Tlaleho ya Kopano Kabinete ka Kgokahano ya Vidiyo ya Laboraro la la 3 Pudungwana 2021 

A.    Maemo a Renang Ha jwale
1.    Dikgetho tsa Mebuso ya Lehae (LGE) tsa Selemo sa 2021

1.1.    Kabinete e leboha bakgethi kaofela ba tshwanelehang ba ileng ba kgetha dikgethong tsa mebuso ya lehae tsa selemo sa 2021 ka Mantaha wa la 1 Pudungwana 2021. Dikgetho tsena, di tshwaile sehopotso sa bo-21 sa ho thehwa ha tsamaiso ya demokerasi ya mebuso ya lehae Afrika Borwa.
1.2.    Re thoholetsa mamellano, seriti le mamello tse bontshitsweng ke bakgethi letsatsing la dikgetho. Tsela e kgabane eo mekga ya dipolotiki e neng e hlodisana ka yona nakong ya dikgetho tsena tsa mebuso ya lehae, le ho runya ha baiketi ba sa leng batjha dilemong, ba ba basadi ka ho qolleha, ke bopaki ba ho sebetsa ha demokrasi ya rona e hlwahlwa.
1.3.    Kabinete e thoholeditse Khomeshene ya Dikgetho ya Afrika Borwa, mekga yohle ya dipolotiki, setjhaba le makala a qobello ya molao ka hara naha ka mekutu e kopanetsweng ya ho netefatsa dikgetho tse tletseng kgotso. Kabinete hape e thoholeditse boraditaba ka mosebetsi wa bohlokwa wa ho neha bakgethi tlhahisoleseding e batlehang ho ba thusa ho sebedisa tokelo ya bona ya demokrasi ya ho kgetha baetapele ba ratwang ke bona ba mebuso ya lehae.
1.4.    Kabinete e hopoditse Maarika Borwa ohle ho matlafatsa demokerasi ya rona ka ho nka karolo e mafolofolo diforamong le ditheong tse qobellang ba kgethuweng ho jara boikarabelo. Kabinete e boetse e ipileditse ho basebeletsi bohle ba sa tswa kgethwa ho phetha dikano tsa bona tsa dikgetho, le ho sebeletsa batho bohle ka ho lekana le ka ho hloka leeme.

2.    Kamohelo ya Diente
2.1.    Kabinete e thoholeditse Maafrika Borwa a kgethileng ho itshireletsa le baratuwa ba bona ka ho entela sewa sa Lefu la Kokwanahloko ya Khorona (COVID-19). Naha ya rona e se e sebedisitse diente tse fetang tse milione tse 22.
2.2.    Batho ba bararo ho ba bahlano ba dilemo di ka hodimo ho tse 50 naheng ya habo rona jwale ba se ba entuwe. Re lokela ho enta batho bohle ba dilemong tseo mafelong a selemo sena bakeng sa ho bolaya matla a leqhubu la bone le lebelletsweng.
2.3.    Letsholo le tlang la Vooma Vaccination Weekend ho tloha ka la 12 ho isa ka la 14 Pudungwana 2021, ke monyetla bakeng sa batho bohle ba sa entuwang hore ba itahlele ka setotswana ntweng ya setjhaba sa habo rona kgahlanong le COVID-19 ka ho hlaba diente tsa mahala ditsing tsohle tsa kentelo ho phatlalla le naha.
2.4.    Kabinete e hopoditse batho ho netefatsa hore ba hlaba ente ya bobedi ya Pfizer hore ba sireletsehe ka botlalo. Diente di thusa ho thibela ho kula ho matla, ho kena sepetlele kapa ho bolawa ke COVID-19.

3.    Motlakase
3.1.    Kabinete e a tseba ka ditshitiso le bothata ba ho kgaoha kgafetsa ha motlakase ho ammeng Maafrika Borwa matsatsing a moraorao tjena. Lefapha la Dikgwebo tsa Mmuso le sebetsa mmoho le Boto ya ha Eskom le botsamaisi ba teng ho netefatsa hore re fokotsa nako ya ho kgaoha ha motlakase jwalo ka letsatsi le ho fokotsa tlhokeho ya ho kgaolwa hona ha motlakase. 
3.2.    Lefapha la Matlotlo a Naha le sebetsa mmoho le Eskom bakeng sa ho e neha dikotelo tse nepahetseng tsa ho fumana dikarolo tsa tlatsetso tse batlehang bakeng sa ditokiso le tlhokomelo. Eskom e se e hatetse pele tabeng ya ho hira botjha basebeletsi ba nang le boiphihlelo – ho kenyeletsa baokamedi ba ditsi tsa tlhahiso – bakeng sa ho netefatsa hore seteishene se fehlang motlakase se sebetsa ka nepo ho kenyeletsa le ditshebeletso tse ding tse fapafapaneng tsa kgwebo ena.
3.3.    Mmuso o ipehetse nako e seng kae ho rarolla mathata ana a motlakase mme hape o etsa matsapa ohle ho theha ditsela le mekgwa e metjha ya ho fehla motlakase e tlang ho kengwa tshebetsong nakong e sa fediseng pelo. 
3.4.    Matsapa ana a kenyeletsa:

  • ho eketsa tekanyetso bakeng sa dikhamphane tse hlahisang motlakase ho ka hlahisa motlakase o fihlellang ho dimekawate (MW) tse 100 ntle le laesense;
  • phatlalatso ya baiketi ba 11 ba atlehileng bakeng sa Lenaneo la Theko ya Motlakase ho Bahlahisi ba Ikemetseng; le
  • Lenaneo la Bid Window Five la ho reka motlakase wa 2 600 MW o fehlwang ka mahlasedi a letsatsi le moya. 

3.5.    Leha Kabinete e tseba hore mathata aha jwale a motlakase a a nyahamisa le ho sitisa kgolo ya moruo, empa e na le tshepo ya hore mehato eo mmuso o e nkang bakeng sa ho bopa botjha le ho matlafatsa tsamaiso ya rona ya motlakase e tla qetella e ntlafaditse bokgoni ba naha ba tlhahiso ya motlakase.

4.    Matsete
4.1.    Afrika Borwa e tswelapele ho sebetsa jwalo ka sebaka sa matsete se hohelang dikgwebo tse itlhommeng pele lefatsheng ho tla atolosa ditshebeletso tsa tsona naheng ena.
4.2.    Khamphane ya ha Toyota e mona Afrika Borwa, e thakgotse sitsi sa tlhahiso sa bilione tse R2,6 mane Thekong ho la KwaZulu-Natal. Sitsi sena, se tla hlahisa mofuta wa pele wa makoloi a kgwebo a tsamaiswang ka motlakase Afrika Borwa. Sena ke karolo ya moralo o moholo wa khamphane ena e hlahisang makoloi wa ho eketsa maemo a yona a matsete.
4.3.    Ho thakgolwa hona ho etsahetse ka nako e tshwanang le phatlalatso ya khamphane ya matjhaba ya Sweden, Tetra Pak, e mane Thekong e hlahisang le hona ho phuthela dijo. Phatlalatso ena ke ya, ho eketsa matsete a yona ka milione tse R500ntlafatsong ya tlhahiso ya yona ya thepa ya ho phuthela.
4.4.    Aspen Pharmacare e butse feme e ntjha ya meriana e hlahisang Diprivan e le karolo ya matsete a bilione tse R3,2 ka ho aha ditsi tsa boemo ba matjhaba tsa tlhahiso ya dihlahiswa tsa tlhlwekiso mme sena sa fetola sitsi se Gqeberha ho la Kapa Botjhabela ho ba lepatlelo le tswetseng pele ka ho fetisisa la meriana kontinenteng ya Afrika. Moriana ona nakong e fetileng o ne o rekwa dinaheng tsa kantle mme o sebedisetswa mabaka a mangata dipetleleng tsa Afrika Borwa ho kenyeletswa le ha ho etswa diophareishene, mme o ne o boetse o sebediswa bakeng sa ho alafa bakudi ba COVID-19 ba neng ba hema ka metjhini le ba diphaposing tsa ba kulang haholo.
4.5.    Kabinete e boetse e amohetse matsete a moraorao tjena a bahlahisi ba makoloi, Isuzu Motors, moruong wa naha. Khamphane ya ha Isuzu Motors e mona Afrika Borwa, e thakgotse sitsi sa tlhahiso mane Struandale, Gqeberha. Isuzu e tsetetse bilione tse R1.2 lenaneong la yona la ho hlahisa mofuta o motjha wa divene Afrika Borwa le dinaheng tse ka borwa ho lehwatata la Sahara. 
4.6.    Sitsi sena sa tlhahiso sa Isuzu se tla hlahisa mesebetsi e 1 000 femeng ya yona e Gqeberha, le ditsing tsa thekiso ho phatlalla le naha mmoho le matjhabeng, esitana le mesebetsi e emeng e ka bang 25 000 ho bahlahisi ba dikarolwana ba balwang ka makgolo ho phatlalla le naha.
4.7.    Matsete ana a mararo, a tla ntshetsapele lenaneo la tlhahiso ya lehae leo ho boletsweng ka lona Moralong wa Tsoseletso le Kahobotjha ya Moruo le neng le thakgolwe ke Motlotlehi Mopresidente Cyril Ramaphosa ka Mphalane 2020. Matsete ana, a tla eketsa dibilione tsa diranta tlhahisong ya selemo ka seng ya dihlahiswa tsa lehae. Matsete a mabedi ho ona beng ba ona ba ne ba tshepisi ka ona Kopanong ya ho feta ya Matsete ya Afrika Borwa mme jwale difeme tsa teng di qadile ka tlhahiso, mme sena se hlahisitse mesebetsi e metjha ya bohlokwa.

5.    Dikopo tsa Selemo sa 2022 tsa Letlole la Naha la Dithuso tsa Ditjhelete tsa Baithuti (NSFAS) 
5.1.    Kabinete e hopoditse baithuti le batjha ba sa keneng sekolo le ba tswang malapeng a futsanehileng le a sa fumaneng meputso e hodimo ho kenya dikopo tsa bona bakeng sa selemo sa dithuto sa 2022. Dikopo bakeng sa dithuso tsa NSFAS di tla kwalwa ka Labohlano la la 7 Pherekgong 2022. 
5.2.    Nako ena ya dikopo e buletswe le baithuti ba seng ba ngodisitswe ditsing tsa thuto, empa ba se na tjhelete ya ho lefa mme ba lokelwa ke ho thuswa ke NSFAS.
5.3.    Ha o batla ho tseba haholwanyane ka mokgwa wa ho kenya kopo ya letlole, letsetsa 08000 67327 kapa o etele www.nsfas.org.

6.    Ditlhekefetso le Dipolao tsa Basadi (GBVF)
6.1.    Kabinete e amohetse kahlolo ya ho hlola bophelo bohle tjhankaneng ka makgetlo a mararo e sa tswa fuwa mabeta le mmolai, Mfanasibili Cornelius Mnisi ya dilemo di 29 ke Lekgotla le Phahameng la Dinyewe la Mpumalanga, Mbombela. Kahlolo ena e matla, e bontsha ka moo ditshebeletso tsa toka di lwantshang ka matla ka teng diketso tsena tsa GBVF.
6.2.    Ha re ka sebetsa mmoho le sepolesa sa rona, le makala a mang a qobello ya molao, re ka netefatsa hore diterata le metse ya habo rona di bolokehile bakeng sa bohle. Kaofela ha rona re lokela ho fadimeha le ho tlaleha diketsahalo tse amanang le GBVF sepoleseng le ho letsetsa Sitsi sa Naha sa Dikeletso ka GBVF: 0800 428 428 kapa Mohaleng wa ho tlaleha Tlhekefetso tsa Bonng: 0800 150 150/*120*7867#.
6.3.    Mmuso o tla nka karolo letsholong la Matsatsi a 16 a Twantsho ya Tlhekefetso tsa Basadi le Bana – ho tloha ka la 25 Pudungwana (Letsatsi la Matjhaba la ho Thibela Tlhekefetso tsa Basadi) ho isa ka la 10 Tshitwe (Letsatsi la Matjhaba la Ditokelo tsa Botho) – ho matlafatsa temoso ya sekgobo sena sa GBVF naheng ena.

7.    Phumulodikeledi ho Mahlatsipa a Dipolao tsa Mehleng ya Mmuso wa Kgethollo
7.1.    Kabinete e amohetse phatlalatso ya moraorao tjena ya Letona la Toka le Ditshebeletso tsa Tlhabollo ya Batshwaruwa, Ronald Lamola, ya moifo o ikgethang wa mafokisi le batjhutjhisi ba mmuso o tla sebetsana ka ho qolleha le dinyewe tseo esale di emisitswe tsa Khomeshene ya Nnete le Poelano.
7.2.    Moifo ona o ikgethang, o tla nehwa mosebetsi wa ho shebana le dipolao tse ka thoko ho makgotla a dinyewe tse entsweng ke sepolesa sa tshireletso sa mmuso wa kgethollo. Mehato ya mofuta ona, e tla potlakisa ho phethelwa ha dinyewe tsena e le hore malapa a mahlatsipa a dipolao tsena a tle a kgone ho fumana phomolo moyeng.

8.    Boemo ba Sepolotiki Boreneng ba Swatsing 
8.1.    Kabinete e lemohile le ho amohela ho kenella ha Motlotlehi Mopresidente Ramaphosa – boemong ba hae jwalo ka Modulasetulo wa Ntshetsopele ya Dinaha tse Afrika e ka Borwa (SADC) ho Lekala la Dipolotiki, Tshireletso le Tshebedisano, ho tsa Polokeho – maemong a sepolotiki a Boreneng ba Swatsing. 
8.2.    Kopano ya Mopresidente Ramaphosa le Motlotlehi Morena Mswati wa boraro ka Labobedi la la 2 Pudungwana 2021, e latela leeto la moo Swatsing la Baromuwa ba Ikgethang ka la 21 le la 22 Mphalane 2021. Mopresidente – boemong ba hae jwalo ka Modulasetulo wa Lekala la Dinaha tse Tharo tse Ikgethileng tsa SADC, le bopilweng ke Namibia (e tla kena), Afrika Borwa (e etelletseng pele ha jwale) le Botswana (e tswang) – le laetse Baromuwa ba Ikgethang ho rerisana le Borena ba Swatsing mabapi le tshireletso le maemo a renang a sepolotiki naheng eo.
8.3.    Kabinete e amohetse tumellano ya hore Borena ba Swatsing bo tla kena letsholong la ho theha moifo wa naha wa dipuisano. Kabinete e ipiletsa ho bankakarolo bohle Swatsing ho sebetsa mmoho ho fedisa dikgoka le dikgohlano mme ba tlise kgotso le kgutso naheng eo.

B.    Tshisinyo ya Molao
1.    Tshisinyo ya Ntlafatso ya Molao wa Botlokotsebe (Ditsamaiso tsa Diforensiki) wa Selemo sa 2021

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho tliswa Palameneteng ha Tshisinyo ya Ntlafatso ya Molao wa Botlokotsebe (Ditsamaiso tsa Doforensiki) ya Selemo sa 2021 ho tla sekasekwa. Dintlafatso tsena tse lohothwang, di fana ka ditsela tsa ho qobella ho etswa diteko tsa lefutso (DNA) tsa lehano ho batho ba hlahletsweng tjhankaneng ka lebaka la ditlolo tsa molao tsa Sekejule 8.
1.2.    Ditlolo tsa molao tsa Sekejule 8 di kenyeletsa, tlhekefetso ya motabo, tlatlapo, kgwebisano ka batho le polao ntle le maikemisetso. Diteko tsena tsa lefutso di tla potlakisa dinyewe tsa ba iphetang ditlolong tsa molao. 
1.3.    Tshisinyo ena ya molao e tla boela e thusa ho thehweng ha pokeletso e pharaletseng ya dintlha tsa lefutsomolemong waho matlafatsa ntwa kgahlano le botlokotsebe ka ho etsa hore ho be bobebe ho sepolesa hore se fumane bopaki e le hore se tle se kgone ho fuputsa le ho rarolla ditlolo tse mpe tsa molao ka potlako. 

C.    Ketsahalo e Tlang

1.    Tlaleho ya Leano la Ditekanyetso tsa Ditjhelete la Nako e Bohareng (MTBPS)
1.1.    Letona la Ditjhelete Enoch Godongwana le tla teka MTBPS Palamenteng ka Labone, la la 11 Pudungwana 2021. Tlaleho ena, e tla fana ka dintlha tsa ntlafatso tsa ditekanyetso tsa naha ho netefatsa maemo a tsitsitseng a ditjhelete tsa naha. 
1.2.    MTBPS e teka matsapa a naha a ha ho lwantsha diqholotso tse teng moruong ka lebaka la kgahlamelo ya COVID-19 le ho sebetsana le dintlha tsa nako e telele tsa kaho ya moruo.
1.3.    MTBPS ke kgoeletso ho makala ohle a setjhaba ho ema le hona ho sebetsa mmoho ho ntlafatsa moruo le ho ntshetsapele tlhahiso ya mesebetsi. Kabinete e na le tshepo ya hore MTBPS e tla boela hape e bontsha boitlamo ba mmuso ba ho aha moruo wa moshwelella ka ho sebedisana le makala ohle a setjhaba. 

D.    Molaetsa

1.    Dithoholetso
Kabinete e fetiseditse dithoholetso tsa yona le ditakaletso tse molemo ho: 

  •  Mme Lalela Mswane (24), ka ho phatlalatswa jwalo ka Mmabotle wa Afrika Borwa wa selemo sa 2021 ka la 16 Mphalane mane Kapa. Tlholo ya hae ke sesupo sa hore katleho e ka fihlellwa ka boitelo le ho sebetsa ka thata.
     

E.    Khiro
1.    Ntate Robert Nkuna, eo konteraka ya hae jwalo ka Molaodi-Kakaretso (DG) Lefapheng la Meralo, Bodisa le Tekolo e ekeditsweng ka dilemo tse hlano. 
2.    Ntate Robert Mooketsa Ramasodi jwalo ka DG Lefapheng la Temothuo, Tlhabollo ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng. 
3.    Mme Mohlago Flora Mokgohloa jwalo ka Motlatsi wa DG (DDG): Tlhaho le Paballo Lefapheng la Meru, Botshwasi ba Ditlhapi le Tikoloho.
4.    Mme Rirhandzu Sharon Mashava jwalo ka DDG: Meralo e Kopanetsweng ya Dipalangwang Lefapheng la Dipalangwang. 
5.    Mme Mameetse Primrose Masemola jwalo ka DDG: Meralo ya Dibopeho tsa Matsete – ho Dibopeho tsa Afrika Borwa Lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba le Dibopeho tsa Motheo (DPWI). 
6.    Mme Carmen Joy Abrahams jwalo ka DDG: Lenaneong la Katoloso ya Mesebetsi ya Setjhaba ho DPWI. 
Kabinete e thathiselleditse khiro ya Ditho tsa Boto ho ya ka tlhahlobisiso ya mangolo a tsona a thuto le a mang a hlokahalang.

7.    Boto ya Batsamaisi ya Tshebeletso ya Matsete a Mmuso:
(i)    Ngaka David Masondo (Modulasetulo);
(ii)    Ntate Frans Baleni;
(iii)    Mme Ntombifuthi Mtoba;
(iv)    Mme Tryphosa Ramano;
(v)    Moprofesara Bonke Dumisa;
(vi)    Mme Esther Barbara Watson;
(vii)    Mme Beverly Bouwer;
(viii)    Ntate Mongwena Mugwena Maluleke;
(ix)    Ntate Walter Hlaise;
(x)    Ntate Lufuno Mulaudzi;
(xi)    Ntate Abel Sithole;
(xii)    Ntate Brian Mavuka; le 
(xiii)    Mme Makano Mosidi.

8.    Kabinete e kgethile ho ikamahanya le qeto ya lekgotla e laetseng ho kgutlisetswa ditulong ha ditho tsa Boto ya Balaodi ba Umgeni Water.
(i)    Mme Ziphozethu Mathenjwa (Modulasetulo);
(ii)    Moprofesara Thandwa Mthembu;
(iii)    Ntate Siboniso Shabalala;
(iv)    Ntate Mduduzi Eric Zakwe;
(v)    Mofumahadi Chamane Nompumelelo Beata;
(vi)    Ntate Visvin Reddy;
(vii)    Ntate William Mapena;
(viii)    Ntate Teboho Nkhahle;
(ix)    Mme Linda Ngcobo;
(x)    Mme Bongekile Zulu;
(xi)    Ntate Suleman Badat;
(xii)    Mme Mbali Barbara Ndlovu; le 
(xiii)    Moadvokheiti Simosenkosi Chamane. 

Dipotso:
Mme Phumla Williams – Sebuelli sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139
 

Share this page

Similar categories to explore