Ho etsa kopo ya setefikeiti sa setswantle sa jwala

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka Mabapi le ho reka jwala kantle ho naha

Ha o batla ho reka jwala kantle ho naha kapa dihlahiswa tsa jwala ka bongata kapa ka dibotlolo (ho sa kenyeletswe biri) o bo tlisa Aforika Borwa, o lokela ho ba le setifikeiti sa ho reka kantle ho naha pele dihlahiswa tsa hao tsa jwala di ka lokollwa hore di fihle ho wena ho tswa boemelong ba makeno.

O etsa kopo ya setifikeiti sa ho reka kantle hanngwe feela, ho tloha moo nomoro ya setifikeiti sona seo e ka sebediswa kgafetsa ha feela sebopeho , dikahare, ho lekana ha botlolo le leibole ya sehlahiswa di sa fetohe.

O lokela ho etsang

  1. Fumana foromo ya kopo mme o e tlatse.
  2. Kenya foromo ya hao ya kopo mmoho le sampole e kenyelletsang bonyane sehlahiswa sa 750 ml seo o batlang ho se reka kantle dikantorong tsa Division Liquor Products ha o romela ka poso aterese ke Private Bag X5015, Stellenbosch, 7599 kapa o ka di isa ka seqo ho Plant Quarantine Station, FSQA, Polkadraai Road, Stellenbosch.
  3. Ha o batla ho reka jwala ka dibotlolo o lokela ho fana ka sampole e paketsweng ka dibotlolo tsa teng tsa nnete tse tla sebediswang ha bo rekiswa.  Leibole e botlolong e tla sekasekwa ho etsa bonnete ba hore e tsamaisana le ditlhoko tsa Molao wa Dihlahiswa tsa Jwala wa 1989.
  4. Haeba o reka jwala ka bongata o lokela ho fana ka sampole ka hara botlolo e tlwaelehileng ya 750ml.  Ha e a lokela ho ba botlolo ya nnete e tlo sebediswang bakeng sa thekiso hobane ho tlo sekwasekwa feela dikahare tsa jwala.
  5. Lefa tefello e behilweng (ka kontane feela).
  6. Pele o reka dihlahiswa tsa jwala kantle ho tla Aforika Borwa, o lokela ho fana ka tsebiso ya dihora tse 48 ho Lefapha la ho Auditha Boleng.
  7. Boemelong ba makeno, etsa kopo ya tumello ya ho tlosa jwala ho tloha boemelong ba makeno ho ya moo o batlang ho rekisa jwala teng ka hare ho naha ya Aforika Borwa.

Nako ya tshebetso

Ha ho na nako e behilweng bakeng sa tshebeletso ena.

Ditjeo ke bokae

Ditefiso tsa 2024/25

Diforomo tse tlatswang

Application for an import certificate

Dintlha tsa ho iteanya

 

Regional offices
Tel 021 809 1660
Fax 021 887 9457
E-mail   jeswaynen@dalrrd.gov.za
Physical address: Plant Quarantine Station, Polkadraai Road, Stellenbosch 7600
Postal address: Inspection Services – Stellenbosch, Private Bag X5015, Stellenbosch 7599
Web address: https://www.dalrrd.gov.za/Branches/Agricultural-Production-Health-Food-Safety/Inspection-Services/About-Us

Share this page