Ho ngodisa lehae la tlhokomelo ya bana















Ho ngodisa mokgatlo o sa etseng diprofiti


Mabapi le ho ngodiswa ha Mokgatlo o sa etseng Diprofiti


Ha mokgatlo wa hao e se o etsang diprofiti athe hape e se le karolo ya mmuso, o ka etsa kopo ya ho e ngodisa. O ka romela kopo ya hao ya mokgatlo o sa etseng diprofiti (Nonprofit organisation - NPO) ofising e haufi le wena ya Provinse ya Ntshetsopele ya Setjhaba.


Ngodisa mokgatlo wa hao ho etsa hore e be o tshepahalang mahlong a bao ba ka thusang ka ditjhelete.


Mekgatlo e sa etseng Diprofiti (di-NPO) e kenyelletsa diterasete, dikhampani kapa di-asoseishene tse ding tsa batho tse theilweng bakeng sa morero wa setjhaba.


Ho ngodisa NPO ya hao ho molemo hobane setifikeiti sa teng:


  • se ntlafatsa ho tshepahala ha hao le menyetla ya ho thuswa ka ditjhelete.

  • se dumella mokgatlo wa hao ho bula akhaonte ya banka

  • se thusa mokgatlo wa hao ka dikgothaletso tsa lekgetho.


Ditlhoko tsa ngodiso:

Ho ngodisa, o lokela ho ba e nngwe ya tse latelang;


  • Mokgatlo o seng tlasa Mmuso (NGO)

  • Mokgatlo e Theilweng Setjhabeng (CBO)

  • Mokgatlo e Theilweng Bodumeding (FBO)


[Hodimo]


O lokela ho etsang


  • Tlatsa foromo ya kopo ya NPO e be o e romela ofising e haufi le wena ya Provinse ya Ntshetsopele ya Setjhaba.

  • Romela foromo ya kopo e tlatsitsweng ya NPO mmoho le dikhopi tse pedi tsa ditokomane tse theileng mokgatlo.

    • Terasete – Deeds of trust le lengolo la tumello ho tswa makgotleng a dinyewe

    • Section 21 – Setifikeiti sa incorporation le memorandamo le articles of association

    • Asoseishene ya Boithaopo – Molao wa Motheo

  • Ditokomane tsa ho thehwa ha mokgatlo tsa NPO di lokela ho ba le ditlhophiso tsa Karolo ya 12 (A-O) ya Molao wa Mekgatlo e sa Etseng Diprofiti, 1997. Ha o ka hloleha ho etsa hoo, kopo ya hao e tla hanelwa.

  • Ha o sa kgotsofala ka ho hanelwa kapa ho hlakolwa ha setifikeiti sa mokgatlo wa hao o ka etsa boipiletso phaneleng ya banamodi.

  • Hang ho ba o ngodiswe, mokgatlo wa hao o lebelletswe ho romela raporoto ya selemo dikgwedi tse robong ka mora ho fela ha selemo sa ona sa ditjhelete. Raporoto ya selemo e lokela ho ba le raporoto e hlalosang maemo le raporoto ya ditjhelete.

  • O ka romela kopo ya hao ofising e haufi le wena ya Provinse ya Ntshetsopele ya Setjhaba kapa wa e romela ka e-meile ho:


The Directorate

Non-profit organisations

Department of Social Development

Private Bag X901

Pretoria

0001


kapa wa e romela ka poso ho:


Department of Social Development

134 Pretorius Street

HSRC Building

Pretoria


Ela hloko:


  • Ke tlolo ya molao hore mokgatlo o sebetse jwalo ka ha e ka o ngodisitswe ho ba NPO empa ho se jwalo.

  • Mafapha a mangata a Mmuso a fana ka dithuso tsa ditjhelete bakeng sa ditshebeletso tse fapaneng.


[Hodimo]


Nako ya tshebetso


  • Ho ka nka nako e ka etsang dikgwedi tse pedi ho sebetsa ngodiso yohle.

  • Hang ho ba kopo ya hao e fumanwe, lefapha le tla romela lengolo la kananelo mokgatlong, ka mora moo, ho tla fanwa ka setifikeiti sa ngodiso ha kopo ya hao e fihlela ditlhoko tsa Molao wa Mokgatlo o sa Etseng Diprofiti, 1997.


[Hodimo]


Ditjeo ke bokae


Tshebeletso ena ke mahala.


[Hodimo]


Diforomo tse tlatswang


(Diforomo di fuwa ka tsela ya PDF. Ho bula ditokomane tsa PDF o tshwanela o be le Adobe Acrobat Reader 4 kapa hodingwana e kentsweng ho khompyuthara ya hao.)


Kopo ya ngodiso ya mokgatlo o sa etseng Dipoelo


[Hodimo]


 

Share this page