Ho ingodisa jwaloka Kholetjhe ya Poraevete ya Thuto le Thupello e Tswelangpele

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Dintlha ka mabapi le ho ingodisa jwaloka Kholetjhe

Ana institushene ya heno e batla ho fana ka dithuto tsa porofeshenale ka botlalo tse boemong ba 2 – 4 ba Moralo wa Tshebetso wa Dithuto tsa Porofeshenale. Ho fana ka dithuto tsena tsa porofeshenale, le tlameha ho ingodisa jwaloka kholetjhe ya FET ya poraevete le Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello ho ya ka Molao wa Dikholetjhe tsa Thuto le Thupello e Tswelangpele wa 2006 (Molao wa 16 wa 2006).

DiFET ke dikholetjhe tsa setjhaba kapa tsa poraevete tse thehilweng, tsa phatlalatswa/tsebiswa tlasa Molao wa Dikholetjhe tsa FET wa 2006, leha ho le jwalo, dikolo tse latelang ha di hlokehe ho ingodisa le DHET:

  • sekolo se fanang ka mananeo a thuto le thupello e tswelangpele tlasa Molao wa Dikolo tsa Aforika Borwa:
  • mokgatlo wa mmuso o fanang ka thuto le thupello

Diinstitushene tse fanang ka dithuto tse kgutswanyana, mananeo ao e seng a NQF kapa dikarolwana tsa dithuto tsa porofeshenale, ha di a anngwa ke boingodiso ho ya ka Molao wa FET (Molao wa 16 wa 2006).

O lokela ho etsang

  1. Tlatsa foromo ya kopo mme o e ise  DHET.
  2. Lefa tjhelete ya kopo e sa kgutlisweng ya R500 ho DHET ka tjheke, tjhelete ya ho posa kapa kontane.

Nako ya tshebetso

Ho ka nka dikgwedi tse fihlang ho tse tsheletseng ho ngodisa institushene ya heno.

Ditjeo ke bokae

Tariffs for 2023/24

Dintlha tsa ho iteanya

Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello
Porovense: Gauteng     
Motsetoropo/toropo: Pretoria     
Mohala: 012 312 5878     
Fekese: 012 323 9838     
Aterese ya bodulo: Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupello: Botsamaisi: Dikholotjhe tsa Poraevete tsa FET, Mokato wa 6, Phaposi ya 629, 123 Mmileng wa Schoeman, Pretoria.     
Aterese ya poso: Private Bag X174, Pretoria, 0001

 

Share this page