Ho ngodiswa ha MaAforika Borwa Mose

Lefapha la Dikamano le Tshebedisano ya Matjhaba (DIRCO) ha le sa fana ka foromo ya Ngodiso ya MaAforika Borwa Dinaheng Tse Ntle (ROSA) ka inthaneteng.

Baahi ba Afrika Borwa ba etang kapa ba dulang kantle ho naha ba kgothaletswa ho ingodisa le ho dula ba hokahane ka metjha e latelang:

Ikopanye le boemedi ba haufi ba Aforika Borwa, komisi e phahameng kapa boemedi-kakaretso naheng eo ba leng ho yona ho ingodisa ka seqo.

Romela lengolo-tsoibila ho: Rosahelp@dirco.gov.za

Ingodise ho sebedisa DIRCO Travel Smart App, e fumanehang bakeng sa ho khoasolla disebeliswa tsa iOS le tsa Android.

Etela leqephe la Ditshebeletso tsa Bokhonsolara webosaeteng ya DIRCO bakeng sa tlhahisoleseding ya bohlokwa le thuso e amanang le baahi ba Afrika Borwa kantle ho naha.

Ditshebeletso tsena di reretswe ho netefatsa tshireletso le boiketlo ba maAforika Borwa kantle ho naha le ho thusa Lefapha ho fana ka tshehetso mabakeng a kang dikoduwa tsa tlhaho, merusu ya baahi, kapa maemo a tshohanyetso a malapa. 
 

Share this page