Pehelo ka Kopano ya Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro, la 4 Pudungwana 2020

A. Maemo a Renang Hajwale

1. Moruo
1.1. Pehelo ya Leano la Ditekanyetso tsa Nako e Bohareng ya selemo sa 2020 tse tekilweng ke Letona la Ditjhelete Tito Mboweni ka Laboraro, la 28 Mphalane 2020, di betla motjha o fokotsang ditshenyehelo tsa tshebetso tsa mmuso. Di boetse di tshehetsa kgolo ya moruo bakeng sa ho matlafatsa ho hlahiswa ha mesebetsi e batlehang haholo. Dikabelo tsena di tshehetsa sefutho sa rona sa ho hlasimolla moruo o thefutsweng ke tshenyo ya sewa sa Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19) le ho hohela matsete.
1.2. Kabinete e amohela Operation Vulindlela, e tla tshehetsa ho kenngwa tshebetsong ha Moralo wa Kahobotjha le Tlhasimollo ya Moruo ka ho akofisa diphethoho tsa dintlha tse ka sehlohlolong.
1.3. Kabinete e tiisitse meno ka boitlamo ba yona ba ho bona moruo o hola hape mme kahoo diketso tsa rona tse matla di tla akofisa maiteko a rona a ho aha moruo o itsekang haholo.

2. COVID-19
2.1. Kabinete e tshwenyehile ka hore batho ba bang ba itshwere bohlaswa le ka ho hloka boikarabelo hoja eka COVID-19 e se e fedile. Kabinete e ipiletsa ho batho bohle ka hara Afrika Borwa ho tswella ho ikobela melawana ya bophelo bo botle ya ho tsitlallela ho qaqolohana, ho kenya dimaske ha re le hara batho le ho hlapa matsoho a rona ka metsi le sesepa kapa sebolaya-dikokwanahloko sa motswako wa alkhohole, le ho phema dibaka tse nang le batho ba bangata.
2.2. Boitshwaro bo kang bona bo tiileng le bo makgethe bo dula e le tshireletso e matla ka ho fetisisa ho rona le ba bang kgahlanong le kokwanahloko ena. Diketso tsa rona tsa boikarabelo di tla netefatsa hore re fokotsa sekgahla sa ditshwaetso ha re ntse re tswella ho aha moruo wa rona botjha.
2.3. Kabinete e tswella ho kgothaletsa bohle ho hula app e sa lefellweng ya mehala ya letheka ya COVID Alert SA.ho Apple App Store kapa ho Google Play Store. App ena – eo ba marangrang ya mehala ba entseng hore e se lefellwe le ho hulwa ntle le ditjeo tsa datha – e tla ntlafatsa ho dula mohlaleng wa batho ka ho lemosa basebedisi haeba ba kile ba kopana le basebedisi ba bang ba ileng ba fumanwa ba na le COVID-19 matsatsing a 14 a fetileng. App ena ha e bokelle tlhahisoleseding ya motho leha e le efe kapa ho hlahisa mohlala wa moo mosebedisi a fumanehang teng.
2.4. Kabinete e tla tshohla sephetho sa Lekgotla la Naha la Taolo ya Kokwanahloko ya Corona le tla kopana beke e tlang. Moporesidente Cyril Ramaphosa kamora moo o tla tsebisa setjhaba ka se ntseng se etsahala ka hara Afrika Borwa mabapi le lewa la ho shebana le dikotsi tsa kokwanahloko ena bakeng sa ho laola ho nama ha COVID-19.

3. Ntshetsopele ya Infrastraktjha
3.1. Kopano ya ho tshohla Porojeke ya Infrastraktjha ya Afrika Borwa ya Preparation Roundtable and Marketplace e neng e tshwaretswe Midrand, ho la Gauteng ho tloha ka la 3 ho isa ka la 4 Pudungwana 2020 e ntshetsa pele lenaneo la phano ya infrastraktjha.
3.2. Ketsahalo ena e pepesitse diporojeke tse kgolo tse 27 tsa infrastraktjha ka boleng bo kopaneng ba R210 bilione ho batsetedi ba Afrika Borwa le ba matjhabeng, ho kenyeletswa dikemedi tsa ntshetsopele ya ditheo tsa ditjhelete le dibanka tsa ntshetsopele ya dinaha tse ngata.
3.3. Kopano ya boitokisetso ba diporojeke e netefatsa hore diporojeke di kenngwa tlasa ditekolo tse matla tsa kgonahalo ya katleho le tshehetso ya boeletsi ka ditumellano tse tla etsa hore di be malala-a-laotswe bakeng sa botsetedi.
3.4. Hara diporojeke tse ileng tsa hlahiswa ho batsetedi ke theminale ya kgase ya tlhaho ya mokedikedi ya Ngqura-Coega ho la Kapa Botjhabela; Lenaneo la Matlo a Setjhaba la Bolaodi ba Taolo ya Matlo a Setjhaba; motjha wa dipeipi wa mafura a difofane Boemafofaneng ba Matjhaba ba Motse Kapa; infrastraktjha ya sepakapaka e tla thehwa ke Lekala la Naha la Sepakapaka la Afrika Borwa, le setsha sa saense le thekenoloji Limpopo.
3.5. Diporojeke tsena di na le bokgoni ba ho hira palo e ngata ya maAfrika Borwa le ho bopa karolo ya bohlokwa ya sekgahla sa tlhahiso ya mesebetsi sa Moralo wa Naha wa Kahobotjha le Tlhasimollo ya Moruo wa Afrika Borwa o sa tswa thakgolwa ke Moporesidente Ramaphosa.
3.6. Kabinete e ananela nyehelo e entsweng ke lekala la poraefete, le nyehetseng botsebi bo batlehang ka ditjeo tsa lona.
3.7. Kabinete e ananela tlatsetso ya lekala la poraefete ya ditsebi tse 25 tse tla thusa Infrastraktjha ya Afrika Borwa ho atlehisa diporojeke tse rerilweng.
3.8. Ho feta moo, Kabinete e amohela phatlalatso ya Letona la Mesebetsi ya Setjhaba le Infrastraktjha Patricia de Lille ya hore lekala la phediso ya bobodu bo tobaneng le infrastraktjha le tla netefatsa bolaodi bo nang le boitshwaro bo botle ba dikonteraka tsa infrastraktjha.
3.9. Kantoro ya Infrastraktjha le Matsete e ka hara Kantoro ya Moporesidente e tla fana ka dintlha tsa maitlamo a entsweng ke batsetedi nakong ya kopano le ya maano a sebaka sa thekiso bekeng ena matsatsing a tlang.

1. Pitso ya Matsete a Afrika Borwa (SAIC)
1.1. Afrika Borwa e tla tshwara SAIC ya yona ya boraro ka la 17 le ka la 18 Pudungwana 2020, ho tsepamisitswe maikutlo hodima matsete nakong ena ya COVID-19, bakeng sa matlafatso le kaho.
1.2. Pitso ya monongwaha e tsepamisa maikutlo hodima ho kenngwa tshebetsong ha maitlamo a teng hajwale bakeng sa ho fihlella tlhahiso ya mesebetsi le ntshetsopele ya moruo. Hodima moo, mmuso o tla tswella ho teka mehato e nkuweng bakeng sa ho tsitlallela tikoloho e hlwahlwa bakeng sa matsete, ho tsepamisitswe maikutlo hodima kahobotjha le tlhasimollo ya moruo.
1.3. Pitso ena e ahella hodima dikatleho tsa dipitso tse pedi tse fetileng tse neng di tshwerwe ka ho latelana ka selemo sa 2018 le sa 2019, tse hlahisitseng R664 bilione, di beha motheo bakeng sa matsete le kgolo e potlakileng ya moruo.

2. Motlakase
2.1. Kabinete e amohetse ho tjhaellwa monwana ha thebene ya ho qetela ya motlakase o fehlwang ka moya.ya dimekawate tse 140 (MW) Polasing ya Motlakase o Fehlwang ka moya ya Nxuba, Kapa Botjhabela, eo e leng karolo ya mokgahlelo wa bone wa Lenaneo la Ditheko tsa Eneji e ka Hlabollwang Botjha ya Bahlahisi ba Motlakase ba Ikemetseng. Hang ha dithebene tsa ho fehla motlakase ka moya kaofela di se di tjhaelletswe monwana, di tla hlahisa dihora tsa dikikawate tse 460 ka selemo ho marangrang a motlakase le ho ntshetsapele maitlamo a rona a mabapi le diphethoho tsa tlelaemete haholo.
2.2. Tshebetso e phethahetseng ya Yuniti ya bobedi ya Eskom Seteisheneng sa Motlakase sa Kusile Mpumalanga e nyehela 800 MW ho marangrang a motlakase. Kusile ke seteishene sa pele sa motlakase Afrika Borwa sa ho hokela thekenoloji ya flue-gas desulphurisation – thekenoloji ya maemo e sebediswang ho tlosa dioksaete tsa sebabole, tse akgang sulphur dioxide, ho tswa ho mesi ya dikgase dipolanteng tsa motlakase tse tjhesang mashala kapa oli – e leng se kgemang le maemo a boleng ba moya a hajwale a matjhaba.
2.3. Kabinete e boetse e ananetse phatlalatso ya Total SA ya hore e fumane palo e kgolo ya kgase lebopong le ka borwa la Mossel Bay ho la Kapa Bophirima. Sena se tla nyehela maitekong a naha a ho atolosa phehlo ya motlakase bakeng sa ho etsa hore moruo o hole le ho hohela matsete a mang.

3. Lekgotla la Naha la Ditekesi
3.1. Tumellano e amohetsweng ya Lekgotla la Naha la Ditekesi beke e fetileng ke ya bohlokwa bakeng sa ho aha lekala le hlwahlwa le le bolokehileng la dipalangwang tsa setjhaba. Sephetho sa lona se atametsa naha haufi le ho hlophisa semmuso motlolo wa matlafatso ya indasteri ya ditekesi le ho e beha motjheng wa moshwelella wa kgolo.
3.2. Kabinete e ananela boitlamo ba tiisetso ya ho kenngwa lekaleng la semmuso ha indasteri ya ditekesi, e leng se tla netefatsa boimatahanyo le melao ya naha ya basebetsi le ho matlafatsa motlolo wa taolo ya indasteri ena.

4. Kgwedi ya Temoso ya Ditokelo tsa Diqhwala
4.1. Mmuso o sebedisana le makala a fapafapaneng a setjhaba ho netefatsa matlafatso e felletseng ya batho ba qhwadileng. Kgwedi ya Temoso ya Ditokelo tsa Diqhwala, e qadileng ka la 3 Pudungwana mme e tla fela ka la 3 Tshitwe 2020, e tshwauwa tlasa mookotaba o reng: “Mmoho re Aha Setjhaba se Kenyeletsang Diqhwala.”
4.2. Nako ena e fana ka monyetla wa ho hlakisa temoso ka ditokelo tsa batho ba qhwadileng. Letsholo lena la kgothaletso ya temoso ho tsepamisitswe maikutlo tabeng ya ho ipiletsa ho ka bobedi makala a mmuso le a poraefete ho matlafatsa ho thaotha, ho baballa le ho amohela batho ba qhwadileng dibakeng tsa mosebetsi.

5. Thibelo ya Botlokotsebe
5.1. Kabinete e tshwela ka mathe dipolao tse hlokang kelello le tse sehloho tsa bahlanka ba sepolesa ba tetseng maphelo a bona bakeng sa ho sebeletsa le ho sireletsa setjhaba. Dipolao le ditlhaselo tsa bahlanka ba sepolesa ke tlhaselo e totobetseng ya taolo ya molao le Molaotheo wa Rephabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996.
5.2. Kabinete e fetisetsa matshediso a yona ho malapa le metswalle ya bahlanka kaofela ba hlokahetseng ba le mosebetsing ba akgang Sajene Mzoxolo Gxotani wa Sehlopha sa Tshebediso ya Maqiti a ho Arabela Bosenyi sa East London ho la Kapa Botjhabela, Molaodi wa Seteishene sa Sepolesa sa Groblersdal Mokolonele Jeffrey Seroka ho la Limpopo, Mohlanka wa Mautlwela a Botlokotsebe Ofentse Mokgadinyane le Sajene ya Bofokisi Billy Mahooe ho la Foreistata; le Sajene Sibongile Teka le Lekonstabole Kganyisa Sitofile ho la Kapa Bophirima.
5.3. Kabinete e boetse e tshwela ka mathe ho thunngwa le ho bolawa ha batho ba robedi ba pakeng tsa dilemo tse 30 le 40 ke boradithunya ba sa tsejweng Gugulethu ho la Kapa Bophirima ka Mantaha, wa la 2 Pudungwana 2020.
5.4. Kabinete e netefaletsa setjhaba hore sepolesa ka tshebedisano le badudi se tla netefatsa hore ba amehang diketsong tsena tsa botlokotsebe ba a tshwarwa le ho tobana le letsoho le matla la molao.

6. Dikgau tsa Boraditaba tsa Ntshetsopele ya Badudi ba Afrika e Borwa (SADC)
6.1. Kabinete e ipiletsa ho boraditaba ba Afrika Borwa kaofela ho kenya ditokomane tsa bona bakeng sa Tlhodisano ya Dikgau tsa Boraditaba ba SADC tsa selemo sa 2021. Baqolotsi ba tswang dinaheng tseo e leng ditho tsa SADC ba memelwa ho kenya dikgetho tsa bona bakeng sa dikgau tsena.
6.2. Dikgau tsa Boraditaba tsa SADC di kgothaletsa merero ya SADC e mabapi le ho fihlella ntshetsopele ya moruo, kgotso le tshireletso, le kgolo, phediso ya bofuma, hammoho le ho matlafatsa maemo le boleng ba bophelo ba batho ba Afrika e Borwa.
6.3. Dikgau tsa Boraditaba tsa SADC ke sesebediswa se matla se kgannang pale ya Afrika e ntjha, e nang le bokgoni bo se nang bofelo le tshepo e ntjhafaditsweng bakeng sa bokamoso bo betere.

7. Ditlhahlobo tsa Lengolo le Phahameng la Naha (NSC) tsa selemo sa 2020
7.1. Kabinete e imatahantse le Moporesidente Ramaphosa mabapi le ho lakaletsa sehlopha sa materiki sa selemo sa 2020 mahlohonolo ditlhahlobong tsa bona tsa NSC tse qadileng kajeno, la 5 Pudungwana tse tla fela ka la 15 Tshitwe 2020. Re kgothaletsa batswadi, bahlokomedi bohle le setjhaba sohle ho tshehetsa le ho kgothatsa baithuti ha ba phethela dilemo tsa bona tse 12 tsa ho kena sekolo.
7.2. Sewa sa COVID-19 se amme ho kena ha dikolo le boitokisetso bakeng sa ditlhahlobo tsa Kereiti 12 tsa monogwaha. Leha ho le jwalo, Lefapha la Thuto ya Motheo le dikolo di ile tsa tla ka lenaneo la ho kgaoletsa bakeng sa ho lokisetsa baithuti. Kabinete e na le tshepo ya hore baithuti bana ba na le bokgoni ba ho hlahisa sephetho se setle ka ho fetisisa.

B. Diqeto tsa Kabinete

1. Lenaneo la Tshebetso (PoA) la Mmuso
1.1. Kabinete e tjhaelletse monwana Tlaleho ya PoA ya mmuso ya dilemo ka ding tse pedi bakeng sa nako ya Pherekgong ho isa Phuptjane 2020. Mosebetsi o etsahetseng nakong ena o fana ka matla ho Lewa la Moralo wa Nako e Bohareng la 2019-2024.
1.2. Nako e neng e shebuwe botjha e ile ya tjhaisana le ditlamorao tse sitisang tsa sewa sa lefatshe sa COVID-19, moo re boneng mmuso o fapohisa mehlodi le ditshebetso bakeng sa ho sireletsa maphelo le boiphediso.
1.3. Leha ho le jwalo Kabinete e thabiswa ke kgatelopele e entsweng mabapi le ho kenya tshebetsong ditshebeletso tsa bohlokwa tse neng di lebeletswe. Leha ditshebeletso tse ding di ile tsa sitiseha, Kabinete e kgotsofetse ka mananeo a lohothwang a tlhasimollo a dikarolo ka ho latelana. Dintlha ka botlalo tsa ditlaleho tsena di tla manollwa nakong ya dikopano tse rerilweng tsa boraditaba.

C. Diketsahalo tse Tlang

1. Afrika Borwa e dumellana le Tumellano ya Dikamano le Tshebedisano (TAC) le Dinaha tsa Borwa le tsa Botjhabela ba Asia (ASEAN)
1.1. Letona la Dikamano tsa Matjhaba le Tshebedisano, Ngaka Naledi Pandor, le tla emela Mmuso wa Afrika Borwa morerong wa tumellano ya Afrika Borwa ya TAC le ASEAN.
1.2. Mokete wa tshaeno o tla etswa ka dikgokahano tsa vidiyo o tla tshwarwa ka Labobedi, la 10 Pudungwana 2020. Letona Pandor le tla nka karolo ketsahalong ena ho tloha Motse Kapa, mo le tla beng le na le Dihlooho tsa Kemedi tsa Komiti ya ASEAN tsa Pretoria.
1.3. Afrika Borwa e na le dikamano tsa bodiplomate le tsa moruo le ditho tsa ASEAN ka bo mong. Tumellano ya naha ya TAC e tla etsa hore dikamano e be tsa semmuso le ASEAN jwaloka balekane.
1.4. Tumellano ya Afrika Borwa le TAC e boetse ke monyetla wa ho matlafatsa tshebedisano ho tsa dipolotiki le moruo le mokgatlo ona wa bohlokwa le o ntseng o hola wa matjhaba.

D. Melaetsa

1. Dithoholetso
1.1. Kabinete e imatahanya le Moporesidente Ramaphosa bakeng sa ho thoholetsa Ngaka John Pombe Magufuli mabapi le ho kgethwa e le Moporesidente ya emetseng tlhomamiso wa Riphabliki e Kopaneng ya Tanzania. Re ikemiseditse ho sebetsa le Ngaka Magufuli bakeng sa ho matlafatsa dikamano tse matla tsa dinaha tse pedi, hammoho le ditaba tsa mabaka a dikgahlehelo tse tshwanang ka hara lebatowa la SADC, hammoho le kontinente ya Afrika le lefatshe.
1.2. Kabinete e thoholetsa Mofumahatsana Shudufhadzo Musida bakeng sa ho hapa moqhaka wa Mmabotle wa Afrika Borwa wa Selemo sa 2020 le ho mo lakaletsa tse molemo mosebetsing wa hae jwaloka moemedi wa Brand South Africa. O imatahanya le karolo ya maAfrika a phahamisang folakga ya Afrika Borwa bakeng sa hore naha e itshupe lefatsheng.
1.3. Kabinete e thoholetsa Banyana Banyana, ba qadileng ka tshireletso ya bona ya Mohope wa COSAFA ka ho hlola Angola ka 2-0 Port Elizabeth, ho la Kapa Botjhabela ka Labobedi, la 3 Pudungwana 2020.

2. Matshediso
Kabinete e romela matshediso ho lelapa le metswalle ya:
2.1. Morena Enuga Sreenivasulu Reddy, ya hlokahetseng a na le dilemo tse 96. O hlahetse ka hara lelapa le neng le le mafolofolo dipolotiking India Borwa. O ile a etella pele letsholo la Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng kgahlanong le mmuso wa kgethollo mme a tshehetsa ka matla mokgatlo wa tokoloho wa Afrika Borwa nako e ka fetang dilemo tse mashome a mahlano, mme o boetse o bapetse karolo e kgolo bakeng sa ho kgothaletsa dikotlo-qobello kgahlanong le naha ena.

Dipotso: Ms Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete
Mohala: 083 501 0139
Letsatsi: Labone, 5 Pudungwana 2020
E ntshitswe ke: Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS)
www.gcis.gov.za; www.gov.za

Share this page

Similar categories to explore