Setefikeite sa ho tsamaisa setswantle sa jwala

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka Mabapi le ho etsa kopo bakeng sa setifikeiti sa ho tlosa jwala bo rekilweng kantle ho naha

Ha o batla ho tlosa jwala bo o bo rekileng kantle ho naha makenong a boemelo, o lokela ho etsa kopo ya setifikeiti ho tswa ho Lefapha la Temo, Meru le Botshwasi, Lefapha la Katoloso ya Botshwaruwa le makenong a boemelo hore jwala ba ha obo tle bo nkuwa ho ya iswa moo o tlo bo rekisetsang teng ka hare ho naha ya Aforika Borwa.

Hang feela ha lefapha le tjhaelletse kopo ya hao monwana le tla romela jwala ba hao ntlong e kgolo ya polokelo ya dithoto ya temo ka hara khontheinara mme mohlahlobi wa mono o tla tsebiswa ka theba ya hao.

O tla tlameha ho ya ntlong e kgolo ya polokelo ya dithoto mme o nehe mohlahlobi setifikeiti sa ho lata thepa.  O lokela ho pakolla dihlahiswa tsa hao tsa jwala ho tswa khontheinareng, mohlahlobi a o behile leihlo.

O keke wa kgona ho tlosa jwala ba hao makenong a boemelo ho ya sebakeng sa moo o tlo bo rekisetsang teng ka hare ho Aforika Borwa ntle le setifikeiti sa ho etsa jwalo.

O lokela ho etsang

  1. Eya Lefapheng la Temo, Meru le Botshwasi, Lefapha la Katoloso ya Botshwaruwa makenong a boemelo mme o tlatse foromo ya Kopo bakeng sa setifikeiti sa ho tlosa thepa kapa e fumane khomphiyutheng.  
  2.  Tlatsa foromo eo mme o e ise Lefapheng la Temo, Meru le Botshwasi, Lefapha la Katoloso ya Botshwaruwa makenong a boemelo.
  3. O lokela ho tlatsa foromo e nngwe ya kopo ka thoko bakeng sa sehlahiswa ka seng sa jwala se nang le boholo, sebopeho, lebitso la kgwebisano le leibole e fapaneng. Doforomo tsa kopo di lokela tsamaya le tse latelang:
    • Sampole ya 750 ml eo mohlahlobi a tlang ho hula ho tswa sehlahisweng se tlisitsweng.
    • Setifikeiti sa ho reka thepa kantle ho naha.
  4. Ha kopo ya hao e atlehile dihlahiswa tsa hao tsa jwala di tla iswa ntlong e kgolo ya polokelo ya temo ka khontheinara.  Eya ntlokgolong ya polokelo ho ya neha mohlahlobi setifikeiti sa ho tlosa thepa mme o tsebe ho pakolla jwala ho tswa ka hara khontheinara.

Nako ya tshebetso

Ha ho nako e itseng e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Ditjeo ke bokae

Tariffs for 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Application for a certificate of removal

Dintlha tsa ho iteanya

 

Regional offices

Tel: 021 809 1660
Fax: 021 887 9457
E-mail: jeswaynen@dalrrd.gov.za
Physical address: Plant Quarantine Station, Polkadraai Road, Stellenbosch 7600
Postal address: Inspection Services – Stellenbosch, Private Bag X5015, Stellenbosch 7599

 

Share this page