Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 22 Phuptjane 2016

1. Ho kenngwa tshebetsong ha mananeo a bohlokwa a mmuso

1.1. Kabinete e buisane ka ditlaleho tsa kotara ya bone tsa kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Lenaneo la Tshebetso (PoA) la mmuso le diphetho. Mmuso o etsa kgatelopele ka ho sebetsana le diphephetso le ho itshunyaka bakeng sa ho kwala dikgeo tse mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha PoA.

Mmuso o na le tshepo ya hore o bona tema mabapi le ho phethahatswa ha Moralo wa Lewa la Nako e Bohareng (MTSF), Moralo wa Dintlha tse Robong le qetellong ho fihlella Pono ya 2030 ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP).

Tsamaiso ya Dikgokahanyo le Tlhahisoleseding ya Mmuso (GCIS) e motjheng wa ho hokahanya dikopano tsa boraditaba tsa ho ba tlalehela bakeng sa hore naha e fumane tlhahisoleseding.

1.2. Kabinete e amohela diphetho tse hlahang ho Sehlopha sa Tshebetso sa Boramosebetsi sa Boporesidente, se neng se kopane ka la 21 Phuptjane 2016 ho tshohla moruo le dintlha tse ding tsa moruo wa kahisano.

Kopano e dumellane ho thathiselletsa boitlamo ba yona ba ho sebetsa mmoho bakeng sa ho hlola diphephetso tse tobileng Aforika Borwa jwaloka ha re ile ra etsa jwalo mehleng e fetileng. Re lokela ho ahella hodima bomphato le bonngwe bo fohlilweng ka 2008 ha balekane ba kahisano ba ne ba radile tumellano e neng e tshireletsa basebeletsi kgahlanong le koduwa ya moruo wa lefatshe. Kopano e qetile ka hore taba e ka sehloohong e be ho sireletsa mesebetsi, ho hlahisa ho feta mesebetsi e bonahalang– ka ho qolleha bakeng sa batjha– le ho ntlafatsa maemo a tshebetso a basebeletsi bohle bakeng sa ho bopa bophelo bo betere bakeng sa bohle.

Seboka sa Mesebetsi se rerilweng ke mmuso le boramosebetsi se tla dumella maAforika Borwa ho tshohla kamoo re ka hlahisang mesebetsi le ho hodisa moruo wa rona ka hara maemo a hajwale a thata a moruo.

1.3. Kabinete e hlahisa malebo a tebileng le diteboho ho maAforika Borwa kaofela a hlomphileng le ho etsa nako ya ho hlompha Sehopotso sa bo-40 sa merusu ya Soweto, se supang dintwa tse bontshitseng ho ba bahale ke batjha ba 1976. Letsatsi la Naha la Batjha le ne le hopolwa tlasa mookotaba: “Batjha ba Ntshetsa Aforika Borwa Pele”.

Sehopotso sena sa naha, se neng se eteletswe pele ke Moporesidente Jacob Zuma Lebaleng la Dipapadi la Orlando ka la 16 Phuptjane, e ne e le e nngwe ya diketsahalo tse neng di tshwerwe ho phatlalla le naha ho hlompha lefa la moloko wa 1976.

Mmuso o netefaletsa batjha ba naha ya rona hore ntwa ya hore bohle ba fihlelle thuto e dula e le taba e ka sehloohong ya mmuso. Mmuso o keke wa phomola pele o fihlella morero ona jwaloka ha o hlahella ka hara tokomane ya Tjhata ya Tokoloho le ho ahellwa ka hara Bili ya Ditokelo e teng ka hara Molaotheo wa rona, oo selemong sena o tshwayang dilemo tse 20 tsa ho amohelwa.

Lenaneo lena le tswellang kgwedi kaofela le na le dintlha tse fapafapaneng tsa boikitlaetso ba mmuso, dikgwebo le badudi bakeng sa ho hodisa merero ya batjha ka diketsahalo tse fapafapaneng.

1.4. Aforika Borwa e tshwere ka katleho Seboka sa Lefatshe sa Selemo ka Seng sa bo-60 sa Foramo ya Thepa ya Basebedisi (CGF), se neng se tshetlehelwa puo ke Motlatsi wa Moporesidente Cyril Ramaphosa. Sena se thathiselletsa ho hlahella ha kontinente jwaloka mmaraka wa basebedisi o hlahisang menyetla e metjha.

Ka hara Aforika Borwa, indaseteri ya thepa ya basebedisi ke tshushumetso e kgolo ya ho hola ha moruo. Tikoloho ya kgwebo ya naha e tsitsitse, e a kganya le ho lokela maemo a eketsehileng a kgwebisano le botsetedi. Matsete a lehae le a ka ntle a sireleditswe ke dipehelo tse amehang tsa molao.

Dikhamphani tse fapafapaneng tsa Aforika Borwa le ditheo tse ikopantseng tsa matjhaba tseo e leng ditho tsa CGF di hweba le ho tsetela ka hara Aforika Borwa, ka sena di nyehela kgolong ya moruo wa rona le tlhahisong ya mesebetsi.

1.5. Tumellano e ntjha ya kgwebisano e ileng ya saenwa ke Letona la Dikgwebo le Diindaseteri Rob Davies le Kopano ya Yuropa (EU) e ile ya amohelwa. Ka sena re tla bona ha dihlahiswa tsa temo tse batlang di eketsehile di romellwa Yuropa. Aforika Borwa hammoho le Botswana, Lesotho, Mozambique, Namibia le Swaziland di saenne Tumellano ya Bomphato ba Moruo (EPA) e ileng ya rerisanwa le EU.

EPA e fana ka menyetla e ntlafetseng ya phihlello ya mmaraka bakeng sa dihlahiswa tsa Aforika Borwa, ho kenyeletswa le ntlafatso ho sekepele bakeng sa veine le phihlello e ntjha ya mmaraka wa tswekere le ethanole. Tlasa tumellano e ntjha, Diromellwa ntle tsa veine tsa Aforika tse sa lefellweng lekgetho ho ya ho EU di lebeletswe ho menahana habedi. Melawana ya Sethathong hodima diaparo le yona e nolofaditswe mme e tla kgothaletsa thomello ntle ya diaparo ho ya ho EU.

EPA e fetola kgaolo ya kgwebisano ka hara Tumellano ya Tshebedisano-mmoho ya Ntshetsopele ya Kgwebisano, e saennweng ka selemo sa 2000, pakeng tsa EU le Aforika Borwa.
Tumellano hape e fana ka tshireletso ya ditshupane tsa sebopeho sa Aforika Borwa tse kenyeletsang haholo mabitso a diveine tsa Aforika Borwa, Rooibos, Honeybush le Karoo lamb.

1.6. Matsete a R500-milione a setsi sa ntjhafatso Johannesburg se tlileng le setheo sa matjhabatjhaba sa Amerika, General Electric (GE), a ile a amohelwa mme sena ke pontsho ya hore Aforika Borwa le kontinente ke dibaka tse nepahetseng tsa botsetedi. Sena ke setsi sa bo-10 se kang sena lefatsheng mme ke sa pele ka hara Aforika. Moaho ona hape ke ntlokgolo e ntjha ya Tlhokomelo ya Kalafo ya GE, e pepesang dithekenoloji tse fapafapaneng tsa Tlhokomelo ya Kalafo. Sena se bontsha boitlamo ba nako e telele ba GE ho ka bobedi kontinente le bakeng sa ho fumana ditharollo tsa ntjhafatso ho mathata a Aforika a meralo ya motheo le a tlhokomelo ya kalafo.

Setsi sena se rerile ho matlafatsa maikemisetso a kgetho ya makala a thuto a baenjinere ba fetang 100 ho tswa dibakeng tse neng di tinngwe menyetla pele. Ho bile ho fannwe ka sebaka bakeng sa diporojeke tsa tshebedisano le tlhophiso ya tharollo le Transnet ka bomphato le GE mabapi le diporojeke tse fapafapaneng tsa meralo ya diterene. Setsi hape se labalabela ho tshehetsa ntshetsopele ya dikgwebo tse nyenyane tse kgonang ho fana ka ditshebeletso ho mmaraka wa lehae le ha ho kgoneha bafani ba matjhaba. Kabinete e ipiletsa ho ditheo tse ding kaofela tsa matjhabatjhaba ho latela mohlala o tekilweng ke GE.

1.7. Kabinete e amohela ho phethelwa ha mokgahlelo wa pele wa Setsha sa Diindaseteri sa Botshabelo se ntlafaditsweng ho la Foreisetata, se thakgotsweng ke Letona Davies.
Mokgahlelo wa pele wa ntlafatso o kenyeletsa ho hlabollwa ha meralo ya motheo ya tshireletso, ho kampela, mabone a seterateng le ditlhoko tse hlokolosi tsa motlakase ka ditjeho tsa R24 milione. Ena ke karolo ya R189 milione e tsetetsweng bakeng sa ho akaretsa ditsha tse tsheletseng tse behilweng ka sehloohong tse hokahantsweng le Moralo wa Tshebetso wa Leano la Diindaseteri (IPAP). Setsha sa Diindaseteri sa Botshabelo se tla hlahisa mosebetsi bakeng sa batho ba Botshabelo le dibaka tse mabapi, se tla kgothaletsa kgolo ya diindaseteri le kgolo ya dikgwebo tse nyenyane le dikoporasi, se tla hohela matsete le ho kgothaletsa tlhahiso.

1.8. Bakeng sa ho arabela ditlhokong tsa metsi tsa Masepala wa Lehae wa Moqhaka, Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Mesebetsi ya Tlhokomelo ya Metsi ya Maokeng ke Letona la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere, Mofumahadi Nomvula Mokonyane.

Sebaka sena esale se tshwenngwa ke komello ya haufinyana tjena mme ho bonahetse ha maemo a metsi a fihlella boemo bo hlokolosi. Ho fannwe ka dilori tsa ditanka tsa metsi mme mekutu ya nako e kgutshwanyane le e bohareng e kenyeletsa ho bora le ho ho ntjhafatsa dipetse ka hara Maokeng ho tlatseletsa phano ya metsi.

1.9. Moporesidente Zuma o ne a kenetse Seboka se Setlwaeding sa Khonferense ya Matjhaba ya Lebatowa la Matsha a Maholo sa bo-6 (ICGLR) seo mmokotaba wa sona e neng e le: “Re akofisa ho kenngwa tshebetsong ho hlwahlwa ha Tumellano le Diporothokhole tsa yona bakeng sa Lebatowa la Matsha a Maholo le nang le demokerasi e eketsehileng le botsitso”. Seboka se tshohlile, hara dintlha tse ding, maemo a sepolotiki le a polokeho ka hara Lebatowa la Matsha a Maholo ho kenyeletswa Sudan Borwa, Burundi, Riphaboloki ya Demokerasi ya Congo le Central African Republic, mme tlaleho e felletseng ya Seboka sa ICGLR e tla tekwa sebokeng se latelang sa Kopano ya Aforika (AU). Moporesidente Zuma o itse jwale ho se ho na le lesedinyana la tshepo ya hore dintlha tse neng di sa kgone ho rarollwa pele tsa dikgohlano le ho hloka botsitso ka hara Lebatowa la Matsha a Maholo di tla rarollwa.

1.10. Sekema sa Naha sa Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) se thusitse baithuti ba fetang 1.7 milione ba ditsha tsa thuto e phahameng ho tloha esale se thehwa. Sekema se fana ka thuso ya ditjhelete ho baithuti ba tswang malapeng a fumanehileng le a batho ba sebetsang. Ho netefatsa hore sena se etswa ka tsela e tla ba ya moshwelella, NSFAS e bokella ditefello tsa dikadimo tsa baithuti. Ditefello di netefatsa hore sekema se na le matlole bakeng sa moloko o tlang wa baithuti. Sena se hodisa phumantsho ya, le katleho mabapi le, thuto le thupello e phahameng le e tswellang, ho habilwe merero ya ntshetsopele ya Aforika Borwa ya naha le mehlodi ya batho.

Kabinete e kgothaletsa bakgolamolemo bohle ba NSFAS ba sebetsang ho ikopanya le dikantoro tsa NSFAS mme ba qale ho lefella dikadimo tsa bona tsa NSFAS. Ke boikarabelo ba hao ho bapala karolo ya hao bakeng sa ho thusa baithuti ba bang bao hajwale ba hlokang thuso ya ditjhelete.

2. Diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1. Kabinete e ile ya tsebiswa ka boikitlaetso ba mokgwa o mong wa inthanete o fapaneng bakeng sa ho ntlafatsa taolo ya tlhahisoleseding, o bitswang Digital Object Architecture (DOA). Kabinete e tjhaelletse monwana matsete a mang bakeng sa ntshetsopele le ho amohela boikitlaetso ba DOA le hore Aforika Borwa e be Motsamaisi wa mefutafuta ya ka sehloohong wa marangrang a lefatshe a DOA. Thekenoloji ena e nyehela ho lebiseng ho phihlello ya merero ya NDP ka ho matlafatsa bokgoni ba Puso ba ho fumana ditharollo tse matlafatsang bakeng sa diphephetso tse rarahaneng. Hape e matlafatsa phano ya ditshebeletso ka mananeo a kang puso ka inthanete le polokeho ya marangrang a inthanete. Melemo ya tshebediso ya DOA bakeng sa ho laola tlhahisoleseding e tla hola le ho aha bokgoni bo botjha ba lehae mabapi le thekenoloji ya inthanete le ho hlahisa ditharollo tsa disebediswa tsa dikhompyutha tsa motla-o-tutswe ho itshetlehilwe hodima se bitswang Open-Source Software. Sena se tla nyehela bakeng sa ho ntshetsapele ka bobedi indaseteri ya disebediswa tsa khompyutha le ho ntlafatseng ditsamaiso tsa taolo ya tlhahisoleseding le ho dikuno tsa thekisetso ya dinaha tsa ka ntle. Molemo o mong ke hore DOA e kgema le ho sebediseha le dibopeho tse ngata ka hara Inthanete. Sena se tla thusa mmuso ho fokotsa ditjeho tse ntseng di ata tsa bolaodi ba mekgwa ya disebediswa tsa khompyutha.

2.2. Ho latela kopo e tswang ho Khomishene ya AU, Kabinete e tjhaelletse monwana hore Aforika Borwa e tshware Foramo ya Aforika ya Taolo ya Inthanete (IGF) ka Mphalane 2016. Taolo ya Inthanete e akaretsa letoto le batsi la dintlha tsa kahisano le tsa sepolotiki. Sena se kenyeletsa bonkakarolo ho moruo wa inthanete, thepa ya mautlwela, polokeho ya marangrang a inthanete le lekunutu le phumantsho ya mehlodi ya bohlokwa ya setekginiki, tse kang mabitso a dibaka le diaterese tsa Porothokhole ya inthanete tse etsang hore ditshebeletso tsa inthanete di kgonahale.

Ho tshwara IGF ya Aforika ho fana ka lepatlelo bakeng sa Aforika ho ntshetsapele mawa bakeng sa bonkakarolo moruong wa lefatshe wa Inthanete e leng se hlokolosi bakeng sa ntshetsopele ya meruo ka hara Aforika. Hajwale moruo wa Inthanete o na le boleng bo ka etsang R59 bilione ka hara Aforika Borwa.

Foramo hape e fana ka lepatlelo bakeng sa mebuso ya Aforika ho teka lenaneo la ho amohela boemo bo tshwanang mabapi le Taolo ya Inthanete. Sena se latela diphetho tse tswang ho Seboka sa Kopano Kakaretso ya Lefatshe ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng mabapi le Tjhebobotjha ya Maemo a Hodimo a Setjhaba sa Tlhahisoleseding ka Tshitwe 2015. Sena se thathiselletsa Tumellano ya Tunis, ya hore Taolo ya Inthanete ke mohlodi wa lefatshe o tshwanelang ho laolwa ka tsamaiso ya bongata, e bonaletsang le ya demokerasi, ka ho itahlela ka setotswana ka botlalo ke bankakarolo kaofela. Mebuso ya Aforika hape e tla ba le monyetla wa ho kena dipuisanong mabapi le dinthwananthwana tse hlokolosi tsa boleng ba lethathama la Inthanete ka morero wa ho hodisa phano e lekalekanang le tshebediso ya mehlodi ya Inthanete.

3. Diketsahalo tse tlang

3.1. Kajeno, 23 Phuptjane 2016 Moporesidente Zuma o etela Tsamaiso ya Bodulo ba Batho ba Dibaka tsa Mahae e Matlafaditsweng ya Vulindlela (EPHP) ho Masepala wa Lehae wa Umsunduzi ho la KwaZulu-Natal ho keteka phano ya matlo a mmuso le a ditshehetso tsa mmuso a fetang dimilione tse nne esale demokerasi ya rona e ba teng ka 1994.

Ka hara KwaZulu-Natal, mmuso o fanne ka matlo a fetang 700 000 le ditshehetso tse kenyeletsang diyuniti tse 12 000 Porojekeng ya Dibaka tsa Mahae ya Vulindlela a ileng a ahuwa ka EPHP. EPHP ke tsamaiso eo ho yona bakgolamolemo ba itahlelang ka setotswana ka matla ha ho nkuwa diqeto mabapi le tsamaiso ya kaho ya matlo le dihlahiswa, le ho nka karolo kahong ya matlo a bona.

3.2. Moporesidente Zuma o tla nka Leeto la Puso ho ya Fora pakeng tsa la 10 le 12 Phupu 2016, jwaloka karolo ya ho tswela pele ho matlafatsa dikamano pakeng tsa dinaha ka bobedi.

Nakong ya leeto Moporesidente o tla kenela Sehopotso sa Bolekgolo sa Ntwa ya Delville Wood ya Ntwa ya Pele ya Lefatshe, ka la 12 Phupu 2016, moo maAforika Borwa a mangata a ileng a lahlehelwa ke maphelo a ona.

Leha Sehopotso sa Delville Wood se reretswe masole a Aforika Borwa, maano a mmuso wa kgethollo ka nako eo a ne a kotetse maAforika Borwa a batho ba batsho a shweleng nakong ya ntwa ha balekane ba bona ba makgowa ba patetswe Sebakeng sa Sehopotso sa Delville Wood.

Sehopotso se ntse se le tlasa diphethoho tsa bohlokwa ho bontsha karolo ya nalane e bapetsweng ke maAforika Borwa a batho ba batsho ho Dintwa tsa Lefatshe e leng ya Pele le ya Bobedi le ho ba neha kananelo e hlokahalang. Ntlheng ena, Moporesidente hape o tla bontsha hlompho ho masole a batho ba batsho ho la Arques-la-Bataille.

3.3. Moporesidente Zuma o tla etella pele kemedi ya Aforika Borwa ho Tulo e Setlwaeding ya bo-27 ya Kopano ya AU, e reretsweng ho etsahala ho tloha ka la 13 ho isa ka la 17 Phupu 2016 Kigali, ho la Rwanda. Seboka sena se tla etsahala tlasa mookotaba: “2016, Selemo sa Aforika sa Ditokelo tsa Botho ho tsepamisitswe maikutlo ka ho qolleha hodima Ditokelo tsa Basadi.” Selemo sa 2016 se tshwaya mekolokotwane ya bohlokwa ka hara lenaneo la basadi la kontinente le la matjhaba bakeng sa tekatekano ya bong le matlafatso ya basadi. Ho phatlalla le kontinente, ke sehopotso sa bo-30 sa ho ba teng ha Tjhata ya Aforika ya Ditokelo tsa Botho le tsa Batho ka 1986 le qalo ya mokgahlelo wa bobedi wa Dilemo tse Leshome tsa Basadi e leng 2010-2020. Lefatsheng, 2016 e hopola dilemo tse 36 esale ho amohelwa Khonvenshene ya UN ya Phediso ya Mekgwa Kaofela ya Kgethollo kgahlanong le Basadi le sehopotso sa bo-21 sa Tumellano ya Beijing ya 1995 le Lepatlelo la Tshebetso, e leng leano la bohlokwa la lefatshe le mabapi le tekatekano ya bong. Dihlooho tsa Puso le Mmuso di tla ahlaahla tlaleho ya Lekgotla la Kgotso le Polokeho la AU mabapi le boemo ba kgotso ka hara Aforika. Ho fetafeta moo, seboka se tla ahlaahla le ho tjhaella monwana ditekanyetso tse sisintsweng tsa AU tsa 2017.

3.4. Moporesidente Zuma hape o tla etella pele kemedi ya mmuso wa Aforika Borwa ho Seboka se Ikgethang ka ho Phethahala sa Ntshetsopele ya Badudi ba Aforika e Borwa (SADC) sa Double Troika, se tla tshwarelwa Gaborone, ho la Riphaboliki ya Botswana ka la 28 Phuptjane 2016. Seboka sena se lebeletswe ho ahlaahla boemo ba sepolotiki le polokeho ka hara lebatowa la SADC, ho shebilwe haholoholo boemo ka hara Mmuso wa Borena wa Lesotho.

3.5. Naha e Malala-a-laotswe ho tshwara Khonferense ya Lefatshe ya AIDS ya bo-21 ho tloha ka la 18 ho isa la 22 Phupu 2016 Setsing sa Matjhaba sa Dikopano sa Inkosi Albert Luthuli Durban. Qalo ya khonferense e kopana le Letsatsi la Matjhaba la Nelson Mandela ka la 18 Phupu.

MaAforika Borwa a kgothaletswa ho arolelana ka pale ya rona le ho bontsha phethoho ka hara Aforika Borwa ho tloha esale Khonferense ya Matjhaba ya AIDS e tshwarwa Durban ka selemo sa 2000.

Aforika Borwa e tsetetse haholo ho karabelo ya yona ho AIDS dilemong tse tsheletseng tse fetileng, mme sena se bakile hore re be le lenaneo le leholo ka ho fetisisa la kalafo ya HIV lefatsheng, le bolokileng dimilione tsa maphelo le ho eketsa nako e lebeletsweng ya ho phela.

Diphihlello tse ding di kenyeletsa letsholo la Dikeletso le Diteko tsa HIV (HCT) le entseng diteko ho maAforika Borwa a 18 milione bakeng sa HIV le AIDS nakong ya dikgwedi tse 18, le maAforika a 10 milione a kenelang diteko ka selemo. Mafu a amahanngwang le AIDS ka hara Aforika Borwa a fokotsehile ho tloha ho 320 000 ka 2010 ho ya ho 140 000 ka 2014, mme tshwaetso ya HIV ho tloha ho motswadi ho ya ho ngwana e fokoditswe ho tloha ho masea a 70 000 ka 2004 ho ya ka tlase ho 7 000 ka 2015.

TB ke leamanyi le ka sehloohong mme le ha mafu a TB a fokotsehile ho tloha ho 70 000 ka 2009 ho ya ka tlase ho 40 000 ka 2014. TB e dula e le mmolai e moholo hara mafu kaofela a tshwaetsang ka hara naha ya rona le lefatsheng. Mmuso o atlehile ho hlahloba dikete tsa batho makaleng a tlokotsing a ditshebeletso tsa tlhabollo ya batshwaruwa,a metse ya merafo le metse e potapotileng merafo.

Lenaneo la thibelo hape le beha ka sehloohong banana le bahlankana ba batjha ba dilemong tse 15-24 mme le rerile ho thibela ditshwaetso; ho fokotsa ho ima ha banana ba tlase dilemong; ho fokotsa merusu e itshetlehileng hodima thobalano le bong; ho boloka banana ba le dikolong ho fihlela ba etsa lengolo la materiki; le ho eketsa menyetla ya moruo bakeng sa basadi ba batjha le ho leka ho ba phemisa dilalome tsa banna ba baholo.

3.6. Mmuso hajwale o ntse o shebane le Beke ya Tshebeletso ya Setjhaba ho tloha ka la 22 le la 26 Phuptjane 2016, e leng karolo ya mmuso ya lenaneo la Batho Pele. Kgothaletso ya maitshwaro a matle a mosebetsing, bokgothadi bo phahameng le motlotlo wa basebeletsi ba setjhaba ho kgothaletsa tlwaelo ya ho fana ka tshebeletso ya boleng.

Mmuso hape o lemoha hore kajeno, 23 Phutjane 2016 ke Letsatsi la Aforika la Tshebeletso ya Setjhaba, le kgothaletsang makala a fapaneng a mmuso ho sebetsa mmoho le ho sebedisa ho feta mehlodi e fokolang ya muso bakeng sa diphetho tse ntlafetseng.

Kabinete e kgothaletsa basebeletsi ba sejhaba ho ba ka pelepele ho phano ya ditshebeletso ya naha le ho sebedisa beke ena ho tsomana le mekgwa e ntjhafetseng ya ho fana ka ditshebeletso ho maAforika Borwa.

3.7. Kabinete e amohela qeto ya Boto ya Tsheho ya Meedi ya Bomasepala ya ho tshwara khonferense ya Diphethoho tsa Tsheho ya Meedi le Dibaka tsa Bodulo ka la 23 le la 24 Phuptjane 2016. Khonferense e tla kenyeletsa baemedi ho tswa ho mafapha a mmuso, bomasepala, hammoho le dinaha tse ding.

Khonferense e fana ka lepatlelo bakeng sa dipuisano tse akaretsang mabapi le ditsheho tsa meedi, haholoholo ntlha ya ho fetolwa ha meedi le bonkakarolo ba setjhaba. Lentswe la badudi ke sa bohlokwa tsamaisong ena mme mekutu yohle ya ho netefatsa bonkakarolo bo batlang bo phahame le ho kenyeletsa di tla amohelwa.  

3.8. Ho tloha ka Labohlano, 1 Phupu 2016, balefi ba lekgetho ba ka qala semmuso ho tlatsa le ho kenya dipoelo tsa bona tsa lekgetho la lekeno tsa 2016. Sehla sa Lekgetho se hotse ho ba bomphato ba bohlokwa pakeng tsa mmuso le balefi ba lekgetho ba etsang nyehelo ya bohlokwa motheong wa lekeno la naha ya rona. Bo emela tshebedisano e le nngwe e kgolohadi ya selemo ka seng pakeng tsa Tshebeletso ya Lekeno ya Aforika Borwa le balefi ba lekgetho, ha balefi ba lekgetho ba fetang dimilione tse nne ba kenya dipoelo tsa bona tsa lekgetho la lekeno. Kabinete e kgothaletsa balefi ba lekgetho kaofela ho kenya dipoelo tsa bona tsa lekgetho la lekeno ho tloha ka la 1 Phupu 2016. Ke ka mekutu ya balefi ba lekgetho ba imatahanyang hore Aforika Borwa e rekote pokello e etsang nalane ya lekeno ya R1 trilione bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2014/15.

4. Maemo a Kabinete Mabapi le Dintlha tsa Bohlokwa Maemong a Hajwale

4.1. Kabinete e tshwela ka mathe diketsahalo tsa haufinyana tjena tsa merusu ka hare le ka ntle ho Motsemoholo wa Tshwane le ho ipiletsa ho baahi ho tlohela ho tlola molao le boipelaetso bo tletseng merusu.

Ha ho boholo bofe kapa bofe ba dingongoreho bo ka lokelwang ke merusu le tshenyo ya thepa. Ba tla fumanwa ba le molato wa ho tswellisa diketso tse jwalo tsa tlolo ya molao ba tla tobana le letsoho le matla la molao.

Aforika Borwa ke naha ya demokerasi ya molaotheo moo moahi ka mong a nang le monyetla wa ho nka karolo ditsamaisong tsa demokerasi. Boitshwaro bo kang bona ba botlokotsebe bo kgahlanong le ditokelo le motsamao o lokolohileng wa ba bang. Kabinete e ipiletsa ho badudi ho sebetsa le makala a qobello ya molao bakeng sa ho hlaola batho ba sa hlompheng ditokelo tsa molaotheo tsa ba bang.

4.2. Kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo nyeweng ya Mhlophe kgahlanong le Khomishene e Ikemetseng ya Dikgetho (IEC) e betla tsela bakeng sa dikgetho tsa mebuso ya lehae hore di tswele pele ka la 3 Phato 2016 ho sebediswa lenane la bakgethi le tiiselleditsweng ke IEC ho latela phatlalatso ya letsatsi la dikgetho.

Kabinete e ipiletsa ho bakgethi bohle ba ingodisitseng ho sebedisa ditokelo tsa bona tse lwanetsweng ka thata tsa demokerasi le ho kgetha baemedi ba kgetho ya bona ba mebuso ya lehae. Mmuso o tla sebetsa le IEC le bankakarolo ba bang kaofela ho netefatsa hore kahlolo ya Lekgotla la Dinyewe la Molaotheo e kenngwa tshebetsong ka botlalo.

4.3. Kabinete e amohetse tsebiso ya Eskom ya hore e hokahantse diyuniti kaofela tse nne ho polante ya yona ya motlakase o fehlwang ka metsi ya Ingula e ntjha ho marangrang a naha pele ho nako e neng e behilwe.

Porojeke ena ya R25 bilione e matlafatsa polokeho ya bokamoso ya eneji ya naha ka ho eketsa Dimekawate tse 1 332 nakong ya tlhokeho e kgolo ya motlakase. Polante e motjheng bakeng sa tshebetso e felletseng ka 2017.

4.4. Kabinete e amohetse hape ba ditimamollo ba neng ba rometswe Canada ho ya thusa ho lwantsha mello ya hlaha. Sehlopha sa Aforika Borwa se ile sa kginwa ho latela dipula tse matla.

Working on Fire ke lenaneo le tshehetswang ka ditjhelete ke mmuso, la tlhahiso ya mesebetsi le tsepamisitseng maikutlo hodima ho kenngwa tshebetsong ha Taolo ya Mollo e Kopanetsweng ka hara Aforika Borwa. Banna le basadi ba batjha ba fetang 5 000 ba rupelletswe ka botlalo jwaloka ditimamollo mme ba jadilwe dikampong tse fetang 200 ho phatlalla le Aforika Borwa. Ditimamollo di thaothwa ho tswa ho badudi ba neng ba tinngwe menyetla le ho rupellwa ka tsebo ya mollo le thuto, thibelo le maitsebelo a twantsho ya mollo. Mananeo a mmuso a tshwanang le lena a kenyeletsa ‘Working for Water’ le ‘Working for Energy’ moo mmuso o tsetelang ho mesebetsi ya basebeletsi ba bangata e hlahisang mesebetsi le ho tshireletsa mehlodi ya rona ya tlhaho.

Ho latela ho kgutla ha bona, Lefapha la Merero ya Tikoloho le fuputsa ngongoreho ya meputso ya ditimamollo bakeng sa sephetho se hlokang leeme bakeng sa bankakarolo kaofela.

4.5. Kabinete e romela matshediso a yona a tebileng ho ba latelang:

  • Lelapa le metswalle ya mosebeletsi wa radio le thelevishene Hope Zinde ya neng a sebetsa jwaloka moqolotsi wa ditaba SABC dilemong tsa bo 1990 mme hape e ne e le setho sa mehleng sa boto ya SABC.  
  • Mmuso le batho ba Amerika ho latela ho thunngwa Orlando, ho la Florida, ho siileng batho ba 50 ba shwele le ba bangata ba lemetseng.

4.6. Kotlo ya morekisi wa matlo ya behileng meja fatshe Penny Sparrow ke Lekgotla la Dinyewe la Tekatekano la Umzinto ho la KwaZulu-Natal, ya fumanweng a le molato wa puo ya lehloyo, ke kgopotso ya hore boitshwaro bo kang boo bo keke ba amohelwa mme makgotla a rona a dinyewe a tla tsitlallela ka matla ho hlokomela ditokelo tsa mahlatsipa kaofela a bosemorabe, ka ho qolleha ba sa kgoneng ho ipuella le ba sa kgoneng ho itshireletsa.

Kabinete e ngongorehile leha re se re na le dilemo tse 22 re le ka hara demokerasi, Khomishene ya Ditokelo tsa Botho ya Aforika Borwa e tlaleha ka keketseho ya diketsahalo tsa bosemorabe bo pepeneneng le dipuo tsa lehloyo. Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ho hopola hore ke ho fapana ha rona ho etsang hore re be matla. Re tshwanela kaofela ho tsitlallela ho aha setjhaba se hlokang bosemorabe.

5. Dithonyo

Dithonyo kaofela di tla lokelwa ke ho tiisetswa ha mangolo a thuto le tumellano e amehang.

5.1. Lekala Dipalangwang tsa Mebileng tse Tshelang Madiboho:
a. Ho thonngwa hape ha Monghadi Sipho Khumalo jwaloka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Phethahatso (CEO) bakeng sa dilemo tse hlano.

5.2. Ditho tsa Lekgotla la Naha la Ditshebeletso tsa Tshokollo ya Batshwaruwa:
a. Moahlodi Mokgadi Mailula (Modulasetulo);
b. Moahlodi Zamani M Nhlangulela (Motlatsi wa Modulasetulo);
c. Moahlodi Esther JS Steyn (Motlatsi wa Modulasetulo);
d. Monghadi Adriaan Bekker;
e. Advocate Sibongile Mzinyathi;
f. Mofumahadi Shishi Sello;
g. Ngaka Kgamadi J Kometsi;
h. Lt-General Julius T Molefe;
i. Mofumahadi Angela Magangoe;
j. Monghadi Mziwoxolo M Mfeketo;
k. Mofumahadi Nondumiso Gwayi;
l. Monghadi Ivan de Klerk;
m. Mofumahadi Teboho S Monyamane;
n. Mofumahadi Lusanda U Z Rataemane;
o. Advocate Khavhareni A Mahumani;
p. Moruti Jonathan Clayton;
q. Mofumahadi Amanda L Vilakazi;
r. Ngaka Vanitha R Chetty; le
s. Monghadi Maluleka Nkopo.

Dipotso:
Harold Maloka
Mohala: 082 847 9799

Share this page

Similar categories to explore