Pehelo ya Kopano ya Kabinete ya Laboraro, la 26 Motsheanong 2021

A.    Maemo a Renang Hajwale

1.    Phano ya Ente ya Lefu la Kokwanahloko ya Corona (COVID-19)

1.1.    Kabinete e thabetse ntlha ya hore Mokgahlelo wa Bobedi wa lenaneo la phano ya ente Afrika Borwa le qadile hantle mme dikete tsa batho ba tshwanelehang di se di entuwe. 
1.2.    Ditsha kaofela tsa kentelo ho phatlalla le naha di malala-a-laotswe ho thusa ba abetsweng monyetla wa kentelo. Kabinete e hopotsa bohle ba etelang ditsha tsa kentelo ho ikobela melawana e matla ya bophelo bo botle ya ho kenya dimaske, ho sebedisa sebolaya-dikokwanahloko le ho sielana sebaka le ba bang bakeng sa ho itshireletsa le ho sireletsa ba bang. Ditsha tsena di ka fumanwa ka ho etela websaete ya: https://sacoronavirus.co.za/2021/05/12/active-vaccination-sites/. 
1.3.    Jwaloka ha re sebetsana le lenaneo la lefatshe kaofela la ho enta batho, Kabinete e kgothatswa ke hore batho ba fetang dimilione tse pedi ba se ba ingodisitse Lenaneong la ho ingodisetsa ho entwa ka Mokgwa wa Elektroniki (EVDS) ho https://vaccine.enroll.health.gov.za. 
1.4.    Ho netefatsa hore ha ho motho ya kwallwang ka ntle, ho na le mapatlelo a mangata a teng bakeng sa hore batho ba ingodise. Kabinete e ipiletsa ho bohle ba dilemo di 60 le ho feta ho ingodisa lenaneong la EVDS. Ditho tsa malapa le metswalle ya batho ba dilemo di 60 le ho feta ba koptjwa ho ba kgothaletsa le ho ba thusa ho ingodisa. 
1.5.    Batho ba ka ingodisa le ka WhatsApp ka ho romela lentswe ‘Register’ ho 0600 123 456 kapa ka SMS ka ho tobetsa *134*832*o kenye nomoro ya boitsebiso#. Tshebeletso ena ke mahala ho marangrang kaofela a diselfounu a Afrika Borwa. Batho ba ka boela ba ingodisa ka ho letsetsa nomoro ya mahala ya thuso ho: 0800 029 999. 
1.6.    Kabinete e boetse e hopoditse maAfrika Borwa ohle ka leqhubu la boraro le tseleng le ho boeletsa bohlokwa ba ho thibela ho ata ha COVID-19 ka ho ikobela ka matla ditsela tseo e seng tsa bongaka tsa thibelo tsa ho kenya dimaske bathong, ho sielana sebaka le ba bang sa bonyane mithara le halofo, le ho hlapa matsoho kgafetsa ka sesepa le metsi kapa ho sebedisa sebolaya-dikokwanahloko se nang le motswako wa alkhohole wa 70%. 
 
2.    Morero wa Tlhasimollo ya Kgiro wa Moporesidente

2.1. Kabinete e amohetse tlaleho ya kgatelopele ya ho kenngwa tshebetsong ha Morero wa Tlhasimollo ya Kgiro wa Moporesidente, o reretsweng ho bopa mesebetsi e metjha, ho fana ka tshehetso bakeng sa maiphediso le ho sireletsa mesebetsi e ntseng e le teng makaleng a tsietsing. 
2.2    Tlaleho e bontsha hore mafelong a Tlhakubele 2021, paloyohle ya batho ba 532 180 ba kgotse molemo ka kotloloho ho tlhasimollo ena e bopileng le ho baballa mesebetsi e 422 786 hammoho le ho tshehetsa maiphediso a 109 394. 
2.3.    Ho feta moo menyetla e meng ya mesebetsi e 161 972 e ntse e tswelliswa jwaloka karolo ya Mokgahlelo wa Pele wa tlhasimollo ya kgiro, ho tlisang paloyohle ya menyetla e tsheheditsweng ho 694 152.

3.    Seboka sa Paris sa Thuso ya Ditjhelete Bakeng sa Meruo ya Afrika 

3.1.    Kabinete e tsheheditse boipiletso ba baetapele ba Seboka sa Thuso ya Ditjhelete bakeng sa Meruo ya Afrika se neng se tshwaretswe Paris, Fora ka Labobedi, la 18 Motsheanong 2021, ba hore dipuso tsa Afrika di lokela ho fumantshwa ditokelo tse ikgethang tsa ho hula bonyane US$100 bilione matloleng a resefe a Letlole la Matjhaba la Ditjhelete (IMF).
3.2.    Kabo ya matlole ana e tla matlafatsa kgonahalo ya tlhasimoloho e matla le ya moshwelella ya moruo hara ditjhaba tsa Afrika tse thefutsweng ha bohloko ke sewa sa COVID-19 le ho fana ka botsitso tsamaisong ya ditjhelete ya lefatshe.
3.3.    Seboka se tiisitse mmono o amohelwang ka bobatsi wa hore phumantsho ya diente e lokela ho atolosetswa dinaheng kaofela ka ho qolleha Afrika le dinaha tse ntseng di tswela pele, ha ho shejwa maitlamo a lefatshe a hore diente di lokela ho nkuwa e le thepa ya setjhaba sa lefatshe.
3.4.    Se boetse se ananetse karolo ya kentelo e matla kgahlanong le COVID-19 jwaloka thepa ya setjhaba sa lefatshe. Se boetse se itlametse ho netefatsa le ho akofisa phumantsho e lekalekanang ka hara Afrika ya diente tse bolokehileng le tse kgonehang, dikalafo le ditlhahlobo ka mokgwa wa Mokgatlo wa Lefatshe wa Bophelo bo Botle wa Phumantsho ya Akofiso ya Disebediswa tsa COVID-19 (o tsejwang e le ACT-A) le wa ona wa Phumantso ya Lefatshe ya Diente tsa COVID-19 (o tsejwang e le COVAX).
3.5.    Kabinete hape e boeleditse kgoeletso e entsweng ke Mopresidente Ramaphosa e tshehetsang hore ho nyahlatswa ha nakwana ha Melawana ya Trips ya Mokgatlo wa Lefatshe wa Kgwebisano e tshehetswe ke bohle. Boitshunyako bo jwalo bo tla netefatsa tlhahiso e atolositsweng ya diente le dithekenoloji tse ding tsa bophelo bo botle e le karolo ya karabelo e nepahetseng ho tshohanyetso ya sewa sa COVID-19.

4.    Phano ya Mangolo a Thuo ya Mobu Tafelkop

4.1. Kabinete e amohetse phano ya dihekthara tse 189 tsa mobu hammoho le mangolo a thuo ho dihwai tse 30 tsa batho ba batsho Tafelkop, seterekeng sa Groblersdal, Limpopo. 
4.2. Sena ke ka lebaka la motjha wa tlhabollo ya mobu le karolo ya mosebetsi o tswellang wa Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) mabapi le Tlhabollo ya Mobu bakeng sa ho akofisa tlhabollo ya mobu.
4.3.     Dihwai esale di jala ka katleho dihlahiswa tse fapafapaneng tsa temo ka dilemo tse 25 mobung ona le ho fepela mabenkele a dijo, dikema tsa phepo tsa dikolo hammoho le mebaraka ya dihlahiswa tsa ditholwana le meroho Tswane le Johannesburg. 

5.    Dipuo tsa ho Tekwa ha Ditekanyetso 

5.1.    Kabinete e amohetse ho qala ha dipuo tsa ditekanyetso, tse etsang hore mafapha a fane ka dintlha ka botlalo tsa meralo ya ona le dintlha tse ka sehlohlolong bakeng sa selemo sena. Palamente, jwaloka moemedi wa batho, e tshwara dingangisano tse matla mabapi le dipuo tsa ditekanyetso le ho netefatsa hore ditjhelete tsa mmuso di sebediswa molemong wa setjhaba.
5.2.    Dipuo tsa ditekanyetso di ahella hodima dintlha tse fapafapaneng tse ka sehlohlolong tse tekilweng ke Mohlomphehi Moporesidente Cyril Ramaphosa nakong ya Puo ya Maemo a Naha (SoNA) ka Hlakola 2021. Di boetse di susumetswa ke Tjhebelopele ya selemo sa 2030 ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) le Lewa la Moralo wa Nako e Bohareng la 2019-2024. 
5.3.    Selemong sena mmuso o tsepamisitse maikutlo hodima kgodiso ya moruo wa rona, ho matlafatsa kgolo ya moruo le ho bopa mesebetsi e batlehang e le ka nnete. Re tla tsepamisa maikutlo ka ho otloloha hodima dintlha tse nne tse hlokolosi tse ileng tsa totobatswa nakong ya SoNA: (a) Ho hlola sewa sa COVID-19; (b) Ho akofisa tlhasimollo ya moruo; (c) Ho kenya tshebetsong diphethoho tsa moruo bakeng sa ho hlahisa mesebetsi ya moshwelella le ho sututsa kgolo e kenyeletsang, le (d) Twantsho ya bobodu le ho matlafatsa Puso.

6.    Twantsho ya Ditlolo tsa Molao 

6.1.    Kabinete e ipapisitse le Khomishene ya Tekatekano ya Bong mabapi le ho amohela  kotlo ya kahlolo ya ho kwallwa tjhankaneng bophelo bohle makgetlo a tsheletseng e fuweng Monghadi Nowa Makula (32) bakeng sa polao ya kgarebe ya hae, Mofumahadi Nomzamo Mhlanti, le bana ba hae ba bahlano. Sena se romela molaetsa o matla wa hore baetsi bohle ba ditlolo tsa molao tse nyonyehang jwalo ba tla tobana le letsoho le matla la molao.
6.2.     Kabinete e tshwetse ka mathe dipolao tsa moraorao tse hlokang kelello Khayelitsha ho la Kapa Bophirima le Zandspruit, Gauteng tse fetileng ka maphelo a batho ba 21. Kabinete e thoholeditse sepolesa ka karabelo e potlakang mabapi le ho tshwara babelaellwa le ho ipiletsa ho badudi ho sebetsa mmoho le sepolesa ho etsa hore diterata tsa rona e be tse bolokehileng bakeng sa bohle. 
6.3.    Kabinete e amohetse tshebedisano pakeng tsa makala a qobello ya molao a lehae le a matjhaba e bakileng ho haptjwa ha dithethefatsi Afrika le Botjhabela bo Hare. Matsholo ana, a eteletsweng pele ke Interpol, a ne a kenyeleditse dinaha tse 41 mme a baka kgapo ya dithethefatsi tsa boleng bo ka fihlang ho diyuro tse 100 milione. Jwaloka karolo ya letsholo lena le atlehileng, sepolesa sa Afrika Borwa se hapile dithethefatsi tsa boleng bo ka etsang diyuro tse 32 milione sekepeng sa tshwaso ya ditlhapi le ho tshwara batho ba 10. 

7.    Diteko tsa Palo ya Setjhaba

7.1.     Lefapha la Dipalopalo la Afrika Borwa (Stats SA) le tla hlophisa diteko tsa palo ya setjhaba dibakeng tse kgethuweng e le boitokisetso ba palo ya setjhaba e kgolo ho lekola ditsamaiso le metjha kaofela.
7.2.     Boingodiso bakeng sa diteko tsa palo ya setjhaba bo butswe ho tloha ka la 17 Motsheanong ho isa ka la 30 Phuptjane 2021. Malapa le ditheo tse kgethang ho tlatsa lethathama la dipotso la diteko tsa palo ya setjhaba ka mohala di tla letsetswa mohala ke mosebeletsi wa mehala wa Stats SA. 
7.3.     Kabinete e kgothaletsa malapa le ditheo ho ingodisa bakeng sa ho netefatsa hore ba a balwa. Baahi ba kgothaletswa ho etela getcounted.statssa.gov.za bakeng sa ho ingodisa ka inthanete. Letsatsi la palo e kgolo ya setjhaba le tla tsebiswa haufinyana.

8.    Thuso ya Botho Zimbabwe

8.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana thuso ya botho setjhabeng sa Zimbabwe. Sena e bi le karabelo ya boipiletso bo entsweng ka Tlhakubele 2019 ke mmuso wa Zimbabwe bakeng sa thuso ya botho ho latela Kganyapa ya Idai e bakileng dikgohola tse sentseng infrastraktjha le ho bolaya batho.
8.2.    Afrika Borwa, ka Letlole la Tsosoloso ya Afrika le Tshebedisano ya Matjhaba, e tshepisitse hore e tla nyehela R50 milione e le tshehetso ya botho bakeng sa Zimbabwe. Leha ho le jwalo, ho ropoha ha sewa sa lefatshe sa COVID-19 se diehisitse ho kenngwa tshebetsong ha porojeke ena. 
8.3.    Moqeqeko wa pele wa mekotla e 450 000 ya phofo ya 12,5 kg o neng o reretswe ho fepela malapa a hlokang dijo ka matla e ile ya nehelanwa ka Letsatsi la BoAfrika ka Labobedi, la 25 Motsheanong 2021. 

B.    Diqeto tsa Kabinete
1.    Lenaneo la Kgwedi ya Batjha 


1.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana Lenaneo la Kgwedi ya Batjha la selemo sa 2021 tlasa mookotaba: Selemo sa Charlotte Mannya Maxeke: Re hodisa kgiro ya batjha bakeng sa setjhaba se kenyeletsang le se fetohileng. Letsatsi la Batjha ka la 16 Phuptjane le tla hopolelwa Seterekeng sa Harry Gwala ho la KwaZulu-Natal. Ketsahalo e tla kenyeletsa ho thakgolwa ha Lenaneo la Moporesidente la Tlhasimollo ya Kgiro ya Batjha  le ho lokolla ha Lewa le Kopanetsweng la Ntshetsopele ya Batjha la 2021-2023, le fanang ka moralo o tla thusa bakeng sa kgolo le ntshetsopele ya batjha Afrika Borwa. 
1.2.    Mesebetsi e reretsweng kgwedi kaofela ya Phuptjane ho hopola Kgwedi ya Batjha e tla etsahala ho ya ka ditlhokeho tsa ho ikobela melawana ya bophelo bo botle ka hara maemo a COVID 19.

2.    Kgatelopele ya Boitshunyako ba Mmuso wa Naha Leboya Bophirima 

2.1.    Kabinete e ile ya tsebiswa ka kgatelopele e entsweng mabapi le maitshunyako a mmuso wa naha Mmusong wa Provense ya Leboya Bophirima tlasa Karolo 100(1) ya Molaotheo wa Riphabliki ya Afrika Borwa wa selemo sa 1996. Kabinete e thabetse kgatelopele e kgolo mabapi le ho tlisa botsitso mafapheng a provense a neng a le tlasa tsamaiso. 
2.2.    Tlaleho e tla tekelwa Komiti ya Nakwana ya Lekgotla la Naha la Diprovense bakeng sa ho tswelliswa ho ya pele. Komiti e tla tshohla tlaleho ena ha e dula kopanong e tla ba ka la 24 Phuptjane 2021. 

3.    Boitshunyako Masepaleng wa Lehae wa Emfuleni 

3.1.    Kabinete e tjhaelletse monwana boitshunyako ba mmuso wa naha bakeng sa ho rarolla diphephetso tsa metsi le dikgwerekgwere tse tjametseng badudi tlasa Masepala wa Lehae wa Emfuleni, Seterekeng sa Sedibeng ho la Gauteng. Boitshunyako bona ke ho ya ka Karolo 63(2) ya Molao wa Ditshebeletso tsa Metsi wa selemo sa 1997 (Molao wa bo-108 wa selemo sa 1997). 
3.2.    Maemo a mabe a taolo le bolaodi ba ditjhelete Masepaleng wa Lehae wa Emfuleni a bakile tlhokomelo e nyehlileng ya infrastraktjha ya metsi le tsamaiso ya dikgwerekgwere. Sena se bakile hore ho dule ho na le ho phophoma ha dikgwerekgwere metseng e mabapi le Nokeng ya Lekwa ho ka bakang kotsi e matla ya bophelo bo botle malapeng a fetang 120 000 a dulang sebakeng sena. 
3.3.    Lefapha la Metsi le Tsamaiso ya Dikgwerekgwere le laetswe ho okamela boitshunyako bona le ho tlalehela Kabinete ka maemo selemo ka seng. Kabinete e boetse e tjhaelletse monwana ho thehwa ha Komiti e Kopanetsweng ya Matona (IMC) e tla sekaseka diphephetso tse pharalletseng tsa metsi tse tjametseng bomasepala ba bangata. Dipehelo tsa tshebetso le ditho tsa IMC ena di tla tsebiswa haufinyana.

C.    Diketsahalo tse Tlang 
1.    Leeto la Puso la Fora


1.1.    Moporesidente Ramaphosa ka Labohlano, la 28 Motsheanong 2021 o tla amohela Mohlomphehi Moporesidente Emmanuel Macron wa Riphabliki ya Fora Leetong la Puso Union Buildings, Tshwane.
1.2.    Leeto la lekgetlo la pele la Moporesidente Macron Afrika Borwa ka memo ya Moporesidente Ramaphosa le reretswe ho matlafatsa lewa la selekane pakeng tsa dinaha tsena tse pedi, le matlafatswang ke ditumellano tsa bobedi bona mabakeng a fapafapaneng a tshebedisano.
1.3.    Leeto lena le tla tsepamisa maikutlo hodima dintlha tse amanang le karabelo ya lefatshe ho COVID-19 le dikarabelo tsa moruo, bophelo bo botle, diphuputso le tlhahiso ho sewa sa hajwale le ka nqane ho sona.
1.4.    Baetapele bana ba tla boela ba tshohle katoloso ya kgwebisano e tla tswela dinaha ka bobedi molemo le menyetla ya matsete. Afrika Borwa ke molekane e moholo ka ho fetisisa wa kgwebisano le Fora Afrika ha Fora e le molekane wa bobedi e moholo ka ho fetisisa wa kgwebisano ka hara lepatlelo la kgwebisano la Kopano ya Yuropa.

2.    Leeto la Tonakgolo ya Sudan 

2.1. Tonakgolo ya Riphabliki ya Sudan, Ngaka Abdalla Hamdok, ka memo ya Moporesidente Ramaphosa, e tla nka Leeto la Tshebetso Afrika Borwa ka Labone, la 17 Phuptjane 2021. 
2.2. Nakong ya leeto lena, baetapele bana ba babedi ba lebeletswe ho tshohla maqiti a ho matlafatsa dikamano tsa bobedi bona le ho fapanyetsana ka maikutlo a dintlha tse tjametseng kontinente. 

3.    Tlelabo ya Moporesidente ya ho Bala ka Mokgwa wa Vidiyo
3.1. Kabinete e memme maAfrika Borwa ho kenela tulo ya botshelela ya Tlelabo ya Moporesidente ya ho Bala ka Mokgwa wa Vidiyo ka Labone, la 27 Motsheanong 2021 ho tloha ka 16:30 ho isa ka 18:30. Ketsahalo ena e tla etsahala ka Zoom mme bankakarolo ba nang le kgahleho ba ka ingodisa bakeng sa ho kenela ho www.nrc.org.za. Tulo ena e tla tshohla buka ya ho itshwasolla ho bokoloniale ya Frantz Fanon, The Wretched of the Earth. 
3.2. Kabinete e kgothaleditse maAfrika Borwa ho tshehetsa tlwaelo ya ho bala kaha e le boitsebelo ba motheo boo ho ithuta hohle ho ahilweng hodima bona le ho bopa monyetla bakeng sa ho fihlella makala a mosebetsi. 

D    Melaetsa 
1.    Dithoholetso


Kabinete e fetiseditse dithoholetso ho: 

  • Moprofesara Pitika Ntuli, mmetli wa ditshwantsho, seroki le sengodi sa Afrika Borwa ya hapileng kgau ya “You-2”, e leng e nngwe ya dikgau tse pedi tsa People’s Choice tsa Dikgau tsa bosupa tsa selemo ka seng tsa Global Fine Art Paris, Fora. Melrose Gallery e Johannesburg e ne e tshwere dipontsho ka inthanete tsa ditshwantsho tsa masapo tsa Moprofesara Ntuli tse bitswang Azibuyele Emasisweni (Ha di boele Motsong). 
  • Mohalaledi Mobishopo Naledzani Sikhwari, kamora ho kgethwa e le Mobishopo wa pele wa mosadi wa Kereke ya Northern Diocese Evangelical Lutheran Afrika e Borwa kamora dilemo tse mashome a tsheletseng tsa Babishopo ba banna. Thonyo ya Mobishopo Sikhwari hore e be hlooho ya kereke e nang le dilemo tse 503 ke letshwao la tekatekano ya bong le diphethoho ka hara setjhaba. 
  •  Mofumahadi Nolitha Fakude, kamora ho thonngwa jwaloka mosadi wa pele ho ba Moporesidente wa Lekgotla la Diminerale la Afrika Borwa le nang le dilemo tse 131. Kabinete e lakaletsa Mofumahadi Fakude, eo hape e leng Modulasetulo wa Anglo American ya Afrika Borwa, tsohle tse molemo mabapi le ho tsepamisa maikutlo tabeng ya ho netefatsa hore merafo e nyehela ka bokgabane bakeng sa ho ba sethusi sa kgolo ya moruo ka hara naha ya bo rona.


2.    Matshediso 
Kabinete e fetiseditse matshediso ho lelapa le metswalle ya: 

  • Monghadi Emmanuel Mojalefa ‘Mjokes’ Matsane, ya hlokahetseng kotsing ya koloi ka Sontaha, la 23 Motsheanong 2021, kamora ho bina Soweto. Jwaloka setho sa sehlopha se tummeng sa mmino wa Kwaito, Trompies, e ne e le karolo ya sehlopha se hlahisitseng mofuta wa mmino wa ona o le mong bakeng sa Afrika Borwa. 
  • Moprofesara Stanislaus (Stan) Skumbuzo Mzilankatha Sangweni (87), ya hlokahetseng ka Labobedi, la 18 Motsheanong 2021. O ne a iteletse bophelo ba hae bakeng sa ntwa ya tokoloho le ho ba palehong ka dilemo tse 30 a dula dinaheng tse fapafapaneng. O ile a boela a sebetsa jwaloka Motsamaisi wa Khomishene ya Afrika ya Mokgatlo wa Matjhaba a Kopaneng ya tshwereng mokobobo mme ho kgutleleng ha hae Afrika Borwa, o ile a thonngwa jwaloka Modulasetulo wa Khomishene ya Tshebeletso ya Mmuso.
  • mmuso le batho ba Riphabliki ya Demokerasi ya Congo ho latela ho thunya ha Thaba ya Nyiragongo ka Moqebelo, la 22 Motsheanong 2021. Ke bonyane batho ba 15 ba belaellwang ba hlokahetse le ba dikete ba lahlehetsweng ke bodulo ka lebaka la ho thunya hona ho hlahisitseng seretse se tjhesang. 
  • Lenqosa Ismael Coovadia, lenqosa la mehleng Israele, ya hlokahetseng ka Mantaha, la 24 Motsheanong 2021. O nyehetse haholo ntweng ya tokoloho ya Afrika Borwa. 

E    Kgiro 
Pele batho bohle ba hirwa, ho tla hlahlobiswa mangolo a bona a thuto le a mang a hlokahalang.
1.    Mofumahadi Elizabeth Rhulani Ngwenya ya hirilweng ho ba Motlatsi wa Motsamaisi Kakaretso lekaleng la Bolaodi ba tsa Kgwebo ho Lefapha la Bohahlaudi. 
2.    Mofumahadi Irene Nomalungelo Mpolweni ya hirilweng ho ba Motsamaisi Kakaretso ho Lefapha la Mekaubere ya Lebotho la Sesole. 

Dipotso: Mofumahadi Phumla Williams – Sebueledi sa Kabinete 
Mohala: 083 501 0139

Share this page

Similar categories to explore