Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya la 28 Loetse 2016

1. Ho Kenngwa Tshebetsong ha Mananeo a Bohlokwa a Mmuso

1.1. Jwaloka mmuso re itlamme ka botlalo bakeng sa ho phahamisa batho ba bo rona, ke kahoo thuto e dulang e le e nngwe ya dintlha tsa rona tse ka sehlohlolong. Re bontshitse sena ka kabo ya mehlodi, moo Thuto le Thupello e Phahameng e neng e le bakgolamolemo ba baholo ka ho fetisisa ba ditekanyetso tsa naha tsa selemong sena, ka ho fumana 18% ya tlatsetso bakeng sa selemo sa 2016/17.

Ho sa natswe mathata a moruo, re ntse re tswela pele ho aba mehlodi jwaloka pontsho ya rona ya tshehetso bakeng sa ho pharalatsa phumantsho ya thuto e phahameng, le thuto ka kakaretso. Mmuso selemong sena o fanne ka R1.9 bilione ya kgaello ya R2.3 bilione e bakilweng ke dithuso mabapi le keketseho ya selemo sa 2016. Tjhelete e fetang R4.5 bilione e behelletswe ka sehlohlolong botjha selemong sa ditjhelete sa 2016/17 hore e be teng ho Sekema sa Naha sa Thuso ya Ditjhelete ho Baithuti (NSFAS) ho etsa hore baithuti ba futsanehileng ba fumantshwe thuto e phahameng.

1.2. Mmuso o tseba hantle hore ho tsetela thutong ya bana ba rona ho tla nyehela boemong bo phahameng ba kgolo ya moruo, e leng se hlokehang ho tobana le diphephetso tse tharo tsa tlhokeho ya mesebetsi, bofutsana le ho se lekalekane.

Mmuso o utlwile le ho arabela dikopo tsa baithuti mme o tla tshehetsa ka keketso ya ditjhelete tsa dithuto bakeng sa batswadi ba baithuti ba diyunivesithi ba futsanehileng ba sebetsang le ba mesebetsi e mahareng bakeng sa selemo sa dithuto sa 2017. Baithuti bao batswadi ba bona kapa bahlokomedi ba kgonang ho lefella thuto ya yunivesithi ba tshwanela ho tswela pele ho etsa jwalo, hobane thuto ke boikarabelo ba rona kaofela e seng ba mmuso o le mong.

1.3. Keketso ena ya ditjhelete tsa dithuto e nkela hloohong ntlha ya bokgoni bakeng sa baithuti le batswadi ba bona, hammoho le tlhokeho ya ho netefatsa hore ditsha tsa thuto e phahameng di dula di tsitsitse ka ditjhelete. Tlaleho ya nakwana ya Lekgotla la Thuto e Phahameng le sisintse tokiso ya ditefello e tsamaelanang le maemo a infleishene e pharalletseng bakeng sa selemo sa 2017.

1.4. Mmuso o amohetse kgothaletso ya tokiso ya ditefello ya 8% diyunivesithing le ho Dikoletjhe tsa Thuto le Thupello ya Mosebetsi wa Setekginiki (TVET), ha ka letsohong le leng o fana ka dithuso tsa ditjhelete ho kwala sekgeo sa tokiso bakeng sa ho akaretsa baithuti ba futsanehileng le ba maemong a mahareng.

Ha Khomishene ya Moporesidente ya Dipatlisiso tsa Thuso ya Ditjhelete ya Thuto e Phahameng le Thupello e qetella mosebetsi wa yona, tsamaiso ya rona ya diyunivesithi e tshwanela ho tswela pele ho sebetsa, ho hlahisa maitsebelo bakeng sa moruo, le ho matlafatsa batjha ba maAforika Borwa le baithuti ho tswa dinaheng tse ding tsa lefatshe, ka ho qolleha ba Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Aforika ba Borwa (SADC).

1.5. Kabinete e ipiletsa ho baithuti le ka ho qolleha baetapele ba baithuti, ho hlahisa ditletlebo tsa bona ka tshwanelo ho ya ka Molaotheo, o tataisang maAforika Borwa kaofela. Diketsahalo tsa merusu ya haufinyana tjena e entsweng ke boipelaetso ba baithuti di siile tshenyo, tshenyo ya thepa, ho tjheswa ha dilaeborari le ho hlokahala ha mosebeletsi wa yunivesithi.

1.6. Moporesidente Jacob Zuma o laetse Sehlopha sa Toka, Thibelo ya Botlokotsebe le Tshireletso (JCPS) ho sebetsana le merusu e senyang ditsha tsa rona tsa thuto e phahameng. Moporesidente o tla kopana le Matona ho tswa ho Sehlopha sa JCPS hamorao kajeno. Makala a qobello ya molao, a sebetsang ho ya ka molao, a keke a qeaqea ho fumana ba ikarabellang bakeng sa diketso tsa botlokotsebe tseo re di boneng.

1.7. Ha re amohela tsebiso e entsweng ke Lefapha la Thuto ya Motheo ya hore tsohle di Malala-a-laotswe bakeng sa dihlahlobo tsa Naha tsa selemo sa 2016 tsa Lengolo la Matriki, re kgothaletsa bankakarolo bohle ho sebetsa mmoho ho netefatsa hore ditsha tsa rona tsa thuto e phahameng di boemong ba ho amohela Sehlopha sa 2016 hore ho tle ho tiisetswe bokamoso bo tjhabileng bakeng sa bana ba rona. Bankakarolo bohle, haholoholo batswadi le bahlokomedi, ba lokela ho itahlela ka setotswana bakeng sa ho fumana ditharollo tsa moshwelella mabapi le phephetso ya matlole a thuto.

Dihlahlobo tsa Kereiti 12 di tla ngolwa ho tloha ka la 26 Mphalane ho isa ka la 29 Pudungwana 2016. Letona la Thuto ya Motheo le tla tsebisa sephetho sa dihlahlobo tsa kereiti 12 tsa selemo sa 2016 ka la 4 Pherekgong 2017. Bakeng sa dihlahlobo tsa selemo sa 2016, ho na le baithuti ba 677 141 ba ka nako tsohle le ba 150 183 bao e seng ba ka nako tsohle, e leng baithuti ba 9 000 ho feta ka selemo sa 2015, ho bontsha boitlamo ba mmuso ba ho netefatsa hore batjha ba bangata ba phethela thuto ya bona ya motheo hore ba kgone ho nka karolo ka hara moruo. Kabinete e lakaletsa Sehlopha sa 2016 tse molemo ha se tla mekamekana le mokgahlelo wa ho qetela wa dithuto tsa sona tsa sekolo.

1.8. Ha lefatshe le hopola Letsatsi la Lefatshe la Matitjhere ka la 5 Mphalane 2016, Kabinete e thoholetsa matitjhere a rona kaofela le ho ba rorisa ka boitelo le mosebetsi o matla bakeng sa ho ala motheo bakeng sa baetapele ba rona ba kamoso. Boitelo le boitseko ba matitjhere a rona bo phahamisitse batho ba bo rona mme bo tswela pele ho kgannela bana ba rona bokamosong bo tjhabileng.

Moruo

1.9. Kabinete e kgothatswa ke sephetho sa dipuisano tse tswelang pele pakeng tsa mmuso le baetapele ba diindaseteri tse eteletsweng pele ke Moporesidente Zuma ka Boikitlaetso ba Kantoro ya Moporesidente ba Bahlanka ba Baholo ba Phethahatso (di-CEO) ho aha boitshepo moruong, ho hotetsa botjha kgolo ya moruo le ho qoba ho theolwa ha ho methwa ha maemo a mekitlane.

Kgatelopele e kenyeletsa lenaneo la kgiro ya batjha la ho kenya batjha ba milione dithupellong tsa mosebetsi tse lefuwang bakeng sa dilemo tse tharo lekaleng la poraefete, ho kenyeletswa ho thehwa ha Letlole la Dikgwebo tse Nyenyane le tse Mahareng tsa Aforika Borwa ka ho tsetelwa ha R1,5 bilione dikgwebong tse nyenyane. Ho ipapisitswe le Moralo wa Mmuso wa Dintlha tse Robong, mosebetsi hape o se o entswe bakeng sa ho hlahloba makala a robedi le ho hlwaya dibaka tsa matsete a matjha le kgolo.

Ho ya pele, dikgwebo di tla bapa le mmuso ka diporojeke tse latelang: ho thehwa ha Letlole la Kgolo ya Temo; bokgoni ba ho tshehetsa papatso ya bohahlaudi; ho eketsa palo ya baoki ba rupelletsweng; le ho hlabolla dibaka tsa diindaseteri tse ntseng di putlama, ka ho qolleha ka hara Vaal Triangle.

1.10. Kgatelopele hape e se e entswe bakeng sa ho kenya tshebetsong Diphuputso tsa Naha tsa Haedrojene le ya Dithekenoloji tsa Disele tsa Mafura, Lewa la Ntshetsopele le Ntlafatso (le  tsebahalang ka lebitso la HySA Strategy). Kabinete e tjhaelletse monwana HySA Strategy ka selemo sa 2007 ho bopa tsebo le ho thusa ka ntshetsopele ya dihlahiswa tsa boleng bo hodimo ka hara lekala la thekenoloji ya Haedrojene le Disele tsa Mafura ka ho netefatsa bokgolamolemo ho sehlopha sa mehlodi ya metale ya polatinamo ya naha. Sena hape se na le bokgoni ba ho ntlafatsa tlhahiso ya ka lapeng ho matlafatsa boradiindaseteri ba batho ba batsho. Ntjhafatso ena ya tsa Aforika Borwa e kenyeletsa ho nyehela ho ntlafatso ya matjhaba ka ho etsa hore thekenoloji e be ya kgwebo ha re ntse re hapa 25% ya mmaraka wa Haedrojene le Disele tsa Mafura, e tla fetoha ho ba R1.37 bilione ka selemo sa 2020.

1.11. Kabinete e tjhaelletse monwana ho hlahiswa ha molawana o laolang kamano pakeng tsa mohiri le mosebeletsi mabapi le ho kena kgwebong le Puso. Melawana e kentsweng koranteng ya mmuso e kenya tshebetsong Molao wa Bolaodi ba Tsamaiso ya Setjhaba, 2014 (Molao wa bo-11 wa 2014).

1.12. Phano ya matlo a pele a 500 ho Porojeke e Kopanetsweng ya Bodulo ba Batho ya Savanna City, e neng e eteletswe pele ke Letona la Bodulo ba Batho, Mofumahadi Lindiwe Sisulu, ke karolo ya mekutu ya mmuso ya ho fana ka matlo a bonahalang ho batho ba hlokang le ho thusa ho kgutlisetsa seriti sa bona ka ho netefatsa hore ba thabela tokelo ya bodulo bo hlwahlwa le ba boleng. Palo ya matlo a 200 e ile ya fanwa ho mekaubere a ntwa. Ha e se e phethetswe dilemong tse hlano tse tlang, porojeke e tla ba le matlo a fetang 18 000, moo a 500 a tla abelwang mekaubere ya ntwa.

1.13. Foramo ya Aforika ya Taolo ya Inthanete (AfIGF), le Setsi sa Phapanyetsano ya Inthanete ya Ntshetsopele ya Dinaha tse ka Aforika ba Borwa di thakgotswe ka katleho ke Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahayo le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Siyabonga Cwele le Mokhomishenara wa Kopano ya Aforika (AU) Ngaka Elham Ibrahim.

AfIGF e hlahisitse boemo ba naha, bakeng sa boitokisetso ba AfIGF ya Bohlano ho tloha ka la 16 ho isa ka la 18 Mphalane 2016, Durban, ho la KwaZulu-Natal. The AfIGF e tla etella pele ditjeho tse tlase bakeng sa ho fumantsha Inthanete ka hara lebatowa hobane sephethephethe sa Inthanete se tla potoloha hara dinaha tsa Aforika.

Dintshetsopele tsena di tshwaya bohlokwa boo Aforika Borwa le AU di bo matahanyang ho bonkakarolo bo utlwahalang hara moruo wa Inthanete mme e seng feela e le basebedisi. Tsena hape di re atametsa tabeng ya ho bopa moruo o batlang o kenyeletsa wa tsa dijithale le setjhaba sa tsebo, jwaloka ha ho lakaditswe ho Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP). Mmuso o ikemiseditse ho netefatsa hore Inthanete e fumanwa hohle ke maAforika Borwa kaofela, e leng se nyehelang ho popo ya setjhaba e kenyeletsang.

1.14. Dipontsho tsa Aforika tsa Sepakapakeng le tsa Sesole sa Moyeng le Dipepeso tsa Sesole di tshwerwe ka katleho ke Lefapha la Tshireletso, Armscor, SA Aerospace, Mokgatlo wa Indaseteri ya tsa Mawatle le Tshireletso, Denel le Mokgatlo wa Difofane tsa Kgwebo wa Aforika Borwa. Lepatlelo lena le entse hore diindaseteri tsa tshireletso tsa Aforika Borwa di pepese bokgoni ba tsona ho badudi ba matjhaba, mme selemong sena ho bonahetse palo e kgolo ka ho fetisisa ya bapepesi le diphavilione tsa naha tse neng di emetswe ke dinaha tse fapafapaneng.

2. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

2.1. Kabinete e imatahanya ka botlalo le pehelo e ntshitsweng ke Kantoro ya Moporesidente ka la 23 Loetse, mabapi le Mohlanka e Moholo wa Tshebetso (COO) wa Lekgotla la Kgaso la Aforika Borwa (SABC). Kabinete e hlompha taelo ya Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Maipiletso (SCA) e tiisetsang ho behellwa ka thoko thonyo ya Monghadi Hlaudi Motsoeneng jwaloka COO ya SABC.

Kabinete ipiletsa ho Boto ya SABC ho ikobela ka ho phethahala taelo ya SCA. Maiteko a ho fetola taelo ya SCA ka dikwutlisiso tse belaetsang tsa semolao a tshwana le ho tlola dipehelo tsa molaotheo tsa semolao le ho phephetsa bolaodi ba makgotla a dinyewe boo o bo fuweng ho ya ka molaotheo. Qeto ya ho thonya Monghadi Motsoeneng hape boemong bo botjha ho bontsha ho se hlomphe taelo ya molao.

Kabinete e hopoditse Boto ka Karolo 165 ya Molaotheo: hore taelo kapa qeto e ntshitsweng ke lekgotla la dinyewe e tlama batho kaofela le mafapha a puso moo e lokelang ho sebediswa teng.

Kabinete e laetse Letona la Dikgokahanyo, Mofumahadi Faith Muthambi, ho nka mehato e potlakileng ho sebetsana le taba ena le Boto ya SABC.

2.2. Kabinete e ananela diphetho ho tswa ho bonkakarolo ba kemedi ya Aforika Borwa ho Kopano Kakaretso ya bo-71 ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng (UNGA), e neng e eteletswe pele ke Moporesidente Zuma. Sena se etsahetse ho tloha ka la 20 ho isa ka la 26 Loetse 2016 tlasa mookotaba “Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella: Ditjhaba di a sututsa ho fetola lefatshe la rona”.

Nakong ya tulo ena baetapele ba lefatshe ba amohetse Tumellano ya New York e totobatsang thato ya sepolotiki le boitlamo ba ho tshireletsa ditokelo tsa baphaphathehi le bafalli. Maitlamo a betla tsela ya ditherisano tse reretsweng pitso ya matjhaba le kamohelo ya tumellano bakeng sa bofalli bo bolokehileng, bo hlophisitsweng le bo setlwaeding ka selemo sa 2018.

Naha ya rona e ile ya boela ya pheta kgoeletso ya yona ya ho matlafatswa ha ditheo tsa taolo ya lefatshe, ho kenyeletswa Matjhaba a Kopaneng (UN), haholoholo Lekgotla la Tshireletso le ho tsitlallela tabeng ya diphethoho tse potlakileng tsa ditheo tsena ka morero wa ho lokisa ho hloka toka ha dilemo tse fetileng kgahlanong le Aforika ho bonahalang dibopehong tse seng di sa kgeme le dinako.

Moporesidente Zuma o ne a eteletse pele dipuisano ka kopanelo le Mopresidente Francois Hollande, wa Fora, tsa Khomishene ya Maemo a Hodimo ya Kgiro ho tsa Bophelo bo Botle le Kgolo ya Moruo ka la 20 Loetse 2016. Khomishene e thehilwe ke Mongodi-Kakaretso wa UN le ho rerelwa ho kenyeletsa baetapele boemong bo hodimo ka ho fetisisa ho kgothaletsa ho hlahisa menyetla e metjha ya mesebetsi ka hara lekala la tsa kalafo lefatsheng ka bophara. Tlaleho ya Khomishene e amohetsweng ke Kopano Kakaretso, e etsang dikgothaletso ho Ditho tsa Dipuso, tse akgang ditlhoko tsa thupello, thuto e tswellang le ho tobana le tlhokeho ya tlhokomelo ya kalafo ya mantlha. Sena se kenyeletsa boitlamo ba ho rupella basebeletsi ba kalafo ba 40 milione ka selemo sa 2030.

 Phano ya semmuso ya bodulasetulo bo ka sehloohong ba Bolekane ba Mmuso o Bulehileng (OGP) ho Fora e entswe ke Moporesidente Zuma nakong ya ketsahalo ya sehopotso sa dilemo tse hlano maphakong a UNGA. Nakong ya tshwaro ya marapo ya Aforika Borwa ho OGP re kgathile tema ya Tumellano ya Mmuso o Bulehileng mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la 2030 la Ntshetsopele ya Moshwelella, moo ho tla bonahalang ha dinaha tseo e leng ditho tsa OGP di kenyeletsa Merero ya Ntshetsopele ya Moshwelella ho meralo ya tshebetso ya tsona ya OGP. Aforika Borwa hape e behile ka sehlohlolong ho buleha ha ketsamolao, tlhahisoleseding e bulehileng, le ho pharalatsa bonkakarolo ba setjhaba hore bo kenyeletse mekgatlo ya batho feela le dihlopha tse kotsing ka hara OGP.

3. Diqeto tsa Bohlokwa tsa Kabinete

3.1. Kabinete e tsebisitswe ka tekolo ya Akhademi ya Saense ya Aforika Borwa mabapi le ho ba malala-a-laotswe ha Aforika Borwa mabapi le ho tshehetsa indaseteri ya kgase ya shale, ho kenyeletswa dikgothaletso mabapi le mesebetsi e tla kenngwa tshebetsong ke mafapha a amehang.

Ho fetohela ho dithekenoloji tsa khabone e tlase ha ho ntse ho ntlafatswa polokeho ya eneji, Aforika Borwa e ntse e sekaseka kgase ya shale jwaloka ntho e tla nyehela ho motswako wa naha wa eneji wa kamoso.

Tlaleho, e tla lokollwa hore setjhaba se tshwaele ka yona, e hlahisa dintlha tse ngata tse hlokang ho hlahlojwa hore naha e tle e fihlelle boemo bo felletseng ba ho ba malala-a-laotswe. Tsena di kenyeletsa ho matlafatswa ha ba ka sehloohong ba tla laola, ba tla fana ka dilaesense le ho beha leihlo, ho netefatsa hore Aforika Borwa e na le maitsebelo a batlehang; ho tshehetsa dikhamphani tse amehang hore di sebetsane le menyetla ya moruo, ho kenya tshebetsong mekgwa e tla tshireletsa mehlodi ya tlhaho, le ho qala ka diphuputso. Tlaleho e tla sebediswa jwaloka motheo wa ho ntshetsa pele diphuputso tsa moralo wa ntshetsopele le ntlafatso ya kgase ya shale.

3.2. Kgatelopele e se e entswe mabapi le Operation Phakisa bakeng sa Temo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae. Ka Operation Phakisa mmuso o batla ho atolosa kgolo, ka sepheo sa ho etsa Aforika Borwa setjhaba se nang le polokeho ya dijo maemong kaofela.

Ho tloha ka Motsheanong 2016, ho hlophisitswe dikopano tse phatlaletseng bakeng sa nako ya dikgwedi tse nne. LAB eo e leng yona ka botlalo e etsahala nakong ya dibeke tse hlano ho tloha ka la 25 Loetse ho qetella ka la 28 Mphalane 2016. Sepheo sa mantlha ke ho netefatsa ho etswa ha maitshunyako a batlehang a ka kgonang ho kenngwa tshebetsong ho lebiseng ho kenyeletso e tomanyana bakeng sa lekala lena. Operation Phakisa: Temo le Tlhabollo ya Mobu e batla ho hlahisa mesebetsi e milione, le ho jala dihektare tse milione ka selemo sa 2019, jwaloka ha ho lakaditswe ho NDP.

3.3. Kabinete e tjhaelletse monwana Moralo wa Lewa la ho aha Bokgoni bakeng sa Bomasepala ba Setereke le ba Lehae bakeng sa ho tshehetsa Lenaneo la Agri-parks.

Lenaneo la Agri-parks ke lejwe la motheo la ntlha le ka sehlohlolong la mmuso mabapi le ho Tsoseletsa Temo le Lethathama la Boleng la ho lokiswa ha dihlahiswa tsa Temo, e leng e nngwe ya dintlha tse ka sehlohlolong tsa Moralo wa Dintlha tse Robong. Bomasepala ba Setereke kaofela ba 44 ba kenyeleditswe lenaneong lena. Sena se beha Agri-parks boemong ba ho sebetsa jwaloka mokgwa wa bohlokwa bakeng sa ho phethahatsa lewa la ntshetsopele le lohothwang la NDP ka lebaka la bokgoni ba lona ba ho tshehetsa tlhahiso ya temo ya dihwai tse nyenyane le ho hlasimolla tokiso ya dihlahiswa tsa temo dibakeng tsa mahae.

3.4. Kabinete hape e tjhaelletse monwana Pampiri e Tshweu ya Leano la Naha la Tlhahisoleseding ya Dikgokahanyo tsa Thekenoloji (ICT), e leng e nkang sebaka sa Dipampiri tse Tshweu tse arohaneng tsa Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo (1996) le Ditshebeletso tsa Poso (1998).

Leano lena le kopanetsweng la ICT le teka kamoo mmuso o tla netefatsang hore lekala lena le fihlella bokgoni ba lona ba ho thusa ka diphethoho tse kenyeletsang tsa kahisano le moruo ka hara Aforika Borwa. Letona la Lefapha la Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo le Ditshebeletso tsa Poso, Ngaka Cwele, o tla hlophisa seboka sa boraditaba se arohaneng bakeng sa ho hlantholla leano lena ho ya pele.

3.5. Kabinete e tjhaelletse monwana ho kenngwa ha Khonvenshene ya Kopano ya Aforika ya Dikaho tsa Motheo tsa Dikgokahanyo (ATU) ya selemo sa 1999 ho Palamente bakeng sa kamohelo ho ya ka Karolo 231(2) ya Molaotheo.

ATU ke lekala le kgothaletsang phumantsho ya bohle ka hara Aforika tshebedisong ya di-ICT – e kang phano ya meralo ya motheo, lethathama la maqhubu a radio le maeomo a tshwanang a bokgoni ba tshebediso – ka hara kontinente.

Bonkakarolo ba Aforika Borwa ho tsamaelana le merero ya NDP le leano la matjhaba la ho beha naha hantle lefatsheng ka bophara le ho matlafatsa setheo sa AU bakeng sa ho phethahatsa merero ya leano la matjhaba la ntshetsopele.

3.6. Kabinete e tjhaelletse monwana moralo o sisintsweng wa ditheo bakeng sa ho theha Motsamaisi wa dintlha tse Ngata wa Meralo ya Morero wa tsa Dijithale (DOA), moo lebitso le sisintsweng e leng Lekala la MISAVA la Mohlwai wa Dijithale.

Ho kenngwa tshebetsong ha DOA ho na le bokgoni ba ho beha Aforika Borwa hantle ka ho matlafatsa bophehisani ho tsa ICT bakeng sa ho itokisetsa ho nka karolo ho Diphetho tsa Bone tsa Diindaseteri.

3.7. Kabinete e tjhaelletse monwana boemo ba Aforika Borwa bo lekotsweng botjha ho tshisinyo ya SADC bakeng sa ho hlahisa memorandamo wa kutlwano mabapi le ho thehwa ha Setheo sa Bolaodi ba Motjha wa Leboya Borwa (NSCMI).

Matona a Dipalangwang a SADC a dumellane ka ho theha NSCMI ho sebetsana le mefokolo ya tshebetso le ditshitiso ho Motjha wa Leboya Borwa. Kabinete hape e tjhaelletse monwana hore Letona la Dipalangwang le tshware kopano ya Matona a Motjha wa Leboya Borwa nakong ya 2016/17.

3.8. Kabinete e ile ya tsebiswa ka ho hlahiswa ha letoto le letjha la dikhoine tsa sehopotso tse tla hlahiswang tse tla bontsha botjhaba, tokoloho le demokerasi, ke Mente wa Aforika Borwa le Batsamaisi ba Boto ya ona, ka tshebedisano-mmoho le Letona la Ditjhelete.

Kabinete e tjhaelletse monwana tsebiso le meralo e metjha ya dikhoine tsa sehopotso tsa R10 le R5 tsa Silifera ya Sterling; khoine e ntjha ya sehopotso ya R5 (1/2 oz.) ya dikharate tse 24 tsa gauta ho Letoto la Dikhoine tsa Natura bakeng sa selemo sa 2017; le Meralo ya letoto le latelang la dikhoine:

  • Letoto la 2017 la Dikhoine tsa Natura;
  • Letoto la 2017 la Dikhoine tsa Silifera ya Sterling; le
  • Letoto la 2017 la R2 ya Korone ya Silifera ya Sterling le Teke ya 2½ c.

Dikhoine tse latelang tsa 2017 tsa Diranta tsa Kruger:

  • Ho ntsha botjha Ranta ya Kruger ya kgaleng ya 1967 ka selemo sa  2016; le
  • Ho hlahisa Diranta tsa Kruger tse ntjha pokellong ya selemo sa 2017.

4. Dibili

4.1. Kabinet e tjhaelletse monwana phatlalatso ya Bili ya Thuso ya tsa Kahisano ya selemo sa 2016 bakeng sa tshwaelo ya setjhaba. Sena se fetola Molao wa Thuso ya tsa Kahisano, 2004 (Molao wa bo-13 wa 2004).

Bili ya Sehlomathiso e batla ho fana ka ditefello le/kapa melemo e hokahantsweng le thuso ya tsa kahisano. Dihlomathiso di tla etsa hore ho thehwe melemo ya tsa mapato le melemo ya tlatsetso bakeng sa dikgutsana le bana malapeng a eteletsweng pele ke bana.

5. Diketsahalo tse Tlang

5.1. Kabinete e tsebisitswe ka boitokisetso le lewa le tjhaelletsweng monwana bakeng sa ho nka karolo ho Seboka sa bo-8 sa BRICS se tlang, se tla etellwa pele ke Komiti e Kopanetsweng ya Matona ya BRICS. Seboka sa bo-8 sa BRICS se tla tshwarwa tlasa mookotaba “Re aha Ditharollo tse Arabelang, Kenyeletsang le tse Kopanetsweng (BRICS)” ho tloha ka la 15 ho isa ka la 16 Mphalane 2016 ho la Goa, e ka India.

Kabinete hape e ile ya tsebiswa ka maemo a ho kenngwa tshebetsong ha Setsha sa Lebatowa sa Banka ya Ntshetsopele ya Aforika. Aforika Borwa e tla tswela pele ho tshehetsa ho kena tshebetsong ha Banka e Ntjha ya Ntshetsopele ya BRICS, e kenyeletsang ho tshwarwa ha Setsha sa Lebatowa sa Aforika, Johannesburg.

Ditheo tsa ditjhelete tsa pele tse thehilweng tsa BRICS, tse kang Banka e Ntjha ya Ntshetsopele le Tlhophiso ya Diresefe tsa Tshohanyetso di sebetsa jwaloka ditheo tsa dithusi bakeng sa ho tshehetsa ho thehwa ha diindaseteri le mananeo a meralo ya motheo ka hara Aforika Borwa le kontinente.

5.2. Kabinete e tjhaelletse monwana thomo ya Aforika Borwa ya ho sebetsa jwaloka motheo wa dipuisano ho Kopano ya bo-28 ya Mekga ho Porothokhole ya Montreal ya Dinthwana tse Senyang Lera la Ozone (Montreal MOP 28) e tla tshwarwa ho tloha ka la 10 ho isa ka la 14 Mphalane 2016, Kigali, ho la Rwanda. Porothokhole ya Montreal esale e le hlwahlwa mabapi le ho fedisa Dinthwana tse Senyang Ozone. Sena se hokahana le Molaotheo wa rona o bolelang hore phokotso ya bofuma le ntshetsopele ya moruo wa kahisano di tshwanela ho ntlafatswa ho shebuwe taba ya ntshetsopele ya moshwelella.

5.3. Pitso ya Boraro ya UN ya Matlo le Phallelo ya Ditoropong (Habitat III) e tla tshwarwa ke UNGA Quito, ho la Ecuador ho tloha ka la 17 ho isa ka la 20 Mphalane 2016. E rerile ho amohela Lenanaeo le Letjha la Ditoropo; e leng tokomane ya tshebetso e tla teka maemo a lefatshe a phihlello e mabapi le ntshetsopele ya ditoropo ya moshwelella, ho nahana botjha  ka tsela eo re ahang ka yona, re laolang, le ho phela ka hara metsemeholo ka ho hohela tshebedisano-mmoho le balekane ba ikemiseditseng, bankakarolo ba amehang, le ba bang ba teng ditabeng tsa ditoropo maemong oohle a mmuso hammoho le lekala la poraefete.

5.4. Dipitso tsa Matjhaba tsa Meralo ya Motheo ya Diphuputso (ICRI 2016) di tla tshwarwa Motse Kapa ho tloha ka la 3 ho isa ka la 5 Mphalane 2016 ke Lefapha la Saense le Thekenoloji le Khomishene ya Yuropa.

Pitso e rerile ho hlakisa karolo ya bohlokwa ya meralo ya motheo ya diphuputso ya lefatshe bakeng sa ho sebetsana le diphephetso le ditsha tsa ntlafatso; ho shejwa ditlhoko, ntshetsopele le meralo ya motheo ya lefatshe/lebatowa ya diphuputso ya moshwelella; le ho tshohla kgonahalo ya ho lebisa tseleng ya matjhaba ya ho fihlella tsena.

Aforika Borwa e bontshitse bokgoni ba yona ba diphuputso tsa saense le thekenoloji, mme e ananelwa jwaloka lehae la e meng ya meralo ya motheo ya diphuputso e kgabane ka ho fetisisa lefatsheng. Ho tshwarwa ha ICRI 2016 ho tla tshehetsa kgatelopele ya naha hore e be ya moruo o itshetlehileng hodima tsebo jwaloka ha ho lakaditswe ho NDP.

5.5. Kabinete e amohela tsebiso ya mokolokotwane wa mokgahlelo wa pele o lebisang ntlheng ya ho tingwa ha transmitara ya analoko ka la 28 Mphalane 2016 ke Letona la Dikgokahanyo Faith Muthambi, dibakeng tsa ditoropo tsa setsi sa SKA ho la Kapa Leboya, toropong ya Carnavon e ka hara Masepala wa Lehae wa the Kareeberg. Malapa a fetang  86% dibakeng tsa SKA a se a hoketswe mme a se a ithabella ho fumana ditshebeletso tsa thelevishene tsa dijithale malapeng a bona.

Phallo ena hape e tsamaellana le NDP ho bopa meralo ya motheo e matla, e tshepehang, e bolokehileng le ho kgoneha ya ICT. E tla hokela metse ya mahae le ditoropo, barui le bafutsana ho netefatsa hore baahi ba Aforika Borwa ba a buisana le ho sebeletsana ka tsela e kgabane ka tshebediso ya Thekenoloji.

5.6. Mmuso o tla keteka Kgwedi ya Ntshetsopele ya Kahisano ka Mphalane tlasa mookotaba “Mmoho re ntshetsa Aforika Borwa pele ho Ntshetsopele ya Moruo wa Kahisano” mme ka Lefapha la Ntshetsopele ya Setjhaba (DSD), o tla tshwara dipuisano ho phatlalla le naha hore o tle o utlwisise betere ditlhoko tse fapaneng tsa badudi.

 DSD, hammoho le Lekala la Naha la Ntshetsopele (NDA) le Lekala la Aforika Borwa la Polokeho ya Setjhaba (SASSA), ba tla tsebisa badudi ka mananeo a fapafapaneng a teng bakeng sa bona le kamoo ba ka a fumanang kateng. Kabinete e kgothaletsa makala kaofela ho thusa mmuso ho netefatsa hore ditlhoko tsa ba kotsing ka ho fetisisa setjhabeng sa rona di a hlokomelwa.

La 1 Mphalane 2016 le tshwaya Letsatsi la Matjhaba la Batho ba Hodileng, le tla etsetswa sehopotso jwaloka karolo ya beke ya pele ya Mphalane. Lena le tla sebediswa ho tlisa tjantjello ho diphephetso tsa ditumelo tse fosahetseng le ditlwaelo tse fosahetseng ka batho ba hodileng le ba tsofalang.

5.7. Lefapha la Dipapadi le Boithapollo le Mokgatlo wa Dipapadi bakeng sa Bohle wa Matjhaba le tla tshwara mokgahlelo wa bo-6 wa “The Big Walk” ka la 2 Mphalane 2016 Sebakeng sa Phomolo sa Fountains Valley, Pretoria. Kabinete e kgothaletsa maAforika Borwa ho amohela mokgwa wa bophelo o mafolofolo le o itekanetseng e le ho tobana le sekgahla se phahameng sa mafu le monono.

5.8. La 19 Mphalane 2016 le tshwaya dilemo tse 30 tsa ho swahlamana ha sefofane se nkileng bophelo ba Moporesidente wa Mozambiki, Samora Moises Machel le ba hahabo ba  34 ba banna le basadi, ho kenyeletswa bakganni le boraditaba.

Batho ba Mozambiki ba entse nyehelo e lebisitseng tokolohong ya Aforika Borwa le dinaha tse ding ka hara kontinente. Mmuso wa Riphabliki ya Aforika Borwa, ka tshebedisano mmoho le Riphabliki ya Mozambiki, e tla tshwara mokete wa sehopotso wa selemo sa bo-30 setsheng sa ho swahlamana Mbuzini, ho la Mpumalanga ka la 17 Mphalane 2016.

Sena se nyehela ntlheng ya Lefapha la Bonono le Botjhaba ya ho theha tsela ya botjhaba ya boitseko le tokoloho e tla hokela ditsha kaofela tsa botjhaba ka hara Aforika Borwa, SADC le kontinente.

Kabinete e fetisetsa matshediso ho ba latelang:

5.9. Lelapa le metswalle ya qhoku ya mmino ya Aforika Borwa e leng e mong wa bathei ba mmino wa Kwaito, Mduduzi Tshabalala, ya neng a tumme ka lebitso la Mandoza. Mmino wa hae o fihlelletse tsela e ikgethang ya ho phatlallela ditsong tse ding ka hoo o tla tswela pele ho ananelwa ke maAforika Borwa kaofela.

5.10. Lelapa le metswalle ya mokaubere wa raditaba, mohlophisi le mongodi Allister Sparks ya hlokahetseng a na le dilemo tse 83. Sparks o sebedisitse maemo a hae jwaloka mohlophisi wa Rand Daily Mail dilemong tsa pele tsa bo-1980 ho pepesa mmuso o hlokang toka wa kgethollo. E ne e le setho sa Nieman Fellow Yunivesithing ya Harvard mme e le mongolli wa Aforika Borwa wa diphatlalatso tse ngata tsa matjhaba, ho kenyeletswa The Washington Post le The Economist.

5.11. Batho ba India, ka ho hlokahala ha Mohalaledi Pramukh Swami Maharaj, hlooho ya tsa semoya ya badudi ba tumelo ya Swaminarayan Hindu ho la India. Mohalaledi o tsebahala ka nyehelo e kgolo eo a e entseng ho ditaba tsa semoya le setso sa maIndia ka ho aha ditempele, dimandiri le ditsha tsa thuto India le dinaheng tse ding.

5.12. Ho malapa a bohle ba lahlehetsweng ke maphelo nakong ya merusu e etsahetseng ho la Riphabliki ya Demokerasi ya Congo (DRC) le ba lemetseng ba lakaletswa ho fola ka potlako. Kabinete e ipiletsa ho mekga kaofela ka hara DRC ho nka karolo ho Dipuisano tsa Naha tse kenyeletsang, tse eteletsweng pele ke Monghadi Edem Kodjo lebitsong la AU, le ho tshehetswa ke ditheo tsa lebatowa le tsa matjhaba.

5.13. Ho lelapa le metswalle ya Shimon Peres, rapuso ya moholo wa Iseraele ya arolelaneng Kgau ya Nobel bakeng sa ho fohla tumellano ya kgotso pakeng tsa baIseraele le maPalestina. Monghadi Peres o sebeditse jwaloka motho ya matla ka dinako tsohle ka nako e telele dipolotiking tsa Iseraele.

Kabinete e fetiseditse ditakaletso tsa mahlohonolo ho ba latelang:

5.14. Lekgotla la Diphuputso tsa Saense le Diindaseteri ka mokgwa wa bona o motjha wa thekenoloji ya dikgatiso tsa menwana e tla thusa betere basebeletsi ba qobello ya molao le ba diforensiki. Sesebediswa sena sa maemo, se lefelletsweng ke Lefapha la Saense le Thekenoloji, se ka sebediswa ho sekhena dibaka le ho hlahisa dikgatiso tsa menwana ntle le ho sebedisa phofshwana kapa ho senya bopaki.

5.15. Ngaka Ismail Bhorat le moifo wa hae bakeng sa oporeishene e babatsehang ya ngwana a so kang a hlaha Sepetlele se Bohareng sa Inkosi Albert Luthuli. Ena ke oporeishene ya pele e entsweng ngwaneng ya so kang a hlaha ka hara naha mme e behile Aforika Borwa sethaleng sa lefatshe.

5.16. Mamelodi Sundowns bakeng sa ho fihlella makgaolakgang a Bompodi ba Liki ya Khonfedereishene ya Bolo ya Aforika kamora ho hlola Zesco United. Tlholo ena ha e a lokela feela Sundowns empa e tla tswela molemo bolo ya Aforika Borwa ka kakaretso. E thusa ho pepesa dibapadi tsa rona le ho ba neha boiphihlelo boo ba bo hlokang bakeng sa ho hlodisana le ba matla ka ho fetisisa ka hara kontinente ya Aforika le lefatsheng.

5.17. Kabinete e thoholetsa Brad Binder ka tlholo ya Bompodi ba Lefatshe ba Moto3. Rasethuthuthu enwa ya nang le dilemo tse 21 ke moAforika Borwa wa pele esale ho tloha ka selemo sa 1980 wa ho hapa sekola sa Grand Prix ka ho hapa bompodi ba hae ba pele ba Moto3.

5.18. Hape Kabinete e fetisetsa diteboho tsa yona ho maAforika Borwa kaofela a nkileng karolo diketsahalong tse fapafapaneng bakeng sa ho keteka ditlwaelo tsa rona tse fapaneng tsa Kgwedi ya Botjhaba. Dipepeso tse kgahlisang tsa ditlwaelo tsa rona tse fapaneng le ho arolelana lefa la rona le ruileng di ile tsa dumaela ho phatlalla le naha.

Kabinete e fetiseditse ditakaletso tsa mahlohonolo ho ba latelang:

5.19. Kabinete e lakaletsa   Archbishop Emeritus Desmond Tutu ho fola kapele ho oporeishene ya hae.

5.20. Le ho ipapisa le Aforika Borwa ho lakaletsa Mme Winnie Mandela tse molemo bakeng sa ho fihlella letsatsi la hae la tswalo la bo-80.

6. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ka mangolo a thuto le tumello e amehang.

6.1. Lekgotla la Naha la Boeletsi ho tsa Ntjhafatso:

a. Monghadi Mafika Mkwanazi; le
b. Monghadi Sullivan O’Carroll.

6.2. Lekgotla la Akhademi ya Saense ya Aforika Borwa:

a. Moporofesara Eugene Cloete;
b. Moporofesara Sabiha Essack;
c. Moporofesara Shireen Hassim;
d. Moporofesara Jonathan Jansen;
e. Moporofesara Nancy Phaswana-Mafuya;
f. Moporofesara Barney Pityana;
g. Moporofesara Stephanie Burton (o thontswe hape);
h. Moporofesara Norman Duncan (o thontswe hape);
i. Moporofesara Johann Mouton (o thontswe hape);
j. Moporofesara Himla Soodyall (o thontswe hape);
k. Moporofesara Zeblon Vilakazi (o thontswe hape);
l. Moporofesara Brenda Wingfield (o thontswe hape); le
m. Ngaka Shadrack Moephuli (Lekgotla la Naha la Boeletsi ho tsa Ntjhafatso mme o thontswe hape).

6.3. Ngaka Sarah Mosoetsa ho Boto ya Naha ya Motheo wa Diphuputso.

6.4.      Setheo sa Naha sa Ditaba tsa Elektroniki sa Aforika Borwa (NEMISA):

a. Mofumahadi Mymoena Williams jwaloka Mohlanka e Moholo wa Phethahatso (CEO).
b. Mofumahadi Rahimoonisha Abdool jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete (CFO).

6.5.      Batsamaisi bao e seng ba Phethahatso ho NEMISA NPC SOC Limited:

a. Moporofesara Walter Theophilus Claassen (Modulasetulo);
b. Monghadi Thami ka Plaatjie (o thontswe hape le ho ba Motlatsi wa Modulasetulo); le
c. Moporofesara Manoj Maharaj;
d. Mofumahadi Sarienne Rana Kersh;
e. Mofumahadi Nelisiwe Gloria Mkhaliphi;
f. Monghadi Phuthi Nehemia Phukubje;
g. Mofumahadi Alina Thandiwe Mfulo; le
h. Monghadi Moraka Lucas Mello (o thontswe hape).

6.6. Zolani Kgosie Matthews jwaloka setho seo e seng sa phethahatso ho Boto ya Kantoro ya Poso ya Aforika Borwa.

6.7. Monghadi Mahomed Iftekhar Chowan jwaloka CFO ya Tshebeletso ya Lefatshe le Lekala la Phumantsho la Aforika Borwa.

6.8. Lekgotla la Aforika Borwa la Merero ya Sepakapaka:

a. Mofumahadi Pontsho Maruping (Modulasetulo);
b. Mofumahadi Nomfuneko Irene Majaja (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Adv Lulekwa Makapela;
d. Monghadi Themba Beatus Tenza;
e. Monghadi Linden Sydney Petzer;
f. Moabasadara Peter Goosen;
g. Monghadi Humbulani Aaron Mudau;
h. Ngaka Sandile Bethuel Malinga;
i. Monghadi William Simon Makwinja;
j. Mofumahadi Nosiphiwo Monica Sonjani;
k. Monghadi Lloyd McPatie; le
l. Monghadi Leeandran Annamalai.

6.9. Adv Rory Wayne Voller jwaloka Mokhomishenara ho Khomishene ya Dikhamphani le Thepa ya Mautlwela.

6.10. Monghadi Jayaseelan Manickum Nair ho Boto ya Aforika Borwa ya Mokgatlo wa Dikotsi tse Ikgethang tsa Inshorense, SOE, jwaloka motsamaiso eo e seng wa phethahatso.

6.11. Ho kgethwa ha Mofumahadi Patience Bongiwe Kunene jwaloka Motsamaisi wa Phethahatso, ya emetseng Aforika Borwa, Angola le Nigeria, ho Boto ya Batsamaisi ya Sehlopha sa Banka ya Lefatshe (Banka ya Lefatshe).

6.12. Bolaodi ba Boipaballo ho tsa Diterene:

a. Ho thonngwa hape ha Monghadi Nkululeko Andrew Stephen Poya jwaloka CEO.

Ditho tseo e seng tsa Phethahatso ho Boto ya Bolaodi ba Boipaballo ho tsa Diterene:

b. Ngaka Nomusa Zethu Qunta (Modulasetulo);
c. Monghadi Boy Johannes Nobunga (Motlatsi wa Modulasetulo);
d. Monghadi Zacharia Mosothoane (Mokgethwa wa Mokgatlo wa Basebetsi wa Dipalangwang le Balekane wa Aforika Borwa);
e. Monghadi Christiaan Johan de Vos (Mokgethwa wa Federeishene ya Mekgatlo ya Basebetsi ya Aforika Borwa);
f. Majoro-Mokgenerale Michael Monashi Motlhala (Lefapha la Sepolesa setho ho ya ka maemo);
g. Monghadi Ngwako Makaepea (Lefapha la Dipalangwang setho ho ya ka maemo);
h. Mofumahadi Hilda Thamaga Thopola;
i. Majoro-Mokgenerale Willem Adriaan Venter (setho seo e seng sa phethahatso se ikemetseng);
j. Mofumahadi Khulekelwe Mbonambi (o thontswe hape);
k. Mofumahadi Ntombizine Mbiza (o thontswe hape);
l. Monghadi Andre Harrison (o thontswe hape); le
m. Monghadi Tibor Szane (o thontswe hape le ho ba setho ho ya ka maemo sa Lefapha la Mesebetsi).

6.13. Ho thonngwa hape ha Monghadi Japh Ronnie Chuwe jwaloka CEO (Morejisetara) wa Lekala la Ditlolo tsa Molao tsa Sephethephethe.

6.14. Monghadi Skhumbuzo Dennis Macozoma jwaloka CEO ya Lekala la Mebila ya Aforika Borwa - SOC Limited.

6.15. Monghadi Sisa Neil Ntshona jwaloka CEO ya Bohahlaudi ba Aforika Borwa.

6.16. Monghadi Dhesigen Pydiah Naidoo o thontswe hape jwaloka CEO ya Khomishene ya Diphuputso tsa Metsi.

6.17. Khomishene ya Metsi a Dihlaba a Lesotho:

a. Monghadi Bhekizwe Simon Nkosi jwaloka Moemedi ya ka Sehloohong wa Aforika Borwa; le
b. Monghadi Vusi Nhlapo jwaloka Moemedi wa ka Nako Tsohle.

6.18. Lekala la Boto ya Ditjhelete tsa Dikgwebo tse Nyenyane:

a. Mofumahadi Charmaine Groves;
b. Mofumahadi Happy Ralinala;
c. Monghadi Kholofelo Molewa;
d. Mofumahadi Nomcebo Dlamini;
e. Monghadi Nazir Ahmed Osman;
f. Mofumahadi Nonkululeko Dlamini;
g. Monghadi Phakamile Mainganya;
h. Mofumahadi Kate Moloto;
i. Mofumahadi Hlonela Lupuwana (o thontswe hape); le
j. Monghadi Lawrence Mavundla (o thontswe hape).

6.19. Mofumahadi Cladie Thamo Hloniphile Mzobe jwaloka CEO ya NDA.

Dipotso:
Donald Liphoko
Mohala: 082 901 0766

Share this page

Similar categories to explore