Tlaleho ka Kopano ya vidio ya Kabinete ya Lekgotla le e Ikgethang ya Labone la 27 le Labohlano la 28 Pherekgong 2022

A.  KOPANO YA KABINETE YA LEKGOTLA

1.1. Mopresidente Cyril Ramaphosa o ile a mema kopano ya Kabinete ya Lekgotla ka Labone, mohla la 27 Pherekgong 2022. Kopanong ena ho ne ho tlile mekga ya boetapele ho tswa didikadikweng tsohle tsa mmuso. Tsona di kenyeleditse Matona, Batlatsi ba Matona, Ditonakgolo, Balaodikakaretso le boetapele ba Mokgatlo wa Afrika Borwa wa Puso ya Lehae (SALGA).

1.2. Mopresidente o memme baetapele ba mmuso e le karolo ya ho kopanya le ho amahanya/ ho lotomanya karabelo ya mmuso diphephetsong tse tjametseng naha, ka kotloloho e le ho tsitsisa maikutlo ka mokgwa o hlokolosi wa ho shebana le diphephetso tse tharo tse tlamahaneng tsa bofutsana, tlhokeho ya mesebetsi le ho se lekalekane. O ipileditse ho baetapele hore ba phethahatse diphetoho tsa mantlha tse molemong wa ho tsosolosa kgolo ya moruo le ho thewa ha mesebetsi ena e hlokehang haholo ka sekgahla se hodimo ho feta pele.

1.3. Mopresidente o tiisitse maikutlo ntlheng ya ho ba ka sehloohong ha Pono ya 2030 ya Moralo wa Ntshetsopele ya Naha le Moralo wa Kahobotjha le Tsosoloso ya Moruo ho potlakisa matsapa a ho ntlafatsa maemo a bophelo ba Maafrika Borwa.

1.4. Ka hodima boemo ba moruo le diphetoho tsa matla a thuo, kopano ena ya Kabinete ya Lekgotla e boetse ya buisana ka ntshetsopele ya metheo ya tshebetso ya moruo, ho tsitsiswa ha phumantsho ya motlakase, ho sebediswa ha dihlahiswa tsa ka hara naha le tlhahiso ya diindasteri, diphetoho tsa thuo ya mobu le temo, le ho fetolwa ha dikhampani tsa mmuso.

1.5. Matsapa a ho fokotsa tlhokeho ya mesebetsi le bofuma a tla kenyeletsa kopanelo ya mesebetsi e eketsehileng lekaleng la poraefete, mesebetsi e tshehetswang ka ditjhelete ke mmuso le tshireletso e eketsehileng ya setjhaba bakeng la batho ba seng mesebetsing.

1.6. Kopano ena e boetse ya buisana ka diphephetso le tswelopele e seng e fihletswe ntweng ya ditlolo tsa molao le bobodu, le matsapa a ho ntlafatsa paballeho le polokeho ya setjhaba. E boetse ya buisana ka mosebetsi wa mmuso wa lehae wa ho isa ditshebeletso bathong – ho kenyeletswa phepelo ya motlakase, le ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere – jwalo ka karolo ya bohlokwa kahong ya tshebetso ya Mmuso.

1.7. Dipuisano tsa kopano ya Kabinete ya Lekgotla di tshwanela ho ba malebela a hore na dintlha tse tshwanelang ho ba lenaneng le ka pele la mmuso e tla ba dife bakeng sa selemo seo re se qalang tseo Mopresidente Ramaphosa a tla di teka nakong ya Puo ka Boemo ba Naha ka Labone la 10 Tlhakubele 2022.

B.  DIQETO TSA KABINETE

1. Afrika Borwa ha e Hokahane – Moralo wa Mohato wa Bobedi

1.1. Kabinete e ananetse ho thakgolwa ha mohato wa bobedi wa projekte ya Afrika Borwa ha e Hokahane. Moralo ona o phethahatsa Leano la naha la Tshebeletso ya Inthanete le ileng la amohelwa ke Kabinete ka selemo sa 2013. Mohato wa Pele o sebeditse jwalo ka mohato wa tlhekelo wa ho fana ka Dimegabithe (di-Mbp) tse leshome tsa ditshebeletso tsa inthanete meahong ya mmuso e hlokolosi e 970.

1.2. Mohato ona o amohetsweng wa bobedi o tla thakgolwa ho sebediswa makala a mmuso (Lekala la Mmuso la Theknoloji ya Tlhahisoleseding [SITA]; Ditshebeletso tsa Inthanete tsa Infraco le Sentech le indasteri). Nakong ya dikgwedi tse 36 tse tlang, projekte ena e tla hokahanya meaho e setseng ya mmuso, le setjhaba le malapa.

1.3. Projekte ena ke karolo ya boitlamo ba mmuso ba ho fedisa ho hlokeha ha tekatekano ditshebeletsong tsa inthanete, haholoholo dibakeng tsa mahae, le ho ntshetsa pele moruo wa ditshebeletso tsa inthanete. Seabo sa lekala la poraefete se tla boela se phethahatsa ho fetolwa ha lekala ka ho kenyeletsa bankakarolo bohle ba amehang lekaleng lena la marangrang a elektroniki.

1.4. Projekte ya Afrika Borwa ha e Hokahane e habile ho anetsa phumantsho ya ditshebeletso tsa inthanete setjhabeng le meahong ya mmuso ka 80% nakong ya dilemo tse tharo tse tlang ka bonyane lebelo la mothamo wa di-Mbp tse 10 ka motsotswana le di-Mbp tse 100 bakeng la meaho e hlokang haholo ditshebeletso tsa inthanete ho feta e meng.

C.  KGIRO

Pele batho bohle ba ka hirwa, ho netefatswa mangolo a thuto le ditokollo tsohle tse hlokehang.

1. Mme Nomthandazo Lichie Moyo jwalo ka Motlatsi wa Motsamaisikakaretso (DDG): Lekaleng la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae, Lefapheng la Temo, Phetoho ya Mobu le Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahae (DALRRD).
2. Ntate Clinton Rossouw Heimann jwalo ka DDG: Thero ya Sebaka le Tsamaiso ya Tshebediso ya Mobu, lefapheng la DALRRD.
3. Ntate Michael Currin jwalo ka DDG: Tlhophiso ya Dikamano tsa Mebuso le Bolaodi ho ba ba Amehang, Lefapheng la Dikgokahano le Tlhahisoleseding (GCIS).
4. Mme Regomoditswe Dorcas Mavimbela jwalo ka DDG: Tshebetso le Kabo ya tse Kahare, lefapheng la GCIS.
5. Mme Nomonde Mnukwa jwalo ka DDG: Ditshebeletso tsa Tshehetso ya Lefapha, lefapheng la GCIS.
6. Ntate Nhlanhla Edgar Sishi jwalo ka DDG: Ofising ya Ditekanyetso, lefapheng la Ramatlotlo wa Setjhaba.
7. Ngaka Litha Magingxa jwalo ka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Lekgotla la Phethahatso (CEO) le Mopresidente wa Lekgotla la Diphuputso tsa Temo. Kabinete e ananetse ho hirwa ha hae ke Lekgotla.
8. Mme Rofhiwa Irene Singo jwalo ka Mohlanka ya ka Sehloohong wa Ditjhelete, Lefapheng la Toka le Ntshetsopele ya Molao wa Motheo.
9. Ntate Luvuyo Keyise jwalo ka CEO ya nakwana ya SITA (O hiruwe hape.).

Ditho tsa Boto ya SITA SOC:

1. Mme Makano Mosidi (Modulasetulo);
2. Ngaka Stella Bvuma (Motlatsi wa Modulasetulo);
3. Mme Shery-Lee Moonsamy;
4. Mme Nolitha Pieterson;
5. Mme Zimbini Hill;
6. Mme Olwethu Ketsekile;
7. Ngaka Tshilidzi Ratshitanga;
8. Ngaka Rendani Ramabulana;
9. Mme Jeanette Morwane (Moemedi wa Lefapha la Dikgokahano le Ditheknoloji tsa Digithale);
10. Mme Laura Mseme (Moemedi wa Lefapha la Ramatlotlo wa Naha); le
11. Ntate William Vukela (Moemedi wa Lefapha la Tshebeletso ya Mmuso le Tsamaiso).

Dipotso: Mme Phumla Williams – Sebuedi sa Kabinete
Selefouno: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore