mabotho a Tshireletso le batho ba Lesotho bakeng sa ho tshwara dikgetho tsa kgotso, tse lokolohileng le ho hloka leeme. Aforika Borwa e tla sebetsa le mmuso o motjha o kgethilweng wa Lesotho ho ntshetsapele moruo wa dinaha tsena tse pedi, Lebatowa la Aforika e Borwa le Kontinente ka bophara.

1.3  Kabinete e ananela le ho amohela bonkakarolo ba Aforika Borwa ho tshwayeng ha Letsatsi la Lefatshe la Diphoofolo tse hlaha ka la 3 Hlakubele 2015. Tlasa boetapele ba Letona Molewa Aforika Borwa e tswela pele ho kenya tshebetsong mananeo a tshireletsang tikoloho ya naha le ntwa kgahlanong le botsomi bo seng molaong. Sa bohlokwa hara tsena ke ho behwa ha Sepolesa sa tsa Tlhaho Boemafofaneng ba Matjhaba ba O.R. Tambo. Sena ke ho netefatsa boimatahanyo le Melawana ya Mefuta e Kotsing kapa e Tshireleditsweng ya Diphoofolo, Melawana ya Khonferense ya Mekga bakeng sa Seboka sa Kgwebo ya Matjhaba bakeng sa Dibopuwa tse Kotsing tsa Diphoofolo le Dimela tse Hlaha (CITES), Botsomi naheng, Melawana ya Phumantsho le Karolelano ya Melemo le Melawana ya Mefuta ya Diphoofolo tsa Mekenella. Aforika Borwa hape e bapetse karolo ya bohlokwa tshebedisanong le Interpol, haholoholo ho Boto ya Boeletsi ya Boimatahanyo le Tikoloho le Komiti ya Bophethahatsi, mme ka hara dihlopha tse tharo tsa Interpol tsa tshebetso tseo e leng Sehlopha sa Tshebetso sa Botlokotsebe ba Diphoofolo tse Hlaha, sa Botlokotsebe ba Botshwasi ba Ditlhapi le sa Botlokotsebe ba Tshilafatso ya Tikoloho.

1.4 Kabinete e elelletswe hore  Durban e entse boiketo ba ho tshwara Dipapadi tsa Matjhaba tsa Commonwealth tsa 2022, bo entsweng semmuso London ka la 2 Hlakubele 2015. Ho tshwarwa ha dipapadi tsena ho ka tla le bokgoni ba ho hlahisa mesebetsi e ka bang 11 650 le ho Phahamisa moruo wa naha ka tjhelete e akantsweng ho R20 bilione. Lefa le leng la Dipapadi e tla ba mokgwa wa dipalangwang tsa setjhaba o hokahantsweng bakeng sa Durban moo merero ya teng e seng e tjhaelletswe monwana.

2. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Leano la Sehlomathiso sa ho Fetolwa ha Mokgwa wa Kgaso ka ho kenyeletswa ha mokgwa wa taolo ho Mabokose a kengwang Hodimo a Thelevishene (STB), o tla hlaloswa ka ho hlaka ha leano le se le phatlaladitswe. Mmuso o tla fana ka STB mahala ho beng ba malapa a futsanehileng a fetang dimilione tse hlano. Ho tla shejwa pele malapa a phelang dibakeng tsa mabatowa a meeding ya naha. Letona la Dikgokahanyo le tla tsebisa ka letsatsi la ho bulwa ha letshwao la dijithale le la ho kwalwa ha mokgwa wa Analoko haufinyane.

2.2 Kabinete e tjhaelletse monwana morero wa dilemo tse hlano wa lewa la moralo wa Temo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi le Leano la Moralo wa Tshebetso wa Temo. Moralo o teka diphephetso tsa bohlokwa tse tobilweng ke makala a mararo le ho sisinya boitshunyako dibakeng tse nne e leng Tekatekano le diphethoho; kgolo e lekalekanang le phehisano, paballo ya tikoloho le taolo. Lewa le morero wa tshebetso di tla behwa sehlohlolong selemo ka seng. Karolelano ya mobu ke le leng la mananeo a mmuso le hodisitseng tekatekano, empa ho fihlela mona ha e so fihlelle ho hongata ka tsela ya diphethoho. Leha lenaneo la kahobotjha le ntshetsopele le tekile hore sepheo se seholo sa karolelano ya naha e ne e le ho fetola sebopeho sa Temo ya Aforika Borwa, hape e batla ho tshehetsa makala hore ho hodiswe moruo le ho hlahisa mesebetsi.

2.3    Kabinete e tjhaelletse monwana bakeng sa Seboka sa Lefatshe sa Dipetlele sa bo40 sa Mokgatlo wa Matjhaba wa Dipetlele se tla tshwarelwa Durban ho ya mafelong a 2016. Mokgatlo wa Matjhaba wa Dipetlele ke mokgatlo wa lefatshe o ikemetseng, o sa etseng phaello, oo e seng wa mmuso bakeng sa dipetlele le mokgatlo wa tlhokomelo ya kalafo. Seboka sa selemo ka seng se neha basebeletsi ba kalafo monyetla wa ho arolelana mekgwa ya tshebetso ya dikatamelo tse hlwahlwa ka ho fetisisa tsa ho ntlafatsa diphetho tsa tlhokomelo ya kalafo.

2.4 Kabinete e etsa boipiletso ho batswadi ho itahlela ka setotswana ho Dikgetho tsa Makgotlataolo a Dikolo (di-SGB) tsa 2015 tse tla tshwarwa dikolong tsohle tsa setjhaba ho tloha ka la 6 ho ya ho la 28 Hlakubele 2015. Di-SGB di nehela ntshetsopeleng ya maikutlo a matla a ho ba beng ba dikolo tsa rona. Tshebetso ya dikolo ka kakaretso ho kenyeletswa le ho sebetsa hantle dithutong ho a ntlafala ha batswadi ba itahletse ka setotswana le ho ba le kgahleho mererong ya sekolo. Ditho tsa SGB tse fetang 250 000 di kgethwa dilemong tse ding le tse ding tse tharo ho sebetsa dikolong tsa rona tsa setjhaba di kopane ka morero o tshwanang, ho etsa thuto ntlha ya mannete ya setjhaba.

3. Dibili

3.1. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Dibili tse pedi, tseo bobedi di hlomathisang Molao wa Bana, 2005 (Molao wa 38 wa 2005) jwaloka ha o hlomathisitswe ke Molao wa 41 wa 2007, ho Palamente. Dihlomathiso di arabela ho dikahlolo tsa makgotla a dinyewe, tse behileng hore dikarolo tse itseng tsa Molao di kgahlanong le Molao wa Motheo.

Sehlomathiso sa Bili ya Bana, 2015 (karolo 75 ya Bili) – Dihlomathiso di shebana le tlhaloso ya “tlolo ya molao wa motabo” le ho imatahanya le Molao wa Botlokotsebe (ditlolo tsa molao wa motabo le mabaka a tsamaelanang) ya sehlomathiso sa Molao wa 32 wa 2007. Dihlomathiso hape di sebetsana le ho dumella batlodi ba molao ba bana ho etsa ditlhahiso pele mabitso a bona a kenyeletswa ho Rejisetara ya Naha ya Tshireletso. Dihlomathiso tse sisintsweng hape di hlakisa tlhoko ya ho beha ngwana tlhokomelong le ho fana ka mekgahlelo ya tlatsetso bakeng sa bana ba ka nkuwang ke batswadi bao e seng ba bona ka madi.

Sehlomathiso sa Bili ya bobedi ya Bana, 2015 (karolo 76 ya Bili) – se rerile ho netefatsa hore bana bohle ba fumana ditshebeletso le melemo e reretsweng ho thusa ka phumantsho ya tlhokomelo ya kahisano le tshireletso le ho bopa mokgwa wa thekolohelo ya kahisano o hlwahlwa. Hape e batla ho fana ka tikoloho e bolokehileng le e tshireletsehileng bakeng sa ho falliswa ha bana bao ho fumanehang hore ba hloka tlhokomelo le tshireletso.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Hajwale

4.1. Kabinete e tshwela ka mathe ka matla, ho nyenyelepa ha ditokomane tse ka behang tshireletso ya naha tsietsing. Leha e le tshebetso ya matjhaba e tlwaelehileng bakeng sa dinaha ho arolelana mautlwela, hara tse ding, dintlha tse paroletsang tse amanang le menyetla ya moruo le mabaka a tshireletso, ho nyenyelepa ho bolelwang ha ditokomane tse hlahisang ditshebetso tsa Lekala la Tshireletso ya Puso ha ho molaong.

Kabinete e ananela dipatlisiso ka botlalo tsa Lekala la Tshireletso ya Puso tabeng ena le ho netefaletsa maAforika Borwa hore Lekala la Tshireletso ya Puso le tla tswela pele ho tsepamisa maikutlo thomong ya lona ya ho tshireletsa le ho baballa seriti sa naha, baahi ba yona le dikaho tsa motheo.

Kabinete e boeletsa molaetsa wa Letona la Tshireletso ya Puso, Letona David Mahlobo, hore boitshwaro bo jwalo bo nyenyefatsa bohlwahlwa ba tshebetso ba mosebetsi wa ho baballa naha le meedi ya yona.

4.2. Kabinete e ananela tsebiso ya Eskom ya hore Yuniti ya bo 6 ya Seteishene sa Motlakase sa Medupi e qadile ho hlahisa motlakase wa yona wa pele bekeng ena, ho e etsa ya pele ya diyuniti tsa yona tse tshelela hore e kenngwe tshebetsong. Ho kenngwa tshebetsong ke tsela eo ka yona sefehlamatla se hokelwang ka motlakase ho marangrang a naha a motlakase. Ha re ntse re tswela pele ho sebeletsa tabeng ya ho eketswa ha phepelo ya motlakase ho marangrang a naha, Kabinete e etsa kgoeletso ho setjhaba ho tswela pele ho imatahanya le mekgwa ya ho baballa eneji. Badudi ba kgothaletswa ho boloka motlakase, ha re tswella ho hlahisa mehlodi e meng ya eneji.

4.3  Kabinete e thoholetsa sebete, boitlamo, boitelo le mosebetsi o matla wa banna le basadi ba sebetsang ka thata ho pholosa bophelo le ho thibela tshenyo ya thepa, mehlape le tikoloho ya tlhaho tse neng di kupeditswe ke mello e hlaha ho la Motse Kapa.
 
  Kabinete e hlahisa teboho ya yona ho badudi ka moya wa Botho, ka kopanelo le mmuso ka ho theha ditsha tsa tlhokomelo ya bongata ho thusa ba lahlehetsweng ke bodulo. Moya wa boithaopi o bontshitsweng ke batho ba neng ba thusa diphofu tsa mello ke o moholo le o kgothatsang.

4.4 Kabinete e dula e ngongorehile ka ditlhaselo tsa melata mme e hlokomedisa hore makala a kgatello ya molao a tla tswela pele ho iponahatsa ka bongata dibakeng tse amehang, mme batlodi ba molao ba tla kopana le letsoho le matla la molao. Dikgoka kgahlanong le melata di shebuwe ka leihlo le ntjhotjho le ho sebetswa ka dibopeho tse fapaneng tse teng tsa Mmuso.

4.5 Kabinete e thoholetsa Sehlopha sa bolo sa Aforika Borwa sa ba ka Tlasa Dilemo tse 17 (U17), Amajimbos, bakeng sa ho etsa naha motlotlo ka ho atleha ho kenela makgaolakgang a 2015 a Bompodi ba Aforika ba U17 Niamey, ho la Niger. Mosebetsi wa bona o babatsehang ho Bompodi ba Batjha ba Aforika o ba dumella ho kenela Mohope wa Lefatshe wa FIFA wa U17 ho la Chile hamorao selemong sena.

4.6 Kabinete e utlwisitswe bohloko ke ho hlokahala ha mohale wa mmino wa Aforika Borwa Zayn Adam, sephoko se hlwahlwa sa sehlopha se matla sa di-70 Pacific Express eo mosebetsi wa hae o nkileng ho feta dilemo tse 50. E ne e le ntho e le nngwe le nalane ya mmino ya Motse Kapa.

4.7 Kabinete e thabile hore, jwaloka letshwao la nnete la mmuso o kgathallang, mokgahlelo wa ho qetela wa ho busetsa masalla oohle a maAforika Borwa a ileng a timela ho putlameng ha ntlo ya baeti eo e leng ya Synagogue Church of All Nation (SCOAN) ho la Lagos o phethetswe. Mehopolo ya rona e na le ba malapa ba lahlehetsweng ke baratuwa ba bona le ba lemetseng mahlomoleng ao.

5 Diketsahalo tse tlang

5.1 Moporesidente Jacob Zuma o tla etsa puo pulong ya Ntlo ya Naha ya Baetapele ba Setso Palamenteng, Motse Kapa ka la 5 Hlakubele 2015 (kajeno). Kamano dipakeng tsa mmuso le baetapele ba setso e hlokolosi bakeng sa ho aha metse ya mahae e kganyang, e lekalekanang le ya moshwelella.

5.2 Kabinete e ananela ho kgutla ha bahale ba hlomphehang ba ntwa ya tokoloho J.B. Marks le Moses Kotane ho tla Aforika Borwa ho tswa Russia moo ba ileng ba bolokwa dilemo tse 42 tse fetileng. Baetapele bana ba neng ba itetse, ba nkuwang e le bontate ba ntwa ya tokoloho le ba kgothaditseng diqhoku tse kang Nelson Mandela, Oliver Tambo le Walter Sisulu, ba tla fumana mapato a ikgethileng a semmuso. Moporesidente Jacob Zuma o laetse hore Folakga ya Naha e fofele hare ho tloha ka la 9 Hlakubele ho fihlela bosiung ba la 22 Hlakubele 2015. Moses Kotane o tla patwa botjha ho la Pella, Leboya Bophirima ka la 14 Hlakubele 2015 mme J.B. Marks ena o tla patwa Ventersdorp, ho la Leboya Bophirima ka la 22 Hlakubele 2015. Ho kgutla ha bona ke karolo ya boitlamo ba mmuso ba ho kgutlisa masalla oohle a bahale ba hlokafalletseng naheng disele. Selemong se fetileng molwantshi wa kgethollo ya hlomphehang, raditaba Nat Nakasa o ile a busetswa ka katleho ho tswa New York hore a tlo patwa botjha Setsheng sa Bafu sa Bahale Chesterville, Durban.

5.3 Kabinete e ananela letsholo le matla le pharaletseng la ho hlolwa le ho etsa diteko tsa Lefuba (TB) le tla thakgolwa ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa ka la 24 Hlakubele 2015 e leng Letsatsi la Lefatshe la TB, Seterekeng sa Ngaka Kenneth Kaunda sa Porofense ya Leboya Bophirima – tlasa mookotaba “Phediso ya lefu la TB Aforika Borwa: Ho akofisa karabelo ya rona Ditjhabeng tse ka Sehloohong”. Letsholo lena la nako e telele le tla susumetsa maAforika Borwa oohle haholoholo ba dulang metseng ya merafo, batshwaruwa ba leng tjhankaneng le ditsing tsa ntshetsopele ya thuto ya pele ya bana hore ba hlolwe le ho etswa diteko bakeng sa TB. Dilemong tse hlano tse fetileng ho entswe mehato e meholo bakeng sa ho matlafatsa mawa a mmuso a taolo ya TB ka ho hlolwa le diteko tse ekeditsweng haholoholo ka Dikeletso tsa Kgothatso tsa HIV le letsholo la Diteko. Ho hlolwa le diteko di ile tsa boela tsa phahamiswa ka ho hlahiswa ha diteko tsa popolo tse potlakileng bakeng sa TB le TB e hanang pheko.

5.4 Kabinete e thoholetsa boitelo le boitlamo ba matitjhere a rona, bao ntle le bona re ne re ke keng ra fihlella bongata ba dipheo tsa rona tsa naha. Dikgetho bakeng sa Dikgau tsa Botitjhere tsa Naha di ananela nehelo e kgethehileng eo matitjhere a e etsang bakeng sa ntshetsopele ya naha ya rona; Mokete wa Dikgau o tla tshwarwa ka la 7 Hlakubele 2015 Gallagher Estate, ho la Midrand. Lefapha la Thuto ya Motheo le tshwara ketsahalo ena ya selemo ka seng ho isa tlhompho ho matitjhere a itetseng, a itlammeng, a sebetsang ka thata le a seporofeshenale.

5.5 Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Letona Nomvula Mokonyane le tla thakgola Beke ya Naha ya Metsi tulong e hlasetsweng ke komello ya KwaDukuza ho la KwaZulu-Natal ka la 16 Hlakubele 2015 tlasa mookotaba: “Ha ho se ka nkelang Metsi Sebaka”. Beke ena ya Naha e tla qetella ka Letsatsi la Lefatshe la Metsi ka la 22 Hlakubele 2015. Letsholo lena le tla ruta maAforika Borwa ka molemo wa metsi le tlhokeho ya ho laola bakeng sa moshwelella wa mohlodi ona o haellang. Kabinete e hopotsa maAforika Borwa oohle hore re phela naheng eo ho yona metsi a haellang le ho kgothaletsa bohle ho a boloka, ka ho lokisa ho dutla hwa dipeipi le ho phela ka ho hlalefela metsi.

5.6 Sontaha, 8 Hlakubele, e tshwaya Letsatsi la Matjhaba la Basadi (IWD) e leng letsatsi le sebediswang selemo ka seng lefatshe ka bophara ho shebela morao kgatelongpele e entsweng, kgoeletso bakeng sa diphethoho le ho keteka diketso tsa sebete le maikemisetso ke basadi ba tlwaelehileng ba bapetseng karolo e kgolohadi nalaneng ya metse ya bona le dinaha tsa bona. Lefapha la Basadi le tla etella pele mekete ya IWD Sekolong se Phahameng sa Langa ho la Motse Kapa tlasa mookotaba, “Ditokelo tsa Basadi ke Ditokelo tsa Botho: Mmoho re Ntshetsa Aforika Borwa e hlokang Dikgoka pele”. Mookotaba ona o imatahantse le mookotaba wa Matjhaba a Kopaneng wa: “Tekatekano bakeng sa Basadi ke tswelopele ya bohle!” le pehelo ya Kopano ya Aforika ya selemo sa 2015 e leng “Selemo sa Matlafatso ya Basadi le Ntshetsopele ho ya ho Lenanetsamaiso la Aforika la 2063”. Letsatsi lena le tla sebediswa ho thakgola lenaneo la Naha le la Diporofense la dipuisano le tla qala ho tloha kgweding ena ho fihlela ka Phuptjane. Le isa tlalehong ka maemo a basadi e tla thakgolwa ke Moporesidente ka la 9 Phato.

5.7 Kabinete e ipiletsa ho Boraditaba ba Aforika Borwa ho fana ka dikenelo tsa bona bakeng sa phehisano ya Dikgau tsa Boraditaba ba SADC 2015. Letsatsi la ho kwala ke la 31 Hlakubele 2015 mme tlhahisoleseding e batsi e fumaneha ho websaete ya Lefapha la Dikgokahanyo ya www.doc.gov.za. Dikgau di hokela dibopeho tsa semolao tsa mebuso ya SADC, setjhaba ka kakaretso, dirutehi, basebetsi le boraditaba. Di kgothaletsa momahano ya lebatowa le tshebedisanommoho ka ho kgothaletsa basebeletsi ba tsa ditaba hara ditho tsa mebuso ho akaretsa dintlha tse amanang le lebatowa. Phehisano hape e kenyeletsa Dikgau tsa Boraditaba ba Metsi tse ananelang dipale tse hodisang Bolaodi bo Kopanetsweng ba Mehlodi ya Metsi lebatoweng la SADC.

6 Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokela ke ho netefatswa ha mangolo a thuto le tumello e amehang.
6.1 Monghadi M. Tshwete jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso: Ditshebeletsong tsa Dikgokahanyo ho Lefapha la Merero ya Lehae.
6.2 Mofumahadi C.M. Mogotsi jwaloka Motlatsi wa Molaodikakaretso ho Lefapha la Bonono le Botjhaba.
6.3  Monghadi V.P. Madonsela Katoloso ya Konteraka jwaloka Molaodikakaretso bakeng sa Lefapha la Kopanelo ya Puso le Merero ya Botjhaba.

7 Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Bolaodi ba Mabitso a Dibaka (ZADNA)
7.1 Mofumahadi N. Dhevcharran (Modulasetulo)
7.2 Ngaka N.Y.H. Mzizana
7.3 Monghadi A.M. Brooks
7.4 Monghadi N.M. Msibi
7.5 Moadvokheite M.J. Ralefatane
7.6 Monghadi M.R. Khumalo
7.8 Ngaka Y.K.N. Mohutsioa-Mathabathe
7.9 Mofumahadi M.O. Morata
7.10 Monghadi J. Tshipa

8 Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya BroadBand Infraco
8.1 Monghadi B.M.C. Ngcobo (Modulasetulo)
8.2 Mofumahadi M.M. Maponya
8.3 Ngaka A. Githiari
8.4 Mofumahadi N. Selamolela

9 Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya SENTECH
9.1 Monghadi M.A. Mello (Modulasetulo)
9.2 Monghadi S.M. Radebe
9.3  Monghadi L.C. Mtimde

10 Boto ya Naha ya Aforika Borwa ya Setsha sa Tlhaho (SANBI)
10.1 Mofumahadi M.N.E. Magomola (Modulasetulo)
10.2 Ngaka S.T. Cornelius
10.3 Ngaka J.M. Matjila
10.4 Mofumahadi B.D. Ngidi
10.5 Monghadi S. Gounden
10.6 Mofumahadi N.N. Mnqeta
10.7 Mofumahadi T. Godongwana
10.8 Moporofesara B.W. van Wilgen
10.9 Ngaka Y.N. Seleti
10.10 Mofumahadi S. Mancotywa
10.11  Mofumahadi T.E. Abrahamse

11 Boto ya Diphaka tsa Naha tsa Aforika Borwa
11.1 Mofumahadi J. Yawitch (Modulasetulo)
11.2 Ngaka K. Njobe
11.3 Monghadi E.T. Khumalo
11.4 Ngaka C.G. Olver
11.5 Mofumahadi F. Futwa
11.6 Mofumahadi B.D. Ferguson
11.7 Monghadi M. India
11.8 Monghadi L. Zitha
11.9 Ngaka M. Matlou
11.10 Monghadi M.T. Mokono
11.11 Ngaka N. Mzilikazi
11.12 Mofumahadi T. Semane
11.13 Mofumahadi J.E. McCourt
11.14 Monghadi F.G. Mketeni

12 Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Lekala la Naha la Mebila ya Aforika Borwa (SANRAL)
12.1 Monghadi R. Morar (Modulasetulo)
12.2 Mofumahadi A. Lawless
12.3  Mofumahadi Z.J. Kganyago
12.4 Monghadi M. Matete
12.5 Mofumahadi D. Mashile-Nkosi

13 Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho Boto ya Khamphani ya Aforika Borwa ya Maemafofane (ACSA)
13.1 Monghadi S.D. Macozoma (Modulasetulo)
13.2 Ngaka M.S. Mabela
13.3 Mofumahadi S. Simelane
13.4 Mofumahadi M.K. Matlou

E ntshitswe ke: Lefapha la Dikgokahanyo
Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se tshwereng mokobobo)
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore