Pehelo ya kopano ya Kabinete ya la 4 Loetse 2013

05 Sep 2013

1. Maemo a Kabinete mabapi le dintlha tsa bohlokwa maemong a ha jwale

1.1. Kabinete e amohela ho thakgolwa ha Tokomane ya Tshebetso ya Setjhaba ebile e thoholetsa mekgatlo ya basebetsi tshebeletsong ya setjhaba esita le Mmuso e le mohiri boikitlaetsong bo entsweng Tokomaneng ena.

Tokomane e teka maemo a tshebeletso kahara tshebeletso ya setjhaba moo mekgatlo ya basebetsi tshebeletsong ya setjhaba e itlamang ho tshehetsa maemo a tshebeletso.

1.2. Kabinete e hlokomela hore hajwale makala a mangata a kene kapa a ile a kena ditherisanong tsa meputso. Kabinete e amohela ditumellano tse fihlelletsweng makaleng a mang mme e a tseba ka ditherisano tse ntseng di tswelapele makaleng a mang. Kabinete e a ananela hore moo demokrasi e leng teng, basebetsi ba na le tokelo ya ho ipelaetsa. Kabinete e thasisetsa hore tokelo e jwalo e tlameha ho etswa ka mokgwa o se nang dikgoka ebile e le o ikamahanyang le molao ka hohlehohle. Ho na le boikarabelo baetapeleng ba mekgatlo ya basebetsi, bahiri le ditshebeletso tsa naha tsa tshireletso ho netefatsa hore molao ha o tlolwe, ho qojwa diketso tsa ho e lata letailana le hore mehwanto e etswe ka kgotso.

Kabinete e ipiletsa mekgatlong yohle ho sebedisa matsapa a yona ho phethela ditherisano kapelepele esita le ho qoba diqhwebeshano tsa nako e telele. Ditumellano tseo tsa kapelepele di tla thusa ho fokotsa ditjeo moruong di be di kgothaletse katleho ya naha sepheong sa mesebetsi le kgolo.

1.3.  Kabinete e ananetse Lekgotla la bobedi la Merafo la Selemo le selemo le neng le tshwerwe bekeng e fetileng. Lekgotla le hlahisitse monyetla o mong bakeng sa ba ka sehloohong ba amehang indastering ya merafo ho tswelapele ho fumaneng ditharollo tsa nako e telele diphephetsong tse thefulang lekala lena. Tlasa boetapele ba Motlatsi wa Mopresidente Kgalema Motlanthe, mmuso le wona o tswelapele ho tshehetsa tumellano ya moralo esita le ho kenngwa tshebetsong ha lekala la merafo le nang le boitjaro ba nako e telele le bile le tsitsitse.

1.4.  Ditokisetsong tsa Tokoloho ya Dilemo tse 20 mohla la 27 Mmesa 2014, Kabinete e ipiletsa ho maAforika Borwa ohle ho hopola nalane ya rona le ho keteka botjhaba ba rona bo kopaneng ka ho se tshwane nakong ya Kgwedi ya Letlotlo la Setjhaba. Mekete ya monongwaha e tla tshwauwa tlasa mookotaba o reng: “Ho tseka botjha, ho Kgutlisa le ho Keteka Letlotlo la rona la Setjhaba le Phelang”.

Mekete ya Letsatsi la Letlotlo la Setjhaba e tla tshwarelwa Lebaleng la Dipapadi la Sisa Dukashe le Mdantsane, Masepaleng wa Toropokgolo ya Buffalo, Porofenseng ya Kapa Botjhabela mohla la 24 Loetse 2013.

E le karolo ya Dilemo tse 20 tsa Tokoloho, selekane sa dikgokahanyo tsa naha se tla etella pele ho kgakolwa ha ‘Labohlano la Tokoloho’ mohla la 20 Loetse 2013, se tla fanang ka lepatlelo ho maAforika Borwa ohle ho baballa tokoloho e lwanetsweng ka thata, ho netefatsa hore meloko e tlang e kgona ho fola molemo demokrasing ya rona e ntseng e hola.

Nakong ya Loetse, ho tshehetsa matsapa a bahahlaudi ba rona ba kahare, Kabinete e kgothalletsa maAforika Borwa ho etela ditsha tsa Letlotlo la naha ho re hopotsa ka leeto la rona la ho ya tokolohong. Hape, ho tshehetsa letlotlo la rona la tlholeho ka ho etela dipaka tsa naha mahala ho tloha mohla la 9 ho ya ho la 13 Loetse 2013 e le karolo ya borobedi ya selemo le selemo ya Beke ya Dipaka tsa Naha tsa Aforika Borwa.

1.5. Kabinete e kgothaletsa batswadi le bahlokomedi bohle ho tshehetsa bana ba bona ditlhophisetsong tse tlang tsa Ditekolo tsa Naha tsa Selemo le Selemo (ANA), mokgahlelong wa ho bala le ho ngola esita le dipalo, tse tla tshwarwa dipakeng tsa mohla la 10 le 13 Loetse 2013.

Batswadi le bahlokomedi ba tlameha ho netefatsa hore ba henahenana le diphetho tsa ANA tsa 2013 jwaloka ha di sebetsa e le sesebediswa sa bohlokwa sa tlhahlobo ya baithuti ya moo ba leng matla kapa moo ba fokolang teng.
Boitlhophisetsong ba ANA e tlang batswadi, bahlokomedi le baithuti ba kotjwa ho sebedisa disebediswa tseo ba di filweng ke Lefapha la Thuto ya Motheo. Tsena di ka fumanwa websaeteng ya Lefapha (www.education.gov.za).

1.6. Kabinete e fetisa molaetsa wa tshehetso masoleng a Lebotho la Naha la Tshireletso la Aforika Borwa, a isitsweng Rephaboliking ya Demokrasi ya Congo nakong ya la 13 Phuptjane 2013 ho ya ho 31 Hlakubele 2014. MaAforika Borwa a kopjwa ho tshehetsa le ho ananela masole ana a etsang mosebetsi wa bohlokwa o phethahatsang boikitlaetso ba Aforika Borwa ba kgotso, botsitso le matlafatso ya demokrasi kontinenteng ya Aforika.

1.7.  Kabinete e thoholetsa dikgiro tsa Mopresidente tsa Ntate Mxolisi Sandile Oliver Nxasana e le Motsamaisi e Moholo Botjhotjhising ba Setjhaba ba Naha le Vasantri Soni (SC) e le Hlooho ya Yuniti e Ikgethileng ya Dipatlisiso.

1.8. Kabinete e lakaletsa setjhaba sa Majuda a Aforika Borwa Rosh Hashanah e monatenate (5-6 Loetse 2013). Rosh Hashanah e na le tshusumetso ya bohlokwa setjhabeng sa Majuda hobane e bontsha qalo ya mosebetsi wa boitlhahlobo le boitekolo eo sethatho sa yona e leng Yom Kippur, Letsatsi la Tshwarelano.

1.9. Kabinete e fetisa molaetsa wa matshediso ho Letona Mthethwa le ba lelapa labo ka ho hlokahallwa ke mmae, Mme Nurse Gumbi ka la 03 Loetse 2013.

2. Dipuisano le diqeto tsa bohlokwa tsa Kabinete

2.1.  Kabinete e amohetse tlaleho ka diphetho tsa Sesebediswa sa Ditekolo tsa Tshebetso ya Bolaodi (MPAT) sa mafapha a naha le a diporofense bakeng sa selemo sa ditjhelete sa 2012/13. Tlaleho ke sesebediswa se seng se habileng ho ntlafatsa boleng ba ditshebeletso tseo mafapha a fanang ka tsona. E lekola dibaka tse nne tse batsi tsa bolaodi e leng bolaodi ba phano ya disebediswa; bolaodi ba basebetsi; merero ya mawa mmoho le ntlafatso ya phano ya ditshebeletso. Tekolo e etswa mehatong e meraro, boitekolo ka bowena; ho latele tlhahlobo ya mosebetsi ya bohlakisi ba kahare ba dibuka tsa ditjhelete ho qetelwe ka ya ho lekolwa ke sehlopha se ikemetseng sa balekodi.

Tlaleho e tla boela e tsenkollwa ke Lefapha la Bodisa le Tlhahlobo ya Tshebetso nakong ya ho thakgolwa ho seng ho hlophisitswe ha MPAT bekeng e tlang Cape Town.

2.2. Kabinete e amohetse ya ba ya ananela ditlaleho tsa kotare ya pele ya 2013/14 ho kenngweng tshebetsong ha Ditumellano tsa Phano bakeng sa Diphetho. Ditlaleho tsena di tla tsenkollwa nakong ya lethathamo le rerilweng la dipuisano le ba mehlodi ya ditaba bakeng sa se seng le se seng sa Diphetho tse 12.

2.3. Kabinete e bone tlaleho e tswang ho ‘Projeke ya ho Tloswa ha Lesedi le Lebe la Sekoloto’ mme ya ananela ditshisinyo tsa Komiti e Kgethehileng ya Kgwebisano le Dikamano tsa Matjhaba.

Sena se habile ho rarolla qaka ya phihlello ya sekoloto ho maAforika Borwa ao a ka kgonang sekoloto. Bana ke bareki bao e ka nnang yaba ba qetile ho lefa dikoloto tsa bona ka botlalo mme ba boemong boo ba ka kgonang sekoloto empa hajwale, phihlello ya bona e hakureditswe ke lesedi le lebe la sekoloto direkotong tsa bona.

Sena se habile ho netefatsa hore Molao wa Naha wa Sekoloto (Molao 34 wa 2005) o sebetsa ho ya kamoo o rerilweng ka teng ho netefatsa hore bareki ba ka kgonang sekoloto ba se ke ba kolotelwa. Sekoloto se sa fihlelleheng kapa se turang se sithabetsa kgolo. Phihlello mmarakeng wa sekoloto wa nako e telele e a hlokeha sepheong sohle sa ntshetsopele.

2.4. Kabinete e ananetse Pampiri e Tshweu ya ho Busetsa Ditlamong esita le ho tekwa ha yona Palamenteng.

Moralo wa nakwana wa Pampiri e Tshweu o habile ho ntlafatsa ho laolwa ha mokgwatshebetso wa ho emela ho bua nyewe motho a le ditlamong ditjhankaneng tsa Aforika Borwa. Pampiri e hlakisa mekgwatshebetso e tla susumetsa bolaodi ba ditlamong ba ho busetsa ditlamong. Tlaleho e tla ntshuwa ho ya ka metjha ya Palamente.

2.5. Kabinete e dumetse hore Mmoka wa Sehlopha sa Dihlomo o romelwe Palamenteng bakeng sa kananelo. Kabinete e tshehetsa ho senngwa ha thepa ya sehlopha sa dihlomo e le ho ikamahanya le Mmoka ona.

Ka Pudungwana ya 2006 seboka sa Matjhaba a Kopaneng (UN) ha se a ka sa fihlella tumellano ya kamoo sefutho sa botho sa ho rarolla bothata ba dihlomo tsena se leng kateng. Sena se ile sa lebisa moo sehlopha sa dinaha tse 46, ho akga le Aforika Borwa, se ileng sa eba motjheng o mong o kathoko ho UN, o bitswang Mosebetsi wa Oslo, ho kwala sehlopha sa dihlomo.

Aforika Borwa mmoho le dinaha tse ding tse 93 e tekenne Mokgwatshebetso ka Tshitwe ya 2008. Mohla la 1 Phato 2010 Mokgwatshebetso o ile wa kenngwa tshebetsong. Mokgwatshebetso o kwala tshebediso, tlhahiso, poloko ya thepa le phetiso ya mofuta o itseng wa sehlopha sa dihlomo. Kananelo ya Mokgwatshebetso e tsamaisana le boikitlaetso ba Aforika Borwa ba ho boloka ditokelo tsa botho le molao wa botho ha e sebetsana le dintwa.

2.6. Kabinete e ananetse ho tekwa ha tlaleho ya Tlhahlobo ya Dibuka tsa Ngodiso ya Mobu wa Mmuso le tshekatsheko e sa tebang ya Boithuelo ba Poraefete ba Mobu Aforika Borwa, e entsweng ke Mohlahlobikakaretso e Moholo wa tsa Mobu, Palamenteng.

Lesedi le mabapi le mobu le bohlokwa haholo dintshetsopeleng tsohle tse amanang le mobu naheng. Sepheo sa tlhahlobo ya dibuka tsa ngodiso ya mobu wa mmuso ke ho fumana hore na mmuso o na le mobu o mokae, o sebedisetswa eng le hore na basebedisi ba wona ke bomang.

Sena se tla sebedisetswa ho ntlafatsa botshepehi ba rejistara ya mobu, e tla sebetsa e le motheo bakeng sa thero le tsamaiso tsa mobu tse ntlafaditsweng, ho akga le mesebetsi e meng e amanang le bolaodi ba tshebetso ya thepa esita le phano e ntlafaditsweng ya ditshebeletso.

2.7. Kabinete e ananetse metako ya Khamphane ya Popo ya Tjhelete Aforika Borwa bakeng sa lethathamo la sehopotso sa tjhelete e lewana ya 24 ct ya kgauta ya R2 ya 2013 (1/4 oz) le lethathamo la sehopotso sa tjhelete e lewana ya 24 ct ya kgauta ya R1 (1/10 oz).

Motako wa tjhelete e lewana ya kgauta ya R2 ya 2013 o tla ngolwa ka puo ya Sekgothu athe motako wa tjhelete e lewana ya kgauta ya R1 ya 2013 e tla ba tlhoka ya boraro – Mohlampepe wa Ditholwana. Metako ya tjhelete e lewana mmoho le Mahlalosi a tsona di tla hatiswa Koranteng ya Melawana ya Mmuso. Kamorao ho moo, di tla etswa mme di rekiswe ka metjha e tlwaelehileng.

2.8. Kabinete e ananetse ho tekwa ha ditlaleho tse tharo tse amanang le kgatelopele e entsweng tshireletsong ya ditokelo le bophelo bo botle ba bana Komiting ya Matjhaba a Kopaneng ya Ditokelo tsa Ngwana le Komiti ya Boqhetseke ya Kopano ya Aforika. Ditlaleho di fana ka monyetla wa bohlokwa o nang le ponaletso bakeng sa Aforika Borwa ho sekaseka kgatelopele eo e seng e e entse dintlheng tsena;

a) Tlaleho ya Naha  ka Prothokhole e sa Tlameng ka Thekiso ya Bana, Bootswa ba Bana le ho Nyweka ha Bana.
b)  Tlaleho e akaretsang ya bobedi, ya boraro le ya bone ka Mmoka wa Matjhaba a Kopaneng ka Ditokelo tsa Ngwana.
c) Tokomane ya Aforika  ka Ditokelo le Thekolohelo ya Ngwana: Tlaleho ya Pele ya Naha Komiting ya Boqhetseke ya Kopano ya Aforika Ditokelong le Thekolohelong ya Ngwana.

Kabinete e leboha lethathama la mekgatlo ya setjhaba ka boikitlaetso esita le balekane ba matjhaba ba ikopantseng le mmuso ka ho hlokomela boikitlaetso bo entsweng ke Molaotheo wa rona baneng.

3. Dibili

3.1.  Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso ya Pusetso ya Ditokelo tsa Mobu Palamenteng.

Bili e hlomathisa Molao wa Pusetso ho eketsa letsatsi la ho qetela bakeng sa ho kenngwa ha ditseko tsa pusetso ya mobu ho ya fihla ho la 31 Tshitwe 2018; ho etsetsa hore e be tlolo ya molao ho kenngwa ha tseko ka bolotsana; nolofatso ya tsamaiso bakeng sa ho kgethwa ha Baahlodi Lekgotleng la Ditseko tsa Mobu; esita le ho hlomathiswa ha dikarolwana tse itseng tse reretsweng ho kgothalletsa ho kenngwa tshebetsong ha Molao ka bokgabane.  Ho bulwa botjha ha ho kenngwa ha ditseko ho tataiswa ke tjhebelopele ya Morero wa Ntshetsopele ya Naha (NDP) esita le Lenaneo le Phethahetseng la Ntshetsopele ya Dibaka tsa Mahaeng le mawa a mang a kgolo a reretsweng ho kgothalletsa poelano ya setjhaba le momahano ya setjhaba.

3.2. Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso ya Melao ya Saense le Theknoloji, 2013 Palamenteng.

Bili ya Sehlomathiso e sebetsana le dihlomathiso tsa lethathama la Melao e laolang tshebetso ya ditheo (makgotla a saense) tse neng di thewe ho ya ka Melao eo. Bili e habile ho nolofatsa mosebetsi wa ho thonngwa le ho kgethwa ha ditho esita le ho kwalwa ha dikgeo Dibotong kapa Makgotleng a ditheo tseo. Bili e ntlafatsa tshebetso e ntle le tshwano mosebetsing le taolong ya ditheo tsa setjhaba tse tlalehang ho Letona la Saense le Theknoloji.

Ho matlafatseng seabo sa tekolo sa Palamente, Bili e habile ho lokolla Palamente boikarabelong bo itseng ba phethahatso bo amanang le ho kgethwa ha ditho esita le ho kwalwa ha dikgeo Dibotong tseo kapa Makgotleng ao. Sena se dumellana le mokgwatshebetso wa molaotheo wa ho arolwa ha matla.

3.3. Kabinete e ananetse ho phatlalatswa ha Bili ya Ditaba tsa Setso Koranteng Melawana ya ya Mmuso bakeng sa ditshwaelo tsa setjhaba.
Bili e fana ka dintlha tsa molao bakeng sa kananelo ya Bakgothu ebile e rarolla bothata ba ho kgoneha molaong o seng o le teng o amanang le boetapele ba setso le puso.

Haesale ho tloha ka 1994 mmuso o ile wa nkela hloohong diphephetso tse amanang le Bakgothu, haholoholo kananelo ya setjhaba sa bakgothu le baetapele. Bili e tla thusa pehelong ya bohlokwa ya NDP e amanang le ho etswa batsi ha momahano ya setjhaba le kopano, ha ka lehlakoreng le leng e ntse e rarolla bothata ba nako e fetileng ba ho se lekane.

3.4. Kabinete e ananetse Moralo wa Tjhebobotjha ya Leano la Molao wa Naha wa Sekoloto le Bili ya Sehlomathiso ya Naha ya Sekoloto bakeng sa ho tekwa Palamenteng.

Molao wa Naha wa Sekoloto, 2005 (Molao 34 wa 2005) o kene tshebetsong ka botlalo ka la 1 Phuptjane 2007 mme wa hlahisa boemo bo botjha ba ditaolo tsa sekoloto tshebetsong ya molao ya Aforika Borwa.

Sepheo sa Bili ke ho matlafatsa bokgoni ba Molaodi wa Naha wa Sekoloto (NCR) ho rarolla diphephetso tse itseng haholoholo mabapi le mesebetsi ya lekgotla la dinyewe esita le ho matlafatsa ho qobella le ho kenngwa tshebetsong ha dikateng tsa Molao wa Naha wa Sekoloto wa 34 wa 2005.

Lefapha la Kgwebisano le Indasteri (dti) le lona le qetile ka hore moralo wa leano wa Sekoloto sa Bareki, moo Molao wa Naha wa Sekoloto wa 34 wa 2005 o fumanweng teng, o motle ebile o nepahetse. Sena se latela tjhebobotjha e phethahetseng ya 2012, e entsweng ke dti.

3.5.  Kabinete e ananetse ho tekwa ha Bili ya Sehlomathiso ya ho Nka Qeto ka Tefo ya Meputso ya Ditho tsa Ditaba tsa Ditheo tsa Molaotheo, 2013.
Sepheo sa Bili ke ho thea tshwano mabapi le ho nka qeto ka tefo ya meputso, melemo e fumanwang mosebetsing le melawana e meng le dipehelo tsa kgiro ya ditho tsa ditheo tsa Kgaolo ya 9, moo e matlafatsang tshebetso e ntle le tshwano mesebetsing ya puso ditheong tsena tsa bohlokwa.

4. Dithonyo

4.1. Kabinete e ananetse kgiro ya Ntate Mokutule Joseph Kgobokoe mosebetsing wa Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Hlahisong e sa Kgaelleng ya Dijo le Ntlafatso ya Temo Lefapheng la Temo, Meru le Botshwasi ba Ditlhapi.

4.2. Kabinete e ananetse kgiro ya Mme Zandile Yvonne Mathe mosebetsing wa Motlatsi wa Motsamaisi e Moholo: Meralo ya Motheo ya Mehlodi ya Metsi ya Naha e Lefapheng la Merero ya Metsi.

4.3. Kabinete e ananetse kgiro ya batho ba latelang e le ditho tsa boto tsa Eijensi ya Ntshetsopele ya Dibanka tse Kopaneng:
a) Sethe Patricia Makhesha (Modulasetulo)
b) Peter Koch (kgiro hape e le Motlatsi wa Modulasetulo)
c) Venete Jarlene Klein
d) Lufuno Nevondwe
e) Thabo Vaughan Shenxane
f) Samuel Senalor Akrong
g) David Ginsburg
h) Renganayagee Kisten.

4.4. Kabinete e ananetse kgetho ya ditho tse latelang Lekgotleng la Diphuphutso tsa Temo ho ya ka karolo 9(1) ya Molao wa Diphuphutso tsa Temo, 1990 Molao wa 86 wa 1990 nakong e sa feteng dilemo tse tharo.

a) Ntate Jonathan Winston Alexander Godden (o kgirilwe hape)
b) Moprofesara Michael Jeffrey Kahn (o kgirilwe hape)
c) Moprofesara Sibusiso Vil-Nkomo (o kgirilwe hape)
d) Ngaka Joyce Chitja (o kgirilwee hape)
e) Mme Wilna Jansen Van Rijssen (o kgirilwe hape)
f) Mme Dudu Msomi (o kgirilwe hape)
a) Ntate Mzolisi Dyasi (o kgirilwe hape)
b) Moprofesara Frans J.C Swanepoel (o kgirilwe hape)
c) Ntate Gerard John Martin
d) Mme Dora Ndaba
e) Ntate Ismail Cassim Motala
f) Mme Muhle Joyce Mashiteng
g) Mme Rowen Graham Nicholis
h) Ntate Clive Douglas Kneale
i) Moprofesara Louw C. Hoffman
j) Ntate Allen Henry Bishop.

4.5. Kabinete e dumellana le ho kgethwa ha batho ba latelang Lekgotleng la Matla a Taolo ya Indasteri ya Tshireletso ya Poraefete, nakong e sa feteng dilemo tse tharo:
a) Ntate Daniel Claude Mojalefa Rathebe (Motlatsi wa Modulasetulo)
b) Brigadier Cynthia Lindiwe Philison (Molekgotla)
c) Ntate Benjamin Somangamane Ntuli (Molekgotla)
d) Mme Nontokoza Mthembu (Molekgotla).

4.6. Kabinete e ananetse keketso ya nako ya konteraka ya kgiro ya Ngaka Vuyelwa Nhlapo e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Eijensi ya Ntshetsopele ya Naha, bakeng sa sehla sa dilemo tse pedi ho tloha mohla la 1 Loetse 2013 ho ya ho la 31 Phato 2015.

4.7. Kabinete e ananetse ho hirwa ha Ntate Mokadi Max Mathye e le Mohlanka e Moholo wa Phethahatso wa Lekala la Matla a Thuto le Thupelo la Dijo le Dino.
4.8. Kabinete e ananetse ho kgethwa hape ha ditho tseo tse tiisitseng ka boteng ba tsona ho tswelapele ho sebetsa Lekgotleng la Ntshetsopele ya Basebetsi la Aforika Borwa ho tloha ka Loetse 2013 ho ya ho Phato 2018.

Motlatsi wa Mopresidente Kgalema Motlanthe ke modulasetulo wa lekgotla lena la boeletsi le makala a mangata le nang le Matona a 13 a dulang ka nako tsohle a bile a emetse mmuso. Le boetse le na le baemedi ba tswang lehlakoreng la kgwebo le la basebetsi, barutehi, setjhaba le ditho tse hoketsweng morao.

(Mabitso a Sehlomathisetsong sa 1)
Kabinete e boetse ya ananela bakgethwa ba batjha ba latelang:
a) Ntate Mongwena John Maluleke (mokgatlho wa basebetsi)
b) Ntate Thero Micarios Lesego Setiloane (mokgatlho wa kgwebo)
c) Ntate Seeraj Mohamed (mokgatlho wa barutehi)
d) Ngaka Octavia Khabelani Mkhabela (setho se hoketsweng morao)
e) Ngaka Raymond Patel (setho se hoketsweng morao)
f) Ngaka Duduzile Rosemary Mkhize (setho se hoketsweng morao)
g) Mme Happy Mavis Sibande (setho se hoketsweng morao).

Dipatlisiso: Phumla Williams (Sebueledi sa Kabinete se Tshwereng Molepo)
Mohala: 083 501 0139

SEHLOMATHISETSO 1
Kabinete e ananetse ho kgethwa botjha ha batho ba latelang ho sebetsa Lekgotleng la Ntshetsopele ya Basebetsi la Aforika Borwa ho tloha ka Loetse 2013 ho ya ho Phato 2018, ho eketsa ho ditho tse ntjha tse supileng tseo ho builweng ka tsona kahodimo.
a) Ntate Dennis George (FEDUSA)
b) Ntate Narius Moloto (NACTU)
c) Mme Nolitha Fakude (SASOL)
d) Mme Lulama Nare (SADTU)
e) Mme Fezeka Loliwe (SADTU)
f) Ntate JJ Mbana (Kholetjhe ya Midland Kapa Botjhabela)
g) Ngaka Jeffrey Mabelebele (Thuto e Phahameng Aforika Borwa)
h) Ngaka Rob Adam (SEHLOPHA SA AVENG)
i) Ntate Bheki Ntshalintshali (COSATU)
j) Ntate Nape Maepa (Akhademi ya Boinjinere ya Aforika Borwa)
k) Ntate Brian Whittaker (VUMELANA)
l) Ngaka Allyson Lawless (Setheo sa Mesebetsi ya Metjhine sa Aforika Borwa)
m) Ntate Ravi Naidoo (Mokgwa wa Boeletsi ba Meralo ya Motheo le Ntshetsopele)
n) Moprofesara Cheryl de la Rey (Yunivesithi ya Pretoria)
o) Moprofesara Vuyiswa Mazwi-Tanga (Yunivesithi ya Theknoloji ya Hlohleng ya Kapa)
p) Mme Buelah Mosupye (Bokeatseba ba BLH)
q) Ntate Sizwe Nxasana (First Rand Bank)
r) Mme Mzolisi Toni (Lefapha la Basadi, Bana le Batho ba Holofetseng)
s) Moprofesara Peliwe Lolwana (Yunivesithi ya Witwatersrand)
t) Ntate Brian Angus (Boetapele ba Kgwebo Aforika Borwa)
u) Ngaka Florus Prinsloo (Lefapha la Thuto e Phahameng le Thupelo)
v) Mme Janet Lopes (Setlamo sa Aforika Borwa sa Diindasteri Boqhetsekeng ba Mesebetsi ya Metjhine)
w) Moadvokheiti Rams Ramashia (Mokgatlo wa Tlhwekiso wa Rand)
x) Ngaka Xolani Mkhwanazi (BHP Billiton)
y) Moprofesara Edward Webster (Yunivesithi ya Witwatersrand)
z) Ntate Edward Majadibodu (Lekgotla la Boqhetseke ba Naha)
aa) Ntate Elija Litheko (Setheo sa Bolaodi ba Batho)
bb) Moprofesara Lekoa Solly Mollo (Boetapele ba Tsamaiso ya Setjhaba le Akhademi ya Bolaodi)
cc) Mme Jenny Cargill (Mmuso wa Porofense ya Kapa Bophirima)
dd) Ntate Yershen Pillay (Eijensi ya Naha ya Ntshetsopele ya Batjha)
ee) Mme Jenna Ferreirinha (Foramo ya Maphothoketsi)

Share this page

Similar categories to explore