Laesense ya tshebeletso ya kgaso ya mo ditheong tse nyenyane

Dintlha ka
O lokela ho etsang
Nako ya tshebetso
Ditjeo ke bokae
Diforomo tse tlatswang
Dintlha tsa ho iteanya

 

 

Mabapi le laesense ya tshebeletso ya kgaso ya mo ditheong tse nyenyane

Molao wa Kgaso, wa 1999 (Molao wa 4 wa 1999), o hlalosa laesense ya tshebeletso ya kgaso mo ditheong tse nyenyane, jwalo ka tshebeletso ya kgaso ya mananeo a baahi, poraefete kapa a setjhaba moo bokgakala ba kgaso ena bo sa tlamehang ho feta wata e le nngwe.

Laesense ya tshebeletso ya kgaso mo ditheong tse nyenyane e ka fanwa ho ya ka mekgahlelo ena e latelang:

  • Ditshebeletso tsa kgaso ditheong tse nyenyane tse hasang mananeo a kgwebo – ditshebeletso tse sebetsang ho tloha le ho hasa lethathamong la mabenkele / ditsi, mabaleng a dipapadi, mabaleng a dipontsho le mafelong a dipontsho tseo o kenang ka hara tsona, kapa tshebeletso efe kapa efe eo Lekgotla le Ikemetseng la Dikgokahano la Aforika Borwa (Icasa) e ka fumanang e tshwaneleha.
  • Ditshebeletso tsa kgaso ditheong tse nyenyane tse hasang mananeo a setjhaba – ditshebeletso tse sebetsang ho tloha le ho hasa mahaeng a maqheku, dikgokelo pakeng tsa dibaka tsa ho rapela, dikgokelo pakeng tsa dibaka tsa ho rapela le mahae a maqheku, kapa tshebeletso efe kapa efe eo Icasa e ka fumanang e tshwaneleha.

Ka bobedi dilaesense tsa kgaso tsa setjhaba le tsa kgwebo di tla sebetsa ka dilemo tse tharo, mme laesense ya ketsahalo e ikgethang ya kgaso e tla sebetsa ka matsatsi a 30.

Seo o lokelang ho se etsa

  1. Hlwaya bokgafetsa bo tshwanelehang bakeng sa tshebediso ya kgaso e fokolang.
  2. Fumana sebaka sa kgaso le setsha sa phetisetso.
  3. Theha sehlopha sa tshebetso se tla ba le boikarabelo ba tshebetso ya kopo mme se sebetse e le mokopi lebitsong la bahlophisi ba ketsahalo.
  4. Sehlopha sa tshebetso se lokela ho:
    • bokella ditshaeno ho tswa setjhabeng
    • ngola moralo wa kgwebo
    • potlakisa kgetho ya demokrasi ya ditho tsa Lekgotla
  5. Kopa khopi ya foromo ya tshebeletso ya kgaso le kopo ya kabo ya letshwao la kgokelo ho tswa ho Icasa.
  6. Tlatsa foromo ya kopo ka letsoho, ka ho sebedisa ditlhaku tse kgolo.
  7. Nehelana ka foromo ya kopo ya sethatho le dikhopi tse 16 tsa yona tse nnetefaditsweng ho Icasa, hammoho le tefello ya kopo.

Dikopo tse sa tlatswang ka botlalo di tla kgutlisetswa ho mokopi mme ha ho boikarabelo bo tla jarwa le ho amohelwa bakeng sa tshitiso efe kapa efe e bakilweng ke sena.

Ho nka nako e kae

Tumello ya laesense ena e ka nka dikgwedi tse pedi ho isa ho tse tharo

Ho bitsa bokae

Ditekanyetso tsa ditefiso tsa 2020/21

Diforomo tse tlatsuwang

Foromo ya kopo e tla ba karolo ya ditlhophiso tse tla phatlalatswa ka hara Koranta ya Mmuso.

Dintlha tsa bao o ka iteanyang le bona

 

ICASA head office
Tel: 012 568 3000/3001
E-mail: info@icasa.org.za 

Physical address: 350 Witch-Hazel Ave, Eco-Park Estate, Centurion, 0144
Postal address: Private Bag X10, Highveld Park 0169

Regional offices

 

Share this page