Tlaleho ya Diphetho tsa Kopano ya Kabinete ya Laboraro la la 27 Loetse 2023

A.    Ditaba tse Itlhommeng Pele 

1.    Lekgotla la Kakaretso la Matjhaba a Kopaneng (UNGA) 

1.1.    Kabenete e ananetse puo e tshetlehilweng ke Moporesidente Cyril Ramaphosa ho UNGA ya bo-78 e neng e tshwaretswe New York, Amerika ho tloha ka la 18 ho ya ho la 26 Loetse 2023.
1.2.    Puo ya Moporesidente e ananetsweng ke ba bangata e tobokeditse boemo ba Afrika Borwa ba ho lwanela ditabatabelo le seabo se nang le tekano le matla tsa kontinente ya Afrika le Dinaha tse Ntseng di Tswela Pele, ka kakaretso, ho UN le dibakeng tse ding tse kopanyang dinaha tse fapaneng. 
1.3.    Puo e boetse ya toboketsa maikemisetso a Afrika Borwa ho batleng tshehetso bakeng sa: 
(a)    tsoseletso ya boinehelo tshebedisanong ya dinaha, ho itshetlehilwe melaong e hlakileng mme tshebedisano ena e tshehetswa ke ditheo tse sebetsang hantle. 
(b)    ho tliswa ha diphetoho Lekgotleng la Tshireletseho la Matjhaba a Kopaneng (UNSC), molemong wa ho hlakisa motheo wa tekano ya dinaha tse ikemetseng le ho thusa UNSC ho arabela ka katleho maemo a teng pakeng tsa dinaha tse fapaneng. 
(c)    hore dinaha tse tswetseng pele di eketse thuso ya tsona ya ditjhelete molemong wa ho kenya tshebetsong Morero wa 2030 wa Ntshetsopele ya Moshwelella, le hore di fihlelle maikemisetso a tsona a diphetoho tsa tlelaemete ka mokgwa o phethahetseng le o momahaneng, ho kenyeletsa tlhokeho ya ho potlakisa ho kenya tshebetsong Letlole la Tahlehelo le Tshenyehelo la dinaha tse kotsing tse anngweng habohloko ke dikoduwa tsa tlelaemete, jwalokaha ho dumellanwe Sesheneng ya Seboka sa Dinaha le Mekgatlo sa bo-27 se neng se tshwaretswe Egepeta ka Pudungwana 2022. 
1.4.    Moporesidente Ramaphosa o tobokeditse le boinehelo ba Afrika Borwa ba ho tswela pele ka ho sebetsana le diphetoho tsa tlelaemete le ho beha naha boemong ba boetapele ntlheng tse amanang le motlakase wa mehlodi ya tlhaho, motlakase o hlahiswang ka metsi, le ho thehwa ha diindasteri tsa ho ya ho ile. 
1.5.    Moporesidente Ramaphosa o boetse a tshetleha puo Sebokeng sa ho Ntshetsa Pele Thibelo ya Sewa, ho Itokisetsa sewa le ho se Lwantsha, jwaloka Moetapele wa Kopano ya Afrika Twantshong ya Lefu la Vaerase ya Corona (COVID-19).

2.    Lenaneo la Afrika Borwa la Dikopano le Dinaha tse Ding ka Thoko ho UNGA ya bo-78 

2.1.    Moporesidente Ramaphosa o etelletse pele moifo wa mmuso ka thoko ho UNGA ya bo-78, molemong wa ho tshwara dikopano tse fapaneng le dinaha tse ding tseo sepheo ka tsona e leng ho matlafatsa dikamano tsa mawa, dipolotiki, matjhaba le tsa kgwebisano. 
2.2.    Moporesidente o kopane le Volodymyr Zelensky wa Ukraine ba buisana ka kgatelopele e bonahalang mehatong ya ho aha boitshepo e etellwang pele ka mokgwa wa Boiteko ba Kgotso ba Afrika, le tse ding. 
2.3.    Moporesidente Ramaphosa o boetse a tshwara dikopano le: 
2.3.1.    Moporesidente Recep Tayyip Erdoğan wa Türkiye, mabapi le ho tiiswa ha dikamano pakeng tsa Afrika Borwa le Turkey, le ho buisana ka maiteko a kgotso a amanang le ntwa pakeng tsa Russia le Ukraine. 
2.3.2.    Moporesidente Bola Tinubu wa Nigeria, ka ho matlafatsa maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le Nigeria. O boetse a behwa sehlohlolong ka boiteko bo etellwang pele ke Mokgatlo wa Moruo wa Dinaha tsa Bophirima ba Afrika mabapi le ho tsohelwa ha puso matla Niger, le ka maiteko a ho kgutlisa puso ya demokrasi lebatoweng la Sahel.
2.3.3.    Moporesidente Emmerson Mnangagwa wa Zimbabwe, ka maiteko a mmuso wa Zimbabwe a ho tiisa kahobotjha ya naha eo kamora dikgetho tsa morao tjena. 
2.4.    Moporesidente Ramaphosa o boetse a ba le seabo Dipuisanong tsa Kgwebo tsa Amerika (US) le Afrika Borwa tsa Kgwebisano le Botsetedi, tse neng di kenyeletsa baetapele ba tsa kgwebo ba Afrika Borwa le Amerika. Amerika e na le dikhampani tse fetang 600 Afrika Borwa, mme puisano tsena di ne di le bohlokwa matlafatsong e ntseng e tswella ya maqhama pakeng tsa Afrika Borwa le Amerika. 
2.5.    Nakong eo ho tsebahaditswe semmuso hore Kopano ya bo-20 e mabapi le Tshebedisano Kgwebisanong le Moruong ya Amerika le Dinaha tse borwa ba Lehwatata la Sahara, Afrika (AGOA), e tla tshwarelwa Johannesburg ho tloha ho la 2 ho ya ho la 4 Pudungwana 2023. Kopano ena e tla boela e be le ‘Pontsho ya tse Entsweng Afrika’ e tla pepesa metjha ya dihlahiswa ya mabatowa, Afrika. 
2.6.    Moporesidente Ramaphosa o bile teng tsebahatsong ya tshebedisano pakeng tsa Novo Nordisk le Aspen. Ka tshebedisano ena ho tla hlahiswa insulin, khampaning ya Aspen e hlahisang meriana, Gqeberha, Kapa Botjhabela. Sepheo ka tshebedisano ena ke ho fana ka tekanyo tsa insulin tse fetang dimiliyone tse 16 isao, mme di tla eketswa ka 2026. Sena se tla matlafatsa phihlello ya pheko ena kontinenteng ka bophara, eseng Afrika Borwa feela. 

3.    Motlakase

3.1.    Kabinete e ananetse ho nehwa ha Khampani ya Naha ya Phetiso ya Afrika Borwa dikopo tsa dilaesense tsa ho hweba le ho tlisa/romela, ke Bolaodi ba Naha ba Eneji Afrika Borwa, mme sena se bula ditsela tsa ho fumana motlakase lebatoweng. 
3.2.    Ho kgutla ha tshebetso Yuniting ya Bone ya Seteishene sa ho fehla Motlakase sa Kusile kamora hore e lokiswe ho kgutliseditse dimekawate tse 800 keriting. Ketsaholo ena e bohlokwa ntlafatsong ya ho fehlwa ha motlakase bakeng sa keriti ya naha, le twantshong ya ho kgaolwa ha phepelo kgafetsa. 
3.3.    Kabinete e boetse ya tsebiswa ka kgatelopele Diyuniting tsa 1, 2, le 3 tsa Kusile tse kgutletseng tshebetsong pele ho nako e behuweng. 
3.4.    Kabinete e ananetse diqeto tsa hlahlobo ya Tshebeletso ya Matsete ya Moody’s e reng ho na le botsitso Eskom, e leng botsitso bo tla ntlafatsa ho tshepelwa ha Eskom ho lefa ditjhelete tseo e di adimilweng, mme sena se thuse khampani ena ho itokisetsa ho kenya tshebetsong merero ya yona ya ho lokisa disebediswa tsa ho fehla motlakase.

4.    Paballo ya Metsi 

Kabinete e tsebisitswe ka matsapa a ho sebetsana le mathata a metsi a amang dibaka tse ngata naheng ena. Letona la Metsi le Bohlweki, Monghadi Senzo Mchunu le boramotse ba metsemeholo e meng Gauteng ba tla fana ka tsa moraorao mabapi le maiteko a ho tsitsisa phepelo ya metsi provenseng. 
4.1.    Kabinete e hopotsa bohle hore Afrika Borwa ke naha e nang le kgaello ya metsi. Maafrika Borwa le bohle ba naheng ena ba tlameha ho baballa metsi le ho a sebedisa ka hloko. 

5.    Ditaba tsa Kgwebisano 

5.1.    Kopano ya Khomeshene ya Dinaha tse Pedi ya Afrika Borwa le Lesotho (BNC) le Dihlopha tsa Matona

5.1.1.    Kopano ya Afrika Borwa le Lesotho ya BNC le Dihlopha tsa Matona e neng e tshwerwe ho tloha ka la 25 ho ya ho la 28 Loetse 2023 e ne e tsepame tshebedisanong ho tsa moruo, dintlha tse amang meedi le bolokolohi ba ho itsamaela ha batho, ba ho tsamaiswa ha thepa le ditshebeletso pakeng tsa dinaha ka bobedi. 
5.1.2.    Moporesidente Ramaphosa le Tonakgolo Samuel Ntsokoane Matekane e tla ba baduladitulo Kopanong ya Pele ya BNC pakeng tsa Afrika Borwa le Lesotho ka Labone la la 28 Loetse 2023. BNC e tla shebana le tse amanang le maqhama pakeng tsa dinaha tsena tse pedi, tshireletso le polokeho, metsi, dipalangwang, motlakase le kgwebisano. 
5.2.    Patlisiso ya Maemo a Tlhodisano Dikgwebong tse Inthaneteng
5.2.1.    Kabinete e fumane tlaleho e tswang Khomesheneng ya Ditlhodisano e mabapi le diphetho le mehato ya tokiso ka Patlisiso ya maemo a Tlhodisano Dikgwebong tse Inthaneteng. Kabinete e thoholeditse mosebetsi wa khomeshene wa ho shebana le dingongoreho tsa monopholi mapatlelong a dikgwebo tsa inthanete a kenyeletsang dikgwebo, mekgatlo ya inthaneteng ya boeti, tsamaiso ya dijo, mabenkele a di-app, dipapatso tsa dihlahiswa le ditshebeletso le motjha wa ho batla lesedi inthaneteng. 
5.2.2.    Kabinete e laetse Matona a mafapha a mmuso a amehang ho ikamahanya le dikgothaletso tsa patlisiso ena molemong wa ntlafatso, le ho lekola kamoo e ka amang maano kateng le hore mafapha a sebedise diphetho ho tlisa diphetoho maanong a mafapha molemong wa hore beng ba dikgwebo tse nyenyane, tse bohareng le tse kgolo ba be le seabo se matla kgodisong ya dikgwebo inthaneteng. 

6.    Lefu la Dikgoho

6.1.    Kabinete e hlokometse ho qhoma ha jwale ha vaerase e bakang lefu la ntaramane ya mefuta ya (HPAI) H5 le H7 indastering ya dikgoho Afrika Borwa. Kapa Bophirima le KwaZulu-Natal di hlasetswe ke ho qhoma ha HPAI H5 ha HPAI H7 e tlalehwa diprovenseng tsa Gauteng, Limpopo, Mpumalanga le Bokone Bophirima. Ho kentshwe tshebetsong mehato ya ho laola ho ata ha mafu ana mme beng ba dipolasi ba kgothaletswa ho latela metjha e behilweng ya ho lwantsha lefu lena. 
6.2.    Ho qhoma ha lefu lena ho sitisa paballo ya dijo mme ho ka nna ha kenngwa tshebetsong mehato ya kgwebisano ya ho romela dihlahiswa kantle le ho laola phumaneho ya mahe a qhotswang, a jewang le nama ya kgoho. Lefapha la Temo, Kabobotjha ya Naha le Ntshetsopele ya Metse ya Mahae, Bolaodi ba Dihlahiswa tsa Bophelo bo Botle Afrika Borwa le indasteri di hlahloba dikopo tsa ho ngodiswa ha diente tse ka sebediswang, ka mehato ya ho ikobela melao e nkang polokeho, tshebetso e ntle le boleng di le bohlokwa bakeng sa ho ngodiswa ha diente tseo. 

7.    Ntwa e Momahaneng Kgahlano le Bosenyi 

7.1.    Kabinete e ananetse ho behwa sehlohlolong ka ntwa kgahlano le bosenyi, le setjhaba sa behwa sehlohlolong ke Letona la Mapolesa Mokgenerale Bheki Cele, le Popeho e Kopanetsweng ya Tshebetso le Mautlwela ya Naha. 
7.2.    Motjha wa makala a fapaneng hodima ho rafa le ho falla ho seng molaong Kapa Leboya ho bakile hore ho tshwarwe batho ba 867, bongata ba bona e le ba tswang Lesotho, Zimbabwe, Mozambique le Maafrika Borwa a seng makae. Kabinete e bile ntswe leng le mekgatlo e kenyang molao tshebetsong e reng Maafrika Borwa a patang disenyi tse rafang di sa dumellwa a tla nkelwa mehato ya molao. 

8.    Maemo a Fetelletseng a Lehodimo

8.1.    Maemo a lehodimo a fetelletseng a naha ke sesupo sa kameho ya diphetoho tsa tlelaemete maphelong a rona le tlhokeho ya mehato ya moshwelella e lokelang ho nkuwa e kenyeletsang diphetoho tlhahisong ya motlakase nakong eo ho tsitlalletsweng ntshetsopele ya ho ya ho ile. 
8.2.    Kabinete e ntse e behwa sehlohlolong ka tshenyo e bakilweng ke difefo tse matla le merwallo Kapa Botjhabela, Kapa Bophirima le Gauteng, mme ho na le ditlhokomediso tsa hore maemo ana a ka fetela diprovenseng tse ding. 
8.3.    Kabinete e ipiletsa ho baahi ho dula ba le sedi bakeng sa ditlhokomediso tse ding tsa maemo a feteletseng a lehodimo, a ka bakang tshenyo e nngwe e mpe naheng. 
8.4.    Mmuso o tswela pele ho tshehetsa ba ditshebeletso tsa tshohanyetso le ditsi tsa taolo ya dikoduwa tsa pholoso le ho fana ka dithuso ho ba di hlokang. 

9.    Mmila wa Winnie Mandela 

9.1.    Kabinete e ananetse ho rehwa botjha ha Mmila wa William Nicol Sandton e eba Mmila wa Winnie Mandela jwaloka mohato wa bohlokwa ho ngolweng botjha ha nalane ya Afrika Borwa le ho bontsha seabo sa ba lwanetseng tokoloho ya rona. 
9.2.    Ketsahalo ena e bile ka letsatsi leo Winnie Madikizela-Mandela a ka beng a qetile dilemo tse 87 ka lona la 26 Loetse 2023. 

B.    Diqeto tsa Kabinete 

1.    Leano le Lokisitsweng la Nama ya tse Hlaha la Afrika Borwa 

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho kenngwa tshebetsong ha Leano le Lokisitsweng la Nama ya tse Hlaha la Afrika Borwa, leo sepheo ka lona e leng ho hlophisa le ho tlisa diphetoho indastering ya nama ya tse hlaha. 
1.2.    Sepheo ka leano ke ho matlafatsa lekala la nama ya tse hlaha jwaloka lekala le ka fanang ka nama nako e telele le le ka bang le seabo kgolong ya moruo ka ho theha mesebetsi. 
1.3.    Afrika Borwa e boemong ba pele kontinenteng ya Afrika ka tlhahiso ya nama ya tse hlaha. Leano lena le tla netefatsa hore ho thehwa mesebetsi e 202 666 indastering ya nama ya tse hlaha pele ho feta 2030. 
1.4.    Leano le tla phatlalatswa websaeteng ya Lefapha la Meru, Botshwasi le Tikoloho e leng: www.dffe.gov.za.

2.    Leano le Leholo la Lekala la Bohahlaudi 

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana ho amahanngwa ha Morero wa Tsoseletso ya Lekala la Bohahlaudi le Morero o motjha o Moholo wa Bohahlaudi. 
2.2.    Karolo ya bohlokwa ya Morero o Moholo ke ho bebofatsa kameho ya sewa sa COVID-19 lekaleng la bohahlaudi. E boetse e fana ka tataiso ya kamoo bohahlaudi bo ka tsoseletswang kateng le ka ho phethahala naheng ena. Erekaha sepheo ka Morero wa Tsoseletso ya Lekala la Bohahlaudi e ne e le ho bebofatsa ho pholoswa ha lekala lena, ho boloka mesebetsi le ho sireletsa mekgwa ya boiphediso, Morero o Moholo o tla lebisa mosebetsi ona boemong bo bong mme o thuse ho thehweng ha menyetla e metjha lekaleng lena. 
2.3.    Morero ona o sisinya mawa a supileng a mekgwa ya ho thusa, ho netefatsa hore lekala la bohahlaudi le kgutlela maemong a lona a pele a matle, le hore lekala le kgontsha ho thehwa ha mesebetsi le dikgwebo. 
2.4.    Indasteri ya bohahlaudi e na le seabo sa bohlokwa moruong mme e thehile mesebetsi e 725 000 pele ho sewa sa COVID-19. 

C.    Dibili

1.    Bili ya Lekgotla la Kgaso la Afrika Borwa (SABC) ya 2023

1.1.    Kabinete e tjhaetse monwana tlhahiso ya Bili ya SABC ya 2023 palamenteng. 
1.2.    Ha e se e le molao, Bili e tla hlakola Molao wa jwale wa Kgaso wa 1999 (Molao wa 4 wa 1999). Diphetoho tsena di tla matlafatsa tshebetso e kgabane kgasong ya setjhaba. 
1.3.    Bili ena e boetse e hlahisa hore ho be le diphetoho mokgweng wa SABC wa ho iketsetsa ditjhelete le mokgwatshebetsong wa dilaesense tsa dithelevishene. 

2.    Moralo wa Bili ya Tlhomathiso wa Ditshebeletso tsa Metsi 

2.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya Bili ya Tlhomathiso wa Ditshebeletso tsa Metsi hore setjhaba se ntshe maikutlo ka yona. 
2.2.    Maikemisetso a ka sehloohong ka Bili ke ho matlafatsa boikarabelo ba ba fanang ka ditshebeletso tsa metsi le ho tlisa botshepehi. 
2.3.    Diphetoho Molaong wa Ditshebeletso tsa Metsi wa 1997 (Molao wa 108 wa 1997) di tla netefatsa hore ba fanang ka ditshebeletso tsa metsi ba nehelana ka metsi a boleng bo hodimo e le karolo ya dipehelo tsa dilaesense. 
2.4.    Diphetoho di tla boela di sebetsane le bofokodi bo hlwauweng lekaleng la ditshebeletso tsa metsi. 
2.5.    Bili e beha bonyane ba metheo bakeng sa tshebetso ya ba nehelanang ka ditshebeletso tsa metsi, e tlamehang ho kenngwa tshebetsong ke balaodi ba Ditshebeletso tsa Metsi. 

3.    Moralo wa Bili ya Tlhomathiso ya Naha ya Metsi 

3.1.    Kabinete e tjhaetse monwana phatlalatso ya moralo wa Bili ya Tlhomathiso ya Naha ya Metsi hore setjhaba se ntshe maikutlo ka yona. Bili ena e lokisa Molao wa Naha wa Metsi wa 1998 (Molao 36 wa 1998). 
3.2.    Diphetoho tsena di tla ntlafatsa melawana mme di netefatse hore mehlodi ya metsi ya naha e laolwa, e sireletswe le ho baballwa hantle. 
3.3. Setshwantsho sena sa molao se boetse se etsa ditshisinyo tse mabapi le ho fediswa ha ho se lekane kabong ya metsi ho bakilweng ke kgethollo, mme se fana ka metjha ya kahare ya ho rarolla dikgohlano e sebetsang hantle le ka potlako. 

D.    Khiro 

Mangolo a thuto a ba hirwang a a netefatswa mme ho netefatswe le hore ha ba e so ka ba tlola molao.
1.    Monghadi Kuberndran Moodley jwaloka Motsamaisi Kakaretso: Tlhahiso le Boenjeniri Mesebetsing ya Bohatisi ya Mmuso. 
2.    Monghadi Sihle Ngubane jwaloka Motsamaisi Kakaretso: Botsamaisi ba Ditshebetso Mesebetsing ya Bohatisi ya Mmuso. 
3.    Mme Mmolaeng Mooki jwaloka Motsamaisi Kakaretso: Ditshebeletso tsa Tshehetso Mesebetsing ya Bohatisi ya Mmuso. 

4.    Khiro ya Balaodi bao e seng ba Phethahatso Botong ya Mokgatlo wa Inshorense ya Dikotsi tse Ikgethang wa Afrika Borwa

4.1.    Mme Deshnie Subbiah; le
4.2.    Monghadi Jannie Venter.

5.    Khiro ya Balaodi bao e seng ba Phethahatso Botong ya Banka ya Ntshetsopele ya Afrika e Borwa

5.1.    Monghadi Bongani Nqwabana (o hirilwe hape);
5.2.    Monghadi Petrus Matji (o hirilwe hape);
5.3.    Mme Pinkie Nqeto (o hirilwe hape);
5.4.    Monghadi Jonathan Muthige;
5.5.    Mme Chantal Naidoo;
5.6.    Mme Disebo Moephuli;
5.7.    Monghadi Barry Hore;
5.8.    Monghadi Joel Netshitenzhe; 
5.9.     Profesa Edgar Pieterse; le
5.10.    Mme Zodwa Mbele. 

E.    Diketsahalo tse Tlang

1.    Kgwedi ya Dipalangwang 

1.1.    Kgwedi ya Dipalangwang selemong sena e tla ketekwa tlasa mookotaba: “Siyakha – Ho ahwa meralo e ntlafetseng ya ditshebeletso ho hodisa Afrika Borwa”. 
1.2.    Kgwedi ya Dipalangwang 2023 e tla tsepama matseteng a maholo meralong ya ditshebeletso ya dipalangwang, le boipiletso ba ho nka bohato ho sireletsa meralo ya ditshebeletso ya dipalangwang e se utsuwe le ho senngwa. 

2.    Letsatsi la Lefatshe la Matitjhere 

2.1.    Afrika Borwa e tla ikamahanya le dinaha tse ding ho keteka Letsatsi la Lefatshe la Matitjhere ka Labone la la 5 Mphalane 2023, tlasa mookotaba: “Matitjhere ao re a hlokang bakeng la thuto eo re e batlang: Bohlokwa ba ho lwantsha kgaello ya matitjhere lefatsheng.” Sepheo ka letsatsi leo ke ho hlokomedisa, ho etsa hore batho ba utlwisise le ho ananela seabo sa bohlokwa sa matitjhere thutong le ntshetsopeleng lefatsheng ka bophara. 
2.2.    Letsatsi lena le tsebahaditswe ke Mokgatlo wa Basebetsi wa Lefatshe le Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng wa tsa Thuto, Saense le Setso, ho keteka mosebetsi wa bohlokwa o etswang ke matitjhere. 

F.    Melaetsa

1.    Ditebohiso

Kabinete e thoholeditse le ho lebisa ditakaletso tse ntle ho:

  • Mokgenerale Bheki Cele, Letona la Mapolesa, ya fumaneng Great Wall Commemorative Medal, China bakeng sa seabo sa Tshebeletso ya Mapolesa ya Afrika Borwa tshebedisanong ya dinaha tsena tse pedi ya ho kenngwa ha molao tshebetsong ka kakaretso. 
  • Mme Angie Motshekga, Letona la Thuto ya Motheo, ka ho kgethwa ke Mongodi e Moholo wa Matjhaba a Kopaneng, Monghadi Antonio Guterres, ho ba Moifong wa Lefatshe wa Boemo bo Hodimo o tla mo eletsa ka mekgwa eo dinaha di ka tlisang diphetoho mekgwatshebetsong ya thuto ya tsona. Ho kgethelwa ha Letona ho ba moifong ona o hodimo ho bontsha boemo ba botsebi ba hae ho tsa thuto mme ho boetse ke sesupo sa tshepo ho tsa thuto Afrika Borwa. 
  • Moifo o kenyeletsa baemedi ba Mokgatlo wa Basebetsi wa Matjhaba, Mokgatlo wa Matitjhere wa Tshebetso wa Thuto, Saense le tsa Setso, Mekgatlo ya Lefatshe ya Matitjhere le Matona a Mararo a Thuto. Baporesidente ba mehleng ba babedi e ne e le baduladitulo ba moifo. 
  • Ditudiyo tsa Cape Town Film, dibapadi tsa naha ena tsa ditshwantshiso le dibapadi tsa dikarolo tse kotsi, ka seabo sa bona filiming ya Netflix, One Piece, e fihlelletseng boemong ba pele lefatsheng ka bophara motjheng ona wa kgaso ya inthanete. 
  • Sebaka sa Tsino sa Van Ryn, ka ho fumana kgau ya Boranti bo tswang pele Lefatsheng bakeng sa boranti ba yona bo tsinnweng habedi ba dilemo tse lshome le metso e mmedi, Tlhodisanong ya Matsina ya Matjhaba ya 2023 London. 

2.    Matshediso

Kabinete e lebisitse matshediso malapeng le metswalleng ya: 

  • Monghadi Aziz Goolam Hoosein Pahad (82), eo e neng e le moitseki kgahlano le mmuso wa kgethollo le eo e bileng Motlatsa-Letona la Ditaba tsa Kantle wa pele wa mmuso wa Demokrasi wa Afrika Borwa ho tloha ka 1994 ho ya ho 2008. 
  • Molefthenente Mokhomanda Gillian Elizabeth Hector, Master Warrant Officer William Masela Mathipa, le Warrant Officer Class One Mmokwapa Lucas Mojela, ba hlokahalletseng mosebetsing ba le sekepeng SAS Manthatisi, pela Kommetjie, Kapa Bophirima. 
  • Basebetsi ba 22 ba morafong wa Taemane wa Venetia, Limpopo, ba timetseng kotsing ya mmileng Musina (Seterekeng sa Vhembe). 
  • Mme Zoleka Mandela (43), mongodi le moitseki, setloholo sa bahale ba ntwa kgahlano le mmuso wa kgethollo Nelson Mandela le Winnie Madikizela-Mandela.
  • Batho ba leshome le motso ba hlokahetseng ka lebaka la maemo a mabe haholo a lehodimo a hlasetseng dibaka tse fapaneng naheng ya rona bekeng e fedileng. 

Dipotso: Monghadi Nomonde Mnukwa – Mmuedi wa Mmuso ya Tshwereng Mokobobo
Mohala: 083 653 7485
 

Share this page

Similar categories to explore